Phetolelo ea Bibele e Fetotseng Lefatše
Ha moprofeta oa Molimo, Moshe, a qala ho ngola Bibele lilemong tse ka holimo ho 3500 tse fetileng, e ne e le sechaba se le seng feela se senyenyane se neng se ka e bala. (Deuteronoma 7:7) Ho ne ho le joalo hobane Mangolo a ne a fumaneha feela ka puo ea sechaba seo ea Seheberu sa pele. Leha ho le joalo, seo se ne se tla fetoha ha nako e ntse e feta.
HO HASANA ha molaetsa oa Bibele le tšusumetso e ntle eo o bileng le eona ho pholletsa le makholo a lilemo ho bakiloe haholo ke phetolelo ea eona ea pele—ea Septuagint. Ke hobane’ng ha e ile ea etsoa? ’Me na ka nepo ho ka boleloa hore ke eona Bibele e fetotseng lefatše?
Na ke Phetolelo e Bululetsoeng?
Ka mor’a botlamuoa ba bona Babylona lekholong la bosupa le la botšelela la lilemo B.C.E., Bajuda ba bangata ba ile ba lula ba le ka ntle ho naha ea Iseraele ea boholo-holo le Juda. Ho Bajuda ba tsoaletsoeng botlamuoeng, Seheberu e ile ea e-ba puo ea bona ea bobeli. Lekholong la boraro la lilemo B.C.E., ho ne ho e-na le sechaba sa Bajuda Alexandria, Egepeta—setsi se seholo sa meetlo sa ’Muso oa Bagerike. Bajuda bao ba ile ba bona bohlokoa ba ho fetolela Mangolo a Halalelang Segerikeng, seo ka nako eo e neng e le puo ea bona ea tsoalo.
Ho fihlela ka nako eo, molaetsa o bululetsoeng oa Bibele o ne o tlalehiloe ka Seheberu, ’me ho e-na le likarolo tse fokolang tse ngotsoeng ka puo e batlang e tšoana haholo le Searame. Na ho hlalosa Lentsoe la Molimo ka puo e fapaneng ho ne ho tla fokotsa liphello tse matla tsa pululelo ea bomolimo, mohlomong ho be ho lebise litlhalosong tse fosahetseng? Na Bajuda bao Lentsoe le bululetsoeng le neng le behiloe tlhokomelong ea bona ba ne ba ka lumela ho ipeha kotsing ea ho khopamisa molaetsa oo ha ba fetolela?—Pesaleme ea 147:19, 20; Baroma 3:1, 2.
Litaba tsena tse neng li hloka ho eloa hloko li ile tsa baka tšabo. Leha ho le joalo, ho ameha ka hore Bajuda ba ne ba se na ho hlola ba utloisisa Lentsoe la Molimo ho ile ha qetella ho hlōtse lintho tse ling kaofela tseo ho neng ho amehiloe ka tsona. Ho ile ha etsoa qeto ea hore ho lokisetsoe phetolelo ea Segerike ea Torah—libuka tse hlano tse qalang tsa Bibele tse ngotsoeng ke Moshe. Mosebetsi oa ho fetolela ka booona o patiloe ka pale ea nakong e fetileng. Ho latela Letter of Aristeas, ’musi oa Egepeta, Ptolemy II (285-246 B.C.E.) o ile a batla hore kopi ea Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele (kapa Torah), li fetoleloe Segerikeng bakeng sa laebrari ea hae ea borena. O ile a roma moifo oa litsebi tse 72 tsa Bajuda, o ileng oa tla Egepeta o e-tsoa Iseraele ’me oa qeta ho fetolela ka matsatsi a 72. Joale phetolelo ena e ile ea balloa sechaba sa Bajuda, se ileng sa bolela hore ea babatseha ebile e nepahetse. Hamorao, litlhaloso tse qaqileng tsa tlaleho ena li ile tsa bolela hore mofetoleli e mong le e mong o ne a behiloe ka kamoreng ea hae a le mong, empa leha ho le joalo liphetolelo tsa bona li ile tsa tšoana tlhaku ka tlhaku. Ka lebaka la neano eo ea bafetoleli ba 72, phetolelo ena ea Bibele ea Segerike e ile ea tsebahala e le Septuagint, e leng e thehiloeng lentsoeng la Selatine le bolelang “Mashome a Supileng.”
Litsebi tse ngata tsa kajeno li lumellana hore Letter of Aristeas ke mongolo oa neano oo e seng karolo ea Bibele. Li boetse li lumela hore bohato ba pele bo ileng ba nkuoa hore ho fetoleloe bo ne bo sa tsoe ho Ptolemy II, empa bo ne bo tsoa ho baeta-pele ba sechaba sa Bajuda ba Alexandria. Empa mangolo a rafilosofi oa Mojuda oa Alexandria, Philo, le rahistori oa Mojuda Josephus, hammoho le Talmud kaofela a bontša tumelo e akaretsang har’a Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ea hore Septuagint e ne e bululetsoe ka tsela e tšoanang le ea Mangolo a pele. Ha ho pelaelo hore tumelo e joalo e ile ea hlahisoa ke boiteko ba ho etsa hore Septuagint e amohelehe sechabeng sa Bajuda lefatšeng ka bophara.
Le hoja phetolelo ea ho qala e ne e akarelletsa libuka tse hlano feela tsa Moshe, lebitso la Septuagint le ile la qetella le bolela Mangolo ’ohle a Seheberu a fetoletsoeng Segerikeng. Libuka tse setseng li ile tsa fetoleloa lilemong tse lekholo tse latelang, kapa tse isang moo. Ho e-na le hore e be boiteko bo kopanetsoeng, Septuagint eohle e ile ea etsoa ka litsekana ho fihlela e qetoa. Bafetoleli ba ne ba fapane bokhoning le tsebong ea bona ea Seheberu. Libuka tse ngata li ne li fetoletsoe lentsoe ka lentsoe, ka linako tse ling e le ka tsela e feteletseng, le hoja liphetolelo tse ling tsona li ne li sa fetoleloa lentsoe ka lentsoe. Ho ntse ho e-na le liphetolelo tse seng kae tse telele le tse khutšoanyane. Mafelong a lekholo la bobeli la lilemo B.C.E., libuka tsohle tsa Mangolo a Seheberu li ne li ka baloa ka Segerike. Ho sa tsotellehe liphello tse sa tšoaneng, se finyeletsoeng ke ho fetolela Mangolo a Seheberu Segerikeng se ile sa feta hōle seo e ka ’nang eaba bafetoleli ba ne ba se lebeletse.
Na Jafeta o Bile Litenteng Tsa Sema?
Ha e tšohla Septuagint, Talmud e qotsa Genese 9:27: “Jafeta . . . a ke a lule litenteng tsa Sema.” (Megillah 9b, Talmud ea Babylona) Ka tsela ea tšoantšetso, Talmud e bolela ka tsela e sa tobang hore ho latela botle ba puo ea Segerike ea Septuagint, Jafeta (ntate oa Javane eo Bagerike ba tsoileng ho eena), o ne a lula litenteng tsa Sema (moholo-holo oa sechaba sa Iseraele). Leha ho le joalo, ho ne ho ka boela ha boleloa hore ka lebaka la tšusumetso ea Septuagint, Sema o ne a lula litenteng tsa Jafeta. Joang?
Ka mor’a ho hlōla ha Alexandere e Moholo, qetellong ea lekholo la bone la lilemo B.C.E., ho ile ha etsoa boiteko bo matla ba ho hasa puo ea Segerike le meetlo ea sona ho pholletsa le linaha tse hlōtsoeng. Leano lena le ile la bitsoa Tsamaiso ea Litloaelo tsa Magerike. Bajuda ba ile ba ikutloa ba le tlas’a tlhaselo e sa khaotseng ea meetlo. Haeba meetlo ea Segerike le filosofi li ne li ka hlōla, bolumeli ba Bajuda bo ne bo tla fokola. Ke eng e neng e ka thiba leqhubu la tlhaselo ee?
Mabapi le lebaka le leng le ileng la susumelletsa Bajuda hore ba fetolele Septuagint, mofetoleli oa Bibele oa Mojuda, Max Margolis oa hlalosa: “Haeba e mong o nahana hore sechaba sa Bajuda ke sona se qalileng khopolo ea phetolelo ena, e ne e tla ba ho na le lebaka le leng le amehang, e leng ho etsa hore Molao oa Sejuda o fumanehe ho baahi bohle ba Balichaba le ho kholisa lefatše hore Bajuda ba na le meetlo e fetang ea bohlale ba Hellas [Greece].” Kahoo, ho etsa hore Mangolo a Seheberu a fumanehe ho batho ba buang Segerike e ka ’na eaba e ne e le mokhoa oa ho itšireletsa le ho iphetetsa.
Leano la Alexandere la Tsamaiso ea Litloaelo tsa Magerike le ne le entse Segerike puo ea machaba ea lefatše. Esita le ka mor’a hore Baroma ba ketole puso ea hae, Segerike se tloaelehileng (kapa Sekoine) se ile sa sala e le puo ea khoebo le eo lichaba li buisanang ka eona. Ebang sena e ne e le phello ea boiteko bo entsoeng ka boomo kapa e ne e le ketsahalo ea tlhaho, phetolelo ea Septuagint ea Mangolo a Seheberu e ile ea amoheloa ka potlako ke batho ba bangata bao e neng e se Bajuda, bao pele ba neng ba sa tloaelana le Molimo le Molao oa Bajuda. Liphello e bile tse hlollang.
Basokolohi le ba Tšabang Molimo
Lekholong la pele la lilemo C.E., Philo o ne a ka ngola hore “bokhabane le seriti tsa molao oa Moshe ha li hlomphuoe ke Bajuda feela, empa le ke lichaba tse ling kaofela.” Mabapi le Bajuda ba neng ba sa lule Palestina lekholong la pele la lilemo, rahistori oa Mojuda, Joseph Klausner o re: “Ho thata ho lumela hore Bajuda bana ba limilione kaofela ba ne ba ikopantse hore ba falle Palestina e nyenyane. Motho o tlameha ho lumela hore keketseho ena e khōlō e boetse e bakiloe ke ho amohela banna le basali ba bangata ba basokolohi.”
Leha ho le joalo, lintlha tsena tse tsotehang ha li fane ka boitsebiso bohle. Mongoli Shaye J. D. Cohen, moprofesa oa histori ea Sejuda oa hlalosa: “Balichaba ba bangata ba banna le ba basali, ba ile ba sokolohela Bojudeng makholong a ho qetela a lilemo B.C.E. le makholong a lilemo a mabeli a qalang C.E. Leha ho le joalo, ba neng ba le bangata le ho feta e ne e le balichaba ba ileng ba amohela karolo e itseng ea Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda empa ba se ke ba sokolohela ho eona.” Klausner le Cohen ka bobeli ba bua ka bao ba sa kang ba sokoloha e le ba tšabang Molimo, polelo e hlahang hangata likhatisong tsa Segerike tsa nako eo.
Phapang ke efe lipakeng tsa mosokolohi le ea tšabang Molimo? Basokolohi e ne e le batho ba sokolohileng ka ho feletseng, ba neng ba nkoa e le Bajuda ka hohle hobane ba amohetse Molimo oa Iseraele (ba khesitse melimo e meng kaofela), ba bolotse, ’me ba ikopantse le sechaba sa Iseraele. Ka ho fapaneng, Cohen o re mabapi le ba tšabang Molimo: “Le hoja balichaba bana ba ne ba boloka mekhoa e mengata ea Sejuda ’me ba hlompha Molimo oa Bajuda ka tsela ena kapa eane borapeling, ba ne ba sa inke e le Bajuda ’me le ba bang ba ne ba sa ba nke e le Bajuda.” Klausner o ba hlalosa e le “ba emeng lipakeng,” kaha ba ne ba amohetse Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda ’me “ba boloka karolo e ’ngoe ea litloaelo tsa eona, empa . . . ea se ke ea e-ba Bajuda ba feletseng.”
Mohlomong ba bang ba ile ba thahasella Molimo ka lebaka la lipuisano tseo ba ileng ba e-ba le tsona le Bajuda ba neng ba tšoarehile mosebetsing oa boromuoa kapa ka ho hlokomela hore na ba ne ba fapane hakaakang liketsong, mekhoeng ea bona le boitšoarong ba bona. Leha ho le joalo, Septuagint e ne e le sesebelisoa se ka sehloohong se neng se thusa batho bana ba tšabang Molimo hore ba ithute ka Jehova Molimo. Le hoja ho se na tsela ea ho tseba palo e nepahetseng ea ba neng ba tšaba Molimo lekholong la pele la lilemo, ntle ho tikatiko, Septuagint e ile ea hasa tsebo ea Molimo ho pholletsa le ’Muso oa Roma. Ho ile ha boela ha raloa motheo oa bohlokoa ka Septuagint.
Septuagint e Ile ea Thusa ho Betla Tsela
Septuagint e sebelisitsoe ka mokhoa o hlaheletseng ho haseng molaetsa oa Bokreste. Bajuda ba bangata ba neng ba bua Segerike ba ne ba le har’a ba neng ba le teng ha ho thehoa phutheho ea Bokreste ka Pentekonta ea 33 C.E. Basokolohi le bona ba ne ba le har’a bao e ileng ea e-ba barutuoa ba Kreste nakong eo e qalang. (Liketso 2:5-11; 6:1-6; 8:26-38) Kaha mangolo a bululetsoeng a baapostola ba Jesu le barutuoa ba bang ba pele a ne a etselitsoe batho ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang, a ile a tlalehoa ka Segerike.a Ka lebaka leo, mantsoe a mangata a qotsitsoeng Mangolong a Seheberu a hlahang Mangolong a Segerike a Bokreste a ne a thehiloe ho Septuagint.
Ba bang ntle ho Bajuda ba tlhaho le basokolohi ba ne ba itokiselitse ho amohela molaetsa oa ’Muso. Korneliase oa Molichaba e ne e le “monna ea inehetseng le ea tšabang Molimo, eena le bohle ba ntlo ea hae, ’me o ile a fa batho limpho tse ngata tsa mohau ’me a rapela Molimo a sa khaotse.” Ka 36 C.E., Korneliase, ba lelapa la hae le ba bang ba neng ba bokane ha hae e ile ea e-ba Balichaba ba pele ba ho kolobetsoa e le balateli ba Kreste. (Liketso 10:1, 2, 24, 44-48; bapisa le Luka 7:2-10.) Ha moapostola Pauluse a ne a tsamaea ho pholletsa le Asia Minor le Greece, o ile a ruta Balichaba ba bangata ba neng ba se ba ntse ba tšaba Molimo hammoho le “Bagerike ba neng ba rapela Molimo.” (Liketso 13:16, 26; 17:4) Ke hobane’ng ha Korneliase le Balichaba bao ba bang ba ne ba itokiselitse ho amohela litaba tse molemo? Septuagint e ne e thusitse ho betla tsela. Setsebi se seng se hakanya hore Septuagint “ke buka ea liphetoho tsa bohlokoa tseo ntle ho eona, Bokreste-’mōtoana le meetlo ea bophirimela li neng li ke ke tsa utloisisoa.”
Septuagint e Lahleheloa ke “Tšusumetso” ea Eona
Ho sebelisoa ha Septuagint ka ho pharaletseng ho ile ha qetella ho bakile bora bo matla har’a Bajuda. Ka mohlala, ha ba bua le Bakreste, Bajuda ba ile ba re Septuagint e ne e le phetolelo e fosahetseng. Lekholong la bobeli la lilemo C.E., sechaba sa Bajuda se ne se furaletse ka ho feletseng phetolelo eo se neng se kile sa e rorisa e le e bululetsoeng. Bo-rabi ba ile ba latola pale ea bafetoleli ba 72, ba re: “Ka nako e ’ngoe ho ile ha etsahala hore baholo ba bahlano ba ngole Torah bakeng sa Morena Ptolemy ka Segerike, ’me letsatsi leo e ne e le la bonohe Iseraele, joaloka letsatsi leo ka lona ho ileng ha etsoa namane ea khauta, kaha Torah e ne e ke ke ea fetoleloa ka mokhoa o nepahetseng.” E le ho tiisa hore ho ba le tumellano e matla ea maikutlo ho bo-rabi, bo-rabi ba ile ba fana ka tumello ea hore ho etsoe phetolelo e ncha ka Segerike. E ile ea fetoleloa lekholong la bobeli la lilemo C.E. ke mosokolohi oa Mojuda ea bitsoang Aquila, morutuoa oa rabi Akiba.
Bajuda ba ile ba emisa ho sebelisa Septuagint, empa e ile ea e-ba eona “Testamente ea Khale” e ileng ea sebelisoa ke Kereke e K’hatholike e neng e hōla, ho fihlela ha e nkeloa sebaka ke Vulgate ea Selatine ea Jerome. Le hoja ho se mohla phetolelo e ka nkang sebaka sa tšimoloho ea taba, Septuagint e phethile karolo ea bohlokoa ho haseng tsebo ka Jehova Molimo le ’Muso oa hae ka Jesu Kreste. Ka sebele, Septuagint ke phetolelo ea Bibele e fetotseng lefatše.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E ka ’na eaba Kosepele ea Matheu e ngotsoe pele ka Seheberu, eaba hamorao e fetoleloa Segerikeng.
[Credi Line]
Courtesy of Israel Antiquities Authority
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Batho ba bangata ba rutiloeng ke Pauluse ba ne ba utloisisa “Septuagint”