Ho Sireletsa Litaba Tse Molemo ka Pel’a ba Boholong
“MONNA enoa ke sejana se khethiloeng ho ’na hore se jare lebitso la ka ho ea lichabeng hammoho le ho marena.” (Lik. 9:15) Mantsoe ana a builoe ke Morena Jesu ha a bua ka monna oa Mojuda ea neng a sa tsoa sokolohela Bokresteng, e leng moapostola Pauluse.
E mong oa “marena” ao ke Moemphera Nero oa Moroma. U ne u tla ikutloa joang haeba u ne u tlameha ho sireletsa tumelo ea hao ka pel’a ’musi ea kang eo? Bakreste ba khothalletsoa ho etsisa Pauluse. (1 Bakor. 11:1) Tsela e ’ngoe eo re ka mo etsisang ka eona ke tabeng ea kamoo a ileng a sebetsana le litaba tsa molao kateng.
Molao oa Moshe o ne o sebetsa naheng ea Iseraele ’me o tataisa Bajuda bohle ba inehetseng. Ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E. (mehleng ea baapostola), e ne e se e se tlamo hore barapeli ba ’nete ba boloke Molao oa Moshe. (Lik. 15:28, 29; Bagal. 4:9-11) Leha ho le joalo, Pauluse le Bakreste ba bang ba ne ba sa nyefole Molao; ba ne ba khona ho paka libakeng tse ngata tsa Bajuda ntle ho tšitiso. (1 Bakor. 9:20) Ha e le hantle, Pauluse o ne a atisa ho ea lisynagogeng, moo a neng a ka pakela batho ba tsebang Molimo oa Abrahama le bao a ka behelanang mabaka le bona ka Mangolo a Seheberu.—Lik. 9:19, 20; 13:5, 14-16; 14:1; 17:1, 2.
Baapostola ba ile ba khetha Jerusalema hore e be sebaka seo mosebetsi oa boboleli o tla tsamaisoa ho sona. Ba ne ba ruta kamehla tempeleng. (Lik. 1:4; 2:46; 5:20) Ka lekhetlo le leng, Pauluse o ile a ea Jerusalema, ’me ha a le moo a koalloa litlamong. O ile a hlahlela linyeoe makhotleng e leng se ileng sa etsa hore a qetelle a ile Roma.
PAULUSE LE MOLAO OA ROMA
Ba boholong pusong ea Roma ba ne ba ikutloa joang ka lithuto tseo Pauluse a neng a li ruta? E le hore re arabe potso ena, ke habohlokoa ho hlahloba kamoo Baroma ba neng ba talima bolumeli kateng. Ba ne ba sa qobelle batho ba litso tse sa tšoaneng hore ba tlohele bolumeli ba bona, ntle le ha ho bonahala eka bo beha tšireletso ea naha kotsing kapa bo khothalletsa liketso tse mpe.
’Muso oa Roma o ne o file Bajuda litokelo tse ’maloa. Buka ea Backgrounds of Early Christianity e re: “Bajuda ba ne ba fuoe litokelo tse ikhethang pusong ea Roma. . . . Ba ne ba e-na le bolokolohi ba bolumeli ’me ba sa qobelloe ho rapela melimo ea Baroma. Ba ne ba tataisoa ke melao ea bona metseng eo ba lulang ho eona.” Ba ne ba boetse ba sa kene sesoleng.a Pauluse o ile a sebelisa molao oa Roma o neng o fa Bajuda bolokolohi ba bolumeli, ho sireletsa Bokreste ka pel’a ba boholong pusong ea Roma.
Bahanyetsi ba Pauluse ba ’nile ba leka ka litsela tse ngata ho etsa hore sechaba le ba boholong ba mo fetohele. (Lik. 13:50; 14:2, 19; 18:12, 13) Nahana ka ketsahalo ena. Baholo ba phutheho ea Jerusalema ba ile ba utloa hore har’a Bajuda ho tletse taba ea hore Pauluse o hlohlelletsa batho hore ‘ba koenehele Moshe.’ Lipale tse kang tseo li ne li ka etsa hore Bajuda ba sa tsoa sokolohela Bokresteng ba nahane hore Pauluse ha a hlomphe litokisetso tsa Molimo. Hape, Sanhedrine e ne e ka phatlalatsa hore Bakreste ke bakoenehi ba khelohileng bolumeling ba Sejuda. ’Me seo se ne se ka bakela Bajuda ba sokolohetseng Bokresteng mathata. Ba ne ba ka nkoa e le mekhelo ’me ba thibeloe ho paka ka tempeleng le ka lisynagogeng. Ka lebaka leo, baholo ba ile ba eletsa Pauluse hore a ee tempeleng ’me a etse ntho eo Molimo a neng a sa hloke hore a e etse empa e amoheleha, e le hore a pake taba eo e le leshano.—Lik. 21:18-27.
Pauluse o ile a ea, ’me seo sa mo fa monyetla oa ‘ho sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo.’ (Bafil. 1:7) Ha Pauluse a le tempeleng Bajuda ba ile ba mo tsohela matla ’me ba batla ho mo bolaea. Molaoli oa lebotho la Roma o ile a isa Pauluse litlamong. Ha Pauluse a le mothating oa ho shapuoa, o ile a bolela hore ke moahi oa Roma. Seo se ile sa etsa hore a isoe Cesarea, moo Baroma ba neng ba busa Judea ba neng ba lula teng. Ha a le moo o ile a ba le monyetla o ikhethang oa ho paka ka sebete ka pel’a ba boholong. Mohlomong seo se ile sa mo nolofalletsa ho pakela batho ba neng ba sa tsebe letho ka Bokreste.
Liketso khaolo ea 24 e hlalosa se ileng sa etsahala ha Pauluse a le nyeoeng ka pel’a ’musisi oa Judea oa Moroma ea bitsoang Felixe, ea neng a utloetse hore na Bakreste ba lumela’ng. Bajuda ba ile ba qosa Pauluse ka hore o tlōtse molao oa Roma bonyane ka litsela tse tharo. Ba ile ba re o hlohlelletsa Bajuda hore ba fetohele ’muso; ke moeta-pele oa lequloana le kotsi; ebile o leka ho silafatsa tempele, e neng e le tlas’a tšireletso ea Roma. (Lik. 24:5, 6) Liqoso tsena li ne li ka etsa hore a ahloleloe lefu.
Bakreste kajeno ba thahasella tsela eo Pauluse a ileng a sebetsana le liqoso tsena ka eona. O ile a lula a khobile matšoafo ’me a bontša tlhompho. Pauluse o ile a qotsa Molao le Baprofeta, ’me a bolela hore o na le tokelo ea ho rapela ‘Molimo oa baholo-holo ba hae.’ Ke tokelo eo Bajuda bohle ba neng ba e-na le eona tlas’a molao oa Roma. (Lik. 24:14) Hamorao Pauluse o ile a khona ho sireletsa tumelo ea hae le ho pakela ’musisi ea latelang, e leng Porkiase Festase, hammoho le Morena Heroda Agripa.
Qetellong, e le hore Pauluse a sebeletsoe ka toka o ile a re: “Ke ipiletsa ho Cesare!,” eo ka nako eo e neng e le ’musi ea matla ka ho fetisisa.—Lik. 25:11.
NYEOE EA PAULUSE LEKHOTLENG LA CESARE
Lengeloi le ile la re ho Pauluse: “U tla ema ka pel’a Cesare.” (Lik. 27:24) Moemphera Nero oa Moroma qalong ea puso ea hae o ile a re a ke ke a mamela linyeoe tsohle a le mong. Ka lilemo tse robeli tse qalang tsa puso ea hae, o ne a li fetisetsa ho batho ba bang. Buka ea The Life and Epistles of Saint Paul e re ha Nero a ne a lumela ho mamela nyeoe, o ne a e tšoarela ntlong ea hae ea borena, moo a neng a thusoa ke baeletsi ba nang le tsebo le tšusumetso e matla.
Bibele ha e re bolelle hore na Nero o ile a mamela nyeoe ea Pauluse ea boipiletso kapa hore na o ile a e fetisetsa ho motho e mong ea neng a tla mo tlalehela eona hamorao. Ho sa tsotellehe hore na ke mang ea ileng a e mamela, ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ile a mo hlalosetsa hore o rapela Molimo oa Bajuda le hore o khothalletsa batho bohle ho hlompha ’muso. (Bar. 13:1-7; Tite 3:1, 2) Ho bonahala eka Pauluse o ile a atleha ho sireletsa litaba tse molemo ka pel’a ba boholong, kaha lekhotla la Cesare le ile la mo lokolla.—Bafil. 2:24; Filem. 22.
BOIKARABELO BA RŌNA BA HO SIRELETSA LITABA TSE MOLEMO
Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le tla hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho lichaba.” (Mat. 10:18) Ke tlotla e khōlō ho emela Jesu ka tsela ena. Ha re ntse re leka ho sireletsa litaba tse molemo re ka ’na ra atleha ho hlōla linyeoeng tse ling ka makhotleng. Ka sebele, liqeto tse etsoang ke batho ba sa phethahalang li ke ke ‘tsa theha ka molao’ litaba tse molemo ka kutloisiso e feletseng. Ke ’Muso oa Molimo feela o tla re lopolla khatellong le ho tlisa toka ka ho sa feleng.—Moek. 8:9; Jer. 10:23
Esita le kajeno lebitso la Jehova lea tlotlisoa ha Bakreste ba sireletsa tumelo ea bona. Feela joaloka Pauluse re lokela ho lula re khobile matšoafo, re bue ’nete le hona ka tsela e kholisang. Jesu o ile a re ho balateli ba hae ho ke ke ha hlokahala hore ‘ba phete esale pele kamoo ba tlang ho itšireletsa kateng, kaha o tla ba fa melomo le bohlale, tseo bahanyetsi bohle ba bona ba ke keng ba khona ho li hanyetsa kapa ho li phehisa.’—Luka 21:14, 15; 2 Tim. 3:12; 1 Pet. 3:15.
Ha Bakreste ba sireletsa tumelo ea bona ka pel’a marena, babusisi, kapa ba bang ba boholong, ba khona ho fana ka bopaki ho batho bao mohlomong ho neng ho tla ba thata ho ba finyella ka molaetsa oa ’Muso. Liqeto tse ling tsa makhotla tse re emelang li entse hore molao o ntlafatsoe, e le ho netefatsa hore batho ba na le bolokolohi ba puo le ba borapeli. Ho sa tsotellehe hore na makhotla a etsa’ng, Molimo o oa thaba ha a bona kamoo bahlanka ba hae ba bontšang sebete kateng maemong a thata.
a Mongoli James Parkes o re: “Bajuda . . . ba ne ba fuoe tumello ea ho tsoela pele ba tšoara litšebeletso tsa bona. Ho ne ho se letho le mohlolo ka seo, kaha Baroma ba ne ba tloaetse ho fa baahi ba lulang likarolong tse sa tšoaneng tsa puso ea bona bolokolohi.”