Ho Tataisoa ke Moea oa Molimo Lekholong la Pele la Lilemo le Kajeno
“Liketso tsena tsohle li etsoa ke moea o tšoanang.”—1 BAKOR. 12:11.
1. Sehloohong see re tla tšohla lintlha life?
PENTEKONTA. Ruri lentsoe leo le le leng le etsa hore re hopole liketsahalo tse thabisang haholo! (Lik. 2:1-4) Ka lebaka la ho tšolloa ha moea o halalelang ketsahalong eo e ileng ea etsahala lekholong la pele la lilemo, ho ile ha e-ba le phetoho ea bohlokoa tseleng eo Molimo a sebetsanang le bahlanka ba hae ka eona. Sehloohong se fetileng, re tšohlile tse ling tsa litsela tseo ka tsona moea oa Molimo o ileng oa thusa batho ba tšepahalang ba boholo-holo hore ba phethe likabelo tse boima tseo ba neng ba li filoe. Leha ho le joalo, phapang ke efe pakeng tsa tsela eo moea oa Molimo o neng o sebetsa ka eona mehleng ea pele ho Bokreste le tsela eo o neng o sebetsa ka eona lekholong la pele la lilemo? Hona Bakreste ba rua molemo joang ha ba tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo kajeno? A re ke re boneng.
“Bona! Lekhabunyane la Jehova!”
2. Maria o ne a bone tsela eo moea o halalelang o sebetsang ka eona joang?
2 Maria o ne a le teng ka kamoreng eo e ka holimo e khōlō Jerusalema, ha barutuoa ba ne ba tšolleloa moea o halalelang oo ba neng ba o tšepisitsoe. (Lik. 1:13, 14) Leha ho le joalo, lilemo tse fetang mashome a mararo pejana ho ketsahalo eo, o ne a bone ha moea oa Jehova o sebetsa ka tsela e tsotehang. Jehova o ne a ile a tlosa bophelo ba Mora oa hae leholimong a bo tlisa lefatšeng, ’me a etsa hore Maria eo e neng e ntse e le moroetsana a emole. Seo a se mo emotseng se ne se le teng “ka moea o halalelang.”—Mat. 1:20.
3, 4. Maria o ile a bonahatsa moea ofe, hona re ka mo etsisa joang?
3 Ke hobane’ng ha Maria a ile a fuoa tokelo eo e tsotehang? Ka mor’a hore lengeloi le bolelle Maria hore na thato ea Jehova e ne e le efe ka eena, o ile a re: “Bona! Lekhabunyane la Jehova! E se eka ho ka nketsahalla ho ea ka polelo ea hao.” (Luka 1:38) Ha Maria a bua mantsoe ao, o ile a bontša hore na e ne e le motho ea joang ’me Molimo o ne a se a ntse a hlokometse seo. Seo a ileng a se bua se ile sa bontša hore o ne a ikemiselitse ho etsa thato ea Molimo tabeng eo. Ha aa ka a botsa hore na batho ba ne ba tla nahana’ng ka boimana ba hae kapa hore na bo ne bo ka ’na ba ama kamano ea hae le motho ea neng a mo lebelelitse joang. Ka hore Maria a ipitse lekhabunyane, o ile a bontša hore o ne a tšepile Monghali oa hae Jehova ka botlalo.
4 Na ka linako tse ling u ee u utloe eka u imeloa ke mathata ao u thulanang le ’ona kapa ke boikarabelo boo u nang le bona tšebeletsong ea Molimo? E mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa: ‘Na ke tšepa Jehova ka ho feletseng hore o tla sebetsa lintho tumellanong le thato ea hae? Na ke bontša hore ka sebele ke ikemiselitse ho etsa mosebetsi oo Jehova a batlang hore ke o etse?’ Kholiseha hore haeba batho ba tšepile Molimo ka lipelo tsa bona tsohle ba bile ba mo mamela hobane e le ’Musi oa bona, o ba fa moea oa hae.—Lik. 5:32.
Petrose o Ile a Thusoa ke Moea o Halalelang
5. Petrose o ne a ile a bona ha moea o halalelang o sebetsa ka litsela life pele ho Pentekonta ea 33 C.E.?
5 Joaloka Maria, moapostola Petrose o ne a ile a bona kamoo moea oa Molimo o leng matla kateng pele ho Pentekonta ea 33 C.E. Jesu o ne a file eena le baapostola ba bang matla a ho leleka bademona. (Mar. 3:14-16) Le hoja Mangolo a sa fane ka lintlha tse ngata mabapi le taba eo, ho bonahala eka Petrose o ile a sebelisa matla ao. Matla a Molimo a ile a boela a bonahatsoa ha Jesu a ne a bitsa Petrose hore a tle ho eena a tsamaea holim’a metsi Leoatleng la Galilea, ’me Petrose o ile a etsa joalo. (Bala Matheu 14:25-29.) Ho hlakile hore Petrose o ne a tšepile moea o halalelang hore o mo thuse ho etsa liketso tse matla. Ho e-s’o ee kae, moea oo o ne o tla susumetsa Petrose le barutuoa ’moho le eena ka litsela tse ling.
6. Moea oa Molimoo ile oa thusa Petrose hore a etse’ng ka Pentekonta ea 33 C.E. le ka mor’a eona?
6 Nakong ea Mokete oa Pentekonta ka 33 C.E., ka mohlolo Petrose hammoho le ba bang ba ile ba fuoa matla a ho bua lipuo tsa batho ba neng ba tlile Jerusalema ka nakoana. Ka mor’a moo, Petrose o ile a ema eaba o bua le letšoele leo. (Lik. 2:14-36) Ka sebele, monna enoa eo ka linako tse ling a neng a betoa ke pelo kapa a e-ba boi, o ile a ba sebete eaba o fana ka bopaki bo matla ho sa tsotellehe litšoso le mahloriso. (Lik. 4:18-20, 31) Molimo o ile a mo fa tsebo. (Lik. 5:8, 9) O ile a ba a fuoa matla a ho tsosa motho ea neng a shoele.—Lik. 9:40.
7. Ke lithuto life tsa Jesu tseo Petrose a ileng a qala ho li utloisisa ka mor’a hore a tlotsoe?
7 Esita le pele ho Pentekonta, Petrose o ne a utloisisa linnete tse ngata tseo Jesu a neng a li ruta. (Mat. 16:16, 17; Joh. 6:68) Empa ho na le lithuto tse ling tsa Jesu tseo a neng a ntse a sa li utloisise pele ho Pentekonta. Ka mohlala, Petrose o ne a sa utloisise hore Kreste o ne a tla tsosoa e le motho oa moea ka letsatsi la boraro; ebile o ne a sa utloisise hore ’Muso o ne o tla ba leholimong. (Joh. 20:6-10; Lik. 1:6) Petrose o ne a boetse a sa utloisise hore batho e ne e tla ba libōpuoa tsa moea le hore ba ne ba tla busa ’Musong oa leholimo. Ka mor’a hore a kolobetsoe ka moea o halalelang ’me a fuoe tšepo ea ho ea phela leholimong, o ile a utloisisa seo Jesu a ileng a se ruta mabapi le lintlha tseo.
8. Batlotsuoa hammoho le ba “linku tse ling” ba na le tsebo efe?
8 Lintho tseo pele barutuoa ba Jesu ba neng ba sa li utloisise, ba ile ba li utloisisa ka mor’a hore ba tšolleloe moea o halalelang. Bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste, ba ile ba bululeloa hore ba hlalose linnete tse babatsehang ka morero oa Jehova molemong oa rōna. (Baef. 3:8-11, 18) Kajeno, ba tlotsitsoeng ka moea hammoho le ba “linku tse ling,” ba iphepa moeeng hammoho ’me ba ithuta linnete tse tšoanang. (Joh. 10:16) Na u ananela tsebo le kutloisiso ea Lentsoe la Molimo eo moea o halalelang o u fang eona?
Pauluse o Ile a “Tlala Moea o Halalelang”
9. Pauluse o ile a finyella eng ka thuso ea moea o halalelang?
9 Hoo e ka bang selemo ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., ho na le motho e mong ea ileng a fuoa mpho ea Molimo ea moea o halalelang. Motho eo ke Saule, ea ileng a tsebahala ka lebitso la Pauluse. Moea o ile oa sebetsa ho eena ka litsela tse re tsoelang molemo kajeno. Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole libuka tsa Bibele tse 14. Joalokaha ho ile ha etsahala ho Petrose, moea oa Molimo o ile oa thusa Pauluse hore a utloisise a be a ngole ka tsela e hlakileng ka tšepo eo ba eang leholimong ba nang le eona ea ho se shoe le ho se bole. Ka thuso ea moea o halalelang Pauluse o ile a folisa, a leleka bademona a ba a tsosa le bafu! Leha ho le joalo, moea o halalelang o ile oa fa Pauluse matla a ho etsa ntho ea bohlokoa le ho feta. Kajeno bahlanka ba Molimo le bona ba fumana matla a ho etsa se tšoanang, le hoja bona ba sa a fumane ka mohlolo.
10. Moea o halalelang o ile oa ama bokhoni ba Pauluse ba ho bua joang?
10 Pauluse ea neng a ‘tletse moea o halalelang,’ o ile a khalemela moloi e mong ka matla. Ruri seo se ile sa ba le tšusumetso e khōlō ho molaoli ea ka sehloohong oa Cyprase ea neng a mametse puisano eo kaofela! Motsamaisi eo oa profinse o ile a amohela ’nete “kaha o ne a hloletsoe ke thuto ea Jehova.” (Lik. 13:8-12) Ho hlakile hore Pauluse o ne a tseba bohlokoa ba moea o halalelang oa Molimo ha motho a bua ka ’nete. (Mat. 10:20) Hamorao o ile a kōpa phutheho ea Efese ka tieo hore e mo etsetse thapeli e le hore a ka fuoa “bokhoni ba ho bua.”—Baef. 6:18-20.
11. Pauluse o ile a tataisoa ke moea oa Molimo joang?
11 Moea o halalelang o ne o sa thuse Pauluse ho bua feela, empa ka linako tse ling o ne o mo thibela ho bua libakeng tse ling. Ha Pauluse a ne a le maetong a hae a boromuoa, o ne a tataisoa ke moea oa Molimo. (Lik. 13:2; bala Liketso 16:6-10.) Jehova o ntse a tataisa mosebetsi oa boboleli ka moea oa hae. Joaloka Pauluse, bahlanka bohle ba Jehova ba mo mamelang, ba ikitlaelletsa ho bolela ’nete ka sebete le ka cheseho. Le hoja kajeno tataiso ea Molimo e sa totobala joaloka mehleng ea Pauluse, re ka kholiseha hore Jehova o sebelisa moea oa hae o halalelang ho tiisa hore batho ba lipelo li ntle ba utloa ’nete.—Joh. 6:44.
“Liketso Tse sa Tšoaneng”
12-14. Na moea oa Molimo o sebetsa ka tsela e tšoanang ho bahlanka ba hae bohle? Hlalosa.
12 Na litlaleho tse buang ka tsela eo Jehova a ileng a hlohonolofatsa phutheho ea batlotsuoa ea lekholong la pele la lilemo ka eona li khothatsa bahlanka ba inehetseng ba Molimo kajeno? Ha ho pelaelo hore ho joalo! Hopola mantsoe ana a bululetsoeng ao Pauluse a ileng a a ngolla phutheho ea Korinthe mabapi le limpho tsa moea tsa mohlolo, mehleng ea hae: “Joale ho na le limpho tse sa tšoaneng, empa ho na le moea o tšoanang; ho na le bosebeletsi bo sa tšoaneng, leha ho le joalo ho na le Morena ea tšoanang; ho na le liketso tse sa tšoaneng, leha ho le joalo ke Molimo ea tšoanang ea etsang liketso tsohle ho batho bohle.” (1 Bakor. 12:4-6, 11) Ka sebele, moea o halalelang o ka sebetsa ka litsela tse sa tšoaneng ho bahlanka ba Molimo ba sa tšoaneng ho phethahatsa morero o itseng. Ha e le hantle, moea o halalelang o ka fumanoa ke “mohlatsoana” oa Kreste hammoho le “linku tse ling.” (Luka 12:32; Joh. 10:16) Leha ho le joalo, hase kamehla o sebetsang ka tsela e tšoanang ho setho se seng le se seng sa phutheho.
13 Ka mohlala, baholo ba khethoa ke moea o halalelang. (Lik. 20:28) Empa hase bohle ba tlotsitsoeng ka moea ba sebeletsang e le balebeli ka phuthehong. Re lokela ho fihlela qeto efe ka see? Ea hore moea oa Molimo o sebetsa ka litsela tse sa tšoaneng ho litho tsa phutheho.
14 Moea o etsang hore batlotsuoa ba utloisise hore ba ‘nketsoe ka lapeng’ e le bara, e ntse e le oona moea oo Jehova a ileng a o sebelisa ho tsosetsa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši bophelong ba ho se shoe leholimong. (Bala Baroma 8:11, 15.) Ke oona moea oo Jehova a ileng a o sebelisa ho bōpa bokahohleng bohle. (Gen. 1:1-3) Jehova o ile a sebelisa oona moea oo o halalelang ho etsa hore Bezaliele a tšoanelehe ho etsa mosebetsi o khethehileng tabernakeleng, a fa Samsone matla a ho etsa liketso tse neng li hloka hore motho a be le matla a ikhethang a ba a thusa Petrose hore a khone ho tsamaea holim’a metsi. Kahoo, ha rea lokela ho ferekanya ho ba le moea oa Molimo le ho tlotsoa ka moea oa Molimo, kaha ho tlotsoa ka moea ke e ’ngoe ea litsela tse ikhethang tseo moea o sebetsang ka tsona. Molimo ke eena ea khethang batho bao a ba tlotsang ka moea.
15. Na ho kolobetsoa ka moea ho tla tsoela pele ka ho sa feleng? Hlalosa.
15 Moea oa Molimo o halalelang o ’nile oa sebetsa ka litsela tse sa tšoaneng ho bahlanka ba hae ba tšepahalang ka lilemo tse likete le pele a qala ho tlotsa batho ka oona. Batho ba ile ba qala ho tlotsoa ka moea ka Pentekonta ea 33 C.E., empa ho tlotsoa ha batho ka moea ho ke ke ha tsoela pele ka ho sa feleng. Ho kolobetsoa ka moea ho tla khaotsa, empa moea o halalelang o tla ’ne o sebetse ho batho ba Molimo e le hore ba etse thato ea hae ka ho sa feleng.
16. Moea oa Molimo o thusa bahlanka ba hae hore ba finyella eng kajeno?
16 Ke eng eo ka ho khetheha e finyelloang ka moea oa Jehova lefatšeng kajeno? Tšenolo 22:17 e re: “Moea le monyaluoa ba ntse ba re: ‘Tloo!’ Mang kapa mang ea utloang a ke a re: ‘Tloo!’ Mang kapa mang ea nyoriloeng a ke a tle; mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” Kajeno Bakreste ba susumetsoa ke moea oa Molimo hore ba fetisetse memo e tsoang ho Jehova e fanang ka bophelo, ho “mang kapa mang ea lakatsang” hore a amohele metsi a bophelo. Bakreste ba tlotsitsoeng ba etella pele mosebetsing ona. Leha ho le joalo, ba linku tse ling ba ikopanya le bona ho fetisa memo eo. Lihlopha tseo ka bobeli li sebelisana le moea o halalelang o tšoanang ho phetha mosebetsi ona. Batho ba lihlopheng tsena ka bobeli ba bonahalitse boinehelo ba bona ho Jehova ka hore ba kolobetsoe “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” (Mat. 28:19) Kaofela ha bona ba ikobela moea oa Molimo bophelong ba bona, ba o lumella hore o hlahise tholoana ea oona ka hare ho bona. (Bagal. 5:22, 23) Joaloka batlotsuoa, ba linku tse ling ba lumella moea oa Molimo hore o ba thuse. Ka thuso ea oona, ba etsa sohle seo ba ka se khonang hore ba halalele ka tsela eo Jehova a batlang hore ba halalele ka eona.—2 Bakor. 7:1; Tšen. 7:9, 14.
Tsoela Pele ho Kōpa Moea o Halalelang
17. Re ka bontša joang hore re na le moea oa Molimo?
17 Kahoo, ho sa tsotellehe hore na Molimo o u file tšepo ea ho phela ka ho sa feleng leholimong kapa lefatšeng, Jehova a ka u fa “matla a fetang se tloaelehileng” e le hore u lule u tšepahala ’me u fumane moputso oa hao. (2 Bakor. 4:7) U ka ’na ua songoa hobane u tsoela pele ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Empa hopola hore ‘haeba u ntse u nyelisetsoa lebitso la Kreste, ua thaba, hobane moea oa khanya, moea oa Molimo, o lutse holim’a hao.’—1 Pet. 4:14.
18, 19. Jehova o tla u thusa joang ka moea oa hae o halalelang, hona u ikemiselitse ho tsoela pele u etsa’ng?
18 Moea o halalelang ke mpho e sa lefelloeng eo Molimo a e fang batho ba e batlang e le kannete. O ka ntlafatsa bokhoni ba hao oa ba oa matlafatsa takatso eo u nang le eona ea hore u etse sohle seo u ka se khonang tšebeletsong ea Molimo. “Molimo ke eena eo, ka lebaka la ho khahloa ha hae, a sebetsang ho lōna e le hore le rate le be le sebetse.” Mpho ea bohlokoa ea moea o halalelang hammoho le boiteko ba rōna bo tiileng ba ho lula re “tšoere ka thata lentsoe la bophelo,” li tla re thusa hore re ‘’ne re sebeletse poloko ea rōna ka tšabo le thothomelo.’—Bafil. 2:12, 13, 16.
19 Tšepa moea oa Molimo ka botlalo, ’me u phethe kabelo e ’ngoe le e ’ngoe eo u e fuoang ka pelo ea hao eohle, u ikitlaelletse hore u be le tsebo ea mosebetsi oo o u filoeng, u be u kōpe thuso ho Jehova. (Jak. 1:5) O tla u fa seo u se hlokang e le hore u utloisise Lentsoe la hae, u hlōle mathata ao u thulanang le ’ona bophelong u be u bolele litaba tse molemo. “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa,” ’me sena se akarelletsa le ho fuoa moea o halalelang. (Luka 11:9, 13) Ka sebele, tsoela pele u etsa thapeli ho Jehova e le hore u ka tšoana le batho ba tšepahalang—ba boholo-holo le ba kajeno—ba neng ba tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo.
Na U ka Hlalosa?
• Ke moea ofe oo Maria a neng a e-na le oona oo re lokelang ho o bontša, o ka etsang hore re hlohonolofatsoe?
• Pauluse o ne a tataisoa ke moea oa Molimo ka tsela efe?
• Bahlanka ba Molimo ba tataisoa ke moea oa Molimo ka tsela efe kajeno?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Moea oa Molimo o ile oa thusa Pauluse ho hlōla tšusumetso ea meea e khopo
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Kajeno moea o halalelang o thusa Bakreste ho sa tsotellehe hore na ba na le tšepo efe