Matsoho a Lōna a ke a be Matla
“Matsoho a lōna a ke a be matla, lōna ba utloang matsatsing ana mantsoe ana a tsoang molomong oa baprofeta.”—ZAKARIA 8:9.
1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko buka ea Hagai le ea Zakaria?
LE HOJA boprofeta ba Hagai le Zakaria bo ile ba ngoloa lilemong tse ka bang 2 500 tse fetileng, ha ho pelaelo hore ke ba bohlokoa bophelong ba hao. Litlaleho tsa Bibele tse libukeng tsena tse peli hase tsa histori feela tjee. Boprofeta bona ke karolo ea ‘lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng bakeng sa ho re laea.’ (Baroma 15:4) Boholo ba seo re se balang libukeng tsena se etsa hore re nahane ka maemo a sebele a ’nileng a e-ba teng ho tloha ha ho thehoa ’Muso leholimong ka 1914.
2 Ha moapostola Pauluse a ne a bua ka liketsahalo le maemo ao batho ba Molimo ba boholo-holo ba ileng ba feta ho ’ona nakong e fetileng, o ile a re: “Joale lintho tsena li ile tsa tsoela pele ho ba hlahela e le mehlala, ’me li ile tsa ngoloa hore e be temoso ho rōna bao bofelo ba litsamaiso tsa lintho bo ba fihletseng.” (1 Bakorinthe 10:11) Kahoo u ka ’na ua ipotsa, ‘Buka ea Hagai le ea Zakaria li na le molemo ofe mehleng ea rōna?’
3. Hagai le Zakaria ba ile ba tsepamisa maikutlo tabeng efe?
3 Joalokaha sehlooho se fetileng se boletse, boprofeta ba Hagai le Zakaria bo ne bo bua ka nako ea ka mor’a hore Bajuda ba lokolloe botlamuoeng Babylona ’me ba khutlele naheng eo ba neng ba e filoe ke Molimo. Baprofeta bao ba babeli ba ile ba tsepamisa maikutlo tabeng ea ho tsosa tempele. Bajuda ba ile ba rala motheo oa tempele ka 536 B.C.E. Le hoja Bajuda ba hōlileng ba ne ba tebisitse maikutlo ka liketsahalo tsa nakong e fetileng, ka kakaretso ho ile ha e-ba le ho “hooa ka thabo.” Leha ho le joalo, ha e le hantle mehleng ea rōna ho etsahetse ntho ea bohlokoa le ho feta. Ka tsela efe?—Esdrase 3:3-13.
4. Hang feela ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše ho ile ha etsahala’ng?
4 Hang feela ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, batlotsuoa ba Jehova ba ile ba lokolloa botlamuoeng ba Babylona e Moholo. Seo se ile sa bontša ka ho hlaka hore Jehova o ba tšehelitse. Pejana, ho ile ha bonahala eka baeta-pele ba bolumeli le metsoalle ea bona ea lipolotiki ba ne ba felisitse mosebetsi oa Liithuti Tsa Bibele oa ho bolela le ho ruta phatlalatsa. (Esdrase 4:8, 13, 21-24) Leha ho le joalo, Jehova Molimo o ile a tlosa litšitiso tse neng li eme pele mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa. Ho theosa le lilemo tse mashome ho tloha ka 1919, mosebetsi oa ’Muso o ’nile oa hōla haholo ’me ha ho letho le atlehileng ho o khina.
5, 6. Zakaria 4:7 e bua ka ntho efe e khōlō e finyeletsoeng?
5 Re ka kholiseha hore mosebetsi oa ho bolela le ho ruta o etsoang ke bahlanka ba mamelang ba Jehova mehleng ea rōna, o tla tsoela pele hobane Jehova o o tšehelitse. Ho Zakaria 4:7, rea bala: “Ka sebele o tla hlahisa lejoe la sehlooho. Ho tla ba le mehoo e eang ho lona: ‘Le khahleha hakaakang! Le khahleha hakaakang!’” Empa boprofeta boo bo bua ka ntho efe e khōlō e finyeletsoeng mehleng ea rōna?
6 Zakaria 4:7 e bua ka nako e tlang ha borapeli ba ’nete ba ’Musi Morena bo tla be bo entsoe bo phethahetseng mabaleng a lefatšeng a tempele ea hae ea moea. Tempele eo ke tokisetso ea Jehova ea ho mo rapela ka sehlabelo sa poelano sa Kreste Jesu. Ke ’nete hore tempele eo e khōlō ea moea esale e le teng ho tloha lekholong la pele la lilemo C.E. Leha ho le joalo, mabaleng a tempele eo a lefatšeng, ke hona borapeli ba ’nete bo sa ntseng bo tla etsoa bo phethahetseng. Hona joale barapeli ba limilione ba sebeletsa mabaleng a lefatšeng a tempele eo ea moea. Barapeli bana hammoho le matšoele a ba tsositsoeng bafung ba tla etsoa ba phethahetseng Pusong ea Lilemo Tse Sekete ea Jesu Kreste. Bofelong ba lilemo tseo tse sekete, ho tla sala feela barapeli ba ’nete ba Molimo lefatšeng le hloekisitsoeng.
7. Jesu o phetha karolo efe mabapi le ho etsa hore borapeli ba ’nete e be bo phethahetseng mehleng ea rōna, hona ke hobane’ng ha seo se lokela ho re khothatsa?
7 ’Musisi Zorobabele le Moprista ea Phahameng Joshua ba ile ba bona ha tempele e ne e phethoa ka 515 B.C.E. Zakaria 6:12, 13 e ile ea bolela esale pele karolo ea tšoantšetso eo Jesu a neng a tla e phetha ho etsa hore borapeli ba ’nete e be bo phethahetseng: “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: ‘Ke enoa monna eo lebitso la hae e leng Lehlōmela. O tla hlōmela sebakeng sa hae, ’me ka sebele o tla haha tempele ea Jehova. O tla jara ho hlompheha; ’me o tla lula fatše le ho busa a le holim’a terone ea hae.’” Kaha Jesu ke eena ea tšehelitseng mosebetsi oa ’Muso tempeleng ea moea a le leholimong ’me ke eena ea etsang hore leloko la borena la Davida le hlōmele, ke mang ea ka o emang pele? Ha ho le ea mong! Na see ha sea lokela ho re khothatsa hore re tsoele pele ka tšebeletso ea rōna, re sa khelosoe ke mesebetsi ea letsatsi le letsatsi eo batho ba amehileng ka eona?
Lintho Tse Tlang Pele
8. Ke hobane’ng ha bophelong ba rōna re lokela ho etelletsa pele mosebetsi o etsoang tempeleng ea moea?
8 E le hore Jehova a re tšehetse le ho re hlohonolofatsa, re lokela ho etelletsa pele mosebetsi o etsoang tempeleng ea moea bophelong ba rōna. Ho fapana le Bajuda ba neng ba re, “Nako ha e e-s’o fihle,” re lokela ho hopola hore re phela “matsatsing a ho qetela.” (Hagai 1:2; 2 Timothea 3:1) Jesu o ile a bolela esale pele hore balateli ba hae ba tšepahalang ba ne ba tla bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ’me ba etse barutuoa. Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra hlokomoloha mosebetsi oa rōna oa bohlokoa oa ho bolela litaba tse molemo. Mosebetsi oa ho bolela phatlalatsa le ho ruta o ileng oa emisa ka nakoana ka lebaka la khanyetso ea lefatše o ile oa qalisoa bocha ka 1919, empa ha o e-s’o ka o fihla qetellong. Leha ho le joalo, u ka kholiseha hore o tla be o fihle qetellong!
9, 10. Motho o lokela ho etsa’ng hore Jehova a mo hlohonolofatse, hona seo se bolela’ng ho rōna?
9 Re le batho ka bomong ebile re le sehlopha, re tla hlohonolofatsoa ho latela hore na re sebetsa ka tieo hakae. Hlokomela tšepiso ea Jehova e ka re khothatsang. Hang feela ha Bajuda ba khutlela borapeling ba Jehova ka lipelo tsohle tsa bona ’me ba boela ba qalisa ho sebetsa ka thata ba etsa moralo oa tempele, Jehova o ile a re: “Ho tloha letsatsing lena ke tla fana ka tlhohonolofatso.” (Hagai 2:19) Ba ne ba tla rua molemo oa ho boela ba amoheloa ke eena ka botlalo. Joale nahana ka litlhohonolofatso tseo Molimo a neng a ba tšepisitse tsona: “Ho tla ba le peō ea khotso; sefate sa morara se tla fana ka litholoana tsa sona, ’me lefatše le tla fana ka lihlahisoa tsa lona, le maholimo a tla fana ka phoka ea ’ona; ’me ka sebele ke tla etsa hore ba setseng ba sechaba sena ba rue lintho tsena tsohle.”—Zakaria 8:9-13.
10 Feela joalokaha Jehova a ile a hlohonolofatsa Bajuda bao moeeng le nameng, ka ho tšoanang o tla re hlohonolofatsa ha re ntse re chesehela ho etsa mosebetsi oo a re abetseng oona ebile re o etsa ka lipelo tse tletseng thabo. Litlhohonolofatso tsena li kopanyelletsa ho ba le khotso har’a rōna, tšireletseho, katleho le khōlo ea moea. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore Molimo o tla tsoela pele ho re hlohonolofatsa hafeela re etsa mosebetsi tempeleng ea hae ea moea ka tsela eo Jehova a batlang hore re o etse ka eona.
11. Re ka hlahloba lintho tse tlang pele bophelong ba rōna joang?
11 Ena ke nako ea ho ‘beha lipelo tsa rōna litseleng tsa rōna.’ (Hagai 1:5, 7) Re lokela ho nahana ka ho teba ’me re hlahlobe lintho tse tlang pele bophelong ba rōna. Hore Jehova a re hlohonolofatse kajeno, ho itšetlehile ka hore na re tlotlisa lebitso la hae hakae le hore na re tsoela pele re etsa mosebetsi oa rōna tempeleng ea hae ea moea. U ka ’na ua ipotsa: ‘Na lintho tse tlang pele bophelong ba ka li fetohile? Tsela eo ke chesehelang Jehova ka eona, ke chesehelang ’nete ea hae le mosebetsi oa hae e joang ha e bapisoa le eo ke neng ke cheseha ka eona ha ke kolobetsoa? Na ho rata ho iphelela hamonate ho ama tsela eo ke elang Jehova hloko ka eona le ’Muso oa hae? Na ho tšaba batho—e leng ho ameha ka seo ba bang ba tla se nahana ka ’na—ho ntšitisa ho tlotlisa lebitso la Jehova le ho tsoela pele ka mosebetsi tempeleng ea hae ea moea?’—Tšenolo 2:2-4.
12. Ho Hagai 1:6, 9, ho totobatsoa boemo bofe bo neng bo le teng har’a Bajuda?
12 Ka sebele ha re batle hore Molimo a re amohe tlhohonolofatso ea hae e khōlō kahobane re hlokomolohile mosebetsi oa ho tlotlisa lebitso la hae. Joalokaha Hagai 1:9 e bolela, hopola hore ka mor’a ho qalisa mosebetsi hantle, Bajuda ba khutliselitsoeng naheng ea habo bona ‘ba ne ba matha e mong le e mong molemong oa ntlo ea hae.’ Ba ile ba tšoareha ka litlhoko tsa bona tsa letsatsi le letsatsi le tsela eo ba phelang ka eona. Ka lebaka leo, ho ne “ho tlisoa ho honyenyane,” lijo le lino tse khotsofatsang li ne li haella, ’me ho se na liaparo tse mofuthu. (Hagai 1:6) Jehova o ne a sa ba hlohonolofatse. Na ho na le seo re ithutang sona tabeng ee?
13, 14. Re ka sebelisa thuto eo re e fumanang ho Hagai 1:6, 9 joang, hona ke hobane’ng ha see se le bohlokoa?
13 Hore Molimo a tsoele pele ho re hlohonolofatsa, na ha u lumele hore re lokela ho khaotsa ho phehella litabatabelo tsa rōna tse re sitisang ho phehella borapeli ba Jehova? Re lokela ho khaotsa ho phehella litabatabelo tsa rōna ebang seo re se etsang kapa seo re se thahasellang ke ho phehella maano a ho etsa chelete, a ho rua kapele le merero ea ho hahamalla thuto e phahameng e le hore re be le mosebetsi o ratehang tsamaisong ena, kapa mananeo a ho intlafatsa kapa ho ikhotsofatsa.
14 E ka ’na eaba lintho tse joalo ha li phoso ka botsona. Leha ho le joalo, ha u li bapisa le bophelo bo sa feleng, na ha u hlokomele hore ka sebele lintho tsee ke ‘mesebetsi e shoeleng’? (Baheberu 9:14) Ka tsela efe? Li shoele moeeng, ke tsa lefeela ebile ha li na thuso. Haeba motho a phehella mesebetsi e joalo, a ka ’na a qetella a shoele moeeng. Mehleng ea baapostola, Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ile ba etsahalloa ke seo. (Bafilipi 3:17-19) Le mehleng ea rōna ba bang ba etsahalletsoe ke seo. E ka ’na eaba u tseba ba bang bao butle-butle ba ileng ba khelosoa mesebetsing ea Bokreste le phuthehong; bao hona joale ba sa bontšeng le hanyenyane feela hore ba lakatsa ho khutlela tšebeletsong ea Jehova. Ka sebele re tšepa hore ba joalo ba tla khutlela ho Jehova, empa ’nete ea sala hore ho phehella ‘mesebetsi e shoeleng’ ho ka fella ka hore motho a se ke a hlola a amoheloa ke Jehova le ho hlohonolofatsoa ke eena. Ka sebele eo e ka ba ntho e bohloko. Seo se ka bolela hore motho a felloe ke thabo le khotso tse hlahisoang ke moea oa Molimo. Hape nahana hore na motho a ka lahleheloa hakaakang haeba a sa rue molemo kamanong e mofuthu ea Bokreste ea bara ba motho!—Bagalata 1:6; 5:7, 13, 22-24.
15. Hagai 2:14 e bontša joang hore borapeli ba rōna ke taba e tebileng?
15 Ena ke taba e tebileng haholo. Sheba Hagai 2:14 u bone kamoo Jehova a neng a talima Bajuda ba hlokomolohileng ntlo ea Hae ea borapeli e le hore ba manehe matlo a bona ka mapolanka, ebang e ne e le ka tsela ea sebele kapa ea tšoantšetso. “‘Ke kamoo batho bana ba leng kateng, ’me ke kamoo sechaba sena se leng kateng ka pel’a ka,’ ho bolela Jehova, ‘’me ke kamoo mosebetsi oohle oa matsoho a bona o leng kateng, le eng kapa eng eo ba e hlahisang moo. Ha ea hloeka.’” Mahlabelo leha e le afe ao Bajuda ba monyebe ba neng ba a nyehela aletareng ea nakoana e Jerusalema a ne a sa amohelehe hafeela ba hlokomolohile borapeli ba ’nete.—Esdrase 3:3.
Molimo o Tiisa Hore o Tla Tšehetsa Barapeli ba Hae ba Mamelang
16. Ka lebaka la pono eo Zakaria a ileng a ba le eona, Bajuda ba ne ba ka kholiseha ka eng?
16 Ka letoto la lipono tse robeli tseo Zakaria a ileng a li fuoa, Molimo o ile a tiisa hore o tla tšehetsa Bajuda ba mamelang ba neng ba sebetsa ho tsosa tempele. Pono ea pele e ile ea tiisa hore tempele e ne e tla phethoa le hore Jerusalema le Juda li ne li tla atleha hafeela Bajuda ba ne ba bontša ho mamela ka ho ntšetsa pele mosebetsi oo ba neng ba lokela ho o etsa. (Zakaria 1:8-17) Pono ea bobeli e ile ea tšepisa hore mebuso eohle e neng e hanyetsa borapeli ba ’nete e ne e tla fela. (Zakaria 1:18-21) Lipono tse ling li ile tsa tiisa hore Molimo o ne a tla sireletsa mosebetsi oa ho haha, hore batho ba lichaba tse ngata ba ne ba tla phallela ntlong e phethiloeng ea Jehova ea borapeli, hore ho ne ho tla ba le khotso ea ’nete le tšireletseho, hore litšitiso tseo ho neng ho bonahala eka li ke ke tsa hlōloa li ne li tla tlosoa mosebetsing oa Molimo, hore bokhopo bo ne bo tla felisoa le hore mangeloi a ne a tla hlokomela mosebetsi le ho fana ka tšireletso. (Zakaria 2:5, 11; 3:10; 4:7; 5:6-11; 6:1-8) Kaha ba ne ba fumane tšepiso e joalo ea hore Molimo o tla ba tšehetsa, u ka utloisisa lebaka leo ka lona batho ba mamelang ba ileng ba fetola mokhoa oo ba phelang ka oona ’me ba tsepamisa maikutlo tabeng ea ho phetha mosebetsi oo Molimo a neng a ba lokolotse Babylona hore ba tl’o o etsa.
17. Ka lebaka la tšepiso eo re nang le eona, ke’ng eo re lokelang ho ipotsa eona?
17 Ka tsela e tšoanang, tšepiso eo re nang le eona ea hore ruri borapeli ba ’nete bo tla hlōla, e lokela ho re susumelletsa ketsong ’me e re susumelletse ho nahana ka ho teba ka ntlo ea Jehova ea borapeli. Ak’u ipotse: ‘Haeba kea lumela hore ena ke nako ea ho etsa mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etsa barutuoa, na lipakane tsa ka le tsela eo ke phelang ka eona li lumellana le seo? Na ke qeta nako e lekaneng ke ithuta Lentsoe la Molimo la boprofeta, ke nahanisisa ka lona, ke qoqa ka lona le Bakreste-’moho le ’na hammoho le ba bang bao ke kopanang le bona?’
18. Ho latela Zakaria khaolo ea 14, ho tla etsahala’ng haufinyane?
18 Zakaria o ile a bua ka ho timetsoa ha Babylona e Moholo ho neng ho tla lateloa ke ntoa ea Armagedone. Rea bala: “E tla ba letsatsi le leng le tsejoang e le la Jehova. E ke ke ea e-ba motšehare, kapa hona hore e be bosiu; ’me ka nako ea shoalane ho tla khanya.” Ka sebele letsatsi la Jehova e tla ba le lefifi le le batang hakaakang ho lira tsa hae tse lefatšeng! Empa ho barapeli ba Jehova ba tšepahalang e tla ba la khanya e tsoelang pele le la kamohelo. Zakaria o ile a boela a hlalosa kamoo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng le lecha e tlang ho phatlalatsa hore Jehova oa halalela. Borapeli ba ’nete tempeleng ea Molimo e khōlō ea moea e tla ba bona feela mofuta oa borapeli o teng lefatšeng. (Zakaria 14:7, 16-19) Eo ke tšepiso e tsotehang hakaakang! Re tla bona ha ho phethahala se boletsoeng esale pele ’me re bone ha ho tlosoa qoso bobusing ba Jehova. Ka sebele leo e tla ba letsatsi la Jehova le ikhethang!
Litlhohonolofatso Tsa Kamehla
19, 20. Ke hobane’ng ha u khothatsoa ke Zakaria 14:8, 9?
19 Ka mor’a hore ketsahalo eo e hlollang ka ho fetisisa e phethahale, Satane le bademona ba hae ba tla koalloa ka mohohlong moo ba ke keng ba etsa letho. (Tšenolo 20:1-3, 7) Joale ho tla tšoloha litlhohonolofatso Pusong ea Lilemo Tse Sekete ea Kreste. Zakaria 14:8, 9 e re: “Letsatsing leo metsi a phelang a tla tsoa Jerusalema, halofo ea ’ona e ee leoatleng le ka bochabela ’me halofo ea ’ona e ee leoatleng le ka bophirimela. Ho tla etsahala lehlabula le mariha. Jehova e tla ba morena oa lefatše lohle. Letsatsing leo Jehova o tla ba mong, ’me lebitso la hae le be leng.”
20 “Metsi a phelang,” kapa “nōka ea metsi a bophelo,” a tšoantšetsang litokisetso tsa Jehova tsa bophelo, a tla lula a ntse a phalla a tsoa setsing sa ’Muso oa Bomesia. (Tšenolo 22:1, 2) Bongata bo boholo ba barapeli ba Jehova, bo tla beng bo phonyohile Armagedone, bo tla rua molemo ka ho lokolloa tsuong ea lefu la Adama. Esita le bafu ba tla rua molemo ka hore ba tsosoe. Ka tsela eo, ho tla qaleha mokhahlelo o mocha oa puso ea Jehova lefatšeng lohle. Hohle lefatšeng batho ba tla talima Jehova e le eena ’Musi oa Bokahohle, e le eena feela ea lokelang ho rapeloa.
21. Boikemisetso ba rōna e lokela ho ba bofe?
21 Ha re nahana ka sohle seo Hagai le Zakaria ba se boletseng esale pele, ebile re nahana ka sohle se phethahetseng, re na le lebaka le utloahalang la ho tsoela pele ka mosebetsi oo Molimo a re abetseng oona mabaleng a lefatšeng a tempele ea hae ea moea. Ho fihlela ha borapeli ba ’nete bo tla be bo le boemong bo phethahetseng, e se eka bohle re ka leka ka tieo ho etelletsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso. Zakaria 8:9 ea re phehella: “Matsoho a lōna a ke a be matla, lōna ba utloang matsatsing ana mantsoe ana a tsoang molomong oa baprofeta.”
Na U sa Hopola?
• Ke tlaleho efe ea histori e tšoanang le e libukeng tsa Hagai le Zakaria e etsang hore libuka tseo e be tsa bohlokoa kajeno?
• Buka ea Hagai le ea Zakaria li re ruta eng mabapi le lintho tse tlang pele bophelong?
• Ke hobane’ng ha ho hlahloba Hagai le Zakaria ho re fa lebaka la hore re be le tšepo mabapi le nako e tlang?
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Hagai le Zakaria ba ile ba khothatsa Bajuda hore ba sebetse ka meea eohle ea bona e le hore ba hlohonolofatsoe
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Na u ‘matha molemong oa ntlo ea hao’?
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Jehova o ile a tšepisa tlhohonolofatso, ’me o fane ka eona