Ithuteng Lentsoe la Molimo Kamehla le le Lelapa
“Motho o lokela ho phela, eseng ka bohobe feela, empa ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.”—MATHEU 4:4.
1. Bibele e re’ng mabapi le boikarabelo ba lihlooho tsa malapa ba ho ruta bana ba bona litsela tsa Jehova?
KHAFETSA Jehova Molimo o ile a hopotsa lihlooho tsa malapa ka boikarabelo ba tsona ba ho ruta bana ba tsona. Thuto e joalo e ne e tla hlomella bana bakeng sa bophelo ba hona joale ’me e ne e ka boela ea thusa ho ba lokisetsa bophelo ba nakong e tlang. Lengeloi le neng le emela Molimo le ile la bontša Abrahama boikarabelo ba hae ba ho ruta lelapa la hae e le hore le “boloke tsela ea Jehova.” (Genese 18:19) Batsoali ba Baiseraele ba ile ba bolelloa hore ba hlalosetse bana ba bona kamoo Molimo a ileng a lopolla Iseraele Egepeta le kamoo a neng a ile a e fa Molao oa hae Thabeng ea Sinai, Horebe. (Exoda 13:8, 9; Deuteronoma 4:9, 10; 11:18-21) Lihlooho tsa malapa a Bakreste li khothalletsoa ho hōlisa bana ba tsona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Esita le haeba ke motsoali a le mong feela ea sebeletsang Jehova, o lokela ho leka ka matla ho ruta bana ba hae litsela tsa Jehova.—2 Timothea 1:5; 3:14, 15.
2. Na thuto ea lelapa ea hlokahala ha ho se na bana ka lapeng? Hlalosa.
2 Sena ha se bolele hore thuto ea lelapa ea Lentsoe la Molimo ke ea malapa a nang le bana feela. Ha monna le mosali ba tšoara thuto ea lelapa le haeba ho se na bana ka lapeng, sena se bontša kananelo e ntle ea lintho tsa moea.—Baefese 5:25, 26.
3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore thuto ea lelapa e tšoaroe kamehla?
3 Hore thuto e finyelle se molemohali, e lokela ho fanoa kamehla, tumellanong le thuto eo Jehova a neng a e ruta Baiseraele lefeelleng: “Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, motho o tla mpe a phele ke tsohle tse tsoang molomong oa Jehova.” (Deuteronoma 8:3) Ho latela maemo a lelapa, malapa a mang a ka ’na a lokisetsa thuto ea beke le beke; a mang a ka ’na a e-ba le lithuto tse khutšoanyane tsa letsatsi le letsatsi. Ho sa tsotellehe hore na u khetha tokisetso efe, u se ke ua tlohella thuto e tšoaroe feela ha monyetla o le teng. ‘Reka nako e loketseng’ bakeng sa eona. Ho itela hore ho be le nako e joalo ke ho lokisetsa nako e tlang ka mokhoa o nang le kelello. Bophelo ba litho tsa lelapa la hao bo kotsing.—Baefese 5:15-17; Bafilippi 3:16.
Lipakane Tse Lokelang ho Hopoloa
4, 5. (a) Ka Moshe, Jehova o ile a behela batsoali pakane efe ea bohlokoa ha ba ruta bana ba bona? (b) Seo se akarelletsa eng kajeno?
4 Ha u khanna thuto ea lelapa, e tla finyella molemo o moholohali haeba u nahanne ka lipakane tse hlakileng. Nahana ka tse seng kae tse ka etsoang.
5 Thutong ka ’ngoe, batla ho haha lerato bakeng sa Jehova Molimo. Ha Baiseraele ba ne ba bokane thoteng ea Moabe, pele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a lebisa tlhokomelo ea bona ho seo hamorao Jesu Kreste a neng a tla se khetholla e le ‘taelo e khōlō ka ho fetisisa Molaong.’ E ne e le efe? “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka soule ea hao eohle le ka kelello ea hao eohle.” (Matheu 22:36, 37; Deuteronoma 6:5) Moshe o ile a phehella Baiseraele ho hatisa sena lipelong tsa bona le ho se ruta bana ba bona. Seo se ne se tla hloka ho pheta taba hangata, ho lebisa tlhokomelo mabakeng a ho rata Jehova, ho sebetsana le boikutlo le boitšoaro bo neng bo ka sitisa pontšo ea lerato le joalo le ho bontša lerato bakeng sa Jehova bophelong ba bona. Na bana ba rōna ba hloka mofuta o tšoanang oa thuto? E! ’Me le bona ba hloka thuso hore ba ‘bolotse lipelo tsa bona,’ ke hore, ho tlosa ntho efe kapa efe e neng e ka kena-kenana le lerato la bona ho Molimo. (Deuteronoma 10:12, 16; Jeremia 4:4) Litšitiso tse joalo li ka ’na tsa akarelletsa takatso ea lintho tsa lefatše le ea menyetla ea ho ameha ka botebo mesebetsing ea lona. (1 Johanne 2:15, 16) Ha re rata Jehova, lerato leo le lokela ho phela, le bontšoe, ’me le re susumelletse ho etsa lintho tse khahlisang Ntate oa rōna oa leholimo. (1 Johanne 5:3) E le hore thuto ea hao ea lelapa e be le melemo ea nako e telele, thuto e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho khannoa ka tsela e matlafatsang lerato lena.
6. (a) Ke’ng se hlokahalang e le hore ho ka fanoa ka tsebo e nepahetseng? (b) Mangolo a hatisa bohlokoa ba tsebo e nepahetseng joang?
6 Fana ka tsebo e nepahetseng ea seo Molimo a se hlokang. Seo se akarelletsa eng? Se akarelletsa se fetang ho khona ho bala karabo makasineng kapa bukeng. Hangata se hloka puisano e le hore ho ka tiisoa hore mantsoe a sehlooho le mehopolo ea bohlokoa li utloisisoa ka ho hlakileng. Tsebo e nepahetseng ke ntlha ea bohlokoa tabeng ea ho apara botho bo bocha, ho lebiseng tlhokomelo linthong tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa ha ho sebetsanoa le mathata bophelong, ’me, ka tsela eo, ho etsoa se khahlisang Molimo e le kannete.—Bafilippi 1:9-11; Bakolose 1:9, 10; 3:10.
7. (a) Ke ho sebelisa lipotso life ho ka thusang lelapa ho sebelisa hamolemo boitsebiso bo fuperoeng ke thuto? (b) Mangolo a hatisa bohlokoa ba pakane e joalo joang?
7 Ba thuse ho sebelisa se ithutiloeng. U hopotse pakane ena, thutong e ’ngoe le e ’ngoe ea lelapa, botsa: ‘Boitsebiso boo bo lokela ho ama bophelo ba rōna joang? Na bo hloka hore re etse liphetoho leha e le life ho seo re ntseng re se etsa hona joale? Ke hobane’ng ha re lokela ho batla ho etsa liphetoho?’ (Liproverbia 2:10-15; 9:10; Esaia 48:17, 18) Ho lebisa tlhokomelo e lekaneng tšebelisong ea lintho tse ithutiloeng e ka ba ntlha ea bohloka khōlong ea moea ea litho tsa lelapa.
Sebelisa Likofuto Tsa ho Ruta ka Bohlale
8. Sehlopha sa lekhoba se fane ka likofuto life tsa thuto ea Bibele?
8 “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le fane ka likofuto tse ngata tse ka sebelisoang bakeng sa ho ithuta. Makasine ea Molula-Qhooa, eo ho ka ithutoang Bibele ka eona, e fumaneha ka lipuo tse 131. Ho na le libuka tsa ho ithuta Bibele ka lipuo tse 153, libukana ka lipuo tse 284, lik’hasete ka lipuo tse 61, lik’hasete tsa video ka lipuo tse 41, esita le lenaneo la k’homphieutha bakeng sa phuputso ea Bibele ka lipuo tse 9!—Matheu 24:45-47.
9. Re ka sebelisa keletso ea mangolo a serapeng see a sa qotsoang joang ha re tšoere thuto ea Molula-Qhooa ea lelapa?
9 Malapa a mangata a sebelisa nako ea thuto ea lelapa bakeng sa ho lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa ea phutheho. Sena se ka ba molemo hakaakang! Molula-Qhooa o na le lijo tsa moea tsa bohlokoa tse fanoang bakeng sa ho matlafatsa batho ba Jehova lefatšeng lohle. Ha le ithuta Molula-Qhooa le le lelapa, le se ke la bala lirapa le ho araba lipotso tse hatisitsoeng feela. Batlang kutloisiso ka tieo. Ipheng nako ea ho bala mangolo a serapeng empa a sa qotsoa. Mema litho tsa lelapa ho hlalosa hore na a amana joang le taba e hlahlojoang serapeng. Etsa hore pelo e amehe.—Liproverbia 4:7, 23; Liketso 17:11.
10. Ho ka etsoa’ng hore bana ba kopanele thutong le ho etsa hore e be nako e ba thabisang?
10 Haeba ho na le bana lapeng la hao, u ka etsa’ng ho etsa hore thuto ea hao e se ke ea e-ba feela tloaelo ea lelapa empa e be nako e hahang, e thahasellisang le e thabisang? Leka ka matla ho etsa hore e mong le e mong a amehe ka tsela e itseng e tobileng e le hore tlhokomelo e lule boitsebisong bo ithutoang. Haeba ho khoneha, lokisetsa hore ngoana e mong le e mong a be le Bibele ea hae le makasine e ithutoang. Motsoali a ka ’na a etsa hore ngoana e monyenyane a lule haufi-ufi le eena, a ka ’na a ba a mo haka ka morero oa ho etsisa mofuthu o bontšitsoeng ke Jesu. (Bapisa le Mareka 10:13-16.) Hlooho ea lelapa e ka ’na ea etsa hore mocha a hlalose setšoantšo se hlahang boitsebisong bo ithutoang. Ngoana e monyenyane a ka ’na a abeloa esale pele hore a bale lengolo le itseng. E moholoanyane a ka ’na a abeloa ho bontša menyetla ea ho sebelisa boitsebiso bo ithutoang.
11. Ke likofuto life tse ling tsa ho ruta tse lokiselitsoeng, ’me moo li fumanehang, li ka sebelisoa joang hamolemo thutong ea lelapa?
11 Le hoja e ka ’na eaba u sebelisa Molula-Qhooa e le motheo oa puisano ea lōna, u se ke ua lebala likofuto tse ling tsa ho ithuta tse fumanehang ka lipuo tse ngata. Haeba ho hlokahala boitsebiso bo tšehetsang taba kapa tlhaloso ea polelo e itseng ea Bibele, e ka ’na eaba Insight on the Scriptures e fana ka bona. Lipotso tse ling li ka ’na tsa arajoa ka ho sebelisa Watch Tower Publications Index kapa ka ho sebelisa lenaneo la phuputso la k’homphieutha leo Mokhatlo o le lokiselitseng. Ho ithuta ho sebelisa likofuto tsena, haeba li le teng ka puo ea hao, e ka ba karolo ea bohlokoa ea thuto ea lelapa. U nahanne ka ho tsosa thahasello ea bana, u ka boela ua etsa hore karolo e itseng ea nako ea thuto ea lōna e sebelisetsoe ho shebella karolo e itseng ea video e ’ngoe ea Mokhatlo e rutang kapa ho mamela karolo e itseng ea tšoantšiso k’haseteng ebe le buisana ka eona. Tšebeliso e molemo ea likofuto tsena e ka thusa ho etsa hore thuto ea lelapa la hao e be e thahasellisang le e ruisang lelapa lohle molemo.
Tenyetseha ho Latela Litlhoko Tsa Lelapa la Hao
12. Thuto ea lelapa e ka ba le karolo joang tabeng ea ho sebetsana le maemo a hlokang tlhokomelo e potlakileng ka lapeng?
12 Ho ka ’na ha etsahala hore ebe lelapa la hao le atisa ho ithuta thuto ea Molula-Qhooa ea beke eo. Empa lemoha mathata le maikutlo ao lelapa le nang le ’ona ka nako eo. Haeba ’mè a sa sebetse, a ka ’na a qeta nako a e-na le bana letsatsi le leng le le leng ha ba fihla lapeng ba e-tsoa sekolong. Ho ka sebetsanoa le maemo a mang ka nako eo; empa a mang a ka ’na a hloka tlhokomelo e eketsehileng. Ha ho e-na le maemo a hlokang tlhokomelo e potlakileng ka lapeng, u se ke ua a hlokomoloha. (Liproverbia 27:12) A ka ’na a se ke a akarelletsa mathata a sekolong feela empa a ka ’na a akarelletsa le maemo a mang. Khetha boitsebiso bo loketseng, ’me u hlokomelise lelapa esale pele ka se tla ithutoa.
13. Ke hobane’ng ha puisano ea lelapa ea kamoo ho ka sebetsanoang ka katleho le bofutsana e ka ba molemo?
13 Ka mohlala, karolo e khōlō ea lefatše e hlasetsoe ke bofutsana; ka hona, libakeng tse ngata, ho ka ’na ha hlokahala hore ho buisanoe ka tsela ea ho sebetsana le bona. Na thuto ea lelapa e likolohang maemong a sebele a bophelo le melao-motheong ea Bibele e ka ba molemo lelapeng la hao?—Liproverbia 21:5; Moeklesia 9:11; Baheberu 13:5, 6, 18.
14. Ke maemo afe a ka ’nang a etsa hore puisano ea lelapa e mabapi le pono ea Jehova ka pefo, ntoa le ho se jele paate ha Bokreste e be nakong?
14 Taba e ’ngoe eo ho hlokahalang hore ho buuoe ka eona ke pefo. Kaofela ha rōna ho hlokahala hore pono ea Jehova e hatisoe ka ho tiea likelellong le lipelong tsa rōna. (Genese 6:13; Pesaleme ea 11:5) Thuto ea lelapa e mabapi le taba ena e ka bula monyetla oa ho buisana ka tsela ea ho sebetsana le bo-’mampoli sekolong, hore na ho ithuta karate ho loketse, le kamoo ho ka khethoang boithabiso bo loketseng. Likhohlano tse mabifi li tloaelehile; hoo e ka bang naha e ’ngoe le e ’ngoe e hlasetsoe ke ntoa ea lehae, kapa ntoa ea lipolotiki kapa ea morabe, kapa lintoa tsa lihlopha tsa litlokotsebe. Ka lebaka leo, ho ka ’na ha hlokahala hore lelapa la hao le buisane ka ho boloka boitšoaro ba Bokreste ha le pota-potiloe ke mekha e loanang.—Esaia 2:2-4; Johanne 17:16.
15. Bana ba lokela ho rutoa ka likamano tsa botona le botšehali le lenyalo ka tsela efe?
15 Ha bana ba ntse ba hōla, ho hlokahala hore ba rutoe ka likamano tsa botona le botšehali le lenyalo, ho ipapisitsoe le lilemo tsa bona. Litsong tse ling batsoali ba bangata ha ho mohla ba buisanang le bana ba bona ka likamano tsa botona le botšehali. Bana ba se nang tsebo ba ka ’na ba ba le pono e sothehileng e tsoang ho bacha ba bang, ’me liphello tsa sena li ka ba kotsi. Na ho ke ke ha e-ba molemo ho etsisa Jehova, ea sebelisitseng Bibele ho fana ka keletso e tobileng empa e le e ntle tabeng ee? Keletso ea bomolimo e tla thusa bana ba rōna ho lula ba itlhompha le ho tšoara ba bong bo fapaneng le ba bona ka tlhompho. (Liproverbia 5:18-20; Bakolose 3:5; 1 Bathesalonika 4:3-8) Esita le haeba le se le ntse le buisane ka litaba tsena, u se ke ua qea-qea ho etsa seo hape. Ha ho ntse ho hlaha maemo a macha, ke habohlokoa hore le boele le buisane ka tsona.
16. (a) Malapeng a sa tšoaneng, thuto ea lelapa e tšoaroa ne’ng? (b) U ’nile ua sebetsana le litšitiso joang e le hore u be le thuto ea lelapa ea kamehla?
16 Thuto ea lelapa e ka tšoaroa ne’ng? Ha a etsisa lelapa la Bethele ho pota lefatše, malapa a mangata a etsa kemiso ea ho tšoara thuto ea lelapa ka Mantaha mantsiboea. A mang a etsa kemiso e fapaneng le eo. Argentina, litho tse 11 tsa lelapa le leng, ho akarelletsa le bana ba 9, li ne li tsoha ka hora ea bohlano hoseng ho hong le ho hong hore li tšoare thuto ea lelapa. Ka lebaka la linako tse sa tšoaneng tsa mosebetsi, ho ne ho se na nako e ’ngoe e loketseng. Ho ne ho se bonolo, empa ho ile ha hatisa bohlokoa ba thuto ea lelapa likelellong le lipelong tsa bana. Philippines moholo e mong o ne a tšoara thuto ea lelapa ea kamehla le mosali oa hae le bana ba bona ba bararo ha bana ba ntse ba hōla. Har’a beke batsoali ba ne ba boetse ba khannela ngoana ka mong thuto ea hae e le hore e mong le e mong o ne a ka etsa hore ’nete e be ea hae. United States, morali’abo rōna eo monna oa hae e seng Paki o felehetsa bana ho ea beseng ea sekolo hoseng ho hong le ho hong. Ha ba ntse ba emetse bese, ba nka metsotso e ka bang leshome ba bala le ho buisana ka boitsebiso bo loketseng ba thuto ea Mangolo, ebe ’mè o etsa thapelo e khutšoanyane pele bana ba palama bese. Democratic Republic of Congo, mosali e mong eo monna oa hae ea sa lumelang a lahlileng lelapa, o tlameha ho sebetsa ka thata hore a ithute hobane a sa tsebe ho bala hantle. Mora oa hae ea seng a le moholo o mo thusa ka ho etela lelapa beke le beke a il’o khanna thuto le ’mè oa hae le baena ba hae. ’Mè enoa o beha mohlala o motle ka ho lokisetsa ka hloko. Na ho na le boemo bo etsang hore ho be thata ho ba le thuto ea lelapa ea kamehla lelapeng la hao? U se ke ua tela. Ka tieo kōpa tlhohonolofatso ea Jehova boitekong ba hao ba ho ba le thuto ea Bibele ea kamehla.—Mareka 11:23, 24.
Meputso ea ho Tiisetsa
17. (a) Ho hlokahala eng e le hore u ka ba le thuto ea lelapa ea kamehla? (b) Ke phihlelo efe e bontšang molemo oa thuto ea lelapa ea kamehla mabapi le litsela tsa Jehova?
17 Ho lokisetsa hoa hlokahala. Tiisetso ea hlokahala. Empa melemo e fumanoang thutong ea lelapa ea kamehla e etsa hore e tšoaneloe ke boiteko bona bohle. (Liproverbia 22:6; 3 Johanne 4) Jeremane, Franz le Hilda ba ile ba hōlisa bana ba 11. Ka mor’a nako e telele, morali oa bona Magdalena o ile a re: “Seo ke se nkang e le sa bohlokoa ka ho fetisisa kajeno ke hore ha hoa ka ha e-ba le letsatsi le le leng le ileng la feta re sa fumana thuto ea moea.” Ha moea oa bochaba o e-ba matla pusong ea Adolf Hitler, ntate oa Magdalena o ile a sebelisa Bibele ho lokisetsa lelapa la hae liteko tseo a ileng a hlokomela hore lia tla. Ha nako e ntse e feta, bana ba banyenyane ba lelapa lena ba ile ba isoa setsing sa ho tlohelisa bana ba litlokotsebe mekhoa e mebe; litho tse ling tsa lelapa li ile tsa tšoaroa ’me tsa koalloa literonkong le likampong tsa mahloriso. Tse ling li ile tsa bolaoa. Tumelo ea bona kaofela e ile ea lula e tiile—eseng nakong eo ea mahloriso a mabifi feela empa le lilemong tse latelang ho ba ileng ba phonyoha.
18. Boiteko ba batsoali ba se nang balekane bo ’nile ba putsoa joang?
18 Batsoali ba bangata ba se nang balekane, hammoho le bao balekane ba bona ba sa lumelang ba ’nile ba ruta bana ba bona Bibele kamehla. India, ’mè e mong ea se nang molekane, eo e leng mohlolohali, o ile a sebetsa ka thata ho kenya lerato la Jehova ka ho bana ba hae ba babeli. Leha ho le joalo, o ile a nyahama ha mora oa hae a khaotsa ho kopanela le batho ba Jehova. O ile a kōpa Jehova hore a mo tšoarele bakeng sa mefokolo leha e le efe eo a bileng le eona koetlisong ea mora oa hae. Empa mora enoa oa hae o ne a hlile a sa lebala seo a ithutileng sona. Ka mor’a lilemo tse fetang leshome, o ile a khutla, a tsoela pele hantle moeeng, ’me ea e-ba moholo oa phutheho. Hona joale eena le mosali oa hae ba tšebeletsong ea nako e tletseng ea bopula-maliboho. Batsoali ba nkileng ka botebo keletso ea Jehova le mokhatlo oa hae ea ho tšoara thuto ea Bibele kamehla malapeng a bona ba motlotlo hakaakang! Na u sebelisa keletso eo lelapeng la hao?
Na U ka Hlalosa?
◻ Ke hobane’ng ha thuto ea lelapa ea kamehla e le ea bohlokoa?
◻ Lipakane tsa rōna e lokela ho ba life thutong ka ’ngoe ea lelapa?
◻ Re lokiselitsoe likofuto life tsa ho ruta?
◻ Thuto e ka lumelanngoa le litlhoko tsa lelapa joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Lipakane tse tobileng li tla ntlafatsa thuto ea lelapa la hao