Jehova—Motsoalle oa Rōna e Moholo
“[Abrahama o ile] a bitsoa motsoalle oa Jehova.”—JAK. 2:23.
1. Kaha re bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo, re khona ho etsa’ng?
BATHO ba atisa ho re, “ngoana enoa a tla a tšoana le ntat’ae.” Ka sebele bana ba bangata ba tšoana le batsoali ba bona. Etsoe, ngoana o nka liphatsa tsa lefutso ho batsoali ba hae. Jehova, Ntate oa rōna ea leholimong ke Mofani oa bophelo. (Pes. 36:9) Kahoo, re tšoana le eena lintlheng tse itseng. Kaha re bōpiloe ka setšoantšo sa hae, re khona ho nahana, ho etsa liqeto, ho theha setsoalle le ho se ntšetsa pele.—Gen. 1:26.
2. Setsoalle sa rōna le Jehova se thehiloe ho eng?
2 Jehova e ka ba Motsoalle oa rōna e moholo. Setsoalle sa rōna se thehiloe leratong leo Molimo a re ratang ka lona le tumelong eo re nang le eona ho eena le Mora oa hae. Jesu o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Joh. 3:16) Ho na le batho ba bangata ba bileng le kamano e haufi le Jehova. A re ke re bueng ka ba babeli ba bona.
“ABRAHAMA MOTSOALLE OA KA”
3, 4. Abrahama o ne a fapane joang le litloholo tsa hae tabeng ea setsoalle le Jehova?
3 Jehova o ile a bitsa mopatriareka Abrahama eo e leng moholo-holo oa Baiseraele “motsoalle oa ka.” (Esa. 41:8) Ke’ng e ileng ea etsa hore monna eo ea tšepahalang a be le setsoalle se tiileng le ’Mōpi oa hae? Ke tumelo.—Gen. 15:6; bala Jakobo 2:21-23.
4 Qalong Jehova e ne e le Ntate le Motsoalle oa litloholo tsa Abrahama tse ileng tsa fetoha sechaba sa Iseraele sa boholo-holo. Empa ka masoabi, setsoalle sa Baiseraele le Molimo se ile sa senyeha. Hobane’ng? Hobane ba ile ba khaotsa ho bontša tumelo litšepisong tsa Jehova.
5, 6. (a) Jehova e bile Motsoalle oa hao joang? (b) Re lokela ho ipotsa lipotso life?
5 Ha u ntse u tsoela pele ho ithuta ka Jehova, u tla matlafala tumelong ’me u mo rate le ho feta. Hopola ha u ne u qala ho tseba hore Molimo ke Motho oa sebele eo u ka thehang setsoalle se haufi le eena. U ile ua ithuta hore kaofela re tsoaletsoe sebeng ka lebaka la ho se mamele ha Adama. ’Me ua ithuta hore moloko oa batho o arohile ho Molimo. (Bakol. 1:21) Hape u ile ua hlokomela hore Ntate oa rōna ea lerato ea leholimong ha a hōle le rōna le hore oa re tsotella. Re ile ra qala ho theha setsoalle le Molimo ka mor’a hore re ithute ka tokisetso eo a e entseng ea sehlabelo sa thekollo sa Jesu, ’me re bontše tumelo ho sona.
6 Ha re nahana ka nako eo re neng re qala ho tseba ’nete ka eona, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ke tsoela pele ho hōlisa setsoalle sa ka le Molimo? Na ke mo tšepa ka ho feletseng, hona na lerato la ka ho Motsoalle oa ka Jehova lea hōla letsatsi le letsatsi?’ Motho e mong oa boholo-holo ea neng a e-na le kamano e haufi le Jehova ke Gideone. A re ke re hlahlobeng mohlala oa hae o motle ’me re nahanisise ka oona.
JEHOVA KE KHOTSO
7-9. (a) Gideone o ile a etsahalloa ke ntho efe e ikhethang, hona phello e ile ea e-ba efe? (Sheba setšoantšo se qalong.) (b) Re ka ba metsoalle ea Jehova joang?
7 Moahloli Gideone o ile a sebeletsa Jehova nakong e moferefere sechabeng sa Iseraele, ka mor’a hore se kene Naheng e Tšepisitsoeng. Baahloli khaolo ea 6 e hlalosa hore lengeloi la Jehova le ile la etela Gideone ha a le Ofra. Ka nako eo, Bamidiane bao e neng e le baahelani ba Iseraele ba ne ba e sokela. Ka lebaka leo, Gideone o ne a polela koro ka sehatelong sa veine ho e-na le ho e polela seotlong, e le hore a ka e pata kapele. Gideone o ile a makala ha lengeloi le hlaha ho eena le bile le mo bitsa “ea matla, ea sebete,” ’me a le botsa hore na Jehova, ea lopolotseng Baiseraele Egepeta o tla boela a ba thuse. Lengeloi le ile la bua lebitsong la Jehova, ’me la tiisetsa Gideone hore ka sebele ’Mōpi o tla mo tšehetsa.
8 Gideone o ile a ipotsa hore na a ka khona ho “pholosa Baiseraele seatleng sa Bamidiane.” Jehova o ile a mo fa karabo e tobileng a re: “Ke tla ba le uena, ’me ka sebele u tla timetsa Bamidiane joalokaha eka ke motho a le mong.” (Baahl. 6:11-16) Ha ho pelaelo hore kaha Gideone o ne a ntse a ipotsa hore na seo se tla etsahala joang, o ile a batla pontšo. U tla hlokomela hore puisanong ena, Gideone o ne a kholisehile hore Jehova ke Motho oa sebele.
9 Se ileng sa etsahala ka mor’a moo se ile sa matlafatsa tumelo ea Gideone ’me sa mo atametsa ho Molimo le ho feta. O ile a phehela lengeloi leo lijo ’me a le ngoathela. Gideone o ile a hlokomela hore lengeloi leo ke moemeli oa Jehova, ha lijo tseo li cha ka mohlolo ha le li ama ka lere. Gideone o ile a hooa a tšohile a re: “Oho, ’Musi Morena Jehova, ka lebaka la hore ebe ke bone lengeloi la Jehova lifahleho li talimane!” (Baahl. 6:17-22) Empa na ketsahalo eo e ile ea baka bothata pakeng tsa Gideone le Molimo? Che! Ha e ea ka ea baka bothata. Gideone o ile a tseba Jehova hoo a ileng a ikutloa a le khotsong le Molimo. Re tseba sena ka lebaka la lebitso la aletare eo Gideone a e hahileng sebakeng seo, e leng “Jehova-shalome.” Lebitso leo le bolela hore Jehova ke Khotso. (Bala Baahloli 6:23, 24.) Ha re thuisa ka lintho tseo Jehova a re etsetsang tsona letsatsi ka leng, rea hlokomela hore ke Motsoalle oa sebele. Ho rapela Molimo kamehla ho eketsa boikutlo ba rōna ba ho ba le khotso, ’me ho boetse ho matlafatsa setsoalle sa rōna le eena.
KE MANG EO E TLA BA ‘MOETI TENTENG EA JEHOVA’?
10. Ho ea ka Pesaleme ea 15:3, 5, Jehova o batla hore re etse’ng e le hore re be metsoalle ea hae?
10 Leha ho le joalo, e le hore Jehova e be Motsoalle oa rōna, ho na le lintho tseo re lokelang ho li etsa. Joalokaha ho tlalehiloe ho Pesaleme ea 15, Davida o ile a bina ka seo re lokelang ho se etsa e le hore re be ‘baeti tenteng ea Jehova,’ ke hore re be metsoalle ea Molimo. (Pes. 15:1) A re hlahlobeng tse peli tsa tsona, e leng ho qoba ho etselletsa ba bang le ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle. Lintlheng tsena, Davida o ile a re ka eo e tla ba moeti tenteng ea Jehova: ‘Ke ea sa etselletsang ka leleme la hae. Ha a nke tjotjo khahlanong le ea hlokang molato.’—Pes. 15:3, 5.
11. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho etselletsa motho leha e le ofe?
11 Pesalemeng e ’ngoe, Davida o ile a lemosa a re: “Sireletsang maleme a lōna ho se sebe.” (Pes. 34:13) Haeba re hlōleha ho ela hloko keletso ena e bululetsoeng, seo se ka senya kamano ea rōna le Ntate oa rōna ea lokileng ea leholimong. Ha e le hantle, ho etselletsa ke tšobotsi e hlaheletseng ea sera se seholo sa Jehova, e leng Satane. Lentsoe “Diabolose” le tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang “moetselletsi.” Ho ba hlokolosi hore na re bua ka’ng ka ba bang, ho tla re thusa hore re lule re le haufi le Jehova. Re lokela ho ba hlokolosi le ho feta ha re bua ka banna ba khethiloeng ka phuthehong.—Bala Baheberu 13:17; Juda 8.
12, 13. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle? (b) Botšepehi ba rōna bo ka ama ba bang joang?
12 Bahlanka ba Jehova ba tsejoa ka ho tšepahala, eseng ka ho hanyapetsa. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Tsoelang pele ho re rapella, kaha re tšepa hore re na le matsoalo a tšepahalang, kaha re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheb. 13:18) Ka hobane re ikemiselitse “ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle,” re qoba ho tsoa Bakreste-’moho le rōna tlaase. Ka mohlala, haeba ba re sebeletsa, re etsa bonnete ba hore ha re ba tšoare ka leeme ’me re ba lefa ho latela tumellano eo re e entseng. Joaloka Bakreste, re sebelisana ka botšepehi le bahiruoa ba rōna le batho ba bang bohle. Haeba re sebeletsa Mokreste-’moho le rōna, re ba hlokolosi hore re se ke ra nka monyetla, eaba re batla ho tšoaroa ka tsela e khethehileng.
13 Re atisa ho utloa batho ba lefatše ba babatsa tsela eo Lipaki Tsa Jehova li sebelisanang le bona ka eona! Ka mohlala, mookameli oa k’hamphani e ’ngoe e khōlō ea kaho o ile a hlokomela hore Lipaki Tsa Jehova li phetha seo li se tšepisitseng. O ile a re, “kamehla le etsa seo re lumellaneng ka sona.” (Pes. 15:4) Boitšoaro bo joalo bo re thusa hore re lule re le metsoalle ea Jehova. Ho phaella moo, bo tlotlisa Ntate oa rōna ea lerato ea leholimong.
THUSA BA BANG HORE E BE METSOALLE EA JEHOVA
14, 15. Re ka thusa ba bang joang hore e be metsoalle ea Jehova ha re le tšimong?
14 Le hoja batho ba bangata bao re kopanang le bona tšimong ba ka ’na ba lumela hore Molimo o teng, ha ba mo nke e le Motsoalle oa bona e moholo. Re ka ba thusa joang? Nahana ka litaelo tseo Jesu a ileng a li fa barutuoa ba hae ba 70 ha a ne a ba roma ka bobeli hore ba il’o bolela, o ile a re: “Kae kapa kae moo le kenang ka tlung le re pele, ‘E se eka ntlo ena e ka ba le khotso.’ Haeba motsoalle oa khotso a le teng, khotso ea lōna e tla lula ho eena. Empa haeba a le sieo, e tla khutlela ho lōna.” (Luka 10:5, 6) Tsela e botsoalle eo re buisanang le batho ka eona e ka etsa hore ba khahloe ke ’nete. E ka ’na ea thetha bahanyetsi bohale ’me ea etsa hore ba mamele nakong e tlang.
15 Ha re kopana le batho ba chesehelang bolumeli ba bohata, kapa ba latelang meetlo e sa lumellaneng le Mangolo, re tsoela pele ho ba bontša botsoalle ’me re lula re na le khotso. Ka mofuthu, re amohela batho ba tlang libokeng tsa rōna ba sa khotsofatsoeng ke lintho tse etsahalang kajeno, ’me kahoo ba batla ho ithuta ka ho eketsehileng ka Molimo eo re mo rapelang. Re fumana mehlala e mengata e metle letotong la lihlooho tse reng, “Bibele e Fetola Batho.”
RE SEBETSA LE MOTSOALLE OA RŌNA E MOHOLO
16. Ke ka kutloisiso efe ho ka thoeng re metsoalle le “basebetsi-’moho” le Jehova?
16 Ha batho ba sebetsa ’moho ba atisa ho ba metsoalle. Bohle ba inehetseng ho Jehova ba na le tlotla ea ho bitsoa metsoalle ea hae le “basebetsi-’moho” le eena. (Bala 1 Bakorinthe 3:9.) Ha e le hantle, ha re etsa mosebetsi oa boboleli le oa ho etsa batho barutuoa, re utloisisa le ho feta litšobotsi tse babatsehang tsa Ntate oa rōna ea leholimong. Re bona kamoo moea oa hae o halalelang o re thusang kateng ho phetha thōmo ea rōna ea ho bolela litaba tse molemo.
17. Lijo tsa moea tse fanoang likopanong li bontša joang hore Jehova ke Motsoalle oa rōna?
17 Ha re kopanela haholoanyane mosebetsing oa ho etsa batho barutuoa, seo se re atametsa ho Jehova le ho feta. Ka mohlala, re bona kamoo Jehova a nyopisang merero ea bahanyetsi kateng. Ak’u nahane ka lintho tse etsahetseng lilemong tse seng kae tse fetileng. Na lintho tseo ha li bontše ka ho hlaka tsela eo Molimo a re tataisang ka eona? Re tsota tsela e sa khaotseng eo ho hlahisoang ka eona lijo tse matlafatsang tsa moea. Mananeo a rōna a kopano a senola hore Ntate oa rōna ea lerato o tseba mathata ao re tobanang le ’ona esita le lintho tseo re li hlokang. Lelapa le leng le ile la ngola le leboha lenaneo la kopano, ’me la re: “Ruri lenaneo leo le re amme lipelo. Re ile ra hlokomela kamoo Jehova a re ratang a bileng a batlang hore e mong le e mong oa rōna a atlehe.” Ka mor’a hore banyalani ba bang ba tsoang Jeremane ba ee kopanong e khethehileng ea setereke, Ireland, ba ile ba leboha tsela e mofuthu eo ba amohetsoeng le ho hlokomeloa ka eona, ’me ba phaella ka ho re: “Empa ka holim’a tsohle, re leboha Jehova le Morena Jesu Kreste eo a mo khethileng. Ba re memme ho ba karolo ea batho bana ba momahaneng e le kannete. Hase feela hore re bua ka bonngoe empa re phela bonngoeng letsatsi le chabang le le likelang. Lintho tseo re li thabetseng ha re le kopanong e khethehileng ea setereke, Dublin, li tla lula li re hopotsa hore ke tlotla e ikhethang ho sebeletsa Molimo oa rōna e moholo re le ’moho.”
METSOALLE E EA BUISANA
18. Re lokela ho ipotsa potso efe mabapi le tsela eo re buisanang le Jehova ka eona?
18 Setsoalle sea tiea ha metsoalle e buisana ka bolokolohi. Mehleng ena ea tsoelo-pele, batho ba bangata ba buisana le metsoalle Inthaneteng le ho romellana melaetsa ka lisebelisoa tsa theknoloji. Empa re ka bapisa seo joang le tsela eo re buisanang le Motsoalle oa rōna e moholo Jehova ka eona? Ka sebele ke “Ea Utloang thapelo.” (Pes. 65:2) Ebe re buisana khafetsa hakae le eena?
19. Ke’ng e ka re thusang haeba re thatafalloa ho bolella Ntate oa rōna ea leholimong maikutlo a rōna a tebileng?
19 Bahlanka ba bang ba Molimo ba thatafalloa ho ntša maikutlo a bona a tebileng. Empa Jehova o batla hore re ntše maikutlo a rōna ha re mo rapela. (Pes. 119:145; Lillo 3:41) Esita le haeba re thatafalloa ho itlhalosa ho tsoa pelong, re na le mothusi. Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Roma a re: “Ha re tsebe bothata ba seo re lokelang ho se rapella joalokaha ho hlokahala hore re rapele, empa moea o re kōpela ka tieo ka lipōbōli tse sa buuoeng. Empa leha ho le joalo ea phenyang lipelo oa tseba hore na sepheo sa moea ke sefe, hobane oona o kōpa ka tieo tumellanong le Molimo bakeng sa bahalaleli.” (Bar. 8:26, 27) Ho thuisa ka lipolelo tse ngotsoeng libukeng tsa Bibele tse kang Jobo, Pesaleme le Liproverbia, ho tla re thusa hore re hlalosetse Jehova maikutlo a rōna a tebileng.
20, 21. Mantsoe a Pauluse a ho Bafilipi 4:6, 7 a re fa khothatso efe?
20 Ha re tobana le mathata, a re eleng hloko keletso e bululetsoeng ea Pauluse e eang ho Bafilipi e reng: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo.” Ha ho potang hore ha re buisana le Motsoalle oa rōna e moholo ka bolokolohi joalo, seo se tla re khothatsa le ho re tšelisa, etsoe Pauluse o phaella ka ho re: “Khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafil. 4:6, 7) E se eka re ka lula re ananela “khotso ea Molimo” eo ha e le hantle e lebelang lipelo tsa rōna le matla a rōna a kelello.
21 Thapelo e re thusa ho hlaolela setsoalle le Jehova. Ka hona, a re ‘rapeleng re sa phetse.’ (1 Bathes. 5:17) E se eka sehlooho sena se ka matlafatsa kamano ea rōna e ikhethang le Molimo hammoho le boikemisetso ba rōna ba ho ikokobelletsa melao ea hae e lokileng. Ho feta moo, a re ipheng nako ea ho thuisa ka litlhohonolofatso tseo re nang le tsona kaha ruri Jehova ke Ntate, Molimo le Motsoalle oa rōna.