Ha e le Hantle Lihele ke Eng?
HO SA tsotellehe hore na u utloisisa lentsoe “lihele” joang, batho ka kakaretso ba nahana hore lihele ke sebaka seo batho ba fuoang kotlo ea libe ho sona. Mabapi le sebe le phello ea sona, Bibele e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Mangolo a boetse a re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:23) Kaha kotlo ea sebe ke lefu, potso ea bohlokoa boitekong ba ho fumana hore na ha e le hantle lihele ke eng, ke e reng: Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa?
Na ho na le bophelo ba mofuta o itseng bo tsoelang pele ka mor’a lefu? Lihele ke’ng, hona ke batho ba mofuta ofe ba eang ho tsona? Na ba liheleng ba na le tšepo? Bibele e fana ka likarabo tsa ’nete le tse khotsofatsang lipotsong tsena.
Na ho na le Bophelo ka Mor’a Lefu?
Na ka hare ho rōna ho na le ntho e kang moea (soul) kapa moea (spirit) e pholohang ha ’mele o e-shoa? Nahana hore na motho oa pele, e leng Adama, o bile le bophelo joang. Bibele e re: “Jehova Molimo a etsa motho ka lerōle la lefatše ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo.” (Genese 2:7) Le hoja ho phefumoloha ho ile ha mo phelisa, ho kenya “phefumoloho ea bophelo” ka linkong tsa hae e ne e se feela taba ea ho bululela moea ka matšoafong a hae. Ho ne ho bolela hore ka ’meleng o sa pheleng oa Adama Molimo o ile a kenya tlhase ea bophelo—“matla a bophelo,” a sebetsang libōpuoeng tsohle tsa lefatše. (Genese 6:17; 7:22) Bibele e re matla ana a phelisang ke “moea” (spirit). (Jakobo 2:26) Moea ona o ka tšoantšoa le motlakase o susumetsang mochine kapa sesebelisoa, o o nolofalletsang hore o phethe mosebetsi oa oona. Feela joalokaha ho se mohla motlakase o nkang libōpeho tsa thepa eo o e susumetsang, matla a bophelo ha a nke litšobotsi life kapa life tsa libōpuoa tseo a li phelisang. Hase motho ebile ha o tsebe ho nahana.
Ho etsahala’ng ka moea (spirit) ha motho a e-shoa? Pesaleme ea 146:4 e re: “Moea oa hae oa tsoa, eena o khutlela lerōleng la hae; ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela.” Ha motho a e-shoa, moea (spirit) oa hae oo e seng motho ha o tsoele pele o phela sebakeng se seng sa libōpuoa tsa moea. O “khutlela ho Molimo oa ’nete ea ileng a fana ka oona.” (Moeklesia 12:7) Sena se bolela hore tšepo eohle ea hore motho eo a tle a phele ka moso e matsohong a Molimo ka ho feletseng.
Bo-rafilosofi ba boholo-holo ba Bagerike Socrates le Plato ba ne ba lumela hore moea (soul) o ka ho motho o pholoha lefu ’me ha ho mohla o shoang. Bibele e ruta eng ka moea (soul)? Genese 2:7 e re Adama “ea e-ba moea o phelang.” Ha aa ka a fuoa moea (soul); e bile moea (soul)—motho ea feletseng. Mangolo a bua ka moea (soul) o sebetsa, o lakatsa lijo, o koeteloa, o hlobaela, joalo-joalo. (Levitike 23:30; Deuteronoma 12:20; 24:7; Pesaleme ea 119:28) E, motho ka boeena ke moea (soul). Ha motho a e-shoa, moea (soul) oa shoa.—Ezekiele 18:4.
Ebe joale boemo ba bafu ke bofe? Ha Jehova a ne a ahlola Adama o ile a re: “U lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Adama o ne a le hokae pele Molimo a mo bōpa ka lerōle la lefatše ’me a mo fa bophelo? O ne a le sieo ho hang! Adama ha a e-shoa o ile a khutlela boemong boo ba ho se phele ho feletseng. Boemo ba bafu bo hlakisoa ho Moeklesia 9:5, 10, moo re balang: “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng . . . Lebitleng, moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.” (New International Version) Ho ea ka Bibele, lefu ke ho se phele. Bafu ha ba ele letho hloko, ha ba utloe, ha ba nahane.
Ke Tlhokofatso ea ka ho sa Feleng Kapa Lebitla le Tloaelehileng?
Kaha bafu ha ba ikutloe, lihele e ke ke ea e-ba sebaka sa tlhokofatso ea mollo moo ba khopo ba utloang bohloko teng ka mor’a lefu. Ha e le hantle lihele ke eng? Ho hlahloba se ileng sa etsahalla Jesu ka mor’a hore a shoe ho tla thusa ho arabela potso ena. Mongoli oa Bibele Luka oa tlaleha: “[Jesu] ha aa ka a tloheloa Hadese [liheleng, King James Version] kapa nama ea hae ea bona ho bola.”a (Liketso 2:31) Lihele tsee tseo Jesu le eena a ileng a ea ho tsona li ne li le hokae? Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ke ile ka le neha . . . hore Kreste o ile a shoela libe tsa rōna ho ea ka Mangolo; le hore o ile a patoa, e, hore o tsositsoe ka letsatsi la boraro ho ea ka Mangolo.” (1 Bakorinthe 15:3, 4) Kahoo Jesu o ne a le liheleng, lebitleng, empa ha aa ka a tloheloa moo, hobane o ile a tsosoa.
Hape, nahana ka taba ea monna ea lokileng Jobo, ea ileng a ba mahlomoleng a maholo. Kaha o ne a lakatsa ho tsoa mahlomoleng a hae, o ile a etsa thapeli a re: “Ke mang ea tla nketsetsa see, e le hore u ntšireletse ka ho nkisa liheleng [Sheole], ’me u mpate ho fihlela khalefo ea hao e feta?”b (Jobo 14:13, Douay Version) Ke ntho e sa utloahaleng hakaakang hore ebe Jobo o ne a ka lakatsa ho sireletsoa ka ho isoa lebatameng! Ho Jobo, “lihele” e ne e le lebitla, moo mahlomola a hae a neng a tla fela. Kahoo, lihele tsa Bibele ke lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho moo ho eang batho ba lokileng le ba sa lokang.
Mollo oa Lihele—Na o Felisa Sohle?
Na ho ka etsahala hore ebe mollo oa lihele o tšoantšetsa timetso e felisang sohle, kapa e felisang ka ho feletseng? Mangolo a khetholla mollo ho Hadese, kapa lihele ka ho re: “Lefu le Hadese tsa liheloa ka letšeng la mollo.” ‘Letša’ le boleloang mona ke la tšoantšetso, kahobane lefu le lihele (Hadese) tse liheloang ka ho lona hase lintho tse ka chesoang. “Sena [ke hore, letša la mollo] se bolela lefu la bobeli”—lefu leo ho lona ho seng tšepo ea ho phela hape.—Tšenolo 20:14.
Letša la mollo le bolela ntho e le ’ngoe le “Gehenna ea mollo [“mollo oa lihele,” Bibele ea Sesotho]” eo Jesu a ileng a bua ka eona. (Matheu 5:22; Mareka 9:47, 48) Gehenna e hlaha ka makhetlo a 12 ka Mangolong a Segerike a Bakreste, ’me e bolela khohlo ea Hinome, e neng e le ka ntle ho marako a Jerusalema. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, khohlo ena e ne e sebelisoa e le thotobolo, “moo ho neng ho lahleloa litopo tsa batlōli ba molao, tsa liphoofolo le litšila tsa mefuta eohle.” (Smith’s Dictionary of the Bible) Mollo o ne o rotetsoa ka ho tšela sebabole hore o chese lithōle. Jesu o ile a sebelisa khohlo eo e le tšoantšetso e loketseng ea timetso ea ka ho sa feleng.
Joaloka Gehenna, letša la mollo le tšoantšetsa timetso ea ka ho sa feleng. Lefu le Hadese li ‘liheloa ka ho’ lona ka kutloisiso ea hore li tla felisoa ha moloko oa batho o lokolloa sebeng le thohakong ea lefu. Baetsalibe ba ka boomo le ba sa bakeng le bona “kabelo” ea bona e tla ba ka letšeng leo. (Tšenolo 21:8) Le bona ba tla felisoa ka ho sa feleng. Ka lehlakoreng le leng, batho ba khopolong ea Molimo empa ba le liheleng—lebitleng le tloaelehileng la moloko oa batho—ba na le bokamoso bo babatsehang.
Lebitla Lea Horuloa!
Tšenolo 20:13 e re: “Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona.” E, lihele tsa Bibele li tla horuloa. Joalokaha Jesu a ile a tšepisa, “hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Jesu] ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Le hoja hona joale ho se na letho le setseng la bafu ba limilione ba khopolong ea Jehova Molimo, ba tla tsosoa, kapa ba tla phela hape paradeiseng e tsosolositsoeng ea lefatšeng.—Luka 23:43; Liketso 24:15.
Lefatšeng le lecha la Molimo, batho ba tsositsoeng ba lumellanang le melao ea hae e lokileng ba ke ke ba shoa hape. (Esaia 25:8) Jehova “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Ha e le hantle, “lintho tsa pele li [tla be li] fetile.” (Tšenolo 21:4) Eo ke tlhohonolofatso e kaakang e letetseng ba liheleng, e leng ba “mabitleng a khopotso”! Ka sebele tlhohonolofatso ena ke lebaka la hore re ithute ka ho eketsehileng ka Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste.—Johanne 17:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho King James Version, lentsoe la Segerike Hades le fetoletsoe e le “lihele” ka makhetlo ’ohle a leshome ao le hlahang ka ’ona ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Phetolelo e ho Luka 16:19-31 e bua ka tlhokofatso, empa tlaleho ena eohle e na le moelelo oa tšoantšetso. Bona khaolo ea 88 ea buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
b Lentsoe la Seheberu Sheol le hlaha ka makhetlo a 65 ka Mangolong a Seheberu ’me le fetoletsoe e le “lihele,” “lebitla,” le “mokoti” ho King James Version.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Jobo o ile a rapella hore a sireletsoe ka ho isoa liheleng
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Gehenna ea mollo ke tšoantšetso ea timetso ea ka ho sa feleng
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
‘Ba mabitleng a khopotso ba tla tsoa’