LULANG LE FALIMEHILE!
Bibele e Re’ng ka ho Thunngoa ha Batho ho Ntseng ho Etsahala Lefatšeng Lohle?
Na ho na le tšepo ea hore lintoa li tla fela? Bibele e re’ng ka taba ee?
Lintoa li Tla Fela
Bibele e re re phela “mehleng ea bofelo” e leng nako eo batho ba neng ba tla etsa lintho tse khopo, tse tšosang le tse sehloho. (2 Timothea 3:1, 3) Lintho tseo li etsa hore batho ba lule ba tšohile. (Luka 21:11) Leha ho le joalo, Bibele e tšepisa hore lintoa li tla fela ’me batho ba tla “lula sebakeng se nang le khotso, libakeng tse sireletsehileng le libakeng tse nang le khutso.” (Esaia 32:18) Lintoa li tla fela joang?
Molimo o tla felisa batho ba khopo le libetsa tsohle.
“Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng.”—Liproverbia 2:22.
“[Molimo] o felisa lintoa lefatšeng lohle. O roba seqha ebile o robakanya le lerumo. O chesa likariki tsa sesole ka mollo.”—Pesaleme ea 46:9.
Molimo o tla ruta batho hore ba phelisane ka khotso e leng se tla etsa hore lintoa li fele.
“Li ke ke tsa lematsa batho kapa tsa baka tšenyo thabeng eohle ea ka e halalelang hobane hohle lefatšeng batho ba tla tseba Jehova, joalokaha metsi a koahela leoatle.”—Esaia 11:9.
Le hona joale Molimo o ntse a ruta batho lefatšeng lohle hore ba se ke ba loana le ho sebelisa libetsa le hore ba etse “lisabole tsa bona mehoma, ba etse marumo a bona likere tse kutang limela.”—Mikea 4:3.
Ho ithuta hore na Bibele e re’ng ka ho phela lefatšeng re sa tšabe letho, bala sehlooho se reng, “Ho Lokoloha Tšabong—Na ke Ntho e ka Etsahalang?”
Ho ithuta hore na Bibele e re’ng ka ho phela lefatšeng re sa tšabe letho, bala sehlooho se reng, “Khotso Lefatšeng Qetellong!”