Ho ba Basebeletsi ba Molimo ba Bontšang Mekhoa e Metle
“Le be baetsisi ba Molimo.”—BAEF. 5:1.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha mekhoa e metle e le ea bohlokoa? (b) Ho tla tšohloa’ng sehloohong see?
MABAPI le boitšoaro bo bontšang tlhompho, mongoli Sue Fox, oa ngola o re: “Mekhoa e metle ha e phomoleloe. Re lokela ho bontša mekhoa e metle ka linako tsohle le libakeng tsohle.” Ha batho ba itloaetsa ho bontša mekhoa e metle, mathata ao ba bang le ’ona le batho ba bang aa fokotseha ’me hangata aa fela. Empa ho ka boela ha etsahala ho fapaneng le hoo. Ho se be le mekhoa e metle ha re sebelisana le batho ba bang ho baka liqabang, lehloeo le masoabi.
2 Hangata ka phuthehong ea Bokreste ho rena mekhoa e metle. Leha ho le joalo, re tlameha ho itebela hore re se ke ra etsisa mekhoa e mebe e tloaelehileng lefatšeng kajeno. A re boneng hore na ho sebelisa melao-motheo ea Bibele mabapi le ho bontša mekhoa e metle ho ka re sireletsa joang tabeng ena, ha ba ha hulela batho borapeling ba ’nete. E le hore u utloisise hore na ho bontša mekhoa e metle ho akarelletsa’ng, nahana ka mohlala oa Jehova Molimo le oa Mora oa hae.
Jehova le Mora oa Hae ba Beha Mohlala Tabeng ea ho Bontša Mekhoa e Metle
3. Jehova Molimo o behile mohlala ofe tabeng ea ho bontša mekhoa e metle?
3 Jehova Molimo o beha mohlala o tsoileng matsoho tabeng ea ho bontša mekhoa e metle. Le hoja e le ’Musi ea phahameng oa bokahohle, o tšoara batho ka mosa le ka tlhompho. Ha Jehova a ne a bua le Abrahama le Moshe, o ile a sebelisa lentsoe la Seheberu leo hangata le fetoleloang e le “ka kōpo.” (Gen. 13:14; Ex. 4:6) Ha bahlanka ba hae ba etsa liphoso, Jehova o ‘mohau ebile o mosa, o lieha ho halefa ’me o tletse mosa o lerato le ’nete.’ (Pes. 86:15) O fapane haholo le batho ba tlakolohang ka bohale ha ba bang ba sa etse seo ba se lebeletseng.
4. Re ka etsisa Jehova joang ha batho ba bang ba bua le rōna?
4 Mekhoa e metle ea Molimo e boetse e bonahala ka tsela eo a mamelang batho ka eona. Ha Abrahama a ne a botsa lipotso mabapi le batho ba Sodoma, Jehova o ile a mo araba potso ka ’ngoe a sa fele pelo. (Gen. 18:23-32) Ha aa ka a nka hore Abrahama o ne a mo senyetsa nako. Jehova o mamela lithapelo tsa bahlanka ba hae le mehoo ea baetsalibe ba bakileng. (Bala Pesaleme ea 51:11, 17.) Na le rōna ha rea lokela ho etsisa Jehova ka hore re mamele ha batho ba bang ba bua?
5. Ho etsisa mekhoa e metle ea Jesu ho ka ntlafatsa litšebelisano tsa rōna le batho ba bang joang?
5 E ’ngoe ea lintho tseo Jesu Kreste a ileng a ithuta tsona ho Ntate oa hae ke mekhoa e metle. Le hoja ka linako tse ling tšebeletso ea hae e ne e hloka nako ea hae e ngata le matla, Jesu o ne a e-na le mamello a bile a le mosa ka linako tsohle. Balepera, batho ba foufetseng ba neng ba iphelisa ka ho kōpa, le bahloki ba bang ba ne ba fumana hore Jesu o malala-a-laotsoe ho ba thusa. O ne a sa iphapanyetse bona le hoja ba ne ba fihla thoso feela ho eena. Hangata o ne a tlohela seo a neng a se etsa e le hore a thuse batho ba tsielehileng. Jesu o ne a le mosa ka tsela e sa tloaelehang ho batho ba neng ba lumela ho eena. (Mar. 5:30-34; Luka 18:35-41) Le rōna joaloka Bakreste, re latela mohlala oa Jesu ka hore re be mosa ho batho ba bang re be re ba thuse. Beng ka rōna, baahelani ba rōna le batho ba bang ba hlokomela boitšoaro boo. Ho feta moo, boitšoaro boo bo tlotlisa Jehova ebile boa re thabisa.
6. Jesu o behile mohlala ofe mabapi le ho ba mosa?
6 Jesu o ne a boetse a hlompha batho ka ho ba bitsa ka mabitso. Na baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba hlompha batho ka tsela eo? Che. Ba ne ba nka hore batho ba neng ba sa tsebe molao e ne e le “batho ba rohakiloeng” ’me ba ne ba ba tšoara joalo. (Joh. 7:49) Mora oa Molimo o ne a se joalo. Maretha, Maria, Zakiase le batho ba bang ba bangata ba ne ba mo utloa a ba bitsa ka mabitso. (Luka 10:41, 42; 19:5) Le hoja kajeno re bua le batho ka tsela e itseng ka lebaka la meetlo le maemo, bahlanka ba Jehova ba etsa boiteko ba ho ba mosa ho batho ba bang.a Ha ba lumelle hore ho khetholla batho ka lihlopha ho fokotse tlhompho eo ba lokelang ho e fa balumeli-’moho le bona le batho ba bang.—Bala Jakobo 2:1-4.
7. Melao-motheo ea Bibele e re thusa joang hore re bontše mekhoa e metle ha re sebelisana le batho ba bang libakeng tsohle?
7 Tsela e mosa eo Molimo le Mora oa hae ba tšoarang batho ba lichaba tsohle le ba merabe eohle ka eona, e siela batho ba joalo seriti ’me e hulela ba nang le tšekamelo e nepahetseng ’neteng. Ke ’nete hore mekhoa e metle e fapana ho ea ka libaka. Ka lebaka leo, ha re latele melao e thata tabeng ea mekhoa e metle. Ho e-na le hoo, re lumella melao-motheo ea Bibele hore e re tataise ha re hlompha batho ba bang libakeng tsohle. A re hlahlobeng hore na ho bontša mekhoa e metle ha re sebelisana le ba bang ho ka re thusa joang hore re atlehe haholo tšebeletsong ea Bokreste.
Ho Lumelisa Batho le ho Bua le Bona
8, 9. (a) Ke tloaelo efe e ka ’nang ea nkoa e le mekhoa e mebe? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho lumella mantsoe a Jesu a ngotsoeng ho Matheu 5:47 hore a ame tsela eo re tšoarang batho ka eona?
8 Kaha libakeng tse ngata batho ba lula ba potlakile, hangata ba fetana mohoalotso feela ba sa lumelisane kapa ba sa botsane bophelo. Ho hlakile hore ha hoa lebelloa hore re bue le motho e mong le e mong ea fetang tseleng e sephethephethe. Leha ho le joalo, maemong a mang a mangata ho loketse ebile hoa hlokahala hore re lumelise batho ba bang. Na u tloaetse ho lumelisa batho? Kapa na u tloaetse ho iphetela mohoalotso feela u tiisitse sefahleho kapa u sa bue mantsoe a monate? Motho a ka ’na a ba le mokhoa o mobe a sa ikemisetsa.
9 Hopola seo Jesu a se buileng ha a ne a re: “Haeba le lumelisa barab’abo lōna feela, le etsa ntho efe e fetang e tloaelehileng? Na le batho ba lichaba ha ba etse ntho e tšoanang?” (Mat. 5:47) Mabapi le sena, setsebi se bitsoang Donald Weiss se ile sa ngola sa re: “Batho baa hlabeha ha ba bang ba iketsa eka ha ba ba bone kapa ba ba feta feela. Ka sebele ha ho lebaka le utloahalang la ho hlokomoloha motho e mong. Tharollo e ’ngoe feela: Lumelisa batho. Bua le bona.” Haeba re sa lumelle hore ho inkela holimo kapa ho hloka botsoalle ho re arohanye le batho ba bang, re tla kotula litholoana tse molemo.
10. Mekhoa e metle e ka re thusa joang hore re atlehe tšebeletsong? (Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng “Qala ka ho Bososela Hamonate.”)
10 Nahana ka banyalani ba Bakreste ba bitsoang Tom le Carol, ba lulang toropong e ’ngoe e khōlō ea Amerika Leboea. Ba iketselitse pakane ea hore ha ba le tšebeletsong ba buisane hamonate le baahelani ba bona. Ba etsa see joang? Ha Tom a bua ka Jakobo 3:18, o re: “Re leka ho ba botsoalle le ho ba mosa ho batho. Re ea ho batho bao re ba bonang ka ntle malapeng a bona le ba sebetsang sebakeng seo. Rea bososela ebe rea ba lumelisa. Re bua ka lintho tse ba khahlang—bana ba bona, lintja tsa bona, mahae a bona le mesebetsi ea bona. Ka mor’a nako, ba re nka re le metsoalle ea bona.” Carol o phaella ka ho re: “Ha re ba etela hamorao, re ba bolella mabitso a rōna ’me re ba botsa a bona. Re ba bolella seo re se etsang sebakeng seo empa ha re qoqe lolololo le bona. Qetellong, re khona ho ba pakela.” Baahelani ba bangata ba Tom le Carol ba se ba ba tšepa. Ba bangata ba amohetse lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, ’me ba seng bakae ba bontšitse hore ba thahasella ho ithuta ’nete.
Bontša Mekhoa e Metle Maemong a Thata
11, 12. Ke hobane’ng ha re ka lebella hore re tla tšoaroa hampe ha re ntse re bolela litaba tse molemo, hona re lokela ho etsa’ng?
11 Ka linako tse ling, re tšoaroa ka mabifi ha re ntse re bolela litaba tse molemo. Ha re makale, hobane Kreste Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae, a re: “Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa.” (Joh. 15:20) Empa haeba re iphetetsa ha motho a re nyelisa, seo hase hlahise litholoana tse molemo. Re lokela ho etsa’ng? Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Halaletsang Kreste e le Morena ka lipelong tsa lōna, kamehla le loketse ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna, empa le etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Pet. 3:15) Ha re bontša mekhoa e metle—re araba ka bonolo le ka tlhompho—ba re nyelisang ba ka ’na ba nolofala.—Tite 2:7, 8.
12 Na re ka itokisetsa hore re arabe ka tsela eo Molimo a e amohelang ha batho ba re buisa hampe? E. Pauluse o ile a khothatsa a re: “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.” (Bakol. 4:6) Haeba re itloaetsa hore re itšoare ka tsela e bontšang mekhoa e metle ha re sebelisana le litho tsa lelapa, liithuti-’moho, basebetsi-’moho, litho tsa phutheho le baahisani, re tla ba boemong bo molemo ba ho araba ka tsela e tšoanelang Bakreste, ha batho ba re soma ba bile ba re rohaka.—Bala Baroma 12:17-21.
13. Bolela mohlala o bontšang kamoo ho bontša mekhoa e metle ho ka nolofatsang bahanyetsi kateng.
13 Ho bontša mekhoa e metle maemong a thata ho hlahisa litholoana tse molemo. Ka mohlala, naheng ea Japane, Paki e ’ngoe e ile ea songoa ke mong’a ntlo le moeti oa hae. Mor’abo rōna o ile a bontša mekhoa e metle eaba oa itsamaela. Ha a ntse a paka tšimong eo, o ile a hlokomela hore moeti eo o ne a mo shebile a le hōjana. Ha mor’abo rōna a mo atamela, monna eo o ile a re: “Ke masoabi ka se etsahetseng. Le hoja re ile ra u hlaba ka mantsoe, ke ile ka hlokomela hore u ile ua ’na ua bososela. Ebe nka etsa’ng hore ke tšoane le uena?” Kaha monna eo o ne a senyehetsoe ke mosebetsi ebile ’mè oa hae a sa tsoa hlokahala, o ne a feletsoe ke tšepo ea hore a ka thaba. Paki eo e ile ea kōpa hore e mo khannele thuto ea Bibele, ’me monna eo o ile a lumela. Ka mor’a nako e seng kae o ne a se a ithuta habeli ka beke.
Tsela e Molemo ka ho Fetisisa ea ho Itšoara ka Tsela e Bontšang Tlhompho
14, 15. Bahlanka ba Jehova ba mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele ba ne ba koetlisa bana ba bona joang?
14 Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, batsoali ba tšabang Molimo ba ne ba etsa bonnete ba hore bana ba bona ba ithuta mekhoa e metle lapeng. Hlokomela kamoo Abrahama le mora oa hae Isaka ba ileng ba buisana ka tlhompho kateng ho Genese 22:7. Josefa le eena o ile a bontša hore batsoali ba hae ba ne ba mo koetlisitse hantle. Ha a ne a le teronkong, o ne a bontša mekhoa e metle le ho batšoaruoa-’moho le eena. (Gen. 40:8, 14) Tsela eo a ileng a bua le Faro ka eona e bontša hore o ne a ithutile tsela e nepahetseng ea ho bua le motho ea phahameng.—Gen. 41:16, 33, 34.
15 Melao e Leshome e neng e filoe bara ba Iseraele e ne e akarelletsa taelo e reng: “Hlompha ntat’ao le ’m’ao e le hore matsatsi a hao a ka ba malelele holim’a lefatše leo Jehova Molimo oa hao a u fang lona.” (Ex. 20:12) Tsela e ’ngoe eo bana ba neng ba hlompha batsoali ba bona ka eona, e ne e le ka hore ba be le mekhoa e metle lapeng. Morali oa Jafeta o ile a bontša ka tsela e ikhethang hore o ne a hlompha ntate oa hae ka hore a iphaphathe le kano ea ntate oa hae boemong bo boima haholo.—Baahl. 11:35-40.
16-18. (a) Bana ba ka rutoa mekhoa e metle joang? (b) Melemo e meng ea ho ruta bana mekhoa e metle ke efe?
16 Ho koetlisa bana ba rōna hore ba be le mekhoa e metle ke habohlokoa haholo. E le hore bana ba tle ba atlehe ha e se le batho ba baholo, ba lokela ho ithuta tsela e nepahetseng ea ho lumelisa baeti, ho araba thelefono le ho ja le batho ba bang. Ba lokela ho thusoa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba lokela ho bulela batho ba bang monyako, ba bontše batho ba baholo le ba kulang mosa le ho nkisa ba nkileng lintho tse boima. Ba lokela ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore ba re ho tsoa pelong, “kea kōpa,” “kea leboha,” “ke hantle,” “na nka u thusa?” le ho re “ke kōpa u ntšoarele.”
17 Ha ho hlokahale hore e be ntho e thata ho ruta bana hore ba bontše mekhoa e metle. Tsela e molemo ka ho fetisisa ke ea ho beha mohlala o motle. Kurt ea lilemo li mashome a mabeli a metso e mehlano o bolela se latelang mabapi le hore na eena le banab’abo ba ile ba ithuta mekhoa e metle joang: “Re ne re shebella re bile re mamela ha ’Mè le Ntate ba ne ba buisana ka mosa ’me ba tšoara batho ba bang ka mamello ba bile ba ba nahanela. Ha re ne re le Holong ea ’Muso, Ntate o ne a ee a tsamaee le ’na pele ho liboka le ka mor’a tsona ha a il’o bua le bara le barali babo rōna ba seng ba hōlile. Ke ne ke ee ke utloe ha a ba lumelisa ’me ke hlokomele kamoo a neng a ba hlompha kateng.” Kurt o phaella ka ho re: “Hamorao, ke ile ka futsa mekhoa ea hae. Ho tšoara batho ka tsela e bontšang mekhoa e metle, ho ba bonolo. Ha ho motho ea u qobellang hore u itšoare ka tsela eo, empa u itšoara joalo hobane u rata.”
18 Ho ka ’na ha etsahala’ng haeba batsoali ba ruta bana ba bona mekhoa e metle? Bana ba tla khona ho etsa metsoalle ’me ba tla phela ka khotso le batho ba bang. Ba tla hlomelloa hantle hore ba sebelisane le bahiri ba bona le basebetsi-’moho le bona. Ho feta moo, bana ba nang le mekhoa e metle le ba lokileng ba tla thabisa batsoali ba bona ba be ba ba khotsofatse.—Bala Liproverbia 23:24, 25.
Mekhoa e Metle ea re Khetholla
19, 20. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho etsisa Molimo oa rōna ea mosa hammoho le Mora oa hae?
19 Pauluse o ile a ngola a re: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” (Baef. 5:1) Ho etsisa Jehova Molimo le Mora oa hae ho akarelletsa ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, e kang eo re e tšohlileng sehloohong sena. Ha re etsa joalo, re tla qoba boikaketsi ba ho bontša mekhoa e metle ha re batla ho reka sefahleho sa motho ea phahameng kapa re batla ho fumana molemo o itseng.—Juda 16.
20 Matsatsing ana a ho qetela a puso ea hae e khopo, Satane o ikemiselitse ho felisa melao ea boitšoaro bo hlomphehang eo Jehova a e behileng. Empa Diabolose o tla hlōleha ho felisa mekhoa e metle ea Bakreste ba ’nete. E se eka e mong le e mong oa rōna a ka ikemisetsa ho latela mohlala oa Molimo oa rōna ea mosa le oa Mora oa hae. Ha re etsa joalo, ka linako tsohle boitšoaro ba rōna le lipuo tsa rōna li tla fapana le liketso tsa batho ba khethang ho se be le mekhoa e metle. Re tla tlotlisa lebitso la Molimo oa rōna, Jehova, ea nang le mekhoa e metle ’me re hulele batho ba lipelo li ntle borapeling ba hae ba ’nete.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Batho ba litso tse ling ba nka hore hase mekhoa e metle ho bitsa motho e moholo ka lebitso, ntle leha e le eena ea reng a bitsoe joalo. Bakreste ba lokela ho hlompha mekhoa e joalo.
Na U sa Hopola?
• Re ka ithuta eng ho Jehova le Mora oa hae mabapi le ho bontša mekhoa e metle?
• Ke hobane’ng ha ho lumelisa batho ka mosa ho re hlahisa hantle joaloka Bakreste?
• Ho bontša mekhoa e metle ho etsa hore re atlehe joang tšebeletsong?
• Batsoali ba phetha karolo efe tabeng ea ho ruta bana ba bona mekhoa e metle?
[Lebokose le leqepheng la 27]
Qala ka ho Bososela Hamonate
Batho ba bangata ba leqe ho qala moqoqo le motho eo ba sa mo tsebeng. Leha ho le joalo, kaha Lipaki Tsa Jehova li rata Molimo le baahelani ba tsona, li etsa boikitlaetso ba hore li ithute ho qoqa le batho e le hore li ka ba bolella linnete tsa Bibele. Ke eng e ka u thusang hore u ntlafatse tabeng ee?
Molao-motheo oa bohlokoa o boletsoe ho Bafilipi 2:4, e reng: ‘Le se ke la hlokomela lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomele lithahasello tsa ba bang.’ Nka mantsoe ana ka tsela ena: Haeba u e-s’o ka u kopana le motho ea itseng, o u nka u le motho eo a sa mo tsebeng. U ka etsa joang hore a phutholohe? U ka ’na ua mo thusa ka hore u bososele le ka ho mo lumelisa ka mosa. Empa ha ho felle moo.
Ha u leka ho qala moqoqo le motho e mong, ho ka etsahala hore ebe u mo hlahile lesumatha. Haeba u leka ho mo bolella seo u se nahanneng empa u se na taba le seo a se nahanneng, a ka ’na a se ke a u nkela hloohong. Ka hona, haeba ho ka etsahala hore u hlokomele hore na ebe motho eo o ne a ntse a nahana ka eng, e ka ba hantle hore u qale moqoqo le eena ka taba eo. Ke sona seo Jesu a ileng a se etsa ha a ne a kopana le mosali e mong selibeng sa Samaria. (Joh. 4:7-26) Mosali eo o ne a nahanne ka ho kha metsi. Jesu o ile a qala moqoqo le eena ka taba eo, ’me ho e-s’o ee kae a qetella a bua le eena hamonate ka lintho tsa moea.
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Ho ba mosa ho batho ho ka etsa hore re ba pakele ka mokhoa o hlakileng
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
Mekhoa e metle e loketse ka linako tsohle