SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 35
Tsoelang Pele ho Hahana
“Le ’ne le tšelisane le ho hahana.”—1 BATHES. 5:11.
PINA EA 90 Le Khothatsane
SEO RE TL’O ITHUTA SONAa
1. Ho ea ka 1 Bathesalonika 5:11, ke mosebetsi ofe oo re o etsang?
NA PHUTHEHO ea heno e kile ea haha Holo ea ’Muso kapa ea e lokisa? Haeba ho joalo, e tlameha ebe u hopola liboka tsa pele tseo le bileng le tsona mohahong oo o mocha. U ile oa leboha Jehova haholo. Ha e le hantle, e ka ’na eaba u ne u thabile hoo u neng u batla ho lla ebile u sa khone le ho bina pina e qalang. Liholo tsa rona tsa ’Muso tse hahiloeng hantle li etsa hore batho ba rorise Jehova. Empa re rorisa Jehova le ho feta ha re etsa mosebetsi o mong oa ho haha. Mosebetsi oo o akareletsa ntho ea bohlokoa ho feta mehaho, e leng ho haha batho ba tlang mehahong ea rona ea borapeli. Moapostola Pauluse o ne a nahanne ka taba ena ha a ne a ngola mantsoe a ho 1 Bathesalonika 5:11, e leng lengolo la rona la sehlooho.—E bale.
2. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?
2 Moapostola Pauluse o re behetse mohlala o motle oa ho haha Bakreste-’moho le eena. O ne a qenehela batho ba bang. Sehloohong sena re tl’o bua ka hore na o ile a thusa Bakreste-’moho le eena joang hore ba (1) mamelle mathata, (2) ba etse khotso le batho ba bang le hore ba (3) matlafatse tumelo ea bona ho Jehova. A re boneng hore na ke joang re ka etsisang mohlala oa hae kajeno ka hore re hahe Bakreste-’moho le rona.—1 Bakor. 11:1.
PAULUSE O ILE A THUSA BAKRESTE-’MOHO LE EENA HORE BA MAMELLE MATHATA
3. Pauluse o ne a leka-lekanya lintho joang?
3 Pauluse o ne a rata Bakreste-’moho le eena haholo. O ile a qenehela le ho utloela Bakreste-’moho le eena bohloko ha ba ne ba e-na le mathata hobane le eena o ile a hlaheloa ke mathata. Ho na le nako eo Pauluse a ileng a felloa ke chelete ’me o ile a lokela ho batla mosebetsi e le hore a itlhokomele le ho hlokomela batho bao a neng a e-na le bona. (Lik. 20:34) O ne a iphelisa ka ho etsa litente. Ha a fihla Korinthe, o ile a sebetsa le Akuila le Prisilla bao le bona ba neng ba etsa mosebetsi oa ho etsa litente. Leha ho le joalo, “ka sabatha e ’ngoe le e ’ngoe” o ne a bolella Bajuda le Bagerike litaba tse molemo. Ha Silase le Timothea ba fihla, “Pauluse a qala ho tšoareha ka matla haholo ka lentsoe.” (Lik. 18:2-5) Pauluse o ne a lula a tseba hore ntho ea bohlokoa bophelong ba hae ke ho sebeletsa Jehova. Kaha Pauluse o ne a sebetsa ka thata, o ile a khona ho khothatsa Bakreste-’moho le eena. O ile a ba hopotsa hore ba se ke ba lumella mathata le ho tšoenyeha ka ho hlokomela ba malapa a bona ho ba sitisa ho etsa “lintho tsa bohlokoa haholo,” e leng lintho tsohle tse amanang le borapeli ba bona.—Bafil. 1:10.
4. Pauluse le Timothea ba ile ba thusa Bakreste-’moho le bona joang ha ba ne ba hlorisoa?
4 Nakoana ka mor’a hore phutheho ea Thesalonika e thehoe, Bakreste ba moo ba ile ba hlorisoa haholo. Ha bahanyetsi ba halefileng ba ne ba sa khone ho fumana Pauluse le Silase, ba ile ba hulela “bara babo rona ba itseng ho babusi ba motse,” ba ile ba hoeletsa ba re: ‘Banna bana ba etsa ho hanyetsanang le melao-taelo ea Cesare.’ (Lik. 17:6, 7) U ka inahanela feela hore na Bakreste bao ba bacha ba ne ba tšohile hakae ha ba hlokomela hore banna ba motse ba ba fetohetse. Ba ne ba ka tlohela ho sebeletsa Jehova ka mafolo-folo empa Pauluse o ne a sa batle hore seo se etsahale. Le hoja eena le Silase ba ne ba lokela ho tsamaea, ba ile ba etsa bonnete ba hore phutheho eo e ncha e sala e hlokometsoe. Pauluse o ile a hopotsa Bathesalonika a re: “Re roma Timothea, mor’abo rona . . . , e le ho le tiisa le ho le tšelisa bakeng sa tumelo ea lona, e le hore ho se ke ha e-ba le ea ka sisinngoang ke matšoenyeho ana.” (1 Bathes. 3:2, 3) E ka ’na eaba Timothea le eena o ile a hlorisoa motseng oa habo oa Lystra. O ile a bona ha Pauluse a matlafatsa barab’abo ba motseng oo. Kaha Timothea o ile a bona kamoo Jehova a ileng a ba thusa kateng, o ne a ka kholisa Bakreste-’moho le eena bao ba bacha hore le bona Jehova o tla ba thusa.—Lik. 14:8, 19-22; Baheb. 12:2.
5. Tsela eo moholo e mong a ileng a thusa Mor’abo rona Bryant ka eona e ile ea mo tsoela molemo joang?
5 Ke ka tsela efe e ’ngoe eo Pauluse a ileng a khothatsa Bakreste-’moho le eena? Ha Pauluse le Barnabase ba khutlela Lystra, Ikoniamo le Antioke, ba ile ba “beha banna ba baholo bakeng sa bona phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe.” (Lik. 14:21-23) Ha ho pelaelo hore banna bao ba khethiloeng ba ile ba etsa bonnete ba hore ba khothatsa liphutheho tseo joalokaha baholo ba etsa le kajeno. Hlokomela seo Mor’abo rona Bryant a ileng a se bua, o re: “Ha ke le lilemo li 15 ntate oa ka o ile a tsamaea lapeng ’me ’mè oa ka a khaoloa. Ke ile ka ikutloa ke nyahame ebile ke se na mang oe.” Ke’ng e ileng ea thusa Bryant hore a mamelle maemo ana a thata? O re: “Mor’abo rona Tony eo e leng moholo o ne a lula a bua le ’na libokeng le ka linako tse ling. O ile a mpolella ka batho ba bang ba neng ba e-na le mathata empa ba lula ba thabile. O ile a mpalla Pesaleme ea 27:10 ’me o ne a lula a bua le ’na ka Ezekiase ea neng a sebeletsa Molimo ka botšepehi le hoja ntate oa hae a ne a sa mo behele mohlala o motle.” See se ile sa thusa Bryant joang? O re: “Tsela eo Tony a ileng a nkhothatsa ka eona e ile ea nthusa hore qetellong ke be tšebeletsong ea nako e tletseng.” Baholo, elang hloko batho ba kang Bryant, ba hlokang “lentsoe le molemo” la khothatso.—Liprov. 12:25.
6. Pauluse o ile a sebelisa lipale tsa bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng joang ho khothatsa Bakreste-’moho le eena?
6 Pauluse o ile a hopotsa Bakreste-’moho le eena hore ‘leru le leholo la lipaki’ le ile la mamella mathata ao le neng le e-na le ’ona hobane Jehova a ile a le fa matla. (Baheb. 12:1) Pauluse o ne a tseba hore lipale tsa ba ileng ba mamella mathata a sa tšoaneng nakong e fetileng li ne li tla khothatsa Bakreste-’moho le eena le ho ba thusa hore ba lule ba talimile ‘motseng oa Molimo ea phelang.’ (Baheb. 12:22) Ho etsahala se tšoanang le kajeno. Kaofela ha rona re ile ra matlafala ha re utloa kamoo Jehova a ileng a thusa Gideone, Barake, Davida, Samuele le ba bang ba bangata. (Baheb. 11:32-35) Le kajeno mehlala ea bahlanka ba Jehova ba ileng ba bontša tumelo ea re matlafatsa. Hangata ntlo-kholo re fumana mangolo a tsoang ho bara le barali babo rona bao tumelo ea bona e ileng ea matlafala ha ba bala lipale tsa bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba mehleng ena.
PAULUSE O ILE A BONTŠA BAKRESTE-’MOHO LE EENA HORE NA KE JOANG BA KA BANG LE KHOTSO LE BA BANG
7. Re ka ithuta’ng keletsong ea Pauluse e hlahang ho Baroma 14:19-21?
7 Re khothatsa bara le barali babo rona ha re bua le ho etsa lintho tse tla etsa hore ho be le khotso ka phuthehong. Ha re lumelle hore lintho tseo re sa lumellaneng ka tsona li re arole. Hape ha re tsitlelle maikutlo a rona haeba ho se na molao-motheo oa Bibele o tloloang. Nahana ka mohlala ona. Phutheho ea Roma e ne e e-na le Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba. Ha Molao oa Moshe o ne o felisoa ho ne ho se ho sa hlokahale hore bahlanka ba Jehova ba mamele melao e neng e bua ka ho ja lijo tse itseng. (Mar. 7:19) Ho tloha ka nako eo ho ea pele, Bakreste ba bang ba Bajuda ba ne ba ikutloa ba lokolohile hore ba ka ja lijo tsa mefuta eohle. Leha ho le joalo, Bakreste ba bang ba Bajuda ba ne ba sa ikutloe ba lokolohile hore ba ka ja lijo tseo. Taba ena e ile ea baka likarohano ka phuthehong. Pauluse o ile a hatisa bohlokoa ba ho ba le khotso le batho ba bang ’me o ile a re: “Ho molemo ho se je nama kapa ho se noe veine kapa ho se etse ntho leha e le efe eo ka lebaka la eona mor’eno a khoptjoang.” (Bala Baroma 14:19-21.) Kahoo, Pauluse o ile a thusa Bakreste-’moho le eena ho bona kamoo likhohlano li ka utloisang batho ba bang bohloko hammoho le phutheho eohle. O ne a ikemiselitse ho fetola tsela eo a etsang lintho ka eona e le hore a se ke a khopisa batho ba bang. (1 Bakor. 9:19-22) Le rona ka ho tšoanang re ka haha batho ba bang le ho etsa hore ho be le khotso ka hore re qobe ho ngangisana ka lintho tseo e leng qeto ea botho.
8. Pauluse o ile a rarolla bothata bo neng bo ka etsa hore ho se ke ha e-ba le khotso ka phuthehong joang?
8 Pauluse o ile a beha mohlala o motle ka ho etsa hore ho be le khotso har’a batho ba neng ba sa lumellane ka litaba tsa bohlokoa. Ka mohlala, ba bang phuthehong ea mehleng ea baapostola ba ne ba hatella hore Balichaba ba bolle e le hore Bajuda ba se ke ba ba nyatsa. (Bagal. 6:12) Pauluse o ne a sa lumellane le taba eo ho hang empa ho e-na le hore a tsitlelle hore lintho li etsahale ka tsela ea hae o ile a ikokobetsa ’me a isa taba eo ho baapostola le baholo ba Jerusalema. (Lik. 15:1, 2) Taba ea hore Pauluse o ile a rarolla bothata boo ka tsela ena, e ile ea thusa Bakreste hore ba lule ba thabile le ho ba le khotso ka phuthehong.—Lik. 15:30, 31.
9. Re ka etsisa mohlala oa Pauluse joang?
9 Haeba ho e-na le taba e tebileng e ka bakang ho se utloisisane, re ka etsa hore ho be le khotso ka hore re batle tataiso ho batho bao Jehova a ba khethileng ho hlokomela phutheho. Hangata re ka fumana keletso e thehiloeng Bibeleng lingoloeng tsa rona kapa ra fumana tataiso e tsoang mokhatlong oa Molimo. Re tla etsa hore ho be le khotso ka phuthehong ha re mamela litaelo tseo re li fumanang ho e-na le ho etsa lintho re tsitleletse maikutlo a rona.
10. Pauluse o ile a etsa’ng hape e le hore ho be le khotso ka phuthehong?
10 Pauluse o ile a etsa hore ho be le khotso ka phuthehong ka hore a bue ka makhabane a Bakreste-’moho le eena eseng liphoso tsa bona. Ka mohlala, ha a phethela lengolo le neng le ea ho Baroma o ile a ngola mabitso a batho ba bangata ’me a bua lintho tse ntle ka bona. Re ka etsisa Pauluse ka hore re bue ka makhabane a bara le barali babo rona. Ha re etsa joalo re thusa bara le barali babo rona hore ba momahane, e leng se tla etsa hore ho be le lerato ka phuthehong.
11. Re ka etsa khotso le batho ba bang joang haeba re qabane le bona?
11 Ho ka etsahala hore ka linako tse ling Bakreste ba nang le boiphihlelo ba ngangisane kapa ba se ke ba lumellana ka taba e itseng. Ntho ena e ile ea etsahalla Pauluse le motsoalle oa hae Barnabase. Banna bana ba babeli ba ne ba sa lumellane ka hore na ba tsamaee le Mareka leetong la bona le latelang la boromuoa. Ho ile ha e-ba le “ho phatloha ho hoholo ka bohale” ’me ba ile ba etsa qeto ea hore ba arohane. (Lik. 15:37-39) Leha ho le joalo, Pauluse, Barnabase le Mareka ba ile ba etsa khotso ’me seo se ne se bontša hore ba ne ba nka ho ba le khotso le bonngoe ka phuthehong e le ntho ea bohlokoa. Hamorao Pauluse o ile a bua lintho tse ntle ka Barnabase le Mareka. (1 Bakor. 9:6; Bakol. 4:10) Le rona re lokela ho etsa khotso le Bakreste-’moho le rona ’me re tsoele pele ho sheba lintho tse ntle tseo ba li etsang. Ha re etsa joalo re tla etsa hore ho be le khotso le bonngoe ka phuthehong.—Baef. 4:3.
PAULUSE O ILE A MATLAFATSA TUMELO EA BAKRESTE-’MOHO LE EENA
12. Bara le barali babo rona ba ba le mathata afe?
12 Re haha Bakreste-’moho le rona ha re matlafatsa tumelo eo ba nang le eona ho Jehova. Bakreste ba bang ba songoa ke ba malapa bao eseng Lipaki, basebetsi-’moho kapa bana bao ba kenang sekolo le bona. Ba bang ba kula haholo kapa ba ntse ba utloisitsoe bohloko ke lintho tse ba hlahetseng. Ha ba bang bona e se le lilemo ba kolobelitsoe ’me e se e le nako e telele ba emetse hore lefatše lena le felisoe. Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ile ba hlaheloa ke mathata a kang ana ’me le mehleng ena mathata ao a ka leka tumelo ea Bakreste-’moho le rona. Pauluse o ile a etsa’ng ho matlafatsa Bakreste-’moho le eena?
13. Pauluse o ile a thusa Bakreste ba neng ba songoa ka lebaka la lintho tseo ba li lumelang joang?
13 Pauluse o ile a matlafatsa tumelo ea Bakreste-’moho le eena a sebelisa Mangolo. Ka mohlala, e ka ’na eaba Bakreste ba Bajuda ba ne ba sa tsebe hore na ba re’ng ho ba lelapa bao e neng e se Bakreste ba neng ba re Bojuda bo phahametse Bokreste. Ha ho pelaelo hore lengolo leo Pauluse a neng a le ngolletse Baheberu le ile la matlafatsa Bakreste bao haholo. (Baheb. 1:5, 6; 2:2, 3; 9:24, 25) Ba ne ba ka sebelisa tsela eo Pauluse a neng a beha mabaka ka eona ho araba batho ba neng ba ba qosa. Mehleng ena re ka thusa Bakreste-’moho le rona ba songoang hore ba sebelise lingoloa tsa rona tse thehiloeng Bibeleng hore ba hlalose seo ba se lumelang. Haeba bacha ba songoa hobane ba lumela hore lintho li bopiloe re ka ba thusa hore ba fumane lintlha tse ka ba thusang ho hlalosa seo ba se lumelang bukaneng ea Na Lintho Tse phelang li Bōpiloe? le ea The Origin of Life—Five Questions Worth Asking.
14. Pauluse o ile a etsa’ng le hoja a ne a phathahane ka ho ruta le ho bolela litaba tse molemo?
14 Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste-’moho le eena hore ba bontšane lerato ka ho etsa ‘mesebetsi e metle.’ (Baheb. 10:24) O ne a sa ba thuse feela ka lintho tseo a li buang empa le ka lintho tseo a li etsang. Ka mohlala, ha ho ne ho e-na le tlala Judea, Pauluse o ile a ba fa lintho tseo ba neng ba li hloka. (Lik. 11:27-30) Le hoja Pauluse a ne a phathahane ka ho ruta le ho bolela litaba tse molemo, o ne a lula a batla litsela tsa ho thusa batho ba neng ba hloka. (Bagal. 2:10) Ka ho etsa joalo, o ile a thusa Bakreste-’moho le eena hore ba kholisehe hore Jehova o tla ba hlokomela. Mehleng ena re haha tumelo ea Bakreste-’moho le rona ha re sebelisa nako, matla le bokhoni ba rona ho ba thusa ha ho e-na le likoluoa. Hape re ka etsa joalo ka hore kamehla re fane ka monehelo oa mosebetsi oa lefatše lohle. Ha re etsa lintho tsena le tse ling, re thusa Bakreste-’moho le rona hore ba tšepe hore Jehova a ke ke a ba lahla le ka mohla.
15, 16. Re lokela ho tšoara Bakreste-’moho le rona bao tumelo ea bona e seng e fokola joang?
15 Pauluse o ne a lula a khothatsa batho bao tumelo ea bona e neng e se e fokola. O ne a ba qenehela ’me a bua le bona ka tsela e ba khothatsang. (Baheb. 6:9; 10:39) Ka mohlala, o ne a lula a sebelisa lentsoe “re” lengolong la hae le neng le ea ho Baheberu, e leng se bontšang hore o ne a lumela hore le eena o lokela ho sebelisa keletso eo a fanang ka eona. (Baheb. 2:1, 3) Le rona joaloka Pauluse, re lokela ho lula re khothatsa batho bao tumelo ea bona e seng e fokola. Ha e le hantle, re ba khothatsa ka hore re bontše hore rea ba tsotella. Ha re etsa joalo re bontša hore rea ba rata. Lintho tseo re li buang le tsela eo re buang le bona ka eona e ka ba khothatsa.
16 Pauluse o ile a kholisa Bakreste-’moho le eena hore Jehova o hlokomela lintho tse ntle tseo ba li etsang. (Baheb. 10:32-34) Le rona re ka mo etsisa ha re thusa Mokreste-’moho eo tumelo ea hae e seng e fokola. Re ka kopa a re bolelle hore na ho tlile joang hore e be Paki kapa hore a nahane ka maemo ao Jehova a ileng a mo thusa ho ’ona. Re ka sebelisa monyetla oo ho mo tiisetsa hore Jehova ha aa lebala tsela eo a ileng a bontša hore oa mo rata ebile a ke ke a mo lahla. (Baheb. 6:10; 13:5, 6) Ho qoqa le bara le barali babo rona ka lintho tsena ho ka ba susumeletsa hore ba tsoele pele ba sebeletsa Jehova.
“LE ’NE LE TŠELISANE”
17. Ke lintho life tseo re ka tsoelang pele ho li etsa?
17 Re ka khona ho ntlafatsa bokhoni ba rona ba ho khothatsa batho ba bang ha nako e ntse e ea feela joalokaha motho ea hahang le eena a ntlafatsa bokhoni ba hae ba ho haha ha a ntse a sebetsa. Re ka thusa ba bang hore ba be le matla a ho mamella mathata ka hore re ba bolelle ka batho ba ileng ba mamella mathata nakong e fetileng. Re ka etsa hore ho be le khotso ka phuthehong ka hore re bue ka lintho tse ntle tseo batho ba bang ba li etsang le ka hore re lokise litaba haeba ho e-na le liqabang kapa ho se utloisisane. Re ka tsoela pele ho haha tumelo ea Bakreste-’moho le rona ka hore re buisane le bona ka lintho tsa bohlokoa tseo re ithutileng tsona ka Bibeleng, ka ho ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang le ka ho tšehetsa bao tumelo ea bona e seng e fokola.
18. U ikemiselitse ho etsa’ng?
18 Bara le barali babo rona ba hahang mehaho ea rona ba thabile ebile ba khotsofetse. Le rona re ka thaba le ho khotsofala ha re haha tumelo ea Bakreste-’moho le rona. Mehaho e ka senyeha empa melemo ea mosebetsi oa rona oa ho khothatsa ba bang e tla lula e le teng ka ho sa feleng. E se eka re ka ikemisetsa ho lula re ‘tšelisana le ho hahana.’—1 Bathes. 5:11.
PINA EA 100 Re be Mosa ho Bohle
a Bophelo bo boima. Bara le barali babo rona ba tlas’a khatello e matla. Kahoo, re ka ba thusa haholo haeba re ka ba khothatsa ka litsela tse sa tšoaneng. A re bueng ka mohlala oa moapostola Pauluse o ka re thusang ho bona hore na re ka etsa seo joang.
b LITŠOANTŠO: Ntate o bontša morali oa hae litlhahiso tse tsoang lingoloeng tsa rona tse ka mo thusang ho hlola khatello ea ho keteka keresemese.
c LITŠOANTŠO: Banyalani ba tlile naheng e ’ngoe ho thusetsa moo ho hlahileng koluoa.
d LITŠOANTŠO: Moholo o etetse mor’abo rona eo tumelo ea hae e seng e fokola. O bontša mor’abo rona linepe tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho seo ba neng ba ile ho sona lilemo tse fetileng. Linepe tseo li etsa hore mor’abo rona a hopole linako tse monate tseo ba bileng le tsona. Ka mor’a nako o khutlela ka phuthehong.