Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ba bang ba boletse hore Pauluse ha aa ka a robeheloa ke sekepe sehlekehlekeng sa Malta, ka boroa ho Sicily, empa se robehile sehlekehlekeng se seng. O ile a robeheloa ke sekepe a le hokae?
Potso ena e lebisitse tlhahisong ea morao tjena ea hore moapostola Pauluse ha aa ka a robeheloa ke sekepe sehlekehlekeng sa Malta, empa se robehile Cephalonia (kapa, Kefallinía) haufi le Corfu Leoatleng la Ionian, ho tloha lebōpong la Greece ka bophirimela. Tlaleho e bululetsoeng e re bolella hore Pauluse o ile a tloha Cesarea a le tlhokomelong ea molaoli oa lekholo oa Moroma Juliase, a e-na le masole a mang le bo-mphato ba hae. Joalokaha ho bontšitsoe ’mapeng, ba ile ba ea Sidone le Myra ka sekepe. Ha ba kena sekepeng se seholo sa lijo-thollo se tsoang Alexandria, Egepeta, ba ile ba leba Kinidase ka bophirimela. Ba ne ba sa khone ho tsoela pele ka tsela eo ho neng ho reriloe hore ho tla tsamauoa ka eona e haolang Leoatleng la Aegean le e fetang ntlheng ea Greece ebe e fetela Roma. Lifefo tse matla li ile tsa ba qobella ho leba boroa ho elella Kreta ka boroa ba sirelelitsoe ke mabōpo a eona. Ha ba le moo ba ile ba emisa Koung e Ntle. Ha ba tloha “ka sekepe Kreta,” sekepe “se ile sa nkoa ka sekhahla” ke “moea o matla oa sefefo o bitsoang Euroakuilo.” Sekepe se boima sa lijo-thollo se ile sa “akholetsoa pele le morao leoatleng” ho fihlela bosiung ba bo14. Qetellong, batho ba 276 kaofela ba ile ba robeheloa ke sekepe sehlekehlekeng seo temana ea Segerike ea Mangolo a Halalelang e se bitsang Me·liʹte.—Liketso 27:1–28:1.
Lilemong tse fetileng, ho ’nile ha fanoa ka litlhahiso tse fapa-fapaneng mabapi le lebitso la sehlekehleke sena se bitsoang Me·liʹte. Ba bang ba ’nile ba nahana hore e ne e le sehlekehleke se bitsoang Melite Illyrica, seo hona joale se tsejoang e le Mljet, se Leoatleng la Adriatic ho tloha lebōpong la Croatia. Empa ha ho bonahale ho le joalo, kaha sebaka se ka leboea seo Mljet e leng ho sona, ho thata ho se amahanya le mekhahlelo e latelang ea leeto la Pauluse, e leng Syrakuse, Sicily, le lebōpo le ka bophirimela la Italy.—Liketso 28:11-13.
Bafetoleli ba bangata ba Bibele ba phethile ka hore Me·liʹte ke sehlekehleke se bitsoang Melite Africanus, seo hona joale se tsejoang e le Malta. Boema-kepe ba ho qetela boo sekepe seo Pauluse a neng a le ho sona se ileng sa emisa ho bona e bile Kou e Ntle, e Kreta. Joale moea o matla oa sefefo o ile oa qobella sekepe hore se lebe ka bophirimela ho elella Kauda. Moea o ile oa ’na oa khanna sekepe ka matsatsi a mangata. Ke ntho e utloahalang ka ho feletseng hore ebe sekepe sena se neng se khannoa ke moea o matla se ne se ka ea hōle ka bophirimela ho ea fihla Malta.
Ha ho nahanoa ka sefefo se neng se atisa ho ba teng le “tsela eo se neng se tsamaea ka eona le sekhahla sa sona,” Conybeare le Howson bukeng ea bona e bitsoang The Life and Epistles of St. Paul, ba itse: “Sebaka se pakeng tsa Clauda [kapa, Kauda] le Malta se batla se le ka tlaase ho lik’hilomithara tse 770. Ketsahalo ena e sa lebelloang e hlolla hoo ho bonahalang ho le thata ho lumela hore sebaka seo basesisi ba sekepe [ba ileng ba fihla ho sona] bosiung ba boleshome le metso e mene e ne e ka ba sebaka se seng ntle ho Malta. Ho na le bopaki bo matla ba hore e ne e le eona.”
Le hoja ho ka ’na ha buuoa ka libaka tse ling, ho robeha ha sekepe Malta e bontšitsoeng ’mapeng ona ho bonahala ho lumellana le tlaleho ea Bibele.
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 31]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Jerusalema
Cesarea
Sidone
Myra
Kinidase
KRETA
KAUDA
MALTA
SICILY
Syrakuse
Roma
MLJET
GREECE
CEPHALONIA