“Ho se ke ha E-ba le eo le Busetsang Bobe ka Bobe ho Eena”
“Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. Lokisetsang hore ho be le lintho tse ntle mahlong a batho bohle.”—BAROMA 12:17.
1. Ke boitšoaro ba mofuta ofe bo tloaelehileng?
HA NGOANA e mong a sututsoa ke ngoan’abo, hangata le eena o ee a iphetetse ka ho mo sututsa. Ka masoabi, hase bana feela ba iphetetsang. Batho ba bangata ba baholo le bona ba etsa joalo. Ha motho e mong a ba khopisitse, ba batla ho iphetetsa. Ke ’nete hore batho ba bangata ba baholo ba ke ke ba sututsana ka ho toba, empa ba bangata ba tla iphetetsa ka litsela tse poteletseng. Mohlomong ba jala litšebo tse kotsi ka motho ea ba khopisitseng kapa ba batla litsela tsa ho mo thibela ho atleha. Ho sa tsotellehe hore na ho sebelisoa mokhoa ofe, sepheo sona sea tšoana—ke ho iphetetsa.
2. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba lokela ho hanela tšusumetso ea ho batla ho iphetetsa? (b)Re tla tšohla lipotso life le khaolo efe ea Bibele?
2 Le hoja tšusumetso ea ho batla ho iphetetsa e ka ba matla, Bakreste ba ’nete baa e hanela. Ho e-na le ho iphetetsa, ba loanela ho latela keletso ea moapostola Pauluse e reng: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena.” (Baroma 12:17) Ke eng e tla re susumeletsa hore re phele ka litekanyetso tseo tse phahameng? Ke bo-mang bao ka ho khetheha re sa lokelang ho busetsa bobe ka bobe ho bona? Re tla rua melemo efe haeba re sa iphetetse? Ho araba lipotso tseo, a re hlahlobeng taba e potolohileng mantsoe a Pauluse ’me re bone kamoo Baroma khaolo ea 12 e bontšang kateng hore ho se iphetetse, ho lokile, ho bontša lerato ebile ho bontša boinyenyefatso. Re tla tšohla tšobotsi ka ’ngoe ho tsena tse tharo.
“Ka Lebaka Leo ke le Kōpa ka Tieo”
3, 4. (a) Ho qala ka Baroma khaolo ea 12, Pauluse o tšohla eng, hona poleloana eo a ileng a e sebelisa e reng “ka lebaka leo” e bolela’ng? (b) Qenehelo ea Molimo e ne e lokela ho ama Bakreste ba Roma joang?
3 Ho qala khaolong ea 12, Pauluse o tšohla lintlha tse ’nè tse lumellanang tse amang bophelo ba Mokreste. O hlalosa kamano ea rōna le Jehova, le balumeli-’moho le rōna, le bao e seng balumeli le babusi. Pauluse o bontša hore ho na le lebaka la bohlokoa le lokelang ho etsa hore re se ke ra rata ho etsa lintho tse sa lokang, tse akarelletsang ho batla ho iphetetsa, ha a re: “Ka lebaka leo ke le kōpa ka tieo ka qenehelo ea Molimo, barab’eso.” (Baroma 12:1) Hlokomela poleloana e reng “ka lebaka leo,” e bolelang “ho latela se boletsoeng pejana.” Ha e le hantle Pauluse o re, ‘Ho latela seo ke sa tsoa le hlalosetsa sona, ke le kōpa ka tieo hore joale le etse seo ke tla le bolella sona.’ Pauluse o ne a ile a hlalosetsa Bakreste ba Roma eng?
4 Likhaolong tsa pele tse 11 tsa lengolo la hae, Pauluse o ile a bua ka monyetla o babatsehang o neng o bulehetse Bajuda le Balichaba oa hore ba tla busa le Kreste ’Musong oa Molimo, e leng tšepo eo Baiseraele ba tlhaho ba ileng ba hana ho e amohela. (Baroma 11:13-36) Ba ile ba fuoa tokelo ena ea bohlokoa feela ka lebaka la “qenehelo ea Molimo.” Bakreste ba lokela ho ikutloa joang ka mosa ona o moholo o sa tšoanelang oo Molimo a ba bontšitseng oona? Lipelo tsa bona li lokela ho tlala kananelo e khōlō e tla ba susumelletsa hore joale ba etse seo Pauluse a se bolelang ha a re: “Le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana.” (Baroma 12:1) Ha e le hantle, Bakreste bao ba ne ba ka itlhahisa joang e le “sehlabelo” ho Molimo?
5. (a) Motho a ka itlhahisa joang e le “sehlabelo” ho Molimo? (b) Ke molao-motheo ofe o lokelang ho ama tsela eo Mokreste a itšoarang ka eona?
5 Pauluse o tsoela pele ho hlalosa: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:2) Ho e-na le ho lumella moea oa lefatše hore o fetole menahano ea bona, ba ne ba lokela ho fetola likelello tsa bona hore ba nahane joaloka Kreste. (1 Bakorinthe 2:16; Bafilipi 2:5) Molao-motheo ona o lokela ho ama tsela eo Bakreste bohle ba ’nete, ho akarelletsa le rōna kajeno, ba itšoarang ka eona letsatsi le leng le le leng.
6. Ho ea kamoo Pauluse a ileng a beha mabaka kateng ho Baroma 12:1, 2, ke eng e re susumeletsang hore re qobe ho iphetetsa?
6 Tsela eo Pauluse a behang mabaka ka eona ho Baroma 12:1, 2 e re thusa joang? Joaloka Bakreste bao ba tlotsitsoeng ka moea ba Roma, re ananela haholo lipontšo tse ngata tse tsoelang pele tsa qenehelo eo Molimo a re bontšitseng eona le eo a tsoelang pele ho re bontša eona letsatsi le leng le le leng bophelong ba rōna. Ka lebaka leo, haeba lipelo tsa rōna li tletse teboho li tla re susumeletsa ho sebeletsa Molimo ka matla ’ohle a rōna, ka sohle seo re nang le sona le ka bokhoni bohle ba rōna. Takatso eo e tlohang botebong ba pelo e boetse e re susumeletsa hore re ikitlaelletse ho nahana joaloka Kreste, eseng joaloka lefatše. Ho ba le monahano oa Kreste ho ama tsela eo re tšoarang ba bang ka eona—balumeli-’moho le rōna le bao eseng balumeli. (Bagalata 5:25) Ka mohlala: Haeba re nahana joaloka Kreste, re tlamehile ho hanela tšusumetso ea ho batla ho iphetetsa.—1 Petrose 2:21-23.
“Lerato la Lōna e ke e be le se Nang Boikaketsi”
7. Ke lerato la mofuta ofe le tšohloang ho Baroma khaolo ea 12?
7 Re qoba ho busetsa bobe ka bobe eseng feela hobane ho etsa joalo ho nepahetse empa hape hobane seo se bontša lerato. Joale hlokomela kamoo moapostola Pauluse a tšohlang se re susumeletsang ho bontša lerato. Bukeng ea Baroma, Pauluse o sebelisa lentsoe “lerato” (a·gaʹpe ka Segerike) ka makhetlo a ’maloa ha a bua ka lerato la Molimo le la Kreste. (Baroma 5:5, 8; 8:35, 39) Leha ho le joalo, khaolong ea 12, Pauluse o sebelisa a·gaʹpe ka tsela e fapaneng—ha a bua ka lerato le bontšoang batho ba bang. Ka mor’a ho bolela hore limpho tsa moea lia fapana le hore balumeli ba bang ba na le tsona, Pauluse o bolela tšobotsi e ’ngoe eo Bakreste bohle ba lokelang ho sebeletsa ho ba le eona. O re: “Lerato la lōna e ke e be le se nang boikaketsi.” (Baroma 12:4-9) Ho rata batho ba bang ke letšoao la bohlokoa la Bakreste ba ’nete. (Mareka 12:28-31) Pauluse o re khothalletsa hore re tiise hore lerato leo re le bontšang joaloka Bakreste ke la sebele.
8. Re ka bontša joang lerato le se nang boikaketsi?
8 Ho phaella moo, Pauluse o bontša kamoo lerato le se nang boikaketsi le bontšoang kateng, ha a re: “Nyonyang se khopo, le khomarele se molemo.” (Baroma 12:9) Lentsoe ‘nyonya’ le lentsoe ‘khomarela’ ke mantsoe a matla. Lentsoe ‘nyonya’ le ka fetoleloa e le “ho hloea ka mokhoa o fetisisang.” Ha rea lokela ho hloea feela liphello tsa bobe empa re lokela ho hloea le bobe ka bobona. (Pesaleme ea 97:10) Lentsoe ‘khomarela’ ke phetolelo ea leetsi la Segerike leo ka ho toba le bolelang “ho khomaretsa ntho ka glue.” Mokreste ea nang le lerato la sebele o khomarela tšobotsi ea molemo ka tieo hoo e ke keng ea aroloa bothong ba hae.
9. Ke keletso efe eo Pauluse a fanang ka eona khafetsa?
9 Ho na le pontšo e ’ngoe e khethehileng ea lerato eo Pauluse a buang ka eona khafetsa. O re: “Le ’ne le hlohonolofatse ba hlorisang; hlohonolofatsang ’me le se ke la rohaka.” “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena.” “Le se ke la iphetetsa, baratuoa.” “U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.” (Baroma 12:14, 17-19, 21) Mantsoe a Pauluse a bontša ka ho hlaka kamoo re lokelang ho tšoara batho bao eseng balumeli, esita le ba re hanyetsang.
“Le ’Ne le Hlohonolofatse ba Hlorisang”
10. Ke ka tsela efe re ka hlohonolofatsang ba re hlorisang?
10 Re ka sebelisa joang khothatso ea Pauluse e reng: “Le ’ne le hlohonolofatse ba hlorisang”? (Baroma 12:14) Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.” (Matheu 5:44; Luka 6:27, 28) Kahoo, tsela e ’ngoe eo re hlohonolofatsang ba re hlorisang ka eona ke ka ho ba rapella, re kōpe Molimo hore haeba leha e le bafe ba re hanyetsang ba etsa joalo ka lebaka la ho hloka tsebo, Jehova a mpe a ba bule mahlo hore ba bone ’nete. (2 Bakorinthe 4:4) Ke ’nete hore, ho ka ’na ha utloahala e le ntho e sa tloaelehang ho kōpa Molimo hore a hlohonolofatse motho ea hlorisang ba bang. Leha ho le joalo, haeba re etsisa tsela eo Kreste a nahanang ka eona, re tla nolofalloa ho rata lira tsa rōna. (Luka 23:34) Ho bontša lerato le joalo ho ka hlahisa liphello life?
11. (a) Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Setefane? (b) Joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea bophelo ba Pauluse, bahlorisi ba bang ba ka ’na ba etsa liphetoho life?
11 Setefane o ile a rapella ba mo hlorisang, ’me thapelo ea hae e ne e se ea lefeela. Nakoana ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., bahanyetsi ba phutheho ea Bokreste ba ile ba tšoara Setefane, ba mo hulanyetsa ka ntle ho Jerusalema eaba ba mo tlepetsa ka majoe. Pele a e-shoa, o ile a hoeletsa a re: “Jehova, u se ke ua ba balla sebe sena.” (Liketso 7:58–8:1) E mong oa banna bao Setefane a ileng a ba rapella letsatsing leo e ne e le Saule, ea ileng a bona ha Setefane a bolaoa a bile a lumellana le polao eo. Hamorao, Jesu ea tsositsoeng o ile a iponahatsa ho Saule. Monna enoa eo e neng e le mohlorisi e ile ea e-ba molateli oa Kreste ’me hamorao ea e-ba moapostola Pauluse, mongoli oa lengolo le eang ho Baroma. (Liketso 26:12-18) Tumellanong le thapelo ea Setefane, kamoo ho bonahalang kateng, Jehova o ile a tšoarela Pauluse sebe sa ho ba mohlorisi. (1 Timothea 1:12-16) Ha ho makatse ha Pauluse a ile a eletsa Bakreste a re: “Le ’ne le hlohonolofatse ba hlorisang”! O ne a tseba ka eena hore bahlorisi ba bang e ka ’na ea e-ba bahlanka ba Molimo. Mehleng ea rōna, bahlorisi ba bang le bona e ile ea e-ba balumeli ka lebaka la boitšoaro ba bahlanka ba Jehova ba ratang khotso.
“Le be le Khotso le Batho Bohle”
12. Keletso e ho Baroma 12:17 e amana joang le seo Pauluse a se boletseng temaneng ea 9?
12 Joale Pauluse o fana ka keletso mabapi le kamoo re lokelang ho tšoara balumeli hammoho le batho ba sa lumelang, o re: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena.” Ke ho utloahalang hore a bue mantsoe ana ho latela seo a se boletseng pejana, ha a ne a re: “Nyonyang se khopo.” Bonneteng, motho o ne a ka bolela joang hore o hlile o nyonya se khopo, kapa bobe, haeba a ne a ka iphetetsa ho ba bang ka bobe? Ho etsa joalo ho ne ho tla be ho fapane le ho ba le lerato “le se nang boikaketsi.” Joale Pauluse o re: “Lokisetsang hore ho be le lintho tse ntle mahlong a batho bohle.” (Baroma 12:9, 17) Re ka sebelisa mantsoe ao joang?
13. Re itšoara joang “mahlong a batho bohle”?
13 Pejana, lengolong leo a ileng a le ngolla Bakorinthe, Pauluse o ile a ngola ka mahloriso ao baapostola ba neng ba tobane le ’ona. O ile a re: “Re fetohile sebonoang ka lebaleng la liketsahalo ho lefatše, le ho mangeloi, le ho batho. . . . Ha re ntse re hlapaoloa, rea hlohonolofatsa; ha re ntse re hlorisoa, rea mamella; ha re ntse re nyelisoa, re kōpa ka tieo.” (1 Bakorinthe 4:9-13) Ka ho tšoanang, Bakreste ba ’nete kajeno ba shebelletsoe ke batho ba lefatše lena. Ha batho ba re pota-potileng ba bona lintho tse molemo tseo re li etsang esita leha re ntse re tšoeroe ka leeme, ba ka ’na ba thahasella molaetsa oa rōna oa Bokreste.—1 Petrose 2:12.
14. Re lokela ho etsa boiteko bo bokae hore re be khotsong?
14 Leha ho le joalo, re lokela ho khothalletsa khotso ho fihlela kae? Re lokela etsa sena ho fihlela moo ho ka khonehang. Pauluse o re ho barab’abo ba Bakreste: “Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.” (Baroma 12:18) Poleloana e reng “haeba ho khoneha” le e reng “ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna” ke lipolelo tse hlakisang hore ho ke ke ha e-ba bonolo kamehla ho etsa sena. Ka mohlala, re ke ke ra hlompholla taelo ea Molimo e le hore feela re be khotsong le batho. (Matheu 10:34-36; Baheberu 12:14) Leha ho le joalo, re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang—empa re sa sekisetse melao-motheo e lokileng—hore re be khotsong “le batho bohle.”
“Le se ke la Iphetetsa”
15. Ho Baroma 12:19 ho fanoa ka lebaka lefe la hore re tlohele ho iphetetsa?
15 Pauluse o fana ka lebaka le leng le matla leo ka lona re sa lokelang ho iphetetsa; ke boinyenyefatso. O re: “Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka; kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’” (Baroma 12:19) Mokreste ea lekang ho iphetetsa o iketelletsa pele. O ipha mosebetsi oa Molimo. (Matheu 7:1) Ho phaella moo, ha a iphetetsa, o bontša hore ha a lumele tšepiso ea Jehova e reng: “Ke tla buseletsa.” Ho fapana le moo, Bakreste ba ’nete ba tšepa hore Jehova o tla “etsa hore toka e etsetsoe bakhethoa ba hae.” (Luka 18:7, 8; 2 Bathesalonika 1:6-8) Ka boinyenyefatso ba tlohella taba ea ho iphetetsa matsohong a Molimo.—Jeremia 30:23, 24; Baroma 1:18.
16, 17. (a) Ho “bokella mashala a mollo hloohong” ea motho ho bolela’ng? (b)Na uena ka bouena u bone kamoo mosa o ileng oa nolofatsa pelo ea motho ea sa lumelang? Haeba ho le joalo, fana ka mohlala.
16 Ho iphetetsa ho sera ho ka ’na ha se thatafatsa, empa ho se tšoara ka mosa ho ka ’na ha se nolofatsa pelo. Hobane’ng? Hlokomela mantsoe ao Pauluse a ileng a a ngolla Bakreste ba Roma. O re: “Haeba sera sa hao se lapile, u se fepe; haeba se nyoriloe, u se fe se nooang; etsoe ka ho etsa sena u tla bokella mashala a mollo hloohong ea sona.” (Baroma 12:20; Liproverbia 25:21, 22) See se bolela’ng?
17 Ho “bokella mashala a mollo hloohong ea sona” ke mokhabo-puo o nkiloeng mokhoeng oa ho qhibilihisa tšepe o neng o sebelisoa mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele. Tšepe e ne e kenngoa ka har’a sebōpi, ’me mashala a ne a sa behoe feela ka tlas’a eona empa a ne a boetse a behoa le ka holim’a eona. Mashala a tukang a neng a behoa ka holimo a ne a eketsa mocheso ho etsa hore tšepe e thata e qhibilihe ebe e tlosoa litšila. Ka ho tšoanang, haeba re bontša mohanyetsi mosa, ho ka ’na ha ba joalokaha eka re etsa hore botho ba hae bo thata bo ‘qhibilihile’ ebe re hlahisa litšobotsi tsa hae tse ntle. (2 Marena 6:14-23) Ha e le hantle, ntho ea pele e ileng ea etsa hore batho ba bangata ka phuthehong ea Bokreste ba rate borapeli ba ’nete ebile liketso tse mosa tseo bahlanka ba Jehova ba ileng ba ba etsetsa tsona.
Lebaka Leo ka Lona re sa Lokelang ho Iphetetsa
18. Ke hobane’ng ha ho loketse, ebile e le ho bontša lerato le boinyenyefatso haeba re sa iphetetse?
18 Tlhahlobong ena e khutšoanyane ea Baroma khaolo ea 12, re bone mabaka a seng makae a bohlokoa ao ka ’ona ‘ho seng eo re lokelang ho busetsa bobe ka bobe ho eena.’ Lebaka la pele, ho se iphetetse ke ntho e loketseng. Ka lebaka la qenehelo eo Molimo a re bontšitseng eona, ho loketse ebile hoa utloahala hore re inehele ho Jehova re be re ithaopele ho mamela litaelo tsa hae—tse akarelletsang ho rata lira tsa rōna. Lebaka la bobeli, ho qoba ho busetsa bobe ka bobe ho bontša lerato. Haeba re sa iphetetse empa re khothalletsa khotso, re thabela ho ba le tšepo ea ho thusa esita le bahanyetsi ba mabifi haholo hore e be barapeli ba Jehova. Lebaka la boraro, ho se busetse bobe ka bobe ho bontša boinyenyefatso. Ho iphetetsa ho ne ho tla bontša ho iketelletsa pele, hobane Jehova o re: “Phetetso ke ea ka.” Lentsoe la Molimo le boetse lea lemosa: “Na ho iketelletsa pele ho tlile? Joale ho se hlomphehe ho tla tla; empa bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” (Liproverbia 11:2) Ho tlohella taba ea ho phetetsa phoso matsohong a Molimo ka bohlale ho bontša hore re inyenyefalitse.
19. Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?
19 Pauluse o akaretsa puisano ea hae ka ho bontša kamoo re lokelang ho tšoara ba bang kateng. O eletsa Bakreste o re: “U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.” (Baroma 12:21) Ke lintho life tse khopo tse re susumetsang tseo re tobanang le tsona kajeno? Re ka li hlōla joang? Likarabo tsa lipotso tsena le tse ling li tla tšohloa sehloohong se latelang.
Na U ka Hlalosa?
• Ke keletso efe e hlahang khafetsa ho Baroma khaolo ea 12?
• Ke eng e tla re susumeletsa hore re se ke ra iphetetsa?
• Ke melemo efe eo rōna le ba bang re tla e fumana haeba re sa ‘busetse bobe ka bobe’?
[Lebokose le leqepheng la 22]
Baroma khaolo ea 12 e hlalosa kamano ea Mokreste le:
• Jehova
• Balumeli-’moho
• Ba sa lumelang
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Lengolo leo Pauluse a neng a le ngoletse Baroma le tšoaretse Bakreste keletso e sebetsang
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Re ka ithuta eng mohlaleng oa morutuoa Setefane?