SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 51
Tšepo eo re Nang le Eona ha e Soetse
“Tšepo ha e soetse.”—BAR. 5:5.
PINA EA 142 Re Lula re E-na le Tšepo e Matla
SEO RE TL’O ITHUTA SONAa
1. Ke hobane’ng ha Abrahama a ile a lula a e-na le tšepo ea hore o tla ba le mora?
JEHOVA o ile a tšepisa motsoalle oa hae Abrahama hore lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa ka lebaka la ngoana oa hae. (Gen. 15:5; 22:18) Abrahama o ne a kholisehile hore tšepiso eo ea Molimo e tla phethahala hobane o ne a e-na le tumelo e matla ho Molimo. Ho ntse ho le joalo, ha Abrahama a le lilemo li 100 le mosali oa hae a le lilemo li 90, ba ne ba ntse ba se na mora. (Gen. 21:1-7) Leha ho le joalo, Bibele e re: “Abrahama o ne a e-na le tšepo le tumelo ea hore e tla ba ntate oa lichaba tse ngata” joalokaha ho ne ho boletsoe. (Bar. 4:18) Oa tseba hore ntho eo Abrahama a neng a e tšepisitsoe e ile ea phethahala. O ile a ba le mora ea bitsoang Isaka eo e leng khale a mo lebeletse. Ke hobane’ng ha Abrahama a ne a kholisehile hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso ea hae?
2. Ke hobane’ng ha Abrahama a ne a kholisehile hore tšepiso ea Molimo e tla phethahala?
2 Kaha Abrahama e ne e le motsoalle oa Jehova, “o ne a kholisehile ka ho feletseng hore Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae.” (Bar. 4:21) Jehova o ile a amohela Abrahama a ba a mo nka a lokile ka lebaka la tumelo ea hae. (Jak. 2:23) Joalokaha Baroma 4:18 e bontša, Abrahama o ne a e-na le tšepo le tumelo. A re hlahlobeng hore na moapostola Pauluse o re’ng ka tšepo lengolong la Baroma khaolo ea bohlano.
3. Pauluse o re hlalosetsa eng ka tšepo?
3 Pauluse oa re hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore tšepo eo re nang le eona “ha e soetse.” (Bar. 5:5) O boetse oa re hlalosetsa hore na tšepo ea rona e ka ba matla joang. Ha re ntse re hlahloba mantsoe a Pauluse a hlahang ho Baroma 5:1-5, nahana ka boemo ba hao. Ha u etsa joalo, e ka ’na eaba u tla hlokomela hore tšepo ea hao e ’nile ea e-ba matla le ho feta ha nako e ntse e ea. U tla boela u ithute hore na u ka etsa’ng e le hore tšepo ea hao e be matla le ho feta. A re qaleng pele ka ho bua ka tšepo ena e babatsehang eo Pauluse a reng ha e soetse.
TŠEPO EA RONA E BABATSEHANG
4. Baroma 5:1, 2 e bua ka’ng?
4 Bala Baroma 5:1, 2. Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Roma mantsoe ao. Bara le barali ba bo rona ba Roma ba ile ba ithuta ka Jehova le Jesu, ba ba le tumelo eaba e e-ba Bakreste. Ka lebaka leo, Molimo o ile a ba ‘nka ba lokile ka lebaka la tumelo’ eaba o ba tlotsa ka moea o halalelang. Ba ile ba e-ba le tšepo e tiileng ea hore ba tla fumana moputso o thabisang oo ba neng ba tla o fuoa.
5. Batlotsuoa ba na le tšepo efe?
5 Hamorao Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng ba Efese ka tšepo eo Molimo a ba khethetseng eona. Ba ne ba tla fumana “litlhohonolofatso . . . tseo [Molimo] a li tšepisitseng balumeli.” (Baef. 1:18) Pauluse o ile a boela a bolella Bakolose hore na ba tla fumana litlhohonolofatso tseo ba le hokae. O ile a re litlhohonolofatso tseo ke “moputso oo le o behetsoeng leholimong.” (Bakol. 1:4, 5) Ka hona, batlotsuoa ba na le tšepo ea hore ba tla tsosoa ’me ba e’o phela ka ho sa feleng leholimong moo ba tla busa le Kreste.—1 Bathes. 4:13-17; Tšen. 20:6.
6. Mor’abo rona e mong oa motlotsuoa o ile a re’ng ka tšepo eo a nang le eona?
6 Bakreste ba tlotsitsoeng ba ananela tšepo eo ba nang le eona. E mong oa bona e leng Mor’abo rona Frederick Franz, o ile a bua mantsoe ana a tsoang pelong: “Tšepo ea rona ke ntho ea sebele, ’me e tla phethahatsoa ka botlalo ho e mong le e mong oa ho qetela oa litho tse 144 000 tsa mohlatsoana ka tekanyo eo re sitoang ho e nahana.” Ka 1991, ka mor’a hore Mor’abo rona Franz a qete lilemo tse mashome a sebeletsa Molimo ka botšepehi, o ile a re: “Ha rea lahleheloa ke bohlokoa ba tšepo eo. . . . Re e ananela haholoanyane ha re lokela ho e emela haleletsana. Ke ntho eo re lokelang ho e emela le haeba e ka hloka hore re eme lilemo tse milione. Ke nka tšepo ea rona e le ea bohlokoa ho feta leha e le neng pele.”
7, 8. Batho ba bangata ba sebeletsang Jehova ba na le tšepo efe? (Baroma 8:20, 21)
7 Boholo ba batho ba sebeletsang Jehova mehleng ena ba na le tšepo e fapaneng. Ke tšepo e tšoanang le eo Abrahama a neng a e-na le eona, ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ’Musong oa Molimo. (Baheb. 11:8-10, 13) Pauluse o ile a ngola ka litlhohonolofatso tse thabisang tse tla fumanoa ke batho ba nang le tšepo eo. (Bala Baroma 8:20, 21.) Ha u ne u qala ho ithuta litšepiso tse hlahang ka Bibeleng tse mabapi le bokamoso, ke efe eo u ileng oa utloa u tatetse hore e phethahale? Na u ne u tatetse nako eo ka eona u tla be u se u se moetsalibe? Kapa na u ne u thabile haholo ha u tseba hore baratuoa ba hao ba hlokahetseng ba tla phela hape paradeiseng? Ho na le lintho tse ngata tseo u ka lebellang hore li etsahale ka lebaka la tšepo eo Molimo a re fileng eona.
8 Tšepo eo re nang le eona e re thabisa haholo, ebang re lebeletse ho phela ka ho sa feleng lefatšeng kapa leholimong. Hape tšepo eo e ka matlafala le ho feta. Pauluse oa hlalosa hore na seo se ka etsahala joang. A re boneng hore na o ile a re’ng ka tšepo eo re nang le eona. Ho etsa joalo ho tla re thusa ho kholiseha le ho feta hore lintho tseo re nang le tšepo ea hore li tla etsahala, li tla fela li etsahale.
TŠEPO EA RONA E KA MATLAFALA JOANG?
9, 10. Mohlala oa Pauluse o bontša hore re ka lebella eng? (Baroma 5:3) (Sheba litšoantšo.)
9 Bala Baroma 5:3. Hlokomela hore mathata a ka etsa hore tšepo ea rona e be matla le ho feta. Taba eo e ka ’na ea re makatsa. Leha ho le joalo, balateli bohle ba Kreste ba ka lebella ho hlaheloa ke mathata. Nahana ka mohlala oa Pauluse. O ile a re ho Bakreste ba Thesalonika: “Ha re ne re e-na le lona, re ne re tloaetse ho le bolella hore re tla hlaheloa ke mathata ’me joalokaha le tseba, ke mona ho etsahetse.” (1 Bathes. 3:4) Hape o ile a re ho Bakorinthe: “Bana beso, re batla hore le tsebe ka mathata a ileng a re hlahela . . . Re ne re bile re sa kholiseha hore na re tla phela kapa che.”—2 Bakor. 1:8; 11:23-27.
10 Bakreste ba mehleng ena le bona ba ka lebella ho hlaheloa ke mathata. (2 Tim. 3:12) Na u kile oa hlorisoa hobane u lumela ho Jesu u bile u le molateli oa hae? E ka ’na eaba metsoalle le ba lelapa ba ile ba u soma ba ba ba u tšoara hampe. Na mohiri oa hao kapa basebetsi-’moho ba kile ba u hlorisa hobane u ikemiselitse ho etsa lintho tsohle ka botšepehi? (Baheb. 13:18) Na u kile oa hlorisoa ke ’muso hobane u bolella batho ka tšepo eo u nang le eona? Ho sa tsotellehe hore na re kopana le mathata a mofuta ofe, Pauluse o re re thabe. Hobane’ng?
11. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho mamella mathata afe kapa afe ao re tla kopana le ’ona?
11 Re ka thaba leha re hlaheloa ke mathata hobane joalokaha Baroma 5:3 e cho, “mathata a etsa hore re be le mamello.” Kaha Bakreste bohle ba tla kopana le mathata, ba lokela ho ba le mamello. Re lokela ho ikemisetsa ho mamella mathata leha e le afe ao re tla kopana le ’ona. Ha re etsa joalo, re tla fumana lintho tseo re nang le tšepo ea hore re tla li fumana. Ha rea lokela ho tšoana le batho bao Jesu a neng a nahanne ka bona ha a bua ka peo e ileng ea oela lipakeng tsa majoe. Qalong ba ile ba amohela lentsoe ka thabo empa “ha ho hlaha matšoenyeho kapa mahloriso,” ba ile ba khaotsa ho lumela molaetsa oo. (Mat. 13:5, 6, 20, 21) Ke ’nete hore ha ho monate ho hlorisoa kapa ho hlaheloa ke mathata, empa ho mamella ho tla re tsoela molemo haholo. Ka tsela efe?
12. Ho mamella mathata ho re thusa joang?
12 Morutuoa Jakobo o ile a hatisa hore na ho mamella mathata ho tla re thusa joang. O ile a re: “Le lumelle mamello hore e phethe mosebetsi oa eona e le hore le ka ba batho ba phethahetseng linthong tsohle ’me le se ke la hloka letho.” (Jak. 1:2-4) Jakobo o bua ka mamello joalokaha eka e na le mosebetsi oo e lokelang ho o phetha. Ke mosebetsi ofe? E ka u thusa hore u be le tiisetso, tumelo le hore u itšetlehe ka Jehova haholoanyane. Ho na le molemo o mong hape o moholo oo re o fumanang ha re mamella.
13, 14. Ho tla etsahala’ng haeba re mamella, hona seo se ka ama tšepo ea rona joang? (Baroma 5:4)
13 Bala Baroma 5:4. Pauluse o re mamello “e etsa hore Molimo a re amohele.” Kahoo, ha u mamella, Jehova oa u amohela. Ha se hore Jehova oa thaba ha u hlaheloa ke mathata. Empa o thabisoa ke hore ebe oa mamella. Ke ntho e khothatsang haholo ho tseba hore Jehova oa thaba ha re mamella mathata.—Pes. 5:12.
14 Hopola hore Abrahama o ile a ba le mathata ’me Jehova o ile a mo amohela hobane a ile a a mamella. Jehova o ile a mo nka e le motsoalle oa hae a ba a mo nka e le motho ea lokileng. (Gen. 15:6; Bar. 4:13, 22) Le rona Jehova a ka re nka joalo. Molimo ha a re amohele a ipapisitse le hore na re etsa mosebetsi o mokae kapa hore na re mo sebeletsa ka litsela life. O re amohela a ipapisitse le mamello le botšepehi ba rona. Ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae, maemo a rona ke afe kapa re na le bokhoni bofe, kaofela ha rona re ka khona ho mamella. Na hona joale u mameletse mathata ka botšepehi? Haeba ho joalo, hopola hore u thabisa Molimo. Ha re elelloa hore re thabisa Molimo, tšepo ea rona e ba matla le ho feta.
TŠEPO E MATLA LE HO FETA
15. Pauluse o ile a boela a re’ng, hona ke hobane’ng ha taba eo e ka ’na ea makatsa batho ba bang?
15 Joalokaha Pauluse a bontšitse, Jehova o tla re amohela haeba re mamella mathata. Ha Pauluse a tsoela pele o re: “Ha Molimo a re amohela re ba le tšepo. Tšepo ha e soetse.” (Bar. 5:4, 5) Taba ena e ka ’na ea makatsa batho ba bang. Hobane’ng? Hobane ho Baroma 5:2, Pauluse o ne a se a ile a bolela hore Bakreste bao ba Roma ba ne ba se ba ntse ba e-na le tšepo, e leng ‘tšepo ea hore ba tla tlotlisoa ke Molimo.’ Kahoo, motho e mong a ka ’na a ipotsa: ‘Haeba Bakreste bao ba ne ba se ba ntse ba e-na le tšepo, ke hobane’ng ha Pauluse a boela a bua ka tšepo litemaneng tse latelang?’
16. Tšepo e matlafatsoa ke eng? (Sheba litšoantšo.)
16 Re ka utloisisa hore na Pauluse o ne a bolela’ng ha re hopola hore tšepo ke ntho e matlafatsoang. A re etse mohlala: Na u sa hopola ha u ne u qala ho ithuta molaetsa o thabisang o fanang ka tšepo o ka Lentsoeng la Molimo? E ka ’na eaba ka nako eo u ne u nahana hore taba ea hore re tla phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng ke toro feela. Leha ho le joalo, ha u ntse u ithuta haholoanyane ka Jehova le ka litšepiso tse ka Bibeleng, u ile oa kholiseha haholoanyane hore tšepiso eo e tla phethahala.
17. Tšepo ea hao e tsoela pele ho matlafala joang ka mor’a hore u inehele u be u kolobetsoe?
17 Ka mor’a hore u inehele ho Jehova le ho kolobetsoa, u ile oa tseba Jehova le ho mo rata le ho feta. Ka lebaka leo, tšepo ea hao ea e-ba matla le ho feta. (Baheb. 5:13–6:1) E ka ’na eaba seo Baroma 5:2-4 e se buang se ile sa u etsahalla. U ile oa ba le mathata a fapaneng empa oa a mamella kaofela ’me oa bona hore Jehova oa u amohela. Kaha oa tseba hore Jehova oa u rata hape oa u amohela, u se u e-na le mabaka a eketsehileng a ho lebella hore o tla phethahatsa litšepiso tsa hae. Tšepo ea hao e matlafetse ho feta pele. Ke ea sebele ho uena ’me u kholisehile ka eona. E u ama ka botebo. E susumetsa likarolo tsohle tsa bophelo ba hao ’me e ama tsela eo u tšoarang ba lelapa la hao ka eona, eo u etsang liqeto ka eona le eo u sebelisang nako ea hao ka eona.
18. Jehova o fana ka tiiso efe?
18 Pauluse o ile a bua taba e ’ngoe ea bohlokoa ka tšepo eo u bang le eona ka mor’a hore u tsebe hore Molimo oa u amohela. Oa u kholisa hore lintho tseo u nang le tšepo ea tsona li tla phethahala. U ka kholisoa ke eng? Pauluse o fa Bakreste tiiso ena e tsoang ho Molimo: “Tšepo ha e soetse hobane Molimo o sebelisa moea o halalelang oo a re fileng oona ho bontša hore oa re rata.” (Bar. 5:5) U na le mabaka a utloahalang a ho kholiseha hore tšepo eo Jehova a u fileng eona e tla phethahala.
19. U ka kholiseha ka’ng ka tšepo eo u nang le eona?
19 Nahana ka tšepiso eo Jehova a ileng a e etsetsa Abrahama le kamoo a ileng a mo amohela le ho mo nka e le motsoalle oa hae kateng. Tšepo ea Abrahama e ne e se ea lefeela. Bibele e re: “Abrahama o ile a fumana tšepiso ena ka mor’a hore a be le mamello.” (Baheb. 6:15; 11:9, 18; Bar. 4:20-22) Ho hang ha aa ka a soetseha. Le uena u ka kholiseha hore haeba u lula u tšepahala, tšepo eo u nang le eona e tla phethahala. U na le mabaka a mangata a ho thaba hobane oa tseba hore tšepo ea hao e tla phethahala le hore u ke ke oa soetseha. (Bar. 12:12) Pauluse o ile a re: “E se eka Molimo ea fanang ka tšepo a ka etsa hore le be le khotso le thabo e ngata hobane le mo tšepa e le hore moea o halalelang o ka matlafatsa tšepo eo le nang le eona.”—Bar. 15:13.
PINA EA 139 Ipone U le Teng Lefatšeng le Lecha
a Sehloohong sena re tla hlahloba hore na ke tšepo efe eo re nang le eona ka bokamoso le hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore e tla phethahala. Baroma khaolo ea bohlano e tl’o re thusa ho bona hore na tšepo eo re nang le eona hona joale e fapane joang le tšepo eo re neng re e-na le eona ha re ne re qala ho ithuta Bibele.