U ka Laea Bana ba Hao Joang?
“Ke ne ke mametse ka tabatabelo molumo oa koloi e ’ngoe le e ’ngoe e fetang. Lena e ne e le lekhetlo la boraro Jordan a fihla lapeng ka morao ho nako e behiloeng. Ke ne ipotsa hore na ‘ebe o hokae? Na ha a kena mathateng? Na ebe ua tsotella hore re khathatsehile ka eena?’ E itse ha a fihla, ke ne ke le haufi le ho phatloha ke bohale.”—GEORGE.
“Morali oa ka o ile a tleroha ka lerata, e leng se ileng sa ntšosa. Ke ile ka hetla eaba ke bona a itšoere hloohong a ntse a lla. Ngoan’abo oa moshanyana ea lilemo li ’nè o ne a qeta ho mo otla.”—NICOLE.
Natalie, e leng morali oa rōna ea lilemo li tšeletseng, a ntse a panya-panya joaloka sono ka mahlo a maputsoa a matenya, o ile a re: “‘Ha kea utsoa reng ena. Ke e thotse!’ Taba ea hore o lula a hana ntho e ’ngoe le e ’ngoe e re utloisa bohloko haholo hoo re ee re lle. Re ne re tseba hore ha a bue ’nete.”—STEPHEN.
HAEBA u motsoali, re kholisehile hore u tseba maemo ana a boletsoeng qalong. Ha u tobana le maemo a tšoanang le ana, na u ee u ipotse hore na u ka laea ngoan’a hao joang—kapa esita le hore na u hloka ho mo laea? Na ke phoso ho laea ngoana oa hao?
HO LAEA KE HO ETSA’NG?
Ka Bibeleng lentsoe “taeo” hase lentsoe le leng feela le bolelang khalemelo. Hangata taeo e amana le litaelo, thuto le ho lokisa. Ha ho mohla e amanang le ho hlekefetsoa kapa bokhopo.—Liproverbia 4:1, 2.
Taeo ea batsoali e ka ’na ea tšoantšoa le ho lema. Sehoai se lokisa mobu, sea o nosetsa, ebile se fepa semela le ho se sireletsa likokoanyaneng le leholeng. Ha lijalo li ntse li hōla, sehoai se ka ’na sa hloka ho poma makala e le hore se hōle hantle. Sehoai se hlokomela hore ho latela mekhoa e fapaneng ho tla se thusa hore se be le lijalo tse hōtseng hantle. Ka ho tšoanang, batsoali ba hlokomela bana ba bona ka litsela tse ngata. Empa ka linako tse ling li lokela ho fana ka khalemelo—eo joaloka ho poma makala e ka ’nang ea lokisa mekhoa e fosahetseng e sa le qalong ’me a thuse bana hore ba hōle ka tsela e nepahetseng. Leha ho le joalo, ho poma makala ho lokela ho etsoa ka tsela e hlokolosi ho seng joalo semela se ka senyehela ruri. Ka ho tšoanang, taeo ea batsoali e hloka ho fanoa ka lerato.
Molimo eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng, e leng Jehova o behetse batsoali mohlala o motle tabeng ena. Taeo eo a fanang ka eona ho barapeli ba hae ba mo mamelang ba lefatšeng ea sebetsa ebile ea rateha hoo ba bileng ba qetellang ba ‘rata taeo.’ (Liproverbia 12:1) Ba “tšoara taeo” ’me ‘ha ba e tlohele.’ (Liproverbia 4:13) U ka thusa ngoan’a hao hore a amohele taeo ka ho latela haufi-ufi likarolo tsa sehlooho tsa taeo ea Molimo: E be e (1) lerato, (2) e utloahalang le (3) e tiileng.
TAEO E LERATO
Taeo ea Molimo e thehiloe leratong ebile e susumetsoa ke lona. Bibele e re: “Jehova o khalemela eo a mo ratang, feela joalokaha ntate a khalemela mora ea mo khahlisang.” (Liproverbia 3:12) Ho feta moo, Jehova ke Molimo ea “mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa.” (Exoda 34:6) Ke ka lebaka leo ho seng mohla a hlekefetsang kapa a leng khopo. Leha e le hore o sebelisa mantsoe a hlabang, o lula a tšoaea liphoso kapa a bua ka ho phoqa, e leng lintho tse ka ntšang kotsi “joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole.”—Liproverbia 12:18.
Ke ’nete hore, ha ho khonehe hore batsoali ba etsise mohlala oa Molimo oa ho ba le boikemelo ka tsela e phethahetseng. Ka linako tse ling u ka ’na ua hloleha ho mamella nako e telele, empa maemong a itseng a thata u lule u hopola hore hangata ha taeo e fanoa ke motho ea halefileng e ea hatella, e ea feteletsa ebile e ba khahlanong le sepheo. Ho feta moo, khalemelo e susumetsoang ke khalefo kapa pherekano ho hang hase taeo. Empa feela e le ho tsoa taolong.
Ka lehlakoreng le leng, ha u laea ngoana ka lerato le boitšoaro u ba boemong bo botle ba ho fumana liphello tse molemo. Nahana kamoo George le Nicole, e leng ba bang ba batsoali ba qotsitsoeng qalong ba ileng ba sebetsana le maemo a bona kateng.
“Ha Jordan a qetella a fihla, ’na le mosali oa ka re ne re futha ke bohale, empa re ile ra itšoara ha re ntse re mametse tlhaloso ea hae. Kaha e ne e se e le bosiu haholo, re ile ra etsa qeto ea ho buisana ka taba eo hoseng. Kaofela re ile ra rapela eaba o il’o robala. Letsatsi le hlahlamang, re ne re le boemong bo botle haholo ba ho buisana ka taba eo re khobile matšoafo ’me ra atleha ho finyella pelo ea mor’a rōna. Ka bolokolohi o ile a tšepisa hore o tla latela litaelo tseo a li filoeng ’me o tla jara boikarabelo ba liketso tsa hae. Rea leboha hore ebe re ile ra hlokomela hore ho araba ka potlako ha motho a utloile bohloko ho sitisa morero o lebeletsoeng. Ha re qala ka ho mamela, hangata lintho li tsamaea hantle.”—George.
“Ke ile ka utloa bohloko ha ke bona hore mor’aka o utloisitse ausi’ae bohloko hakae. Ho e-na le ho araba kapele, ke ile ka re a ee kamoreng hobane ke ne ke halefile haholo hore ke etse qeto e bohlale. Hamorao, ha ke se ke kokobetse, ke ile ka mo hlalosetsa ka bonolo hore ho loana ha ho hotle ’me ka mo bontša kamoo a utloisitseng ausi oa hae bohloko kateng. Mokhoa ’ona o ile oa sebetsa hantle. O ile a kōpa tšoarelo ho ausi’ae a ba a mo haka.”—Nicole.
Ka sebele, khalemelo e loketseng esita leha e akarelletsa ho shapuoa, kamehla e susumetsoa ke lerato.
TAEO E LOKETSENG
Taeo etsoang ho Jehova kamehla e fanoa “ka tekanyo e loketseng.” (Jeremia 30:11; 46:28) O sheba taba ka mahlakore ’ohle, ho akarelletsa le a sa bonahaleng. Batsoali ba ka Mo etsisa joang? Stephen, ea qotsitsoeng qalong, o re: “Le hoja re ile ra utloa bohloko ’me re ne re sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Natalie a ile a phehella ho hana reng, re ile ra leka ho nahana ka lilemo tsa hae le hore na o se a hōlile hakae kelellong.”
Monna oa Nicole, e leng Robert, le eena o ile a leka ho sheba lintho ka mahlakore ’ohle. Ha ngoana a fosa, kamehla oa ipotsa: ‘Na ntho’e e etsahetse ka seoelo kapa e se e le tloaelo? Na ngoana o khathetse kapa oa kula? Na phoso ee ke pontšo ea bothata bo bong?’
Batsoali ba bohlale ba boetse ba ela hloko hore bana ha e-s’o be batho ba baholo. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a lumellana le ntlha eo ha a ne a ngola a re: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke bua joaloka ngoana, ke nahana joaloka ngoana.” (1 Bakorinthe 13:11) Robert o re: “Ntho e ’ngoe e nthusang hore ke be le pono e loketseng ke hore ke qobe ho phahamisa matšoafo ’me ke ikhopotse hore na ke ne ke le joang ha ke sa le moshanyana.”
Ke habohlokoa hore u se ke ua lebella mohlolo ’me ka nako e tšoanang ua lokafatsa kapa ua buella lintho tse mpe kapa boitšoaro bo bobe. Ha u nahana ka bokhoni ba ngoan’a hao, lintho tseo a sitoang ho li etsa le maemo a mang, u tla etsa bonnete ba hore taeo ea hao ke e loketseng le e utloahalang.
TAEO E TŌPILENG
Malakia 3:6 e re, “ke ’na Jehova; ha kea fetoha.” Bahlanka ba Molimo ba itšetlehile ka ntlha ena ’me ba ikutloa ba sireletsehile ka ho tseba sena. Bana le bona ba hloka tšireletso le taeo e tōpileng. Haeba melao e lula e fetoha ho ea ka maikutlo a hao, ngoan’a hao a ka ’na a ferekana le ho nyahama.
Hopola hore Jesu o ile a re: “Lentsoe la lōna E le mpe le bolele E, Che ea lōna, Che.” Mantsoe ao aa sebetsa le ha batsoali ba fana ka taeo. (Matheu 5:37) Nahana ka hloko pele u fana ka khetho e neng e sa hlokahale. Haeba u kile ua hlokomelisa ngoan’a hao hore u tla sebelisa mokhoa o itseng oa khalemelo haeba a entse phoso, etsa bonnete ba hore ua o sebelisa.
Ke habohlokoa hore ho be le puisano e lokolohileng e le hore ho ka fanoa ka taeo e tsoelang pele. Robert o re: “Haeba bana ba rōna ba atleha ho etsa hore ke lumele ntho e itseng eo ’mè oa bona a ba hanetseng ho e etsa ’me ke ne ke sa tsebe, ke fetola qeto ea ka hore e tšoane le ea mosali oa ka.” Haeba batsoali ba sa lumellane mabapi le tsela ea ho sebetsana le boemo bo itseng, ho molemo hore ba e tšohle moo ba leng bang ’me ba fihlele qeto e tšoanang.
TAEO KE EA BOHLOKOA
Haeba u etsisa tsela e lerato, e loketseng le e tōpileng ea Jehova, u ka kholiseha hore boiteko ba hao bo tla tsoela bana ba hao molemo. Tataiso ea hao e lerato e ka ’na ea thusa bana ba hao hore ba hōle kelellong, ba be le boikarabello ba be ba shebe lintho ka tsela e leka-lekaneng. Joalokaha Bibele e re: “Koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.”—Liproverbia 22:6.