TheCrimsonMonkey/E+ via Getty Images
Na ’Muso oa Molimo o Tla Lokisa Mathata a Tikoloho?
Ho feto-fetoha ha maemo a leholimo, tšilafalo le ho senngoa ha tikoloho ho ama batho le liphoofolo lefatšeng lohle. Le hoja mebuso e leka ho lokisa maemo ana, lintho li ntse li mpefala le ho feta. Na ho tla ke ho be le tharollo ea moshoelella?
Bibele e re ho na le ’muso o ka khonang ho felisa mathata a tikoloho lefatšeng ebile o tla a felisa. E re: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso,” ’muso oo o tla busa lefatše lohle o be o lokise mathata a lona. (Daniele 2:44) Tlas’a ’muso oo batho ‘ba ke ke ba lematsa ba bang kapa ba baka tšenyo lefatšeng.’—Esaia 11:9.