Matha ka Mamello Peisong
“A re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna.”—BAHEB. 12:1.
1, 2. Moapostola Pauluse o ile a bapisa bophelo ba Bokreste le eng?
SELEMO le selemo ho ba le mabelo a marathone libakeng tse ngata. Batho ba nkoang e le limathi tse hlaheletseng ba kenela peiso ka morero oa ho hlōla. Batho ba bang ba bangata ba kenelang peiso eo ba ipehela pakane e tlaasenyana. Ho bona, ho qeta peiso feela ke ntho e khōlō eo ba ikotlang sefuba ka eona.
2 Ka Bibeleng, bophelo ba Bokreste bo bapisoa le peiso. Moapostola Pauluse o ile a hlokomelisa Bakreste-’moho le eena ba Korinthe ea boholo-holo taba ena lengolong la hae la pele leo a ileng a ba ngolla lona. O ile a ngola a re: “Na ha le tsebe hore limathi peisong li matha kaofela, empa ke se le seng feela se amohelang moputso? Mathang ka tsela eo le ka o fumanang.”—1 Bakor. 9:24.
3. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a bolela hore ke semathi se le seng feela se fumanang moputso?
3 Na Pauluse o ne a bolela hore ke Mokreste a le mong feela ea neng a tla fumana moputso oa bophelo ’me ba bang bohle ba ne ba tla mathela lelea? Che! Limathi tse mathang peisong li ne li ikoetlisa ka matla ’me li ikakhela ka setotsoana ka sepheo sa hore e be bahlōli. Pauluse o ne a batla hore Bakreste-’moho le eena ba ikitlaetse ka tsela eo e le hore ba tle ba fumane bophelo bo sa feleng. Ka ho etsa joalo ba ne ba ka ba le tšepo ea ho fumana moputso oa bophelo. Ka sebele, bohle ba qetang peiso ea Bokreste ba fumana moputso oo.
4. Ke eng eo re lokelang ho nahana ka eona mabapi le peiso eo re lokelang ho matha ho eona?
4 Mantsoe ao aa khothatsa leha ho le joalo a etsa hore motho e mong le e mong ea peisong ea bophelo kajeno a nahane ka botebo. Hobane’ng? Hobane haeba re phela ka tsela e khahlisang Jehova, re ka ba le tšepo e babatsehang ea ho phela ka ho sa feleng leholimong kapa lefatšeng la Paradeise. Ke ’nete hore lebelo le lelelele ’me le boima; ho na le litšitiso tse ngata le likotsi tseleng. (Mat. 7:13, 14) Ka masoabi, ba bang ba khoehlisitse, ba khathetse kapa ba khaolitse ho matha. Ho na le litšitiso le likotsi life peisong ea bophelo? U ka li qoba joang? U ka etsa’ng e le hore u qete peiso eo ’me u hlōle?
Ho Hlokahala Mamello e le Hore re Hlōle
5. Ho latela tlaleho e ho Baheberu 12:1, Pauluse o ile a re’ng ka peiso?
5 Lengolong la hae leo a ileng a le ngolla Bakreste ba Baheberu ba neng ba le Jerusalema le Judea, Pauluse o ile a boela a bua ka litšobotsi tse ling tsa lipapali tsa liatleletiki le litlholisano tsa mabelo. (Bala Baheberu 12:1.) Ha aa ka a bua feela ka lebaka la hore batho ba kenele peiso empa o ile a boela a bua le ka seo motho a lokelang ho se etsa e le hore a hlōle. Pele re hlahloba keletso ea Pauluse e bululetsoeng eo a neng a e ngoletse Bakreste ba Baheberu e le hore re bone hore na re ka ithuta’ng ho eona, a re ke re hlahlobeng hore na Pauluse o ne a susumelitsoe ke eng hore a ngole lengolo leo le hore na o ne a leka ho khothalletsa batho ba le balang hore ba etse’ng.
6. Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba hatella Bakreste joang?
6 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, haholo-holo ba neng ba le Jerusalema le Judea, ba ne ba tobane le liteko tse ngata le mathata a mangata. Ba ne ba hatelloa haholo ke baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba neng ba ntse ba susumetsa batho haholo. Pejana, baeta-pele bana ba ne ba ile ba atleha hore Jesu Kreste a ahloleloe ho tsohela ’muso matla le hore a bolaoe joaloka senokoane. Hape ba ne ba sa ikemisetsa ho khaotsa ho mo hanyetsa. Tlaleho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e balang bukeng ea Liketso, e bontša kamoo ba ileng ba tšosa Bakreste kateng ’me ba ba hlasela; ba ile ba qala sena hoo e ka bang hang ka mor’a mehlolo e ileng ea etsahala ka Pentekonta ea 33 C.E. Ka sebele sena se ile sa etsa hore bophelo ba batho ba tšepahalang bo be boima.—Lik. 4:1-3; 5:17, 18; 6:8-12; 7:59; 8:1, 3.
7. Bakreste bao Pauluse a ileng a ba ngolla ba ne phela linakong life tse thata?
7 Bakreste bao ba ne ba boetse ba phela nakong eo tsamaiso ea lintho ea Sejuda e neng e le haufi le ho felisoa. Jesu o ne a ba boleletse hore sechaba sa Bajuda se sa tšepahaleng se ne se tlil’o timetsoa. O ne a boetse a boleletse balateli ba hae ka lintho tse neng li tla etsahala pele ho bofelo, a bile a ba file litaelo tse tobileng tsa hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba tle ba pholohe. (Bala Luka 21:20-22.) Joale ba ne ba tla etsa’ng? Jesu o ile a lemosa: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang.”—Luka 21:34.
8. Ke eng eo e ka ’nang eaba e ile ea etsa hore Bakreste ba bang ba khoehlise kapa ba khathale?
8 Nakong eo Pauluse a neng a ngolla Baheberu, ho ne ho se ho fetile lilemo tse ka bang 30 Jesu a fane ka temoso eo. Ho feta ha nako ho ile ha ama Bakreste bao joang? Ba bang ba ile ba inehella khatello le litšitiso tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi ’me ba hlōleha ho tsoela pele moeeng e leng se neng se tla ba matlafatsa. (Baheb. 5:11-14) Mohlomong ba bang ba ile ba nahana hore bophelo bo ne bo tla ba bonolo haholo haeba ba ne ba ka ikela le bongata ba Bajuda ba neng ba phela har’a bona. Etsoe Bajuda bao ba ne ba sa lahla Molimo ka ho feletseng; ba ne ba ntse ba latela Molao oa hae ka tsela e itseng. Hape ho ne ho e-na le batho ba bang ka liphuthehong ba neng ba leka ho qobella ba bang hore ba latele Molao oa Moshe le litloaelo tsa Bajuda. Bakreste ba bang ba ile ba lumela seo ba se buang, athe ba bang ba ile ba ba mamela hobane ba ne ba ba tšaba. Ke sefe seo Pauluse a neng a tla se bua se neng se tla thusa barab’abo ba Bakreste hore ba lule ba falimehile moeeng le hore ba mamelle peisong?
9, 10. (a) Ke khothatso efe ea Pauluse e hlahang qetellong ea Baheberu khaolo ea 10? (b) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ngola ka liketso tsa tumelo tsa lipaki tsa boholo-holo?
9 Hoa thahasellisa ho bona hore na ha Pauluse a ne bululeloa ke Molimo, o ne a ikemiselitse hakae ho matlafatsa Bakreste ba Baheberu. Khaolong ea 10 ea lengolo la hae, Pauluse o ile a bontša hore Molao e ne e le feela “seriti sa lintho tse molemo tse tlang ho tla” ’me a bontša ka ho hlaka bohlokoa ba sehlabelo sa thekollo sa Kreste. Ho ea qetellong ea khaolo eo, Pauluse o ile a eletsa babali a re: “Ho hlokahala hore le be le mamello, e le hore, ka mor’a hore le etse thato ea Molimo, le ka amohela phethahatso ea tšepiso. Etsoe e tla ba ‘ka nakoana e seng kae,’ ’me ‘ea tlang o tla fihla ’me a ke ke a lieha.’”—Baheb. 10:1, 36, 37.
10 Ho Baheberu khaolo ea 11, ka bohlale Pauluse o hlalosa hore na tumelo ea ’nete ho Molimo ke eng. O bontša sena ka ho fana ka mehlala ea banna le basali ba tumelo ba mehleng ea pele. Na hoo e ne e le ho tsoa lekoteng ho sa hlokahaleng? Che. Moapostola Pauluse o ne a tseba hore ho ne ho hlokahala hore barapeli ’moho le eena ba hlokomele hore tumelo e hloka hore motho a be sebete ’me a be le mamello. Mohlala o babatsehang o behiloeng ke bahlanka bao ba Jehova ba mehleng ea boholo-holo ba tšepahalang o ne o tla matlafatsa Baheberu hore ba mamelle liteko le mathata ao ba neng ba tobane le ’ona. Kahoo, ka mor’a hore a thathamise liketso tse bontšang tumelo tsa batho bao ba tšepahalang ba nakong e fetileng, Pauluse o ne a ka re: “Kahobane re e-na le leru le leholo hakaalo la lipaki le re pota-potileng, le rōna a re hloboleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tšoasang habonolo, ’me a re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna.”—Baheb. 12:1.
‘Leru la Lipaki’
11. Ho nahana ka ‘leru le leholo la lipaki’ ho ka re ama joang?
11 ‘Leru le leholo la lipaki’ e ne e se bashebelli feela kapa batho bao ho ka boleloang hore ba eme ka thōko, ba tlile ho tla shebella peiso feela kapa ba tlil’o shebella ha semathi kapa sehlopha seo ba se ratang se hlōla. Ho e-na le hoo, ba ne ba e-na le seabo joaloka limathi peisong. Ba ile ba matha ’me ba atleha ho qeta peiso. Le hoja ba se ba shoele, re ka nahana ka bona e le limathi tse nang le boiphihlelo tse ka khothatsang limathi tse ncha peisong. Nahana hore na semathi se ne se tla ikutloa joang haeba se ne se tseba hore se shebelletsoe ke limathi tse hloahloa ka ho fetisisa. Na se ne se ke ke sa susumelletseha hore se etse sohle seo se ka se khonang kapa le ho feta? Lipaki tseo tsa mehleng ea khale li ne ka tiisa hore le hoja peisong eo ea tšoantšetso ho ne ho ka ba boima, motho o ne a ka hlōla. Kahoo, ka ho lula ba nahana ka mohlala oa ‘leru la lipaki,’ Bakreste ba Baheberu ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ka khothala ’me ba ‘matha ka mamello peisong’—joalokaha le rōna re ka etsa joalo kajeno.
12. Mehlala ea batho bao Pauluse a buileng ka bona e re ama joang?
12 Maemo a boholo ba batho bao ba tšepahalang bao Pauluse a buileng ka bona a ne a tšoana le a rōna. Ka mohlala, Noe o ne a phela ha lefatše la pele ho Moroallo le ne le le haufi le ho felisoa. Re phela nakong e haufi le bofelo ba tsamaiso ea hona joale ea lintho. Abrahama le Sara ba ile ba laeloa hore ba siee naha ea habo bona ba hahamalle borapeli ba ’nete ’me ba letele ho phethahala ha tšepiso ea Jehova. Re khothalletsoa hore re itatole e le hore re amoheloe ke Jehova re be re fumane litlhohonolofatso tseo a re tšepisang tsona. Moshe o ile a tsamaea lefeelleng le tšosang a ea Naheng e Tšepisitsoeng. Re tsamaea har’a tsamaiso ena ea lintho e haufi le ho fela re ea lefatšeng le lecha leo re le tšepisitsoeng. Ruri re lokela ho nahana ka maemo ao batho bana ba fetileng ho ’ona hammoho le lintho tseo ba ileng ba atleha ho li etsa le tseo ba ileng ba hlōleha ho li etsa, makhabane a bona hammoho le bofokoli ba bona.—Bar. 15:4; 1 Bakor. 10:11.
Ba Ile ba Atleha Joang?
13. Noe o ile a tobana le mathata afe, ’me ke eng e ileng ea mo thusa hore a a hlōle?
13 Ke’ng e ileng ea thusa bahlanka baa ba Jehova hore ba mamelle ’me ba atlehe peisong? Hlokomela seo Pauluse a ileng a se ngola ka Noe. (Bala Baheberu 11:7.) Noe o ne a ‘e-s’o ka a bona’ “moroallo oa metsi holim’a lefatše [o neng o tla] felisa nama eohle.” (Gen. 6:17) E ne e le ntho eo ho hang e e-s’o ka e etsahala, e neng e sa lebelloa. Ho ntse ho le joalo, Noe ha aa ka a nka hore ke ntho e neng e ke ke ea khoneha kapa ea etsahala. Hobane’ng? Hobane o ne a e-na le tumelo ea hore Jehova o tla etsa sohle seo a boletseng hore o tla se etsa. Noe ha aa ka a nka hore seo a neng a kōptjoa hore a se etse se ne se le boima. Ho e-na le hoo, o ile “a fela a etsa joalo.” (Gen. 6:22) Ha re nahana ka sohle seo Noe a neng a tlameha ho se etsa—e leng ho haha areka, ho bokella liphoofolo, ho bokella lijo ka arekeng bakeng sa batho le liphoofolo, ho bolela molaetsa o lemosang batho le ho thusa lelapa la hae hore le lule le le matla moeeng—ho “etsa joalo” e ne e se mosebetsi o bonolo. Leha ho le joalo, tumelo ea Noe le mamello ea hae li ile tsa etsa hore eena le ba lelapa la hae ba fumane bophelo ba be ba hlohonolofatsoe.
14. Abrahama le Sara ba ile ba mamella liteko life, hona seo se re ruta’ng?
14 Abrahama le Sara ke bona ba latelang lethathamong la Pauluse la ‘leru la lipaki le re pota-potileng.’ Ba ile ba tlosoa bophelong ba bona bo tloaelehileng naheng ea Ure, ’me bokamoso ba bona bo ne bo bonahala bo le lerootho. Ba ile ba bontša hore ba na le tumelo e sa thekeseleng le hore baa mamela linakong tse boima. Mabapi le boitelo bohle boo Abrahama a neng a ikemiselitse ho bo etsa bakeng sa borapeli ba ’nete, ho ne ho loketse hore a bitsoe “ntat’a bohle ba nang le tumelo.” (Bar. 4:11) Pauluse o ile a bua feela ka lintlha tse ka sehloohong, kaha babali ba lengolo la hae ba ne ba tseba hantle ka bophelo ba Abrahama. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a bolela sena ka bona: “Ka tumelo bana kaofela [ho akarelletsa Abrahama le ba lelapa la hae] ba ile ba shoa, le hoja ba sa ka ba fumana phethahatso ea litšepiso, empa ba ile ba li bonela hōle ’me ba li amohela ’me ba bolela phatlalatsa hore e ne e le basele le baahi ba nakoana naheng eo.” (Baheb. 11:13) Ho hlakile hore tumelo ea bona ho Molimo hammoho le kamano eo ba neng ba e-na le eona le eena e ile ea ba thusa hore ba mathe peisong ka mamello.
15. Ke eng e ileng ea susumelletsa Moshe hore a phele ka tsela eo a ileng a phela ka eona?
15 Moshe ke e mong oa bahlanka ba Jehova ba har’a ‘leru la lipaki’ ba re behelang mohlala. Moshe o ile a tlohela bophelo ba maemo le maruo a ntlong ea borena, “a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo.” Ke’ng e ileng ea mo susumelletsa ho etsa seo? Pauluse o re: “O ile a talima ka hloko tefong ea moputso. . . . O ile a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.” (Bala Baheberu 11:24-27.) Moshe ha aa ka a khelosoa ke hore “a thabele sebe ka nakoana.” Moshe o ne a nka Molimo e le oa sebele a bile a nka le litšepiso tsa Hae e le tsa sebele hoo a ileng a bontša sebete le mamello e ikhethang. O ile a ikakhela ka setotsoana ha a ne a etella Baiseraele pele ha ba ne ba e-tsoa Egepeta ba ea Naheng e Tšepisitsoeng.
16. Ke hobane’ng ha Moshe a sa ka a nyahama ha a ne a thibeloa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng?
16 Joaloka Abrahama, Moshe ha aa ka a bona ha tšepiso ea Molimo e phethahala bophelong ba hae. Ha Baiseraele ba le lekhatheng la ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a bolelloa sena: “U tla bona naha u le hōle, empa u ke ke ua kena naheng eo ke e fang bara ba Iseraele.” Sena se etsahetse hobane pejana, ha eena le Arone ba ne ba halefisitsoe ke borabele ba sechaba, ‘ha ba aa ka ba mamela Molimo har’a bara ba Iseraele metsing a Meriba.’ (Deut. 32:51, 52) Na Moshe o ile a nyahama kapa a hlonama? Che. O ile a hlohonolofatsa sechaba ’me a lihela likhala ka mantsoe ana: “Ho thaba uena, Iseraele! Ke mang ea kang uena, sechaba se thabelang poloko ea Jehova, thebe ea thuso ea hao, le Eo e leng sabole ea hao e phahameng?”—Deut. 33:29.
Seo re Ithutang Sona
17, 18. (a) Re ka ithuta’ng ‘lerung la lipaki’ mabapi le peiso ea rōna ea bophelo? (b) Re tla tšohla’ng sehloohong se latelang?
17 Ha re hlahloba bophelo ba batho ba bang ba etsang ‘leru la lipaki le re pota-potileng,’ ho hlakile hore e le hore le rōna re ka matha peisong ho fihlela qetellong, re lokela ho ba le tumelo e feletseng ho Molimo le litšepisong tsa hae. (Baheb. 11:6) Tumelo ena e lokela ho ama tsela eo re phelang ka eona hona joale. Ho fapana le batho ba se nang tumelo, bahlanka ba Jehova baa tseba hore Molimo o re tšepisitse bokamoso bo molemo. Re khona ho bona “Ea sa bonahaleng” ’me kahoo re matha peisong ka mamello.—2 Bakor. 5:7.
18 Peiso ea Bokreste ha e bonolo. Leha ho le joalo, re ka khona ho qeta peiso ka katleho. Sehloohong se latelang, re tla tšohla lintho tse ling tse tla re thusa hore re qete peiso.
Na U ka Hlalosa?
• Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ngola ka tsela e batsi ka lipaki tse tšepahalang tsa boholo-holo?
• Ho nahana ka ‘leru la lipaki le re pota-potileng’ ho ka re khothatsa joang hore re mamelle peisong?
• U ithutile’ng ka ho tšohla bophelo ba lipaki tse tšepahalang tse kang Noe, Abrahama, Sara le Moshe?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Abrahama le Sara ba ne ba ikemiselitse ho siea bophelo bo mabothobotho ba Ure