“Le Lule le Hlaphohetsoe Likelellong ka ho Feletseng”
“Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.”—LIPROVERBIA 14:15.
1, 2. (a) Se ileng sa hlahela Lota ha a le Sodoma se re ruta eng? (b) Polelo ee e reng “le lule le hlaphohetsoe likelellong” e bolela’ng?
HA Abrahama a ne a fa Lota monyetla oa hore a khethe naha pele, Lota o ile a khahloa ke sebaka se noselitsoeng hantle se neng “se tšoana le serapa sa Jehova.” E tlameha ebe se ne se bonahala e le sebaka se loketseng hantle hore a lule ho sona le lelapa la hae, kaha “Lota [o ile] a ikhethela Setereke sohle sa Jordane” eaba o hloma liahelo haufi le Sodoma. Leha ho le joalo, ponahalo ea ka ntle ea sebaka seo e ne e thetsa, kaha haufi le sona ho ne ho lula “banna ba Sodoma ba [neng] ba le babe ’me e le baetsalibe ba baholo khahlanong le Jehova.” (Genese 13:7-13) Ha nako e ntse e tsamaea, Lota le lelapa la hae ba ile ba lahleheloa habohloko. Qetellong, eena le barali ba hae ba ile ba tlameha ho ea lula ka lehaheng. (Genese 19:17, 23-26, 30) Seo qalong se neng se bonahetse se le setle ho eena se ile sa qetella se fapane ka ho feletseng.
2 Tlaleho ena ea se ileng sa etsahalla Lota ke thuto ho bahlanka ba Molimo ba kajeno. Ha re etsa liqeto, re lokela ho falimehela likotsi tse ka bang teng ’me re itebele hore re se ke ra thetsoa ke seo re se bonang ka lekhetlo la pele. Ka hona, ho loketse hore ebe Lentsoe la Molimo le re phehella tjena: “Le lule le hlaphohetsoe likelellong ka ho feletseng.” (1 Petrose 1:13) Ho ea ka setsebi sa Bibele se bitsoang R.C.H. Lenski, ho hlaphoheloa kelellong hoo ke ho ba “le kelello e sa ferekanang le e tsitsitseng, e sekasekang le e hakanyang lintho hantle, eo ka hona e re thusang ho etsa liqeto tse nepahetseng.” A re ke re hlahlobeng maemo a mang a hlokang hore re hlaphoheloe likelellong.
Ho Hlahloba Monyetla oa Khoebo
3. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re be hlokolosi ha e mong a bua le rōna ka monyetla oa khoebo?
3 Ha re re motho e mong ea hlomphehang, kapa mohlomong motho eo u rapelang Jehova hammoho le eena, o u fa monyetla oa ho kena khoebong. O nkehile ka menyetla e teng ea ho atleha ebile o u khothalletsa hore u nke bohato ka potlako e le hore u se ke ua fetoa ke monyetla oo. U ka ba ua qala ho nahana hore monyetla ona o tla ntlafatsa bophelo ba hao le ba lelapa la hao, mohlomong u be u behe lebaka la hore u tla nolofalloa ke ho qeta nako e ngata haholoanyane u phehella lintho tsa moea. Leha ho le joalo, Liproverbia 14:15 ea lemosa e re: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.” Hangata ha motho a le moeeng oa ho qalisa khoebo e ncha, a ka ’na a khella fatše monyetla oa hore letsete leo le ka senyeha, a hlokomoloha mathata a ka ’nang a hlaha khoebong, ’me a ka ’na a sitoa ho nahana ka botlalo ka ho hloka botsitso ho ka bang teng khoebong ka moso. (Jakobo 4:13, 14) Boemong bo joalo, e ne e tla ba habohlokoa hakaakang hore u lule u hlaphohetsoe kelellong ka ho feletseng!
4. Re ka ‘nahana ka mehato ea rōna’ joang ha re hlahlobisisa moralo oa khoebo?
4 Motho ea masene o hlahloba moralo oa khoebo ka hloko pele a etsa qeto. (Liproverbia 21:5) Hangata, tlhahlobo e joalo e senola mathata a ipatileng. Nahana ka boemo bona bo ka hlahang: Motho o batla ho alima chelete mabapi le merero ea hae ea khoebo ’me o u tšepisa bokhothokhotho ba phaello haeba u ka mo alima chelete. Monyetla oo o ka ’na oa utloahala o hlamatseha, empa ke mathata afe a ka hlahang? Na ea alimang chelete o lumela hore o tla e lefa ho sa tsotellehe hore na khoebo ea atleha kapa che, kapa o tla e lefa hafeela khoebo eo e atleha? Ka mantsoe a mang, na ho ka etsahala hore u lahleheloe ke chelete haeba khoebo eo e sa atlehe? Hape u ka ’na ua ipotsa: “Ke hobane’ng ha a alima chelete eo ho batho? Na libanka li nka hore khoebo eo e kotsi haholo?” Ho nahanisisa ka mathata a ka hlahang ho tla u thusa hore u hlahlobisise moralo oa khoebo eo ka kelello e hlaphohileng.—Liproverbia 13:16; 22:3.
5. (a) Jeremia o ile a nka bohato bofe bo bontšang bohlale ha a ne a reka tšimo? (b) Ke hobane’ng ha ho le molemo ho etsa tumellano e ngotsoeng bakeng sa litokisetso tsohle tsa khoebo?
5 Ha moprofeta Jeremia a ne a reka tšimo ho motsoal’ae, eo e neng e le morapeli oa Jehova hammoho le Jeremia, o ile a ngola tlaleho eo ea khoebo ka pel’a lipaki. (Jeremia 32:9-12) Kajeno motho ea bohlale o tla tiisa hore litokisetso tsohle tsa khoebo tseo a kenang ho tsona li etsetsoa tumellano e ngotsoeng, ho akarelletsa tseo a kenang ho tsona le beng ka eena esita le balumeli-’moho.a Ha re e-na le tumellano e hlakileng, e lokisitsoeng hantle, e re thusa ho qoba liqabang ’me re lula re e-na le bonngoe. Ka lehlakoreng le leng, ho se be le tumellano e ngotsoeng, hangata ke sona sesosa ha ho hlaha mathata a khoebo pakeng tsa bahlanka ba Jehova. Ka masoabi, mathata a joalo a ka baka masisa-pelo, lehloeo esita le ho lahleheloa ke bomoea.
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho itebela hore re se ke ra ba meharo?
6 Hape re lokela ho itebela hore re se ke ra ba meharo. (Luka 12:15) Tšepiso ea ho fumana bokhothokhotho ba phaello e ka ’na ea foufatsa motho hore a se ke a bona mathata a ho kena khoebong eo litaba tsa eona li sa hlakang. Esita le ba bang ba ’nileng ba fumana likabelo tsa bohlokoa tšebeletsong ea Jehova ba tšoasitsoe ke leraba lena. Lentsoe la Molimo lea re lemosa: “Mokhoa oa lōna oa bophelo e ke e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng.” (Baheberu 13:5) Ha Mokreste a nahanisisa ka monyetla oa khoebo, o lokela hore a ipotse, ‘Na ehlile hoa hlokahala hore ke kene khoebong ee?’ Ho phela ka tsela e bonolo re tsepamisitse maikutlo borapeling ba rōna ho Jehova, ho tla re sireletsa ‘mefuteng eohle ea lintho tse mpe.’—1 Timothea 6:6-10.
Mathata ao Bakreste ba Masoha ba Tobaneng le ’Ona
7. (a) Bakreste ba bangata ba masoha ba tobane le mathata afe? (b) Taba ea ho khetha molekane oa lenyalo e ama botšepehi ba rōna ho Molimo joang?
7 Bahlanka ba bangata ba Jehova ba labalabela ho kena lenyalong empa ha ba e-s’o fumane molekane ea loketseng. Linaheng tse ling, ho na le khatello e matla e tsoang sechabeng ea hore motho a kene lenyalong. Empa, ho ka ’na ha bonahala menyetla e fokola ea hore motho a fumane molekane oa ka moso har’a balumeli-’moho le eena. (Liproverbia 13:12) Leha ho le joalo, Bakreste baa hlokomela hore ho mamela taelo ea Bibele ea ho nyala “feela Moreneng” ke ho bontša botšepehi ho Jehova. (1 Bakorinthe 7:39) Bakreste ba masoha ba lokela ho hlaphoheloa likelellong ka ho feletseng e le hore ba eme ba tiile ho hanyetsa likhatello le meleko eo ba thulanang le eona.
8. Ngoanana oa Moshulame o ile a thulana le khatello efe, hona kajeno baroetsana ba Bakreste ba ka ’na ba tobana le bothata bo tšoanang joang?
8 Bukeng ea Sefela sa Lifela, morena o khahloa ke ngoanana ea ikokobelitseng oa mahaeng oa Moshulame. Le hoja moroetsana enoa a se a ntse a e-na le litaba tsa lerato le mohlankana e mong, morena o mo hohela ka ho mo bontša leruo la hae le khahlehang, ka boemo ba hae le ka lipolelo tsa hae. (Sefela sa Lifela 1:9-11; 3:7-10; 6:8-10, 13) Haeba u moroetsana oa Mokreste, le uena u ka ’na ua iphumana u khahla motho e mong le hoja u sa rate seo. Mosebetsi-’moho le uena, mohlomong ebile e le mookameli, a ka ’na a qala ho u babatsa, ho u etsetsa melemo e itseng esita le ho batla menyetla ea hore le be ’moho. Hlokomela thoriso e joalo ea boikaketsi. Le hoja e se kamehla motho ea etsang lintho tsena a sa li etse ka morero oa ho fereha kapa oa boitšoaro bo bobe, hangata morero ke oona oo. Joaloka moroetsana oa Moshulame, u be “lerako.” (Sefela sa Lifela 8:4, 10) U hane ka tieo lintho tse u ekang hore u ferehoe. Tsebisa basebetsi-’moho le uena li sa tloha hore u e mong oa Lipaki Tsa Jehova ’me u sebelise monyetla o mong le o mong hore u ba pakele. Seo se tla u sireletsa.
9. Likotsi tse ling tsa ho kena leferehong le motho eo u sa mo tsebeng Inthaneteng ke life? (Bona le lebokose le leqepheng la 25.)
9 Mecha ea boitsebiso e Inthaneteng e reretsoeng ho thusa masoha hore a iphumanele balekane ba lenyalo e ntse e fetoha e ratoang haholo. Ba bang ba talima sena e le tsela ea ho tsebana le batho bao ho neng ho ke ke ha etsahala hore ba ba tsebe. Leha ho le joalo, ho ikakhela ka bofofu leferehong le motho eo u sa mo tsebeng ho ka ba kotsi e le kannete. Ho ka ba boima ho lemoha seo e leng ’nete le seo e leng leshano Inthaneteng. (Pesaleme ea 26:4) Hase motho e mong le e mong ea ipolelang hore ke mohlanka oa Jehova eo e hlileng e leng eena. Ho feta moo, kamano e matla e ka hōla ka potlako leferehong la Inthaneteng, ’me seo se ka etsa hore motho a se ke a ba le temoho. (Liproverbia 28:26) Ebang ke ka Inthanete kapa ka tsela e ’ngoe, hase bohlale ho ba le kamano e haufi le motho eo u sa mo tsebeng.—1 Bakorinthe 15:33.
10. Bakreste ba masoha ba ka khothatsoa ke balumeli-’moho le bona joang?
10 Jehova “o na le lerato le mofuthu haholo” ho bahlanka ba hae. (Jakobo 5:11) Oa tseba hore ka linako tse ling Bakreste bao e leng masoha e se ka boikhethelo, ba nyahamisoa ke mathata ao ba thulanang le ’ona, ’me o ananela botšepehi ba bona. Rōna ba bang re ka ba khothatsa joang? Re lokela hore kamehla re ba babatse ka ho mamela hoo ba ho bontšang le ka moea oa boitelo oo ba nang le oona. (Baahloli 11:39, 40) Re ka boetse ra ba kenyelletsa litokisetsong tsa ho thabela botsoalle bo hahang. Na u entse seo haufinyane tjee? Ho feta moo, re ka ba rapella, re kōpe Jehova hore a ba thuse ho lula ba tsitsitse moeeng ’me ba thabele ho mo sebeletsa. Ka thahasello ea sebele eo re nang le eona, a re bontšeng hore re ananela bao ba tšepahalang joalokaha Jehova a ba ananela.—Pesaleme ea 37:28.
Ho Sebetsana le Mathata a ho Kula
11. Mathata a tebileng a ho kula a hlahisa liphephetso life?
11 Re tepella hakaakang ha rōna kapa moratuoa oa rōna a thulana le mathata a tebileng a ho kula! (Esaia 38:1-3) Le hoja re batla ho fumana phekolo e molemo, ke habohlokoa hore re khomarele melao-motheo ea Mangolo. Ka mohlala, Bakreste ba hlokolosi hore ba mamele taelo ea Bibele ea hore ba tele mali, ’me ba qoba mekhoa ea tlhahlobo ea bongaka kapa ea phekolo e kopanyelletsang ho sebelisana le meea. (Liketso 15:28, 29; Bagalata 5:19-21) Leha ho le joalo, ho batho ba sa koetlisoang litabeng tsa bongaka, ho hlahloba menyetla e teng ea phekolo e ka ba taba e rarahaneng le e tsietsang. Re ka thusoa ke’ng hore re lule re hlaphohetsoe likelellong ka ho feletseng?
12. Mokreste a ka bontša ho leka-lekana joang ha a hlahloba menyetla ea phekolo?
12 “Ea masene o nahana ka mehato ea hae” ka ho etsa lipatlisiso Bibeleng le libukeng tsa Bokreste. (Liproverbia 14:15) Likarolong tsa lefatše moo lingaka le lipetlele li haellang, phekolo feela e fumanehang e ka ba ea setso, eo ho eona ho sebelisoang litlama ho phekola. Haeba re lohotha ho sebelisa phekolo ea mofuta oo, re ka fumana boitsebiso bo molemo tokollong ea Molula-Qhooa oa April 15, 1987, leqepheng la 26-9. E re hlokomelisa likotsi tse ka ’nang tsa e-ba teng. Ka mohlala, re ka ’na ra lokela ho tseba se latelang: Na ngaka ee ea setso e tsebahala ka ho sebelisana le meea? Na phekolo e thehiloe tumelong ea hore ho kula le lefu li bakoa ke balimo ba halefileng kapa ke lira tse loeang? Na ha ho lokisoa meriana kapa e sebelisoa, ho etsoa sehlabelo, hoa phosoa kapa ho etsoa lintho tse ling tsa ho sebelisana le meea? (Deuteronoma 18:10-12) Patlisiso eo e tla re thusa ho ela hloko keletso ena e bululetsoeng: “Nepisisang lintho tsohle; le tšoarelle ka tieo ho se setle.”b (1 Bathesalonika 5:21) E tla re thusa hore re bontše ho leka-lekana.
13, 14. (a) Re ka bontša ho ba le kahlolo e molemo joang ha re hlokomela bophelo ba rōna? (b) Ke hobane’ng ha ho hlokahala kahlolo e molemo ha re buisana le ba bang ka litaba tsa bophelo bo botle le tsa meriana?
13 Ho ba le kahlolo e molemo hoa hlokahala likarolong tsohle tsa bophelo, ho akarelletsa le tabeng ea ho hlokomela bophelo ba rōna. (Bafilipi 4:5) Ho ela hloko bophelo ba rōna ka tsela e leka-lekaneng ho bontša hore re ananela mpho ena ea bohlokoa ea bophelo. Ha re thulana le mathata a bophelo, ehlile ho loketse hore re nke bohato ka ’ona. Leha ho le joalo, re ke ke ra fumana bophelo bo phethahetseng ho fihlela nako ea Molimo e fihla ea “ho phekola lichaba.” (Tšenolo 22:1, 2) Re lokela ho itebela hore re se ke ra ameha ka ho teba ka bophelo ba rōna hoo litlhoko tsa rōna tsa moea tseo e leng tsa bohlokoa ho feta li pupetsoang.—Matheu 5:3; Bafilipi 1:10.
14 Re boetse re lokela ho bontša ho leka-lekana le kahlolo e molemo ha re buisana le ba bang ka litaba tsa bophelo bo botle le tsa meriana. Litaba tsena ha lia lokela ho ba ka sehloohong meqoqong ea rōna ha re bokane ka morero oa ho thabela botsoalle moeeng libokeng tsa Bokreste le likopanong. Ho feta moo, hangata liqeto tse amang phekolo li akarelletsa melao-motheo ea Bibele, letsoalo la motho ka boeena esita le kamano ea hae le Jehova. Ka hona, e ne e ke ke ea e-ba ho bontša lerato ha re qobella molumeli-’moho le rōna hore a amohele maikutlo a rōna kapa re mo hatella hore a hlokomolohe kamoo letsoalo la hae le mo susumetsang kateng. Le hoja ba hōlileng ka phuthehong ba ka ’na ba kōptjoa thuso, Mokreste ka mong o lokela ho “jara mojaro oa hae” oa ho etsa liqeto, ’me “e mong le e mong oa rōna o tla ikarabella ho Molimo.”—Bagalata 6:5; Baroma 14:12, 22, 23.
Ha re Thulana le Maemo a Sithabetsang
15. Maemo a sithabetsang a ka hlahisa phephetso joang?
15 Maemo a sithabetsang a ka etsa hore esita le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba bue ka booatla kapa ba etse ka booatla. (Moeklesia 7:7) Ha Jobo a ne a le tekong e matla, o ile a batla a felloa ke ho leka-lekana ’me monahano oa hae o ile oa lokela ho lokisoa. (Jobo 35:2, 3; 40:6-8) Le hoja Moshe a “ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše,” ka lekhetlo le leng o ile a halefa ’me a potlakela ho bua a sa nahana. (Numere 12:3; 20:7-12; Pesaleme ea 106:32, 33) Davida o ne a bontšitse boitšoaro ka tsela e hlollang ka hore a se ke a bolaea Morena Saule, empa ha Nabale a mo rohaka ’me a hlapaola banna ba hae, Davida o ile a halefa ’me a felloa ke temohisiso. E bile feela ha Abigaile a kenella moo Davida a ileng a hlaphoheloa kelellong, ha ho ne ho setse hanyenyane feela hore a etse phoso e ka beng e feletse ka tlokotsi.—1 Samuele 24:2-7; 25:9-13, 32, 33.
16. Ke’ng e ka re thusang ho qoba ho ba lepotlapotla ha re etsa lintho?
16 Le rōna re ka ’na ra thulana le maemo a ka etsang hore re lahleheloe ke temohisiso. Ho hlahloba maikutlo a ba bang ka hloko joaloka Davida, ho ka re thusa ho qoba ho ba lepotlapotla ha re etsa lintho ebe re potlakela ho etsa sebe. (Liproverbia 19:2) Ho feta moo, Lentsoe la Molimo le re eletsa tjena: “Halefang, empa le se ke la etsa sebe. Buelang ka lipelong, holim’a libethe tsa lōna, ’me le khutse.” (Pesaleme ea 4:4) Moo ho khonehang, re lokela ho emela hore maikutlo a theohe pele re nka bohato kapa re etsa liqeto. (Liproverbia 14:17, 29) Re ka rapela Jehova ka tieo, “’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa [rōna] le matla a [rōna] a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) Khutso ena eo Molimo a fanang ka eona, e tla etsa hore re tsitse ’me e re thuse ho lula re hlaphohetsoe likelellong ka ho feletseng.
17. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Jehova hore re lule re hlaphohetsoe likelellong ka ho feletseng?
17 Ho sa tsotellehe boiteko bo matla boo re bo etsang hore re qobe likotsi ’me re etse ka bohlale, kaofela ha rōna re etsa liphoso. (Jakobo 3:2) Ho ka etsahala hore re nke mohato o fosahetseng o kotsi re sa hlokomele ho hang. (Pesaleme ea 19:12, 13) Ho feta moo, kaha re batho, ha re khone ho tsamaisa mehato ea rōna ntle ho Jehova ebile ha re na tokelo ea ho etsa joalo. (Jeremia 10:23) Re leboha hakaakang hore ebe o re tiisetsa tjee: “Ke tla etsa hore u be le temohisiso ’me ke u rupele ka tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.” (Pesaleme ea 32:8) Ka sebele, ka thuso ea Jehova re ka khona ho lula re hlaphohetsoe likelellong ka ho feletseng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng mabapi le litumellano tse ngotsoeng tsa khoebo, bona Molula-Qhooa oa August 1, 1997, leqepheng la 30-1; November 15, 1986, leqepheng la 16-17; le Tsoha! ea August 8, 1983, leqepheng la 13-15, tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b Ka tsela e tšoanang, mohato ona o tla tsoela molemo ba nahanang ka mekhoa e meng ea ho phekola maloetse eo ba bang ba sa lumellaneng le eona.
U ka Araba Joang?
Re ka lula re hlaphohetsoe likelellong joang
• ha re fuoa monyetla oa khoebo?
• ha re batla molekane oa lenyalo?
• ha re thulana le mathata a ho kula?
• ha re le maemong a sithabetsang?
[Lebokose le leqepheng la 25]
Na U ka e Tšepa?
Melaetsa e latelang ea ho itjarolla boikarabelo e hlaha mecheng e mengata ea Inthanete bakeng sa masoha:
“Esita le hoja beng ba mecha e itseng ea litaba tsa Inthanete ba leka ka hohle hore ba tsebe motho ea itseng, ha ba itlame ka seo motho eo a hlileng a leng sona.”
“Ha re itlame ka hore litaba leha e le life tse buang ka masoha tse hlahang inthaneteng mona li nepahetse, li feletse kapa li molemo.”
“Maikutlo, keletso, lipolelo, litlhahiso leha e le litaba tse ling kapa likhopolo tse fanoang ka tšebeletso [ena ea litaba tsa masoha] ke tsa batho ba li ngotseng ka bobona . . . ’me ha lia lokela ho tšeptjoa hakaalo.”
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
“Ea masene o nahana ka mehato ea hae”
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
Basali ba Bakreste ba ka etsisa moroetsana oa Moshulame joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
“Nepisisang lintho tsohle; le tšoarelle ka tieo ho se setle”