“Batlang Jehova le Matla a Hae”
“Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.”—2 LIKRONIKE 16:9, NW.
1. Matla ke eng, ’me batho ba ’nile ba a sebelisa joang?
MATLA a ka bolela lintho tse ngata, tse kang ho ba le taolo kapa tšusumetso holim’a ba bang; ho khona ho etsa ntho e itseng kapa ho hlahisa litholoana; bonatla; kapa matla a kelello kapa a boitšoaro. Batho ha ba na botumo bo botle ha ho tluoa tabeng ea ho sebelisa matla. Rahistori Lord Acton ha a bua ka matla ao bo-ralipolotiki ba nang le ’ona o itse: “Matla a na le ho mathela motho hloohong ’me matla a feletseng a mathela motho hloohong ka ho feletseng.” Histori ea kajeno e tletse mehlala e bontšang ’nete e akaretsang ea mantsoe a Lord Acton. Lekholong la bo20 la lilemo, ‘motho o ’nile a busa motho e mong ho mo ntša kotsi’ ho feta leha e le neng pele. (Moeklesia 8:9, NW) Babusi ba bahatelli bao matla a bona a ba mathetseng hloohong ba ’nile ba sebelisa matla a bona hampehali ’me ba bolaile batho ba limilione. Matla a sa laoloeng ke lerato, bohlale le toka a kotsi.
2. Hlalosa kamoo litšoaneleho tse ling tsa Molimo li amang tsela eo Jehova a sebelisang matla a hae ka eona.
2 Ho fapana le batho ba bangata, kamehla Molimo o sebelisa matla a hae molemong oa batho. “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9, NW) Jehova o sebelisa matla a hae ka tsela e laolehileng. Mamello e thibela Molimo ho ahlola ba khopo e le hore a ba fe monyetla oa hore ba bake. Lerato le mo susumelletsa hore a khantšetse mefuta eohle ea batho letsatsi—ba lokileng le ba sa lokang. Toka e tla etsa hore qetellong a sebelise matla a hae a se nang moeli hore a etse lefeela ea nang le mokhoa oa ho baka lefu, e leng Satane Diabolose.—Matheu 5:44, 45; Baheberu 2:14; 2 Petrose 3:9.
3. Ke hobane’ng ha matla a Molimo a sa lekanyetsoang e le ’ona a etsang hore re mo tšepe?
3 Matla a Ntate oa rōna oa leholimo a fetang a tloaelehileng ke ’ona a etsang hore re be le tšepo le kholiseho litšepisong tsa hae le tšireletsong ea hae. Ngoana e monyenyane ha a le ka har’a batho bao a sa ba tsebeng o ikutloa a sireletsehile ha ntate oa hae a mo tšoere ka letsoho, kaha oa tseba hore ntate oa hae a ke ke a lumella letho hore le mo ntše kotsi. Ka ho tšoanang, Ntate oa rōna oa leholimo, “ea atetsoeng ke matla a ho pholosa,” o tla re sireletsa kotsing leha e le efe ea ka ho sa feleng haeba re tsamaea le eena. (Esaia 63:1, NW; Mikea 6:8) Hape, joaloka Ntate ea molemo, kamehla Jehova o phethahatsa litšepiso tsa hae. Matla a hae a se nang meeli a tiisa hore ‘lentsoe la hae le tla phetha seo a le rometseng sona.’—Esaia 55:11; Tite 1:2.
4, 5. (a) Ho ile ha etsahala’ng ha Morena Asa a tšepa Jehova ka ho feletseng? (b) Ho ka ’na ha etsahala’ng haeba re itšetleha ka tharollo ea motho mathateng a rōna?
4 Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale hore re ikemisetse ho se hlokomolohe tšireletso ea Ntate oa rōna oa leholimo? Hobane ho ka etsahala hore maemo a re imele ebe re lebala moo tšireletseho ea rōna ea sebele e leng hona teng. Sena se bonoa mohlaleng oa Morena Asa, monna eo ka kakaretso a neng a tšepa Jehova. Nakong ea puso ea Asa, lebotho le matla la Baethiopia ba milione le ile la hlasela Juda. Ha Asa a lemoha hore lira tsa hae li na le masole a fetang a hae, o ile a rapela: “Oho, Jehova, ha ho e mong ea ka namolelang ea se nang matla ho ea nang le matla, ha e se uena; re tlatse, Jehova, Molimo oa rōna, hobane re itšetlehile ka uena, ’me re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke uena Jehova, Molimo oa rōna: motho ea shoang a se ke a u sita.” (2 Likronike 14:11) Jehova o ile a arabela thapelo ea Asa ’me a etsa hore a hlōle ka ho feletseng.
5 Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse ngata tsa tšebeletso e bontšang botšepehi, tšepo ea Asa matleng a Jehova a pholosang e ile ea fokola. E le ho qoba tšokelo ea lebotho la ’muso oa Iseraele o ka leboea, o ile a kōpa thuso ho Syria. (2 Likronike 16:1-3) Le hoja tjotjo eo a ileng a e neha Morena Ben-hadade oa Syria e ile ea etsa hore Iseraele e khaotse ho sokela Juda, selekane sa Asa le Syria se ile sa bontša hore ha a tšepe Jehova. Ka ho toba, moprofeta Hanani o ile a mo botsa: “Na Baethiopia le Balybia e ne e se lebotho la sesole le leholo haholo, ka likoloi le ka banna ba lipere; ’me ka lebaka la ho itšetleha ha hao ka Jehova na ha aa ka a nehelana ka bona letsohong la hao?” (2 Likronike 16:7, 8, NW) Leha ho le joalo, Asa o ile a hana khalemelo ena. (2 Likronike 16:9-12) Ha re tobane le mathata, a re se keng ra itšetleha ka tharollo ea batho. Ho e-na le hoo, a re tšepeng Molimo, kaha joang kapa joang ho tšepa matla a batho ho tla lebisa masoabing.—Pesaleme ea 146:3-5.
Batlang Matla ao Jehova a Fanang ka ’Ona
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘batla Jehova le matla a hae’?
6 Jehova a ka fa bahlanka ba hae matla esita le ho ba sireletsa. Bibele e re khothalletsa ho ‘batla Jehova le matla a hae.’ (Pesaleme ea 105:4) Hobane’ng? Hobane ha re etsa lintho ka matla a Molimo, re tla sebelisa matla a rōna molemong oa ba bang, eseng ho ba ntša kotsi. Ha ho kae kapa kae moo re fumanang mohlala o molemo oa sena ho feta oa Jesu Kreste ea ileng a etsa mehlolo e mengata ka “matla a Jehova.” (Luka 5:17) Jesu a ka be a ile a chesehela ho ba morui, ho tuma kapa hona ho ba morena ea nang le matla ’ohle. (Luka 4:5-7) Ho e-na le hoo, o ile a sebelisa matla ao Molimo a mo fileng ’ona bakeng sa ho koetlisa le ho ruta, ho thusa le ho phekola. (Mareka 7:37; Johanne 7:46) Ke mohlala o motle hakaakang ho rōna!
7. Re hlaolela tšobotsi efe ea bohlokoa ha re etsa lintho ka matla a Molimo eseng a rōna?
7 Ho feta moo, ha re etsa lintho “ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona,” sena se tla re thusa hore re lule re ikokobelitse. (1 Petrose 4:11) Batho ba ipatlelang matla ba fetoha baikhohomosi. Mohlala tabeng ena ke Morena Esare-haddone oa Assyria, eo ka ho ithorisa a ileng a phatlalatsa: “Ke matla, ke matla ’ohle, ke moholo, ke motho ea moholohali, boholo ba ka ke bo fetisisang.” Ka ho fapaneng, Jehova “o ile a khetha lintho tse fokolang tsa lefatše, e le hore a ka hlabisa lintho tse matla lihlong.” Ka hona, haeba Mokreste oa ’nete a ithorisa, o ithorisa ka Jehova kaha oa tseba hore seo a se entseng ha aa se finyella ka matla a hae. ‘Ho ikokobetsa tlas’a letsoho le matla la Molimo’ ho tla tlisa bophahamo ba sebele.—1 Bakorinthe 1:26-31; 1 Petrose 5:6.
8. Re tšoanetse ho qala ka ho etsa eng hore re fumane matla a Jehova?
8 Re fumana matla a Molimo joang? Pele ho tsohle, re tlameha ho a kōpa ka thapelo. Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae hore Ntate oa hae o ne a tla fana ka moea o halalelang ho ba o kōpang. (Luka 11:10-13) Nahana hore na moea ona o ile oa matlafatsa barutuoa ba Kreste hakaakang ha ba khetha ho mamela Molimo ho e-na le ho mamela baeta-pele ba bolumeli ba neng ba ba laetse hore ba khaotse ho paka ka Jesu. Ha ba ne ba rapella thuso ea Jehova, thapelo ea bona e tlohang pelong e ile ea arabeloa, ’me moea o halalelang o ile oa ba matlafatsa hore ba tsoele pele ho bolela litaba tse molemo ka sebete.—Liketso 4:19, 20, 29-31, 33.
9. Bolela mohloli oa bobeli oa matla a moea, ’me u phete mohlala oa Mangolo o bontšang hore oa sebetsa.
9 Ntlha ea bobeli, re ka fumana matla a moea ka Bibeleng. (Baheberu 4:12) Matla a lentsoe la Molimo a ne a totobetse mehleng ea Morena Josiase. Le hoja morena enoa oa Mojuda a ne a se a ntse a tlositse litšoantšo tsa bohetene naheng eo, ho fumanoa ho sa lebelloang ha Molao oa Jehova ka tempeleng ho ile ha mo susumetsa hore a matlafatse lenaneo lena la tlhoekiso.a Ka mor’a hore Josiase ka boeena a balle batho Molao oo, sechaba sohle se ile sa etsa selekane le Jehova, ’me ho ile ha qalisoa letšolo la bobeli, le neng le le matla ho feta la pele khahlanong le borapeli ba litšoantšo. Phello e ntle ea phetoho eo Josiase a ileng a e etsa e bile hore “ka matsatsi ’ohle a hae ha baa ka ba kheloha ho latela Jehova.”—2 Likronike 34:33, NW.
10. Tsela ea boraro ea ho fumana matla ho Jehova ke efe, hona ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa?
10 Ntlha ea boraro, re fumana matla a tsoang ho Jehova ka ho bokana ha Bokreste. Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba kopanele libokeng kamehla e le hore ba tle ba “susumeletsane leratong le mesebetsing e metle,” le ho khothatsana. (Baheberu 10:24, 25) Ha Petrose a lokolloa ka mohlolo chankaneng, o ile a batla ho ba le barab’abo, ka hona, o ile a ea ka ho toba ntlong ea ’mè oa Johanne Mareka, “moo ba bangata ba neng ba bokane hammoho ’me ba rapela.” (Liketso 12:12) Ka ho hlakileng, kaofela ba ka be ba ntse ba ile ba itulela malapeng a bona ’me ba rapella teng. Empa ba ile ba khetha ho bokana hammoho ho tla rapela le ho khothatsana nakong eo e thata. Ho ella qetellong ea leeto la Pauluse la ho ea Roma, le lelelele le le kotsi, o ile a kopana le barab’abo ba bang Puteoli ’me hamorao a kopana le ba bang ba neng ba tlile ho tla kopana le eena. O ile a itšoara joang? “Ha a re heli! ’me a ba bona [bana ba tlileng], Pauluse a leboha Molimo ’me a ba sebete.” (Liketso 28:13-15) O ile a matlafatsoa ke ho boela a e-ba le barab’abo ba Bakreste. Le rōna re fumana matla ka ho ba hammoho le Bakreste-’moho le rōna. Hafeela re ntse re lokolohile ’me re khona ho ba hammoho le ba bang, ha rea lokela ho leka ho tsamaea re le bang tseleng e patisaneng e isang bophelong.—Liproverbia 18:1; Matheu 7:14.
11. Bolela maemo a mang ao ka ho khetheha a hlokang “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng.”
11 Ka ho rapela kamehla, ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho ba hammoho le balumeli-’moho, re ‘tsoela pele re fumana matla Moreneng le bonatleng ba matla a hae.’ (Baefese 6:10) Ka ntle ho pelaelo, kaofela ha rōna re hloka “matla Moreneng.” Ba bang ba hlokofatsoa ke mafu a fokolisang, ha ba bang ba hlokofatsoa ke tšenyo e bakoang ke botsofali kapa ho lahleheloa ke molekane oa bophelo bohle. (Pesaleme ea 41:3) Ba bang ba mamella khanyetso ea molekane ea sa lumelang. Batsoali, haholo-holo ba se nang balekane, ba ka ’na ba fumana e le boikarabelo bo boima ho sebetsa ka nako e tletseng mosebetsing oa boipheliso ba bile ba ntse ba hōlisa bana. Bakreste ba bacha ba hloka matla a ho hlōla khatello ea lithaka le ho hana lithethefatsi le boitšoaro bo bobe. Ha ho ea lokelang ho ba leqe ho kōpa Jehova hore a mo fe “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng” a ho tobana ka katleho le liphephetso tse joalo.—2 Bakorinthe 4:7.
Ho “Fana ka Matla ho ea Khathetseng”
12. Jehova o re tšehetsa joang tšebeletsong ea rōna ea Bokreste?
12 Ho feta mona, Jehova o fa bahlanka ba hae matla ha ba phetha tšebeletso ea bona. Boprofeteng ba Esaia rea bala: “O fana ka matla ho ea khathetseng; ’me o etsa hore matla a feletseng a atele ea se nang matla. . . . Ba tšepileng Jehova ba tla boela ba fumane matla. Ba tla nyoloha ka mapheo a kang a ntsu. Ba tla matha ’me ha ba na ho tepella; ba tla tsamaea ’me ha ba na ho khathala.” (Esaia 40:29-31, NW) Moapostola Pauluse ka boeena o ile a fumana matla a ho phetha tšebeletso ea hae. Ka lebaka leo, tšebeletso ea hae e ne e hlahisa litholoana. O ile a ngolla Bakreste ba Thesalonika a re: “Litaba tse molemo tseo re li bolelang ha lia ka tsa hlaha har’a lōna ka puo feela empa hape le ka matla le ka moea o halalelang.” (1 Bathesalonika 1:5) Ho bolela le ho ruta ha hae li ile tsa ba le matla a ho fetola bophelo ba ba neng ba mo mamela.
13. Ke eng e ileng ea matlafatsa Jeremia hore a mamelle ho sa tsotellehe khanyetso?
13 Ha re tobane le moea oa ho iphapanya tšimong ea rōna—tšimo eo e ka ’nang eaba re boletse ho eona khafetsa ka lilemo-lemo empa karabelo e fokola—re ka ’na ra nyahama. Ka ho tšoanang, Jeremia o ile a ikutloa a nyahame ha a thulana le khanyetso, ho songoa le ho se thahaselle. O ile a ipolella: “Ha ke na ho bua ka [Molimo], ’me ha ke sa tla hlola ke bua ka lebitso la hae.” Empa o ne a sitoa ho thōla. Molaetsa oa hae o ile oa “ba joaloka mollo o tukang o koaletsoeng masapong a [hae].” (Jeremia 20:9, NW) Ke eng e ileng ea mo fa matla a macha ho sa tsotellehe mahlomola ao a makaalo? Jeremia o ile a re: “Jehova o ne a e-na le ’na joaloka senatla se tšabehang.” (Jeremia 20:11, NW) Ho ananela ha Jeremia bohlokoa bo boholo ba molaetsa oa hae le ba kabelo ea hae eo a neng a e fuoe ke Molimo ho ile ha etsa hore a arabele hamolemo khothatsong ea Jehova.
Matla a ho Utloisa Bohloko le Matla a ho Folisa
14. (a) Leleme le matla hakae? (b) Fana ka mehlala ho bontša tšenyo e ka bakoang ke leleme.
14 Hase matla ’ohle ao re nang le ’ona a tsoang ho Molimo ka ho toba. Ka mohlala, leleme le na le matla a ho utloisa bohloko esita le a ho folisa. Solomone oa lemosa: “Lefu le bophelo li matleng a leleme.” (Liproverbia 18:21) Liphello tsa moqoqo o mokhutšoanyane oo Satane a ileng a ba le oona le Eva li bontša hore na mantsoe a ka baka tšenyo e kae. (Genese 3:1-5; Jakobo 3:5) Le rōna re ka baka tšenyo e khōlō ka leleme. Ho nyatsa botenya ba mosetsana ho ka etsa hore a kene bothateng ba ho ipolaisa tlala. Ho senya motho lebitso ka ho sa nahaneleng ka makhetlo-khetlo ho ka senya setsoalle sa bophelo bohle. E, leleme le hloka ho laoloa.
15. Re ka sebelisa maleme a rōna joang bakeng sa ho haha le ho folisa?
15 Leha ho le joalo, leleme le ka haha le hona ho heletsa. Maele a Bibele a re: “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.” (Liproverbia 12:18, NW) Bakreste ba bohlale ba sebelisa matla a maleme a bona bakeng sa ho tšelisa ba tepeletseng maikutlo le ba shoetsoeng. Mantsoe a bontšang kutloelo-bohloko a ka khothatsa bacha ba loantšanang le khatello e kotsi ea lithaka. Leleme le nahanelang le ka kholisa bara le barali babo rōna ba hōlileng lilemong hore ba ntse ba hlokoa le hona ho ratoa. Mantsoe a mosa a ka hlasimolla bakuli letsatsing leo a buuoeng ka lona. Ka holim’a tsohle, re ka sebelisa maleme a rōna ho arolelana molaetsa o matla oa ’Muso le ba tla mamela. Re ka khona ho bolela Lentsoe la Molimo haeba lipelo tsa rōna li le ho lona. Bibele e re: “Ea nang le tokelo, u se ke ua lesa ho mo etsa ka molemo, ha ho le matleng a hao.”—Liproverbia 3:27.
Tšebeliso e Ntle ea Matla
16, 17. Baholo, batsoali, banna le basali ba ka etsisa Jehova joang ha ba sebelisa matla a bona a ho laela ao ba a filoeng ke Molimo?
16 Le hoja Jehova a le matla ’ohle, o busa phutheho ka lerato. (1 Johanne 4:8) Kaha ba etsisa Molimo, balebeli ba Bakreste ba hlokomela mohlape oa hae ka lerato—ba sebelisa matla a bona hantle, eseng hampe. Ke ’nete hore ka linako tse ling ho hlokahala hore balebeli ba ‘khalemele, ba nyatse ka matla, ba eletse,’ empa ba etsa sena “ka tiisetso eohle le tsebo ea ho ruta.” (2 Timothea 4:2) Ka hona, kamehla baholo ba nahanisisa ka mantsoe ao moapostola Petrose a ileng a a ngolla ba nang le matla a ho laela ka phuthehong: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna, eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka taba-tabelo; eseng le le ba renang ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo, empa le e-ba mehlala ho mohlape.”—1 Petrose 5:2, 3; 1 Bathesalonika 2:7, 8.
17 Batsoali le banna le bona ba filoe matla a ho laela ke Jehova, ’me matla ana a lokela ho sebelisoa bakeng sa ho thusa, ho koetlisa le ho baballa. (Baefese 5:22, 28-30; 6:4) Mohlala oa Jesu o bontša hore matla a ho laela a ka sebelisoa hantle ha a sebelisoa ka tsela e lerato. Haeba khalemelo e leka-lekane ’me e tsitsitse, bana ba ke ke ba nyahama. (Bakolose 3:21) Manyalo aa matlafala ha banna ba Bakreste ba sebelisa bohlooho ba bona ka lerato ’me basali ba hlompha ka ho tebileng bohlooho ba banna ba bona, ho e-na le hore ba tlōle meeli eo Molimo a ba behetseng eona e le hore ba ka hatella kapa ba batla ho ipetlela tsela.—Baefese 5:28, 33; 1 Petrose 3:7.
18. (a) Re lokela ho etsisa mohlala oa Jehova joang ka ho laola khalefo ea rōna? (b) Ba nang le matla a ho laela ba lokela ho leka ho bontša eng ho ba ka tlas’a tlhokomelo ea bona?
18 Ba nang le matla a ho laela ka lapeng le ka phuthehong ba lokela hore ka ho khetheha ba hlokomele hore ba laole khalefo ea bona, etsoe khalefo e kenya tšabo ho e-na le lerato. Moprofeta Nahume o itse: “Jehova o lieha ho halefa hape o na le matla a maholo.” (Nahume 1:3, NW; Bakolose 3:19) Ho laola khalefo ea rōna ke pontšo ea matla, athe ho e hlahatsa ho paka bofokoli. (Liproverbia 16:32) Ka lapeng le ka phuthehong, pakane ke ho bontša lerato—lerato ho Jehova, lerato e mong ho e mong le lerato la melao-motheo e nepahetseng. Lerato ke tlamo e matlahali ea kopano le tšusumetso e matlahali ea ho etsa se nepahetseng.—1 Bakorinthe 13:8, 13; Bakolose 3:14.
19. Jehova o re kholisa ka eng e tšelisang, ’me re lokela ho arabela joang?
19 Ho tseba Jehova ke ho amohela matla a hae. Jehova o ile a re ka Esaia: “Na ha ua tseba kapa ha ua utloa? Jehova, ’Mōpi oa lipheletso tsa lefatše, ke Molimo ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Ha a khathale kapa ho tepella.” (Esaia 40:28, NW) Matla a Jehova ke a sa feleng. Haeba re mo tšepa, re sa itšepe borōna, a ke ke a re furalla. Oa re tiisetsa: “U se ke ua tšaba, hobane ke na le uena; u se ke ua tšoha, hobane ke Molimo oa hao; ke tla u fa matla, ke u thuse, ke u tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!” (Esaia 41:10) Re lokela ho arabela joang tlhokomelong ea hae e lerato? Joaloka Jesu, kamehla a re sebeliseng matla leha e le afe ao Jehova a re fang ’ona bakeng sa ho thusa le ho haha. E se eka re ka laola maleme a rōna e le hore a ka folisa ho e-na le ho ntša kotsi. ’Me e se eka re ka lula re falimehile moeeng, re eme re tiile tumelong le ho hōla matleng a ’Mōpi oa rōna e Moholo, Jehova Molimo.—1 Bakorinthe 16:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kamoo ho bonahalang kateng, Bajuda ba ile ba fumana kopi ea pele ea Molao oa Moshe e neng e behiloe tempeleng lilemo tse makholo pejana.
Na U ka Hlalosa?
• Jehova o sebelisa matla a hae joang?
• Re ka fumana matla a Jehova joang?
• Matla a leleme a lokela ho sebelisoa joang?
• Ke joang matla a ho laela ao Molimo a fanang ka ’ona e ka bang tlhohonolofatso?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Jesu o ile a sebelisa matla a Jehova ho thusa ba bang
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Re ka khona ho bolela Lentsoe la Molimo haeba lipelo tsa rōna li le ho lona