Basali—Hlomphang Banna ba Lōna ka ho Tebileng
‘Basali le ke le ipehe tlas’a banna ba lōna.’—BAEFESE 5:22.
1. Ke hobane’ng ha hangata ho le thata ho hlompha monna?
LINAHENG tse ngata ha batho ba nyalana, monyaluoa oa ikana, o tšepisa hore o tla hlompha monna oa hae ka ho tebileng. Leha ho le joalo, tsela eo banna ba bangata ba tšoarang basali ba bona ka eona e ka nolofalletsa basali kapa ea ba thatafalletsa ho phetha kano eo. Empa, lenyalo le qalehile ka tsela e hlollang. Molimo o ile a ntša khopo ho Adama, monna oa pele, eaba o etsa mosali. Adama o ile a khotsa a re: “Qetellong enoa ke lesapo la masapo a ka le nama ea nama ea ka.”—Genese 2:19-23.
2. Karolo ea basali le boikutlo ba bona ka lenyalo li fetohile joang morao tjee?
2 Ho sa tsotellehe hore ebe lenyalo le qalehile hantle joalo, lilemong tsa bo-1960, ho ile ha thehoa mokhatlo United States o bitsoang tokoloho ea basali, oo ka oona basali ba neng ba leka ho itokolla taolong ea banna. Nakong eo, banna ba ka bang 300 ba ne ba lahla malapa a bona ha ho bapisoa le mosali a le 1 ea neng a lahla lelapa. Bofelong ba lilemo tseo tsa bo-1960, lipalo li ne li se li fetohile, e le banna ba ka bang 100 ha ho bapisoa le mosali a le 1. Feela joaloka banna, hona joale ho bonahala basali ba rohakana, ba noa, ba tsuba ba bile ba itšoara hampe. Na joale basali ba thabile haholoanyane? Che. Linaheng tse ling, hoo e batlang e le halofo ea batho ba kenang lenyalong ba qetella ba hlalane. Na boiteko boo basali ba bang ba bo entseng ba ho ntlafatsa boemo ba bona lenyalong bo ntlafalitse litaba kapa bo li mpefalitse?—2 Timothea 3:1-5.
3. Hantle-ntle bothata bo teng lenyalong ke bofe?
3 Hantle-ntle bothata ke bofe? Ka tsela e itseng, ke bothata bo ’nileng ba e-ba teng ho tloha ha Eva a ne a thetsoa ke lengeloi la lerabele, e leng “noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane.” (Tšenolo 12:9; 1 Timothea 2:13, 14) Satane o ’nile a nyelisa seo Molimo a se rutang. Ka mohlala, Diabolose o entse hore lenyalo le bonahale e le ntho e khinang batho le e ba tšoarang ka thata. Leshano leo a le hasang ka mecha ea phatlalatso ea lefatše lena—leo e leng ’musi oa lona—le reretsoe ho etsa hore litaelo tsa Molimo li bonahale li se na toka li bile li siiloe ke nako. (2 Bakorinthe 4:3, 4) Leha ho le joalo, ha re hlahloba ntle ho leeme seo Molimo a se bolelang mabapi le karolo ea mosali lenyalong, re tla bona hore na Lentsoe la Molimo le bohlale le bile le molemo hakaakang.
Temoso ho ba Kenang Lenyalong
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha mosali a lokela ho ba hlokolosi ha a nahana ka ho nyaloa? (b) Mosali o lokela ho etsa’ng pele a lumela ho nyaloa?
4 Bibele e fana ka temoso. E bolela hore lefatšeng lena le laoloang ke Diabolose, esita le ba leng manyalong a atlehileng ba tla ba le “matšoenyeho.” Kahoo le hoja lenyalo e le tokisetso ea Molimo, Bibele e fana ka temoso ho ba kenang lenyalong. Ha mongoli ea bululetsoeng oa Bibele a bua ka mosali ea shoeletsoeng ke monna ’me ka lebaka leo a lokolohile hore a ka nyaloa hape, o ile a re: “O thaba haholo haeba a lula kamoo a leng kateng.” Jesu le eena o ile a khothalletsa bosoha ho batho ba ka bo “etsetsang sebaka.” Leha ho le joalo, haeba motho a khetha ho kena lenyalong, o lokela ho nyalana le ea “Moreneng,” ke hore, morapeli oa Molimo ea inehetseng a ba a kolobetsoa.—1 Bakorinthe 7:28, 36-40; Matheu 19:10-12.
5 Mosali o lokela ho ela hloko hore na o nyaloa ke mang, haholo-holo ka lebaka la temoso ena ea Bibele: “Mosali ea nyetsoeng o tlameletsoe ke molao ho monna oa hae.” Mosali o ‘lokolotsoe molaong oa hae’ hafeela monna a hlokahala kapa a etsa boitšoaro bo bobe ’me banyalani bao ba hlalane. (Baroma 7:2, 3) Ho khahloa ke motho eo u qalang ho mo bona ho ka ’na ha khotsofatsa monate oa ho ratana feela, empa hase motheo o lekaneng oa hore lenyalo e be le thabisang. Kahoo, mosali oa lesoha o lokela ho ipotsa, ‘Na ke ikemiselitse ho kena tokisetsong eo ho eona ke tla ba molaong oa monna eo?’ Motho o lokela ho nahana ka potso ena pele a nyaloa, eseng ha a se a nyetsoe.
6. Ke qeto efe eo basali ba bangata ba ka e etsang kajeno, hona ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa hakaale?
6 Kajeno, libakeng tse ngata mosali a ka ikhethela hore na a nyaloe ke motho ea itseng kapa che. Leha ho le joalo, ho ka ba thata ka ho fetisisa hore mosali a khethe ka bohlale kaha a ka ’na a ba le takatso e matla haholo ea hore a be le setsoalle se haufi le lerato tse fumanehang lenyalong. Mongoli e mong o ile a re: “Ha re batla ka matla ho etsa ntho e itseng—ebang ke ho kena lenyalong kapa ho hloa thaba e itseng—ho na le monyetla o moholo oa ho nahana hore lintho li tsamaea hantle ebe re ela hloko feela seo re batlang ho se utloa.” Haeba motho ea hloang thaba a etsa qeto a sa nahana hantle a ka ’na a lahleheloa ke bophelo ba hae; ka ho tšoanang, ho etsa qeto e booatla tabeng ea ho khetha molekane ho ka fella ka tlokotsi.
7. Ho fanoe ka keletso efe e bohlale tabeng ea ho batla molekane?
7 Mosali o lokela ho nahana ka ho teba hore na ho ameha eng ho ba molaong oa monna ea batlang ho mo nyala. Khale koana, ngoananyana e mong oa Moindia o ile a lumela sena ka boikokobetso: “Batsoali ba rōna ba baholo ho rōna ebile ba bohlale ho re feta, ’me ba ke ke ba thetseha habonolo joaloka rōna. . . . Ke ne nka etsa phoso habonolo feela.” Thuso eo batsoali le batho ba bang ba ka fanang ka eona ke ea bohlokoa. Ka lilemo-lemo moeletsi e mong ea bohlale, o ’nile a eletsa bacha hore ba tsebe batsoali ba balekane ba bona ba ka moso ba be ba hlokomele hore na ba sebelisana joang le batsoali ba bona le litho tse ling tsa lelapa.
Kamoo Jesu a Ileng a Bontša Boikokobetso
8, 9. (a) Jesu o ne a nka ho ikokobeletsa ha hae Molimo joang? (b) Ho ikokobetsa ho ka hlahisa molemo ofe?
8 Le hoja ho ikokobetsa ho ka hlahisa phephetso e itseng, basali ba ka ho nka e le karolo e hlomphehang, feela joaloka Jesu. Le hoja ho ikokobeletsa Molimo ho ne ho kopanyelletsa hore a utloe bohloko, esita le ho shoela thupeng ea tlhokofatso, o ile a thabisoa ke ho ikokobeletsa Molimo. (Luka 22:41-44; Baheberu 5:7, 8; 12:3) Basali ba ka talima Jesu e le mohlala oa bona, etsoe Bibele e re: “Hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.” (1 Bakorinthe 11:3) Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore basali ha ba be tlas’a bohlooho ba banna feela ha ba nyaloa.
9 Bibele e hlalosa hore basali, ebang ba nyetsoe kapa ke masoha, ba lokela ho ikokobeletsa bohlooho ba banna ba tšoanelehang moeeng bao e leng balebeli ka phuthehong ea Bokreste. (1 Timothea 2:12, 13; Baheberu 13:17) Ha basali ba latela taelo eo ea Molimo, ba beha mohlala bakeng sa mangeloi a ka har’a tokisetso ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. (1 Bakorinthe 11:8-10) Ho phaella moo, basali ba nyetsoeng ba hōlileng ba ruta basali ba bacha ka ho ba behela mohlala o motle le ka ho ba fa litlhahiso tse molemo tsa hore ‘ba ipehe tlas’a banna ba bona.’—Tite 2:3-5.
10. Jesu o ile a beha mohlala oa ho bontša boikokobetso joang?
10 Jesu o ile a lemoha kamoo ho ikokobetsa ka tšoanelo ho leng molemo kateng. Ketsahalong e ’ngoe, o ile a laela moapostola Petrose hore a lefe balaoli ba batho lekhetho bakeng sa bona ka bobeli, a ba a lokisetsa hore Petrose a fumane chelete eo ea lekhetho. Hamorao Petrose o ile a ngola a re: “Ka lebaka la Khosi ipeheng tlas’a pōpo e ’ngoe le e ’ngoe e motho.” (1 Petrose 2:13; Matheu 17:24-27) Mabapi le mohlala o ikhethang ka ho fetisisa oa boikokobetso ba Jesu, rea bala: “O ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba ’me a tšoana le batho. Ho feta moo, ha a iphumana ka sebōpeho e le motho, o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung.”—Bafilipi 2:5-8.
11. Ke hobane’ng ha Petrose a ile a khothalletsa basali hore ba ikokobeletse esita le banna ba sa lumelang?
11 Ha Petrose a khothalletsa Bakreste hore ba ikokobeletse esita le balaoli ba lefatše lena ba khopo le ba se nang toka, o ile a hlalosa: “Ha e le hantle, le bitselitsoe tsela ena, hobane esita le Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” (1 Petrose 2:21) Ka mor’a hore a hlalose kamoo Jesu a ileng a utloisoa bohloko kateng le kamoo a ileng a mamella ka boikokobetso, Petrose o ile a khothatsa basali bao banna ba bona ba sa lumelang a re: “Ka mokhoa o tšoanang, lōna basali, le ipehe tlas’a banna ba lōna, e le hore, haeba leha e le bafe ba sa mamele lentsoe, ba ka hapuoa ka ntle ho lentsoe ka boitšoaro ba basali ba bona, kahobane e bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa boitšoaro ba lōna bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng.”—1 Petrose 3:1, 2.
12. Mokhoa oa Jesu oa ho ikokobetsa o ile oa hlahisa melemo efe?
12 Ba bang ba ka ’na ba nka hore motho oa fokola haeba a ikokobetsa, ha ba bang ba mo soma ba bile ba mo hlekefetsa. Empa Jesu o ne a sa shebe litaba joalo. Petrose o ile a ngola tjena: “Ha a ne a ntse a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola. Ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka.” (1 Petrose 2:23) Ba bang ba ileng ba bona ha Jesu a utloa bohloko ba ile ba fetoha balumeli ka tsela e itseng, bana ba kopanyelletsa lesholu le neng le le thupeng haufi le eena le lesole le neng le shebeletse ha a bolaoa. (Matheu 27:38-44, 54; Mareka 15:39; Luka 23:39-43) Ka tsela e tšoanang, Petrose o ile a bolela hore banna ba bang ba sa lumelang—esita le haeba ba hlekefetsa basali—e tla ba Bakreste ka mor’a hore ba hlokomele boitšoaro ba basali ba bona ba ho ikokobetsa. Kajeno re bone ha sena se etsahala.
Kamoo Basali ba ka Hapang Banna ba Bona
13, 14. Ho ikokobeletsa banna ba sa lumelang ho tlisitse molemo joang?
13 Basali bao e seng e le balumeli ba hapile banna ba bona ka boitšoaro ba bona bo kang ba Kreste. Haufinyane tjena, kopanong ea setereke ea Lipaki Tsa Jehova, monna e mong o ile a bua tjena ka mosali oa hae oa Mokreste: “Ke lumela hore ke ne ke tšoere mosali oa ka hampe. Empa o ne a ntlhompha haholo. Ha ho mohla a kileng a ntlhompholla. O ne a sa leke ho nqobella hore ke lumele seo a se lumelang. O ne a ntlhokomela ka lerato. Ha a ne a e-ea kopanong, o ne a sebetsa ka thata hore a ntokisetse lijo esale ka nako a bile a tsamaea a entse mosebetsi oa lelapa. Boitšoaro ba hae bo ile ba etsa hore ke thahaselle Bibele. Phello ke hore hona joale ke se ke le Paki!” Ka sebele, o ne a hlile a ‘hapuoe ka ntle ho lentsoe’ ka boitšoaro ba mosali oa hae.
14 Joalokaha Petrose a bontšitse, ntho e hlahisang litholoana tse ntle, hase hakaalo hore na mosali o re’ng empa ke hore na o etsa’ng. Sena se ile sa bonahatsoa ke mosali e mong ea ileng a ithuta linnete tsa Bibele ’me a ikemiselitse ho ea libokeng tsa Bokreste. Monna oa hae o ile a mo kharumela a re: “Agnes, ha u ka ba ua tsoa ka monyako oo, u hle u ele ruri!” Ha aa ka a tsoa ka “monyako oo,” empa o ile a tsoa ka o mong. Bosiung bo latelang ba ho ea libokeng, monna o ile a re: “Ha u khutla, u tla fumana ke ile.” Bonneteng, o ile a fumana a le sieo—o ile a ba sieo ka matsatsi a mararo. Eitse ha a khutla, ka mosa, mosali o ile mo botsa: “Na nka u lokisetsa lijo?” Ha ho mohla Agnes a ileng a sisinyeha boinehelong ba hae ho Jehova. Qetellong, monna oa hae o ile a lumela hore a rutoe Bibele, a inehela ho Molimo ’me hamorao a sebeletsa e le molebeli ea nang le boikarabelo bo bongata.
15. Basali ba Bakreste ba eletsoa hore ba be le “mokhabo” ofe?
15 Moapostola Petrose o ile a buella se seng seo basali bana ba boletsoeng ka holimo ba ileng ba se bontša, e leng “mokhabo,” empa eseng ka ho ela hloko ka ho feteletseng “ho lohuoa ha moriri” kapa “ho apara liaparo tsa ka ntle.” Ho e-na le hoo, Petrose o ile a re: “[Mokhabo oa lōna] e ke e be motho ea ka sephiring oa pelo ka seaparo se ke keng sa bola sa moea o thōtseng le o bonolo, oo e leng oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo.” Moea ona o bonahatsoa ka molumo o loketseng oa lentsoe le ka mokhoa o loketseng, eseng ka ho phephetsa motho e mong kapa ho batla lintho ka khang. Ka tsela eo, mosali oa Mokreste o bontša tlhompho e tebileng ho monna oa hae.—1 Petrose 3:3, 4.
Mehlala eo ba ka Ithutang ho Eona
16. Sara o behela basali ba Bakreste mohlala o motle ka litsela life?
16 Petrose o ile a ngola: “Pele basali ba halalelang ba neng ba tšepile Molimo ba ne ba ikhabisa joalo, ba ipeha tlas’a banna ba bona.” (1 Petrose 3:5) Basali bao ba ne ba lemoha hore ho khahlisa Jehova ka ho mamela keletso ea hae, qetellong ho ne ho tla fella ka hore lelapa le thabe le be le fumane moputso oa bophelo bo sa feleng. Petrose o bua ka Sara, mosali e motle oa Abrahama, o bolela hore o “ne a mamela Abrahama, a mo bitsa ‘morena.’” Sara o ile a tšehetsa monna oa hae ea tšabang Molimo, eo Molimo a neng a mo abetse ho ea sebeletsa naheng e hōle. O ile a tela ho phela ka boiketlo a ba a beha le bophelo ba hae kotsing. (Genese 12:1, 10-13) Petrose o ile a babatsa Sara ka mohlala oa hae o bontšang sebete, a re: “Le fetohile bana ba hae, hafeela le ntse le etsa se molemo ’me le sa tšabe ntho leha e le efe e bakang tšabo.”—1 Petrose 3:6.
17. Ke hobane’ng ha ho ka etsahala hore ebe Petrose o ne a nahanne ka Abigaile e le mohlala ho basali ba Bakreste?
17 Abigaile ke mosali e mong ea neng a le sebete ea neng a tšepile Molimo, ’me ho ka etsahala hore ebe le eena Petrose o ne a mo nahanne. Mosali eo “o ne a le masene,” empa Nabale monna oa hae “o ne a le thata ebile a le liketso li mpe.” Ha Nabale a hana ho thusa Davida le banna ba hae, ba ile ba itokisetsa ho fiela Nabale le bohle ba lelapa la hae. Empa Abigaile o ile a nka khato ea hore a pholose ba lelapa la hae. O ile a belesa lijo lieseleng eaba o kopana le Davida tseleng a e-na le banna ba hae ba hlometseng. Ha a re heli! a bona Davida, o ile a theoha esele, a itihela maotong a Davida ’me a mo kōpa ka tieo hore a se ke a nka khato ka potlako. Davida o ile a hauha haholo, eaba o re: “Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele, ea u rometseng letsatsing lena ho tla kopana le ’na! Ho hlohonolofatsoe ho ba le kelello ha hao.”—1 Samuele 25:2-33.
18. Haeba basali ba ekoa ka litaba tsa lerato ke monna e mong, ba ka nahana ka mohlala ofe, hona hobane’ng?
18 Mohlala o mong o motle bakeng sa basali ke oa moroetsana oa Moshulame ea ileng a lula a tšepahalletse molisana oa boemo bo tlaase eo a neng a tšepisane lenyalo le eena. Lerato la hae ho molisana eo le ile la lula le le matla ho sa tsotellehe mekhoa ea ’musi ea hafang ka nkatana ea ho mo eka ka lerato. O ile a susumelletseha hore a bolele kamoo a ratang molisana eo, ’me a re: “Mpehe joaloka tiiso pelong ea hao, joaloka tiiso letsohong la hao; hobane lerato le matla joaloka lefu . . . Metsi a mangata ha a khone ho tima lerato, leha e le hore linōka li ka le hohola.” (Sefela sa Lifela 8:6, 7) E se eka basali bohle ba lumelang ho nyaloa ba ka lula ba tšepahalla banna ba bona ba bile ba ba hlompha ka ho tebileng.
Keletso e ’Ngoe Hape ea Molimo
19, 20. (a) Basali ba lokela ho ikokobeletsa banna ba bona ka lebaka lefe? (b) Basali ba filoe mohlala ofe o motle?
19 Qetellong, nahana ka taba e tšohloang temaneng ea rōna ea sehlooho e reng: ‘Basali le ke le ipehe tlas’a banna ba lōna.’ (Baefese 5:22) Ke hobane’ng ha boikokobetso bo joalo bo le bohlokoa? Ke hobane temana e latelang e tsoela pele ho re: “Monna ke hlooho ea mosali oa hae joalokaha Kreste le eena e le hlooho ea phutheho.” Ka lebaka leo, basali ba khothalletsoa sena: “Joalokaha phutheho e ipehile tlas’a Kreste, kahoo basali le bona ba ke ba ipehe tlas’a banna ba bona nthong e ’ngoe le e ’ngoe.”—Baefese 5:23, 24, 33.
20 E le hore basali ba mamele taelo ena, ba lokela ho ithuta ba be ba etsise mohlala oa phutheho ea Kreste ea balateli ba tlotsitsoeng. Re kōpa hore u bale 2 Bakorinthe 11:23-28 ’me ka tsela eo u ithute kamoo setho se seng sa phutheho ena, e leng moapostola Pauluse, se ileng sa lula se tšepahala ho Hlooho ea sona, Jesu Kreste. Joaloka Pauluse, basali hammoho le bohle ka phuthehong, ba lokela hore ka botšepehi ba ’ne ba ikokobeletse Jesu. Basali ba bontša sena ka hore ba ikokobeletse banna ba bona.
21. Ke lebaka lefe le ka susumetsang basali hore ba lule ba ikokobeletsa banna ba bona?
21 Le hoja basali ba bangata kajeno ba ka ’na ba khopisoa ke taba ea ho ikokobetsa, mosali ea bohlale o tla nahana ka melemo ea ho etsa joalo. Ka mohlala, haeba monna oa hae a sa lumela, ho ikokobeletsa bohlooho ba hae litabeng tsohle tse sa hohlaneng le melao ea Molimo le melao-motheo ea hae, ho ka ’na ha fella ka moputso o babatsehang oa hore a ‘pholose monna oa hae.’ (1 Bakorinthe 7:13, 16) Ho feta moo, mosali a ka khotsofatsoa ke ho tseba hore Jehova Molimo o amohela tsela ea hae ebile o tla mo putsa ka ho enneng ka hore ebe o etsisa mohlala oa Mor’a hae ea ratoang.
Na U sa Hopola?
• Ke hobane’ng ha e ka ba phephetso hore mosali a hlomphe monna oa hae?
• Ke hobane’ng ha ho lumela ho nyaloa e le taba e tebileng hakaale?
• Jesu o ile a behela basali mohlala ofe, hona ho ka hlaha melemo efe ha ba latela mohlala oa hae?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ke hobane’ng ha ho etsa qeto ea ho lumela ho nyaloa e le taba e tebileng hakaale?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Basali ba ka ithuta’ng mohlaleng oa batho ba ka Bibeleng ba kang Abigaile?