“Lekhoba” le Tšepahalang le Bile le le Masene
“Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo?”—MATHEU 24:45.
1, 2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore ebe kajeno re fumana lijo tsa moea kamehla?
THAPAMENG ea Labobeli la la 11 Nisane, 33 C.E., barutuoa ba Jesu ba ile ba botsa potso e bolelang ho hoholo ho rōna kajeno. Ba ile ba mo botsa: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” Jesu o ile a ba araba ka hore a bolele boprofeta bo khethehileng. O ile a bua ka linako tse morusu tsa lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše le maloetse. ’Me seo e ne e tla ba feela “tšimoloho ea bohloko ba mahlomola.” E ne e le hona ho tla ba hobe le ho feta. Ho ne ho tlil’o etsahala lintho tse tšosang hakaakang!—Matheu 24:3, 7, 8, 15-22; Luka 21:10, 11.
2 Lintlha tse ngata tsa boprofeta ba Jesu li phethahetse ho tloha ka 1914. Moloko oa batho o “bohlokong ba mahlomola” ka ho feletseng. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore Bakreste ba ’nete ba tšohe. Jesu o ile a tšepisa hore o ne a tla ba hlokomela ka lijo tse matlafatsang tsa moea. Kaha hona joale Jesu o leholimong, o entse tokisetso efe ea hore rōna ba lefatšeng re fumane lijo tsa rōna tsa moea?
3. Jesu o entse litokisetso life tsa hore re fumane “lijo . . . ka nako e tšoanetseng”?
3 Jesu ka boeena o ile a bolela karabo ea potso eo. Ha a ntse a bolela boprofeta ba hae bo boholo o ile a botsa potso e reng: “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng?” Eaba o re: “Ho thaba lekhoba leo haeba mong’a lona ha a fihla a le fumana le etsa joalo! Kannete ke re ho lōna, O tla le beha hore le okamele lintho tsohle tsa hae.” (Matheu 24:45-47) Ka sebele ho ne ho tla ba le “lekhoba” le neng le tla be le abetsoe ho fana ka lijo tsa moea, “lekhoba” le neng le tla be le tšepahala le bile le le masene. Na lekhoba leo e ne e tla ba motho a le mong, batho ba hlahlamanang ka linako tse sa tšoaneng, kapa ntho e ’ngoe e itseng? Kaha lekhoba lena le tšepahalang le fana ka lijo tsa moea tse hlileng li hlokahalang, ho molemong oa rōna hore re tsebe karabo.
Na ke Motho a le Mong Kapa ke Sehlopha?
4. Re tseba joang hore “lekhoba le tšepahalang le le masene” e ke ke ea e-ba motho a le mong?
4 “Lekhoba le tšepahalang le le masene” e ke ke ea e-ba motho a le mong. Hobane’ng? Hobane lekhoba lena le ile la qala ho fana ka lijo tsa moea khale koana lekholong la pele la lilemo, ’me ho ea ka Jesu, lekhoba lena le ne le tla be le ntse le fana ka lijo tsa moea ha Mong’a lona a fihla ka 1914. Haeba ke motho a le mong, sena se ne se tla bolela hore o nkile lilemo tse 1 900 a sebetsa ka botšepehi. Esita le eena Methusela ha aa ka a phela nako e telele hakaalo!—Genese 5:27.
5. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha poleloana e reng “lekhoba le tšepahalang le le masene” e ke ke ea bolela Mokreste ka mong ea tlotsitsoeng.
5 Ha ho le joalo, na poleloana e reng “lekhoba le tšepahalang le le masene” e ka sebetsa ho Mokreste e mong le e mong? Ke ’nete hore Bakreste bohle ba lokela ho tšepahala le ho ba masene, empa, ho hlakile hore Jesu o ne a nahanne ka ntho e ’ngoe e fetang eo ha a ne a bua ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Re tseba see joang? Re se tseba hobane o itse “mong’a lona ha a fihla” o ne a tla beha lekhoba lena “hore le okamele lintho tsohle tsa hae.” Ho ne ho ka etsahala joang hore Mokreste e mong le e mong a behoe hore a okamele ntho e ’ngoe le e ’ngoe—e leng hore a okamele lintho “tsohle” tsa Morena? Hoo ho ne ho ke ke ha khoneha!
6. Ho ne ho reriloe hore sechaba sa Iseraele se tla sebetsa joang e le “mohlanka” oa Molimo, kapa “lekhoba” la hae?
6 Ka lebaka leo, qeto e le ’ngoe feela e utloahalang ke hore ha Jesu a ne a bua ka “lekhoba le tšepahalang le le masene,” o ne a bua ka sehlopha sa Bakreste. Na ho ka etsahala hore ebe see se bolela lekhoba le entsoeng ka batho ba bangata? Hantle haholo. Lilemo tse makholo a supileng pele ho Kreste, Jehova o ile a re ka sechaba sohle sa Iseraele, “le lipaki tsa ka” le “mohlanka oa ka eo ke mo khethileng.” (Esaia 43:10) Ho tloha ka 1513 B.C.E., ha ho ne ho fanoa ka Molao oa Moshe, ho tla fihlela ka Pentekonta ea 33 C.E., Moiseraele e mong le e mong e ne e le karolo ea sehlopha sena sa mohlanka. Boholo ba Baiseraele ba ne ba se na karolo e tobileng tsamaisong ea litaba tsa sechaba kapa tlhophisong ea lenaneo la lijo tsa sona tsa moea. Jehova o ne a sebelisa marena, baahloli, baprofeta, baprista le Balevi mesebetsing ena. Leha ho le joalo, e le sechaba, Baiseraele ba ne ba lokela ho emela bobusi ba Jehova le ho bolela lithoriso tsa hae har’a lichaba. Moiseraele e mong le e mong e ne e lokela ho ba paki ea Jehova.—Deuteronoma 26:19; Esaia 43:21; Malakia 2:7; Baroma 3:1, 2.
“Mohlanka” oa Lelekoa
7. Ke hobane’ng ha sechaba sa boholo-holo sa Baiseraele se ile sa amohuoa litokelo tsa ho ba “mohlanka” oa Molimo?
7 Kaha Baiseraele e ne e le “mohlanka” oa Molimo makholong a fetileng a lilemo, na e ne e boetse e le eena mohlanka eo Jesu a ileng a bua ka eena? Che, hobane ka masoabi, Baiseraele ha baa ka ba tšepahala ebile ha baa ka ba e-ba masene. Pauluse o ile a bua ka boemo bona ka bokhutšoanyane ha a ne a qotsa mantsoe a Jehova ho sechaba sena, a reng: “Lebitso la Molimo le ntse le nyefoloa ka lebaka la lōna har’a lichaba.” (Baroma 2:24) Ka sebele, historing e telele ea borabele ba bona, Baiseraele ba ile ba fetella ka ho hana Jesu, e leng se ileng sa etsa hore Jehova a ba lahle.—Matheu 21:42, 43.
8. “Mohlanka” ea neng a tla nka sebaka sa Baiseraele o ile a khethoa neng, hona e ne e le tlas’a maemo afe?
8 Ho se tšepahale ha “mohlanka,” e leng Baiseraele, ha hoa ka ha bolela hore barapeli ba tšepahalang ba ne ba tla tingoa lijo tsa moea ka ho sa feleng. Ka Pentekonta ea 33 C.E., matsatsi a 50 ka mor’a hore Jesu a tsohe, moea o halalelang o ile oa tšolleloa holim’a barutuoa ba hae ba neng ba ka ba 120 ba neng ba le kamoreng e ’ngoe e neng e le ka holimo Jerusalema. Motsotsong oo, ho ile ha tsoaloa sechaba se secha. Ho loketse hore ebe ho tsoaloa ha sona ho ile ha phatlalatsoa ha litho tsa sona ka sebete li qala ho bolella baahi ba Jerusalema “lintho tse hlollang tsa Molimo.” (Liketso 2:11) Kahoo, sechaba seo se secha, e leng sechaba sa moea, se ile sa fetoha “mohlanka” ea neng a tla bolela khanya ea Jehova lichabeng a be a fane ka lijo ka nako e tšoanetseng. (1 Petrose 2:9) Ho loketse hore ebe se ile sa bitsoa “Iseraele ea Molimo.”—Bagalata 6:16.
9. (a) “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le entsoe ka bo-mang? (b) ‘Bahlanka ba ntlo’ ke bo-mang?
9 Setho se seng le se seng sa “Iseraele ea Molimo” ke Mokreste ea inehetseng le ea kolobelitsoeng ea tlotsitsoeng ka moea o halalelang le ea nang le tšepo ea ho ea phela leholimong. Kahoo, poleloana e reng “lekhoba le tšepahalang le le masene” e bolela sehlopha sa batlotsuoa bohle ba ’nileng ba phela lefatšeng ka nako efe kapa efe ho tloha ka 33 C.E. ho tla fihlela hona joale, feela joalokaha Moiseraele e mong le e mong ea neng a phela ka nako efe kapa efe ho tloha ka 1513 B.C.E. ho fihlela ka Pentekonta ea 33 C.E. e ne e le karolo ea sehlopha sa mohlanka sa pele ho Bokreste. Leha ho le joalo, ebe ‘bahlanka ba ntlo’ bao mohlanka a ba fang lijo tse matlafatsang tsa moea ke bo-mang? Lekholong la pele la lilemo C.E., Mokreste e mong le e mong o ne a e-na le tšepo ea ho ea phela leholimong. Ka hona, bahlanka ba ntlo e ne e boetse e le Bakreste ba tlotsitsoeng, ba sa talingoe e le sehlopha, empa ba talingoa e le motho ka mong. Bohle, ho akarelletsa le ba neng ba ikarabella ka phuthehong, ba ne ba hloka lijo tsa moea tse tsoang ho lekhoba.—1 Bakorinthe 12:12, 19-27; Baheberu 5:11-13; 2 Petrose 3:15, 16.
“A fa le Leng le le Leng Mosebetsi oa Lona”
10, 11. Re tseba joang hore hase litho tsohle tsa sehlopha sa lekhoba tse abetsoeng mosebetsi o tšoanang?
10 Le hoja “Iseraele ea Molimo” e le sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene le abetsoeng mosebetsi o itseng, setho se seng le se seng se boetse se na le boikarabelo boo se lokelang ho bo phetha. Sena se hlakisoa ke mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Mareka 13:34. O ile a re: “Ho joaloka motho ea etelang hōle ea ileng a siea ntlo ea hae eaba o fa makhoba a hae bolaoli, a fa le leng le le leng mosebetsi oa lona, ’me a laela molebeli oa monyako hore a lule a lebetse.” Kahoo, setho se seng le se seng sa sehlopha sa lekhoba se na le mosebetsi oo se o abetsoeng—e leng ho eketsa lintho tsa Kreste tse lefatšeng. Setho ka seng se etsa mosebetsi ona ho latela bokhoni ba sona le maemo a sona.—Matheu 25:14, 15.
11 Ho feta moo, moapostola Petrose o ile a bolella Bakreste ba tlotsitsoeng ba mehleng ea hae sena: “Ka tekanyo eo e mong le e mong a amohetseng mpho ka eona, le e sebelise ho sebeletsaneng joaloka batsamaisi ba khabane ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bontšitsoeng ka litsela tse sa tšoaneng.” (1 Petrose 4:10) Kahoo, batlotsuoa bao ba na le boikarabelo ba ho sebeletsana ka limpho tseo Molimo a ba fileng tsona. Ho feta moo, mantsoe a Petrose a bontša hore hase Bakreste bohle ba neng ba tla ba le bokhoni bo tšoanang, boikarabelo, kapa litokelo. Leha ho le joalo, setho se seng le se seng sa sehlopha sa lekhoba se ne se ka thusa ka tsela e itseng hore sechaba sa moea se eketsehe. Joang?
12. Ke joang setho ka seng sa sehlopha sa lekhoba, ebang ke monna kapa mosali, se neng se thusa hore lekhoba le eketsehe?
12 Ntho ea pele, ho ne ho hlokahala hore setho se seng le se seng e be paki ea Jehova, e bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso. (Esaia 43:10-12; Matheu 24:14) Nakoana pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a laela barutuoa bohle ba hae ba tšepahalang, banna hammoho le basali, hore e be mesuoe. O ile a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me, bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—Matheu 28:19, 20.
13. Batlotsuoa bohle ba ne ba thabela tokelo efe?
13 Ha ho ne ho fumanoa barutuoa ba bacha, ba ne ba lokela ho rutoa ka hloko hore ba boloke lintho tsohle tseo Kreste a neng a li laetse barutuoa ba hae. Qetellong, ba neng ba nka khato ka seo ba se boleletsoeng ba ne ba tšoanelehela ho ruta ba bang. (2 Timothea 2:2; Baheberu 5:12) Lijo tse matlafatsang tsa moea li ne li fuoa batho ba lichaba tse ngata bao ho neng ho lebeletsoe hore e ka ba litho tsa sehlopha sa lekhoba. Bakreste bohle ba tlotsitsoeng, banna le basali, ba ne ba kopanela mosebetsing ona oa ho etsa barutuoa. (Liketso 2:17, 18) Mosebetsi ona o ne o lokela ho tsoela pele ho tloha nakong ea ha lekhoba le qala mosebetsi oa lona ho fihlela qetellong ea tsamaiso ena ea lintho.
14. Litokelo tsa ho ruta ka phuthehong li ne li abetsoe bo-mang feela, ’me basali ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba ne ba nka seo joang?
14 Batlotsuoa ba neng ba sa tsoa kolobetsoa ba ne ba fetoha karolo ea lekhoba, ’me ho sa tsotellehe hore na qalong ba ne ba ile ba rutoa ke mang, ba ne ba tsoela pele ho fumana taeo e tsoang ho litho tsa phutheho tse neng li e-na le litšoaneleho tsa Mangolo tsa hore li sebeletse e le baholo. (1 Timothea 3:1-7; Tite 1:6-9) Kahoo, banna bana ba khethiloeng ba ne ba filoe tokelo ea ho thusa ka tsela e khethehileng hore sechaba sena se eketsehe. Basali ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba Bakreste ba ne ba sa khopisoe ke taba ea hore banna ba Bakreste ke bona feela ba neng ba abetsoe ho ruta ka phuthehong. (1 Bakorinthe 14:34, 35) Ho e-na le hoo, ba ne ba thabela ho rua molemo mosebetsing o boima oo banna ba ka phuthehong ba neng ba o etsa ’me ba ne ba thabela menyetla e khethehileng ea tšebeletso eo basali ba neng ba e-na le eona, e neng e akarelletsa ho isetsa batho ba bang litaba tse nyakallisang. Kajeno baralib’abo rōna ba chesehang ba batlotsuoa ba bontša boikokobetso bo tšoanang, ebang baholo ba khethiloeng ke batlotsuoa kapa hase bona.
15. Mohloli o mong o moholo oa lijo tsa moea e ne e le ofe lekholong la pele la lilemo, ’me ke bo-mang ba neng ba etella pele ho faneng ka tsona?
15 Lijo tsa bohlokoa tsa moea tse neng li fanoa lekholong la pele la lilemo li ne li tsoa ka ho toba mangolong a baapostola le barutuoa ba bang ba neng ba etella pele. Mangolo ao ba neng ba a ngola—haholo-holo ao e leng karolo ea libuka tse bululetsoeng tse 27 tsa Mangolo a Segerike a Bakreste—a ne a potoloha le liphutheho ’me ha ho pelaelo hore ke ’ona ao baholo ba sebaka ka seng ba neng ba theha thuto ea bona ho ’ona. Ena ke tsela e tšepahalang eo ka eona baemeli ba lekhoba ba neng ba abela Bakreste ba sebele lijo tse matlafatsang tsa moea. Sehlopha sa lekhoba sa lekholong la pele la lilemo se ile sa bontša hore sea tšepahala mosebetsing oo se neng se o filoe.
Se Etsoang ke “Lekhoba” Lilemong Tse ka Bang 1 900 Hamorao
16, 17. Sehlopha sa lekhoba se ile sa bontša joang hore sea tšepahala ha se phetha kabelo ea sona lilemong tsa ho tla fihlela ka 1914?
16 Kajeno teng ho thoe’ng? Ha nako ea ho ba teng ha Jesu e qala ka 1914, na o ile a fumana sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba aba lijo ka botšepehi ka nako e tšoanetseng? Ka sebele o ile a se fumana. Sehlopha sena se ne se ka tsejoa habonolo ka lebaka la litholoana tse ntle tseo se neng se li beha. (Matheu 7:20) Ho tloha nakong eo, histori e bontšitse hore qeto e entsoeng ka hore na sehlopha sena ke sefe, e bile e nepahetseng.
17 Nakong eo Jesu a neng a fihla ka eona, bahlanka ba ntlo ba ka bang 5 000 ba ne ba tšoarehile ba jala ’nete ea Bibele. Basebetsi ba ne ba fokola ka palo, empa lekhoba le ne le sebelisa mekhoa e mengata e mecha hore le hase litaba tse molemo. (Matheu 9:38) Ka mohlala, ho ne ho entsoe litokisetso tsa hore ho hatisoe lihlooho tsa litaba tsa Bibele likoranteng tse ka bang 2 000. Ka tsela ena, ’nete ea Lentsoe la Molimo e ne e fihla ka nako e le ’ngoe ho babali ba mashome a likete. Ho phaella moo, ho ne ho entsoe lenaneo la lihora tse robeli leo ho lona ho neng ho bontšoa li-slide tsa mebala le litšoantšo tse tsamaeang. Ka lebaka la lenaneo lena le lecha, molaetsa oa Bibele oa ho tloha qalong ea Pōpo ho fihlela qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, o ile oa fetisetsoa lik’honthinenteng tse tharo ho bamameli bao palo ea bona ka kakaretso e fetang limilione tse robong. Hape ho ile ha sebelisoa lingoliloeng. Ka mohlala, ka 1914 ho ile ha hatisoa limakasine tse ka bang 50 000 tsa Molula-Qhooa.
18. Jesu o ile a beha lekhoba hore le okamele lintho tsohle tsa hae neng, ’me e ne e le ka lebaka lefe?
18 Ka sebele, ha Mong’a lona a fihla, o ile a fumana lekhoba la hae le tšepahalang le ntse le fepa bahlanka ba hae ba ntlo ka hloko le bile le ntse le bolela litaba tse molemo. Joale, lekhoba leo le ne le letetsoe ke boikarabelo bo boholoanyane. Jesu o ile a re: “Kannete ke re ho lōna, O tla le beha hore le okamele lintho tsohle tsa hae.” (Matheu 24:47) Sena Jesu o ile a se etsa ka 1919, ka mor’a hore lekhoba lena le fete nakong ea ho lekoa. Ebe ke hobane’ng ha “lekhoba le tšepahalang le le masene” le ile la fuoa boikarabelo bo boholoanyane? Hobane lintho tsa Mong’a lona li ne li eketsehile. Jesu o ile a fuoa borena ka 1914.
19. Hlalosa kamoo litlhoko tsa moea tsa “bongata bo boholo” li ’nileng tsa hlokomeloa kateng.
19 Ke lintho life tseo Mong’a lekhoba ea neng a qeta ho behoa boreneng a ileng a beha lekhoba la hae le tšepahalang hore le li okamele? Ke lintho tsohle tsa hae tse amanang le litaba tsa moea tse mona lefatšeng. Ka mohlala, lilemo tse 20 ka mor’a hore Kreste a behoe boreneng ka 1914, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo ile ba tsebahatsoa. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16) Bongata bona e ne e se litho tse tlotsitsoeng tsa “Iseraele ea Molimo,” empa e ne e le banna le basali ba tšepahalang ba neng ba e-na le tšepo ea ho phela lefatšeng, ba neng ba rata Jehova ’me ba batla ho mo sebeletsa ka tsela eo batlotsuoa ba neng ba mo sebeletsa ka eona. Ha e le hantle, ba ile ba re ho “lekhoba le tšepahalang le le masene”: “Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.” (Zakaria 8:23) Bakreste bana ba neng ba sa tsoa kolobetsoa ba ile ba ja lijo tse matlafatsang tsa moea tse tšoanang le tse neng li jeoa ke bahlanka ba hae ba ntlo ba tlotsitsoeng ka moea, ’me ho tloha ka nako eo, lihlopha tsena tse peli li ’nile tsa ja lijo tsena tsa moea hammoho. See e bile tlhohonolofatso e kaakang ho litho tsa “bongata bo boholo”!
20. “Bongata bo boholo” bo phethile karolo efe ho eketseng lintho tsa Morena?
20 Litho tsa “bongata bo boholo” li ile tsa kopanela ka thabo le sehlopha sa lekhoba le tlotsitsoeng e le baboleli ba litaba tse molemo. Ha ba ntse ba bolela, lintho tsa Mong’a lekhoba tse lefatšeng li ile tsa eketseha, li eketsa boikarabelo ba “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Ha palo ea batho ba batlang ’nete e ntse e eketseha, ho ile ha hlokahala hore mehaho ea khatiso e atolosoe e le hore ho khengoe le palo e hlokahalang ea lingoliloeng tsa Bibele. Liofisi tsa makala tsa Lipaki Tsa Jehova li ile tsa thehoa linaheng tse ngata. Baromuoa ba ile ba romeloa “karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:8) Haesale ho tloha ka 1914, barorisi ba Molimo ba eketsehile ho tloha ho batlotsuoa ba ka bang likete tse hlano, ho fihlela ha kajeno ba feta limilione tse tšeletseng, ’me boholo ba bona ke ba “bongata bo boholo.” Ka sebele, lintho tsa Morena li eketsehile ka makhetlo a mangata ho tloha nakong eo ka eona a ileng a behoa boreneng ka 1914!
21. Re tla tšohla lipapiso life tse peli thutong ea rōna e latelang?
21 Sena sohle se bontša hore lekhoba le ‘tšepahetse hape le bile masene.’ Hang-hang ka mor’a hore Jesu a bue ka “lekhoba le tšepahalang le le masene,” o ile a etsa lipapiso tse peli tse totobatsang botšepehi le masene: papiso ea baroetsana ba masene le ba maoatla hammoho le papiso ea litalenta. (Matheu 25:1-30) Re batla ho utloa ho eketsehileng! Lipapiso tseo li bolela eng ho rōna kajeno? Re tla tšohla potso ena sehloohong se latelang.
Maikutlo a Hao ke Afe?
• “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le entsoe ka bo-mang?
• ‘Bahlanka ba ntlo’ ke bo-mang?
• Lekhoba le tšepahalang le ile la behoa neng hore le okamele lintho tsa Morena, hona ke hobane’ng ha le ile la behoa ka nako eo?
• Ke bo-mang ba thusitseng hore lintho tsa Morena li eketsehe lilemong tse mashome tsa morao tjee, hona ba entse see joang?
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Sehlopha sa lekhoba sa lekholong la pele la lilemo se ile sa tšepahalla mosebetsi oo se neng se o filoe