Na Mosebetsi oa Hao o Tla Ema o Tiile Khahlanong le Mollo?
“E mong le e mong a a lule a lebetse hore na o haha joang holim’a [motheo].”—1 BAKORINTHE 3:10.
1. Bakreste ba tšepahalang ba na le tšepo efe mabapi le bao ho ka etsahalang hore e be barutuoa?
BANYALANI ba Bakreste ba talima ngoana oa bona ea sa tsoa tsoaloa. Mohoeletsi oa ’Muso o bona sefahleho se bontšang taba-tabelo le thahasello sa seithuti sa Bibele. Moholo oa Mokreste ea rutang a le sethaleng o hlokomela motho ea sa tsoa thahasella har’a bamameli eo ka khothalo a phetlang mangolo Bibeleng ea hae. Bahlanka bana ba tšepahalang ba Jehova ba na le lipelo tse tletseng tšepo. Joalokaha ho ka lebelloa, baa ipotsa, ‘Na motho enoa o tla rata Jehova ’me a mo sebeletse—a be a lule a tšepahala?’ Ka ho hlakileng, phello e joalo ha e itlele feela tjee. Ke mosebetsi.
2. Moapostola Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Baheberu bohlokoa ba mosebetsi oa ho ruta joang, hona ke ho itlhahloba hofe hoo see se ka ’nang sa re susumelletsa ho ho etsa?
2 Kaha le eena e ne e le tichere e hloahloa, moapostola Pauluse o ile a hatisa bohlokoa ba mosebetsi oa ho ruta le ho etsa barutuoa ha a ngola: “Le tšoanetse hore ebe le mesuoe ka lebaka la nako.” (Baheberu 5:12) Bakreste bao a neng a bua le bona ba ne ba entse khatelo-pele e fokolang, ha ho talingoa hore na e ne e bile balumeli ka nako e kae. Ntle le hore ba ne ba e-s’o lokele ho ruta ba bang, ho ne ho boetse ho hlokahala hore ba hopotsoe lintlha tsa motheo tsa ’nete. Kajeno, kaofela ha rōna re etsa hantle haeba nako le nako re hlahlobisisa bokhoni ba rōna joaloka matichere le ho bona kamoo re ka ntlafatsang kateng. Bophelo bo kotsing. Re ka etsa’ng?
3. (a) Moapostola Pauluse o ile a bapisa tšebetso ea ho etsa morutuoa oa Mokreste le eng? (b) Joaloka lihahi tsa Bakreste, re na le tokelo efe e khōlō?
3 Papisong e atolositsoeng, Pauluse o ile a tšoantša ho etsa barutuoa le mosebetsi oa ho haha. O ile a qala ka ho re: “Re basebetsi-’moho le Molimo. Lōna le tšimo ea Molimo e lengoang, mohaho oa Molimo.” (1 Bakorinthe 3:9) Kahoo re kopanela mosebetsing oa ho haha o amang batho; re thusa ho ba haha hore e be barutuoa ba Kreste. Re etsa joalo re le basebetsi-’moho le Ea “hahileng lintho tsohle.” (Baheberu 3:4) Ke tokelo e kaakang! A re boneng kamoo keletso e bululetsoeng ea Pauluse ho Bakorinthe e ka re thusang kateng hore re be hloahloa haholoanyane mosebetsing oa rōna. Re tla lebisa tlhokomelo ka ho khetheha ‘tsebong ea rōna ea ho ruta.’—2 Timothea 4:2.
Ho Rala Motheo o Nepahetseng
4. (a) Karolo ea Pauluse e ne e le efe mosebetsing oa Bokreste oa ho haha? (b) Ke hobane’ng ha ho ka thoe Jesu le bamameli ba hae ba ne ba tseba bohlokoa ba metheo e metle?
4 E le hore mohaho o tsitse o be o lule nako e telele, o hloka motheo o motle. Kahoo, Pauluse o ile a ngola: “Ho ea ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo oo ke ileng ka o fuoa, joaloka motsamaisi ea bohlale oa mesebetsi ke ile ka beha motheo.” (1 Bakorinthe 3:10) A sebelisa papiso e tšoanang, Jesu Kreste o ile a bua ka ntlo e ileng ea pholoha sefefo ka lebaka la hore sehahi sa eona se ne se khethile motheo o tiileng. (Luka 6:47-49) Jesu o ne tseba sohle ka bohlokoa ba metheo. O ne a le teng ha Jehova a theha lefatše ka bolona.a (Liproverbia 8:29-31) Bamameli ba Jesu le bona ba ne ba utloisisa bohlokoa ba metheo e metle. Ke matlo a nang le metheo e metle feela a neng a ka mamella likhohola tse matla le litšisinyeho tsa lefatše tse neng li e-ba teng ka linako tse ling Palestina. Leha ho le joalo, Pauluse o ne a nahanne ka motheo ofe?
5. Motheo oa phutheho ea Bokreste ke mang, hona ke joang see se ileng sa boleloa esale pele?
5 Pauluse o ile a ngola: “Ha ho motho ea ka behang motheo leha e le ofe o mong ho feta se behiloeng, e leng Jesu Kreste.” (1 Bakorinthe 3:11) Lena e ne e se lekhetlo la pele Jesu a tšoantšoa le motheo. Ha e le hantle, Esaia 28:16 e ile ea bolela esale pele: “Morena Jehova o boletse, a re: Bonang, ke bea lejoe Sione, e be motheo, lejoe le lekiloeng, lejoe la ntlha la bohlokoa, le theiloeng ka mokhoa o tiileng.” Jehova o ne a rerile esale khale hore Mora oa hae e be motheo oa phutheho ea Bokreste.—Pesaleme ea 118:22; Baefese 2:19-22; 1 Petrose 2:4-6.
6. Ke joang Pauluse a ileng a beha motheo o loketseng ho Bakreste ba Korinthe?
6 Motheo oa Bakreste ka bomong ke ofe? Joalokaha Pauluse a boletse, ha ho motheo o mong bakeng sa Mokreste oa ’nete haese o raliloeng Lentsoeng la Molimo—Jesu Kreste. Ka sebele Pauluse o ile a beha motheo o joalo. Korinthe, moo filosofi e neng e nketsoe holimo haholo, ha aa ka a batla ho khahla batho ka bohlale ba lefatše. Ho e-na le hoo, Pauluse o ile a bolela “Kreste ea ileng a khokhotheloa thupeng,” e leng seo lichaba li ileng tsa se qhelela ka thōko e le “booatla” bo boholo. (1 Bakorinthe 1:23) Pauluse o ile a ruta hore Jesu ke eena motho ea ka sehloohong mererong ea Jehova.—2 Bakorinthe 1:20; Bakolose 2:2, 3.
7. Re ka ithuta eng tabeng ea ha Pauluse a ipitsa “motsamaisi ea bohlale oa mesebetsi”?
7 Pauluse o ile a bontša hore o ile a ruta thuto eo “joaloka motsamaisi ea bohlale oa mesebetsi.” Polelo ena e ne e sa bontše ho iphahamisa. E ne e mpa feela e le ho ela hloko mpho e hlollang eo Jehova a neng a mo file eona—ea ho hlophisa kapa ho tsamaisa mosebetsi. (1 Bakorinthe 12:28) Ke ’nete hore kajeno ha re na limpho tsa mohlolo tse ileng tsa fuoa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Hape re ka ’na ra se ke ra inka re le matichere a nang le bokhoni. Empa ka kutloisiso ea bohlokoa, re ’ona. Nahana: Jehova o re fa moea oa hae o halalelang bakeng sa ho re thusa. (Bapisa le Luka 12:11, 12.) Hape re na le lerato la Jehova le tsebo ea lithuto tsa motheo tsa Lentsoe la hae. Ruri tsena ke limpho tse hlollang tseo re ka li sebelisang ha re ruta ba bang. A re ikemisetseng ho li sebelisa bakeng sa ho beha motheo o loketseng.
8. Ke joang re ka behang Kreste e le motheo ho bao ho ka etsahalang hore e be barutuoa?
8 Ha re beha Kreste e le motheo, ha re mo hlahise e le ngoana ea sitoang ho iketsetsa letho ea ka sejelong, kapa e le ea lekanang le Jehova ho Boraro-bo-bong. Che, likhopolo tse joalo tseo e seng tsa Mangolo li rala motheo bakeng sa Bakreste ka lebitso feela. Ho e-na le hoo, re ruta hore e ne e le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela, hore o ile a tela bophelo ba hae bo phethahetseng molemong oa rōna, le hore kajeno ke Morena ea busang leholimong ea khethiloeng ke Jehova. (Baroma 5:8; Tšenolo 11:15) Hape re batla ho susumetsa liithuti tsa rōna hore li tsamaee mehlaleng ea Jesu ’me li etsise litšoaneleho tsa hae. (1 Petrose 2:21) Re batla hore li susumetsoe ka botebo ke cheseho ea Jesu bakeng sa tšebeletso, qenehelo ea hae ho ba tlaase le ba hateletsoeng, mohau oa hae ho baetsalibe ba hateletsoeng ke boikutlo ba bona ba ho ba ba molato, sebete sa hae se sa fetoheng ho sa tsotellehe liteko. Ruri Jesu ke motheo o hlollang. Empa ho latela eng?
Ho Haha ka Thepa e Nepahetseng
9. Le hoja ka ho khetheha Pauluse e ne e le motho ea behang motheo, ke eng seo a neng a amehile ka sona mabapi le ba neng ba amohela ’nete ea seo a se rutang?
9 Pauluse o ile a ngola: “Joale haeba leha e le mang a haha holim’a motheo oo khauta, silevera, majoe a bohlokoa, thepa ea lehong, furu, litlhaka, mosebetsi oa e mong le e mong o tla bonahala, etsoe letsatsi le tla o bonahatsa, hobane o tla senoloa ka mollo; ’me mollo ka booona o tla paka hore na mosebetsi oa e mong le e mong ke oa mofuta ofe.” (1 Bakorinthe 3:12, 13) Pauluse o ne a bolela’ng? Nahana ka lintlha tse tšehetsang taba. Pauluse ka ho khetheha e ne e le motho ea behang motheo. Maetong a hae a boromuoa, o ile a tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong, a ruta ba bangata ba neng ba e-s’o utloe ka Kreste. (Baroma 15:20) Ha batho ba amohela ’nete eo a e rutileng, ho ile ha thehoa liphutheho. Pauluse o ne a ameha ka ho teba ka bana ba tšepahalang. (2 Bakorinthe 11:28, 29) Leha ho le joalo, mosebetsi oa hae o ne o hloka hore a ’ne a tsamaee. Kahoo ka mor’a ho qeta likhoeli tse 18 a beha motheo Korinthe, o ile a tloha hore a e’o bolela metseng e meng. Leha ho le joalo, ka cheseho o ne a thahasella kamoo ba bang ba neng ba ntšetsa pele mosebetsi oo a neng a o entse moo.—Liketso 18:8-11; 1 Bakorinthe 3:6.
10, 11. (a) Pauluse o ile a bapisa mefuta e sa tšoaneng ea thepa ea mohaho joang? (b) Ke mehaho ea sebele ea mofuta ofe eo mohlomong e neng e le teng Korinthe ea boholo-holo? (c) Ke mehaho ea mofuta ofe e ka ’nang ea mamella mollo haholoanyane, hona see se fa Bakreste bao e leng baetsi ba barutuoa thuto efe e nang le mohlala o sebetsang?
10 Ho bonahala eka ba bang ba neng ba haha motheong oo Pauluse a ileng a o beha Korinthe ba ne ba sa etse mosebetsi o motle. Ho totobatsa bothata, Pauluse o bapisa mefuta e ’meli ea thepa ea ho haha: khauta, silevera, le majoe a bohlokoa ka lehlakoreng le leng; lehong, furu, le litlhaka ka ho le leng. Mohaho o ka hahoa ka thepa e ntle, e lulang nako e telele, e sa cheng; kapa o ka ’na oa hahoa ka lepotlapotla ho sebelisoa thepa e ka lahloang, ea nakoana, le e chang. Ntle ho pelaelo motse o moholo joaloka Korinthe o ne o tletse mehaho ea mefuta ena ka bobeli. Ho ne ho e-na le litempele tse khōlō tse entsoeng ka majoe a maholo, a theko e boima, mohlomong ka pele li ne li koahetsoe ka khauta le silevera kapa karolo e ’ngoe ea tsona e ne e khabisitsoe ka tsona.b Mohlomong mehaho ena e meholo e lulang nako e telele e ne e hlaheletse ka ho phahameng ka holim’a mekhoro, litakana le maphephe ao ho rekisetsoang ho ’ona a entsoeng ka liforeimi tse makukuno tsa lehong eaba a ruleloa ka joang.
11 Ho ne ho ka etsahala joang ka mehaho ee ha ho e-na le mollo? Karabo e ne e hlakile mehleng ea Pauluse joalokaha e hlakile le kajeno. Ha e le hantle, motse oa Korinthe o ne o ile oa hlōloa ’me oa chesoa ke Molaoli oa Moroma Mummius morao koana ka 146 B.C.E. Ka sebele mehaho e mengata ea lehong, furu kapa litlhaka e ne e felisitsoe ka ho feletseng. Ho thoe’ng ka mehaho e tiileng ea majoe, e khabisitsoeng ka silevera le khauta? Ntle ho pelaelo, e ile ea pholoha. E ka ’na eaba liithuti tsa Pauluse tse Korinthe li ne li feta pel’a mehaho e joalo letsatsi le letsatsi—mehaho e meholohali ea majoe e ileng ea pholoha likoluoa tseo e neng e le khale li helelitse mehaho ea habo eona e sa luleng nako e telele joaloka eona. Kahoo, Pauluse o ile a hatisa ntlha ea hae ka ho hlakileng hakaakang! Ha re ruta, ho hlokahala hore re inke re le lihahi. Re batla ho sebelisa thepa e molemohali, e lulang nako e telele ka ho fetisisa e ka fumanehang. Ka tsela eo ho ka etsahala hore mosebetsi oa rōna e be o tšoarellang haholoanyane. Thepa eo e tšoarellang ke efe, hona ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re e sebelise?
Na Mosebetsi oa Hao o Tla Ema o Tiile Khahlanong le Mollo?
12. Bakreste ba bang ba Korinthe ba ne ba etsa hlaahlaafethe ka litsela life ha ba haha?
12 Ka ho hlakileng, Pauluse o ne a e-na le boikutlo ba hore Bakreste ba bang Korinthe ba ne ba sa hahe ka mokhoa o motle. Phoso e ne e le hokae? Joalokaha litemana tse potolohileng li bontša, phutheho e ne e hlasetsoe ke karohano, ho khahloa ke botho ba batho ho sa tsotellehe hore seo se ne se beha bonngoe ba phutheho kotsing. Ba bang ba ne ba re, “’Na ke oa Pauluse,” ha ba bang ba ne ba tsitlella ho re, “’Na ke oa Apolose.” Ho hlakile hore ba bang ba ne ba nketse bohlale ba bona holimo haholo. Ha ho makatse hore phello e bile tikoloho ea monahano oa nama, ho se hōle moeeng, le “poulelo le ho qabana” tseo e neng e le kobo-anela. (1 Bakorinthe 1:12; 3:1-4, 18) Ka sebele boikutlo bona bo ne bo bonahala thutong e neng e fanoa ka phuthehong le tšebeletsong. Phello e bile hore mosebetsi oa bona oa ho etsa barutuoa e ne e le hlaahlaafethe, joaloka mosebetsi oa ho haha o etsoang ka thepa ea boleng bo tlaase. O ne o ke ke oa pholoha “mollo.” Ke mollo ofe oo Pauluse a neng a bua ka oona?
13. Mollo papisong ea Pauluse o emela eng, hona Bakreste bohle ba lokela ho hlokomela eng?
13 Ho na le mollo oo kaofela ha rōna re tobanang le oona bophelong—liteko tsa tumelo ea rōna. (Johanne 15:20; Jakobo 1:2, 3) Ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba Korinthe ba tsebe, feela joalokaha kajeno ho hlokahala hore re tsebe, hore e mong le e mong eo re mo rutang ’nete o tla lekoa. Haeba re ruta ka mokhoa o seng motle, ho ka ’na ha e-ba le liphello tse bohloko. Pauluse o ile a lemosa: “Haeba mosebetsi oa mang kapa mang oo a o hahileng holim’a oona o sala, o tla amohela moputso; haeba mosebetsi oa mang kapa mang o cha, o tla lahleheloa, empa eena ka boeena o tla pholoha; empa leha ho le joalo, haeba ho le joalo, e tla ba joalokaha eka ke ka ho feta mollong.”c—1 Bakorinthe 3:14, 15.
14. (a) Bakreste bao e leng baetsi ba barutuoa ba ka “lahleheloa” joang, leha ho le joalo ke joang ba ka pholohang joalokaha eka ke ka ho feta mollong? (b) Re ka fokotsa kotsi ea ho lahleheloa joang?
14 Ka sebele ana ke mantsoe a tebileng! E ka ba ho utloisang bohloko haholo ho sebetsa ka thata ho thusa motho hore e be morutuoa, ebe u bona motho eo a inehela tekong kapa mahlorisong ’me qetellong a tlohela tsela ea ’nete. Pauluse o lumela sena ha a bolela hore rea lahleheloa maemong a joalo. Phihlelo ena e ka ba e bohloko hoo ho hlalosoang hore ho pholoha ha rōna ho “joalokaha eka ke ka ho feta mollong”—joaloka motho ea lahlehetsoeng ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe mollong ha eena a phonyohile ka lesoba la nale. Re ka fokotsa kotsi ea ho lahleheloa joang? Haha ka thepa e lulang nako e telele! Haeba re ruta liithuti tsa rōna ka morero oa ho finyella lipelo tsa tsona, re li susumelletsa hore li nke litšoaneleho tsa Bokreste tse kang bohlale, temoho, ho tšaba Jehova, le tumelo ea sebele e le tsa bohlokoa, joale re haha ka thepa e lulang nako e telele, e sa cheng. (Pesaleme ea 19:9, 10; Liproverbia 3:13-15; 1 Petrose 1:6, 7) Ba hlaolelang litšobotsi tsena ba tla tsoela pele ho etsa thato ea Molimo; ba na le tšepo e tiileng ea ho tsoela pele ba phela ka ho sa feleng. (1 Johanne 2:17) Leha ho le joalo, re ka sebelisa papiso ea Pauluse ka tsela e sebetsang joang? Nahana ka mehlala e meng.
15. Ke ka litsela life re ka tiisang hore re qoba ho etsa hlaahlaafethe mosebetsing oa ho haha liithuti tsa rōna tsa Bibele?
15 Ha re ruta liithuti tsa Bibele, le ka mohla ha rea lokela ho phahamisa batho ho feta Jehova Molimo. Pakane ea rōna hase ho li ruta hore li re nke re le mohloli o ka sehloohong oa bohlale. Re batla hore li talime ho Jehova, Lentsoeng la hae, le mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng bakeng sa tataiso. Ho finyella seo, ha re fane ka pono ea rōna ha re arabela lipotso tsa tsona. Ho e-na le hoo, re li ruta hore li fumane likarabo, li sebelisa Bibele le lingoliloeng tse fanoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) Ka mabaka a tšoanang le ana, re ba seli hore re se batle ho laola liithuti tsa rōna tsa Bibele. Ho e-na le ho khopeha ha ba bang ba bontša thahasello ho tsona, re lokela ho khothalletsa liithuti tsa rōna hore li “atolohe” kamehong ea tsona e mofuthu, li tsebe ’me li ananele ba bangata kamoo ho ka khonehang ka phuthehong.—2 Bakorinthe 6:12, 13.
16. Baholo ba ka haha ka thepa e sa cheng joang?
16 Baholo ba Bakreste le bona ba phetha karolo ea bohlokoa ho haheng barutuoa. Ha ba ruta ka pel’a phutheho, ba batla ho haha ka thepa e sa cheng. Tsebo ea bona ea ho ruta, phihlelo ea bona le botho ba bona li ka ’na tsa fapana haholo, empa ha ba nke monyetla ka phapang ena bakeng sa hore ba ikhulele balateli. (Bapisa le Liketso 20:29, 30.) Ha re tsebe hantle hore na ke hobane’ng ha ba bang Korinthe ba ne ba re, “’Na ke oa Pauluse” kapa, “’Na ke oa Apolose.” Empa re ka kholiseha ka hohle-hohle hore ha ho le ea mong oa baholo bana ba tšepahalang ea ileng a khothalletsa monahano o joalo o arolang. Pauluse ha aa ka a nkeha maikutlo ke lipolelo tse joalo; o ile a li hanyetsa ka matla. (1 Bakorinthe 3:5-7) Ka ho tšoanang kajeno, baholo baa hopola hore ba alosa “mohlape oa Molimo.” (1 Petrose 5:2) Hase oa motho leha e le ofe. Kahoo baholo ba ema ba tiile khahlanong le tšekamelo leha e le efe ea hore motho a le mong a laole mohlape kapa sehlopha sa baholo. Hafeela baholo ba susumetsoa ke takatso e tletseng boikokobetso ea ho sebeletsa phutheho, ho finyella lipelo, le ho thusa linku ho sebeletsa Jehova ka moea oohle, ba haha ka thepa e sa cheng.
17. Batsoali ba Bakreste ba leka ho haha ka thepa e sa cheng joang?
17 Batsoali ba Bakreste le bona ba amehile ka botebo ka taba ena. Ba labalabela ka ho tiileng hakaakang ho bona bana ba bona ba phela ka ho sa feleng! Ke ka lebaka leo ba sebetsang ka thata hakana ho “ruta ka ho pheta-pheta” melao-motheo ea Lentsoe la Molimo hore e kene ka lipelong tsa bana ba bona. (Deuteronoma 6:6, 7, NW) Ba batla hore bana ba bona ba tsebe ’nete, eseng e le sehlopha sa melao kapa letoto le lelelele la linnete feela, empa e le tsela e enneng, e putsang le e thabisang ea bophelo. (1 Timothea 1:11) E le hore ba hahe bana ba bona hore e be barutuoa ba tšepahalang ba Kreste, batsoali ba lerato ba leka ka matla ho sebelisa thepa e sa cheng. Ba sebetsa le bana ba bona ba sa fele pelo, ba ba thusa hore ba fothole litšoaneleho tseo Jehova a li hloileng le hore ba hlaolele litšoaneleho tseo a li ratang.—Bagalata 5:22, 23.
Ke Mang ea Ikarabellang?
18. Ha morutuoa a lahla thuto e phelisang hantle, ke hobane’ng ha e ka ’na eaba ha e hlile hase hore ke molato oa ba lekang ho mo ruta le ho mo koetlisa?
18 Puisano ena e hlahisa potso ea bohlokoa. Haeba motho eo re lekang ho mo thusa a tlohela ’nete, na seo se bolela hore re hlōlehile ho ba matichere a molemo—hore e tlameha ebe re hahile ka thepa ea boleng bo tlaase? Ha ho hlile ha ho joalo. Ka sebele mantsoe a Pauluse a re hopotsa hore ho ba le karolo ho haheng barutuoa ke boikarabelo bo boholo. Re batla ho etsa sohle se matleng a rōna ho haha hantle. Empa Lentsoe la Molimo ha le re bolelle hore re jare boikarabelo bohle ’me re imeloe ke boikutlo ba ho ba molato ha bao re lekang ho ba thusa ba tlohela ’nete. Ho ameha mabaka a mang ntle ho karolo ea rōna re le lihahi. Ka mohlala, hlokomela hore na Pauluse o re’ng esita le ka tichere e sa etsang mosebetsi o motle mosebetsing ona oa ho haha: “O tla lahleheloa, empa eena ka boeena o tla pholoha.” (1 Bakorinthe 3:15) Haeba ho ka etsahala hore qetellong tichere ena e bolokehe—athe botho ba Bokreste boo e lekileng ho bo haha ka ho seithuti sa eona ka tšoantšetso bo ile ba “cha” tekong ea mollo—re lokela ho etsa qeto efe? Ka sebele, re lokela ho etsa qeto ea hore Jehova o nka seithuti se ikarabella ka ho khetheha bakeng sa liqeto tsa sona mabapi le hore na se tla latela tsela e tšepahalang kapa che.
19. Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?
19 Boikarabelo ba botho, kapa ba motho ka mong ke taba ea bohlokoa ka ho fetisisa. Bo ama e mong le e mong oa rōna. Ka ho toba, Bibele e ruta eng tabeng ee? Sehlooho sa rōna se latelang se tla tšohla sena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E ka ’na eaba ‘motheo oa lefatše’ o bolela matla a tlhaho a le tšoereng—hammoho le a tšoereng lihloliloeng tsohle tsa leholimo—hore li lule ka tieo libakeng tsa tsona. Ho phaella moo, lefatše ka bolona le hahiloe ka tsela eo le ka mohla le ke keng la “sisinyeha,” kapa la felisoa.—Pesaleme ea 104:5.
b “Majoe a bohlokoa” ao Pauluse a neng a bua ka ’ona hase hore ehlile ke mahakoe, a kang litaemane le lirubi. E ka ’na eaba e ne e le majoe a hahang a theko e boima a kang mabole, alabastera, kapa moralla.
c Pauluse o ne a belaella ho pholoha ha “mosebetsi” oa sehahi, eseng ho pholoha ha sehahi. The New English Bible e fetolela temana ena tjena: “Haeba mohaho oa motho o ema, o tla putsoa; haeba o cha, o tla lokela ho jara litšenyehelo; empa leha ho le joalo o tla pholosa bophelo ba hae, joalokaha motho a ka pholoha mollong.”
U ne U Tla Araba Joang?
◻ “Motheo” oa Mokreste oa ’nete ke ofe, hona o raloa joang?
◻ Re ka ithuta eng mefuteng e sa tšoaneng ea thepa ea mohaho?
◻ “Mollo” o emela eng, hona ke joang o ka etsang hore ba bang ba ‘lahleheloe’?
◻ Ke joang matichere a Bibele, baholo le batsoali ba ka hahang ka thepa e sa cheng?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Metseng e mengata ea boholo-holo, mehaho ea majoe e sa cheng e ne e le teng hammoho le mehaho e sa tieang