Ho Buisana ka Tefo ea Bohali e Bontšang ho Nahanela
JOALOKA mehleng ea Bibele, kajeno litso tse ling li batla hore ho ntšuoe bohali pele monna a ka nyala mosali. Jakobo o ile a re ho eo e neng e tla ba mohoe oa hae, Labane, “Ke tla u sebeletsa ka lilemo tse supileng, ke sebeletsa ho fumana Ragele, morali oa hao e monyenyane.” (Genese 29:18, BPN) Ka lebaka la lerato leo Jakobo a neng a rata Ragele ka lona, o ile a ntša bohali bo phahameng—bo lekanang le moputso oa lilemo tse supileng! Labane o ile a bo amohela empa a qhekella Jakobo hore a nyale Lea, morali oa hae e moholo pele. Litšebelisano tse latelang tsa Labane le Jakobo li ile tsa ’na tsa tlala bolotsana. (Genese 31:41) Ho rata haholo ha Labane lintho tse bonahalang ho ile ha etsa hore barali ba hae ba se hlole ba mo hlompha. Ba ile ba botsa: “Na ruri ha a re nke joaloka basele hoba o re rekisitse, hoo a ntseng a e-ja le eona chelete eo re e ntšelitsoeng?”—Genese 31:15, NW.
Ka masoabi, lefatšeng lena la kajeno le ratang lintho tse bonahalang, batsoali ba bangata ba tšoana le Labane. Ba bang ba bile baa mo feta. Ho latela koranta e ’ngoe ea Afrika, manyalo a mang ho buisanoa ka ’ona “feela molemong oa hore bo-ntate ba meharo ba hanyapetse.” Khatello ea moruo ke lebaka le leng le behang batsoali ba bang tekong ea hore ba talime barali ba bona e le mokhoa oo ba ka fokotsang ka oona boima ba mathata a lichelete.a
Batsoali ba bang ba liehisa ho nyaloa ha barali ba bona hobane ba emetse mohlankana ea tla ntša chelete e ngata. Sena se ka baka mathata a tebileng. Motlalehi e mong oa koranta Afrika e ka bochabela o ile a ngola: “Bacha ba khetha ho shobelisa e le hore ba balehele ho ntša bohali bo feteletseng bo batloang ke ba lommeng telu ba bohoeng.” Boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali ke bo bong ba mathata a bakoang ke ho batla bohali bo bongata. Ho feta moo, bahlankana ba bang ba khona ho reka mosali empa ba sala ba qoetse ka har’a sekoloto se boima. Mosebeletsi e mong oa sechaba oa Afrika Boroa o ile a phehella hore “batsoali ba lokela ho nahanela. Ha baa lokela ho batla chelete e ngata. Banyalani ba bacha ba lokela ho iphelisa . . . Kahoo, ke hobane’ng ha mohlankana a khokhothoa chelete?”
Batsoali ba Bakreste ba ka beha mohlala o motle joang oa ho nahanela maemo ha ba buisana ka ho lefa kapa ho amohela bohali? Taba ena e tebile kaha Bibele ea laela: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna a ho tsejoe ke batho bohle.”—Bafilippi 4:5.
Melao-motheo ea Bibele e Bontšang ho Nahanela
Hore na batsoali ba Bakreste ba etsa qeto ea ho buisana ka bohali kapa che, ke qeto ea botho. Haeba ba khetha ho etsa joalo, lipuisano tse joalo li lokela ho etsoa tumellanong le melao-motheo ea Bibele. Lentsoe la Molimo le re: “Mokhoa oa lōna oa bophelo a e be o se nang lerato la chelete.” (Baheberu 13:5) Haeba molao-motheo ona o sa bonahale lipuisanong tsa lenyalo, motsoali oa Mokreste a ka ’na a iponahatsa hore hase mohlala o motle. Banna ba leng maemong a boikarabelo ka phuthehong ea Bokreste ba lokela ho ba le “kahlolo e molemo,” e se ke ea e-ba ‘ba ratang chelete’ kapa “ba meharo ea leruo la ho se tšepahale.” (1 Timothea 3:3, 8) Mokreste eo ka meharo le ka ho se bake a batlang bohali bo bongata ka mahahapa, a ka ’na a khaoloa phuthehong.—1 Bakorinthe 5:11, 13; 6:9, 10.
Ka lebaka la mathata a bakoang ke meharo, mebuso e meng e entse melao e behang meeli ea hore na bohali bo felle kae. Ka mohlala, molao oa naha ea Togo, Afrika Bophirimela, o bolela hore bohali “bo ka lefuoa ka thepa kapa ka chelete kapa ka tsona ka bobeli.” Molao oo oa phaella: “Boemong leha e le bofe, chelete eo ha ea lokela ho feta 10 000 F CFA [R100].” Ka ho pheta-pheta, Bibele e laela Bakreste hore e be baahi ba bolokang molao. (Tite 3:1) Esita leha ’muso o sa qobelle hore molao o joalo o bolokoe, Mokreste oa ’nete o tla batla ho mamela. Ka tsela eo, o tla boloka letsoalo le letle ka pel’a Molimo ’me a ke ke a khopisa ba bang.—Baroma 13:1, 5; 1 Bakorinthe 10:32, 33.
Ke Mang ea Ikarabellang Bakeng sa Lipuisano?
Litsong tse ling, tsela eo ho buisanoang ka eona ka bohali e ka ’na ea hohlana le molao-motheo o mong oa bohlokoa. Ho latela Bibele, ntate ke eena ea ikarabellang bakeng sa litaba tsa ntlo ea hae. (1 Bakorinthe 11:3; Bakolose 3:18, 20) Kahoo, ba leng maemong a boikarabelo ka phuthehong e lokela ho ba banna ba “okamelang bana le ba matlo a bona ka mokhoa o motle.”—1 Timothea 3:12.
Leha ho le joalo, e ka ’na ea e-ba ho tloaelehileng tikolohong e itseng hore lipuisano tsa bohlokoa tsa lenyalo li siuoe matsohong a beng ka hlooho ea lelapa. ’Me beng ka bona bao ba ka ’na ba batla ho fumana karolo e itseng ea bohali. Sena se beha malapa a Bokreste tekong. Lihlooho tse ling tsa malapa li lumella beng ka tsona ba sa lumelang hore ba batle bohali bo bongata ka mahahapa ka ho bolela hore hoo ke moetlo. Ka linako tse ling sena se felletse ka hore ngoanana oa Mokreste a nyaloe ke motho ea sa lumelang. Seo se khahlanong le temoso ea hore Bakreste ba lokela ho nyala “feela moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39) Hlooho ea lelapa e lumellang beng ka eona ba sa lumelang hore ba etse liqeto tse kotsi boiketlong ba moea ba bana ba eona e ke ke ea talingoa e le e ‘okamelang ba ntlo ea eona ka mokhoa o motle.’—1 Timothea 3:4.
Joaloka tabeng ea mopatriareka Abrahama ea neng a tšaba Molimo, ho thoe’ng haeba ntate oa Mokreste a sa kopanele ka ho toba lipuisanong tsa lenyalo bakeng sa e mong oa bana ba hae? (Genese 24:2-4) Haeba ho khethoa motho e mong hore a etse sena, ntate oa Mokreste o lokela ho tiisa hore motho eo o latela litaelo tse lumellanang le melao-motheo ea Bibele e bontšang ho nahanela. Ho feta moo, pele ho ka nkoa mehato leha e le efe ea ho buisana ka bohali, batsoali ba Bakreste ba lokela ho nahana litaba ka hloko ’me ba se ke ba itumella hore ba nkuoe maikutlo ke meetlo kapa litlhoko tse bontšang ho se nahanele.—Liproverbia 22:3.
Ho Qoba Mekhoa eo e Seng ea Bokreste
Bibele e nyatsa boikhohomoso le ho etsa “pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso.” (1 Johanne 2:16; Liproverbia 21:4) Leha ho le joalo, batho ba bang ba kopanelang le phutheho ea Bokreste ba bontšitse litšekamelo tsena lipuisanong tsa bona tsa lenyalo. Ba bang ba etsisa lefatše ka ho etsa mponeng ka ho ntša bohali bo bongata kapa ho bo amohela. Ka lehlakoreng le leng, ofisi e ’ngoe ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower Afrika ea tlaleha: “Banna ba bang ha baa bontša tlhompho ha lelapa labo mosali le bontšitse ho nahanela bohaling boo le bo batlang, ba nka basali ba bona e le ba rekiloeng ka theko e lekanang le ea ha ho rekoa ‘poli.’”
Ho ba le meharo ea ho fumana bohali bo bongata ho ile ha tsometsa Bakreste ba bang ’me hoo ho felletse ka liphello tse bohloko. Ka mohlala, nahana ka tlaleho ena e tsoang ho e ’ngoe ea liofisi tsa lekala tsa Mokhatlo oa Watch Tower: “Ka kakaretso, ho thata hore barab’abo rōna ba masoha ba nyale kapa hore baralib’abo rōna ba fumane balekane. Phello e ba palo e eketsehang ea ba khaoloang ka lebaka la boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali. Bara ba bang babo rōna ba ea merafong ho ea batla khauta kapa taemane eo ba ka e rekisang e le hore ba fumane chelete e lekaneng ea hore ba nyale. Sena se ka ’na sa ba nka selemo kapa tse peli kapa ho feta, ’me hangata baa fokola moeeng kaha ba tloha moo ba neng ba kopana le barab’abo rōna le phutheho.”
Hore batsoali ba Bakreste ba qobe liphello tseo tse bohloko, ba lokela ho latela mohlala oa ba hōlileng tsebong ka phuthehong. Le hoja moapostola Pauluse e ne e se motsoali, o ne a bontša ho nahanela ha a sebelisana le balumeli-’moho le eena. O ne a le hlokolosi hore a se jarise leha e le ofe mojaro o boima. (Liketso 20:33) Ka sebele, batsoali ba Bakreste ba lokela ho nahana ka mohlala oa hae o hlokang boithati ha ba kena lipuisanong tsa bohali. Ha e le hantle, Molimo o ile a susumetsa Pauluse ho ngola: “Ka mokhoa o kopaneng le be baetsisi ba ka, barab’eso, ’me le ’ne le behe leihlo ho ba tsamaeang ka tsela e lumellanang le mohlala oo le nang le oona ho rōna.”—Bafilippi 3:17.
Mehlala ea ba Ileng ba Bontša ho Nahanela
Ha ho tluoa tabeng ea lipuisano tsa lenyalo, batsoali ba bangata ba Bakreste ba behile mohlala o motle oa ho bontša ho nahanela. Nahana ka mohlala oa Joseph le mosali oa hae, Mae, ba sebeletsang e le baevangeli ba nako e tletseng.b Ba lula sebakeng se seng Solomon Islands moo ka linako tse ling lipuisano tsa bohali e leng bothata. E le ho qoba mathata a joalo, Joseph le Mae ba ile ba lokisetsa hore morali oa bona Helen a nyalloe sehleke-hlekeng se seng se haufi le moo. Ba ile ba etsa ntho e tšoanang le ka morali e mong oa bona, Esther. Hape Joseph o ile a lumela hore mokhoenyana oa hae, Peter, a ntše bohali bo fokolang haholo ho feta bo neng bo ka lebelloa ka tloaelo. Ha a botsoa hore na ke hobane’ng ha a entse sena, Joseph o ile a hlalosa: “Ke ne ke sa batle ho imetsa mokhoenyana oa ka eo e leng pula-maliboho.”
Lipaki tsa Jehova tse ngata tsa Afrika le tsona li behile mohlala o motle oa ho bontša ho nahanela. Libakeng tse ling, ka tloaelo beng ka motho ba haufi ba lebella hore ba lefuoe chelete e ngata pele ho ka tšoaroa lipuisano tsa sebele tsa bohali. ’Me e le ho etsa bonnete ba hore monyaluoa o tla hlokomeleha, ho ka ’na ha lebelloa hore monyali a tšepise hore o tla ntšetsa soare sa hae se senyenyane bohali mohla se nyalang.
Ka ho fapaneng, nahana ka mohlala oa Kossi le mosali oa hae, Mara. Haufinyane, morali oa bona Beboko o ile a nyaloa ke molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova. Pele ho lenyalo, beng ka bona ba ile ba hatella batsoali ba hae ka matla hore ba batla karolo ea bona ea bohali bo bongata. Leha ho le joalo, banyalani bao ba ile ba ema ba tiile ’me ba hana likōpo tseo tsa beng ka bona. Ho e-na le hoo, ba ile ba qeta litaba le eo e neng e tla ba mokhoenyana oa bona, ba mo batla chelete e fokolang haholo bakeng sa morali oa bona ’me ba khutlisa halofo ea eona hore bao ba tl’o nyalana ba e sebelise ha ba lokisetsa lechato la bona.
Mohlala o mong naheng eona eo ke o amang mocha oa Paki ea bitsoang Itongo. Pele, batsoali ba hae ha baa ka ba batla bohali bo bongata. Empa beng ka bona ba ile ba batla hore chelete ea bohali e eketsoe. Boemo bo ne bo tsitsipane, ’me ho ne ho bonahala eka beng ka bona ba tla hlōla. Le hoja ka tlhaho Itongo a le lihlong, o ile a ema ’me ka tlhompho a bolela hore o ikemiselitse ho nyaloa ke Mokreste ea chesehang ea bitsoang Sanze, ho ea kamoo lintho li neng li lokisitsoe kateng. Joale, ka sebete o ile a re, “Mbi ke” (ho bolelang, “Ke buile, ke qetile”) eaba o lula fatše. O ne a tšehelitsoe ke ’mè oa hae oa Mokreste, Sambeko. Litaba li ile tsa fella hona moo, ’me bao ba babeli ba nyalana ho ea ka tsela eo ba neng ba rerile ka eona pele.
Ho na le lintho tseo batsoali ba lerato ba Bakreste ba amehang ka tsona ho feta molemo oa botho oo ba o fumanang ka bohali. Monna e mong oa Cameroon oa hlalosa: “Mohoehali oa ka o sebelisa monyetla o mong le o mong ho mpolella hore ntho leha e le efe eo ke neng ke batla ho mo fa eona e le bohali, ke lokela ho e sebelisa ho hlokomela morali oa hae.” Batsoali ba lerato ba boetse ba amehile ka boiketlo ba moea ba bana ba bona. Ka mohlala, nahana ka Farai le Rudo ba lulang Zimbabwe ’me ba qeta nako e ngata mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Le hoja ba sa amohele moputso, ba ile ba nyalisa barali ba bona ba babeli ka chelete e ka tlaase haholo ho e tloaetseng ho batloa. Lebaka la bona e ne e le lefe? Ba ne ba batla hore barali ba bona ba rue molemo ka ho nyaloa ke banna bao kannete ba ratang Jehova. Ba ile ba hlalosa: “Seo re neng re se nka e le sa bohlokoa haholoanyane e ne e le bomoea ba barali ba rōna hammoho le ba bakhoenyana ba rōna.” Hoo ke ho khathollang hakaakang! Batsoali ba bontšang kameho e lerato ka boiketlo ba moea le ba lintho tse bonahalang ba bana ba bona ba nyetsoeng ba lokeloa ke ho babatsoa haholo.
Melemo e Tlisoang ke ho ba ba Bontšang ho Nahanela
Joseph le Mae ba Solomon Islands ba ile ba hlohonolofatsoa bakeng sa ho fana ha bona ka bolokolohi le ka tsela e hlokolosi eo ba ileng ba tšoara manyalo a barali ba bona ka eona. Kahoo, bakhoenyana ba bona ha baa ka ba kenngoa likolotong. Ho e-na le hoo, banyalani bao ka bone ba bona ba khonne ho qeta lilemo tse ngata mosebetsing oa nako e tletseng oa ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso. Ha a hopola tse fetileng, Joseph o re: “Liqeto tseo ’na le lelapa la ka re ileng ra li etsa li hlahisitse litlhohonolofatso tse enneng. Ke ’nete hore ka linako tse ling ho ne ho e-ba le khatello e matla e tsoang ho ba sa utloisiseng, empa ke na le letsoalo le hloekileng le khotsofalo ha ke bona bana ba ka ba tšoarehile ’me ba le matla tšebeletsong ea Jehova. Le bona ka ho tšoanang ba thabile, ’me ’na le mosali oa ka re thabile le ho feta.”
Molemo o mong e bile oa likamano tse ntle lipakeng tsa ba nyallaneng. Ka mohlala, Zondai le Sibusiso, hammoho le basali ba bona bao e leng bana ba motho, ke basebeletsi ba boithaopo lekaleng la Mokhatlo oa Watch Tower, Zimbabwe. Mohoe oa bona, Dakarai, ke moevangeli oa nako e tletseng ’me ha a amohele moputso. Nakong eo ho neng ho buisanoa ka bohali, o ile a re o tla amohela ntho leha e le efe eo ba ka e khonang. Zondai le Sibusiso ba re: “Re rata mohoe oa rōna haholo, ’me re tla etsa sohle se matleng a rōna ho mo thusa haeba a ka hloka ho itseng.”
E, ho ba ea bontšang ho nahanela lipuisanong tsa bohali ho tlatsetsa thabong ea lelapa. Ka mohlala, banyalani ba bacha ba ke ke ba kena likolotong, ’me sena se ba nolofalletsa hore ba tloaelane le bophelo ba lenyalo. Sena se nolofalelitse banyalani ba bangata ba banyenyane hore ba hahamalle litlhohonolofatso tsa moea, tse kang ho sebeletsa ka nako e tletseng mosebetsing o potlakileng oa ho bolela le ho etsa barutuoa. Ka lehlakoreng le leng, sena se tlisa thoriso ho Moqapi ea lerato oa lenyalo, Jehova Molimo.—Matheu 24:14; 28:19, 20.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
BA ILE BA KHUTLISA BOHALI
Litsong tse ling, monyaluoa le batsoali ba hae ba khelloa fatše haeba bohali bo le bonyenyane. Kahoo, boikhohomoso le takatso ea ho bontša batho hore boemo ba lelapa la motho bo phahame hakae ka linako tse ling ke tsona tseo e leng lisosa tsa ho batla bohali bo phahameng. Lelapa le leng la Lagos, Nigeria, le bontša phapang e khathollang. Mokhoenyana oa bona, Dele, oa hlalosa:
“Lelapa labo mosali oa ka le ile la nkimolla litšenyehelong tse ngata tse tsamaisanang le mokete o tloaelehileng oa bohali, tse kang ho reka liaparo tsa ho chencha tse bitsang chelete e ngata. Esita leha lelapa leso le ba fa bohali, ’muelli oa lona o ile a botsa: ‘Le batla ho nka ngoanana eo e le mosali kapa morali?’ Lelapa leso kaofela le ile la arabela: ‘Re batla ho mo nka e le morali.’ Ka mor’a moo, bohali bo ile ba khutlisetsoa ho rōna ka enfelopo eona eo.
“Ho fihlela kajeno, ke ananela tsela eo ba habo mosali oa ka ba ileng ba tsamaisa lenyalo la rōna ka eona. Seo se entse hore ke ba hlomphe haholo. Boikutlo bona ba bona bo tsotehang ba moea bo etsa hore ke ba nke e le beng ka ’na ba haufi-ufi. Bo ile ba boela ba e-ba le phello e tsotehang tseleng eo ke nkang mosali oa ka ka eona. Ke mo ananela ka ho tebileng ka lebaka la tsela eo lelapa labo le ileng la ntšoara ka eona. Ha re e-ba le ho se lumellane, ha ke ho lumelle hore ho fetohe bothata. Hang ha ke hopola lelapa leo a tsoang ho lona, ho se lumellane ha rōna e ba ntho e nyenyane.
“Lelapa leso le labo a na le botsoalle bo momahaneng. Esita le hona joale ka mor’a lilemo tse peli re chatile, ntate oa ka o ntse a romela limpho le lijo lelapeng labo mosali oa ka.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litsong tse ling, boemo bo fapane. Ba habo monna ba lebella bohali ho batsoali ba monyaluoa.
b Mabitso a sebelisitsoeng sehloohong sena a fetotsoe.