Na Bibele e Fetotsoe kapa e Ekelitsoe?
Ha ho joalo. Ha ho bapisoa le meqolo ea mehleng ea khale, hoa hlaka hore molaetsa o ngotsoeng ka Bibeleng o ntse o tšoana le hoja o ile oa kopitsoa ka makhetlo-khetlo ka lilemo tse likete ebile o ngolloa linthong tse senyehang habonolo.
Na see se bolela hore le ka mohla ha hoa ka ha e-ba le liphoso ha ho etsoa likopi tsa Bibele?
Ho se ho fumanoe meqolo ea Bibele e baloang ka likete ea mehleng ea khale. E meng ea meqolo ha e tšoane linthong tse ’maloa, e leng se bontšang hore ho ile ha e-ba le liphoso ha e ntse e kopitsoa. Boholo ba ho se tšoane ho teng ho honyenyane ’me ha ho fetole moelelo oa litaba. Leha ho le joalo, likarolong tse seng kae ho fumanoe phapang e kholo eo ho bonahalang e bakiloe ke hore nakong e fetileng ho na le batho ba ileng ba leka ho fetola molaetsa oa Bibele ka boomo. Bona mehlala ena e ’meli:
Libibeleng tsa khalenyana, ho 1 Johanne 5:7 ho na le mantsoe a reng: “leholimong, Ntate, Lentsoe le Moea o Halalelang: ’me bao ba bararo ke ntho e le ’ngoe.” Leha ho le joalo, meqolo e ka tšeptjoang e tiisa hore mantsoe ao a ne a le sieo qalong. Mantsoe ao a ile a kenngoa hamorao.a Ka lebaka leo, Libibele tsa morao tjena tse tšepahalang li ntšitse mantsoe ao.
Lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a likete ka meqolong ea khale ea Bibele. Leha ho le joalo, liphetolelo tse ling tsa Bibele li le ntšitse tsa kenya litlotla tse kang “Morena” le “Molimo.”
Ke eng e ka re kholisang hore ha ho na liphoso tse ling tse ngata tse tla ’ne li fumanoe?
Hona joale ho se ho fumanoe meqolo e mengata haholoanyane e re nolofaletsang ho fumana liphoso.b Ho ile ha fumanoa’ng ha ho bapisoa Bibele le meqolo ee ea mehleng ea khale?
William H. Green, eo e leng setsebi sa Bibele, o ile a bua mantsoe ana a latelang ha a ne a ntša maikutlo a hae ka Mangolo a Seheberu (ao ka tloaelo a bitsoang “Testamente ea Khale”): “Re ka bua ka kholiseho ra re ha ho letho la mehleng ea boholo-holo le bolokiloeng ka tsela e nepahetseng ho feta ena.”
Setsebi sa Bibele, F. F. Bruce se ile sa ngola tjena ka Mangolo a Segerike a Bakreste kapa “Testamente e Ncha”: “Ho na le bopaki bo bongata bo netefatsang ho nepahala ha Testamente e Ncha ho feta bo netefatsang lintho tse ling tse ngotsoeng ke batho ba bang ba mehleng ea khale. Leha ho le joalo, ha ho le ea mong ea belaelang hore na lingoloa tsena tseo ho thoeng ke tsa batho ba bang ba mehleng ea khale ehlile li tšoana le tsa qalong kapa che.”
Sir Frederic Kenyon e leng setsebi se hlomphuoang litabeng tsa meqolo, o ile a re motho “a ka tšoara Bibele ka letsohong la hae, ’me a bua ka sebete a bile a sa tsilatsile hore o tšoere Lentsoe la Molimo ka sebele, le fetiselitsoeng molokong o mong ka mor’a o mong ka lilemo tse makholo-kholo ho se letho le leholo le lahlehang.”
Ke mabaka afe a mang a re kholisang hore molaetsa oa Bibele o fetiselitsoe ho rona ka ho nepahala?
Bakopitsi ba Bajuda le ba Bakreste ba ile ba boloka litlaleho tse neng li senola liphoso tse tebileng tse entsoeng ke batho ba Molimo.c (Numere 20:12; 2 Samuele 11:2-4; Bagalata 2:11-14) Hape ba ile ba boloka litlaleho tse nyatsang sechaba sa Bajuda ka ho se mamele, le tse senolang lithuto tseo e seng tsa Molimo. (Hosea 4:2; Malakia 2:8, 9, Matheu 23:8, 9; 1 Johanne 5:21) Kaha bakopitsi ba ile ba kopitsa litlaleho tsena ka nepo, hoa bonahala hore ba ne ba tšepahala ebile ba hlompha Lentsoe la Molimo le halalelang.
Ke ntho e utloahalang hore ebe Molimo o entse bonnete ba hore molaetsa oa Bibele ha o hlekahlekoe kaha ke eena ea bululetseng hore o ngoloe.d (Esaia 40:8; 1 Petrose 1:24, 25) O ne a sa batle hore lentsoe la hae le tsoele molemo batho ba mehleng ea khale feela empa o ne a batla hore le re tsoele molemo le kajeno. (1 Bakorinthe 10:11) Ha e le hantle, “lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rona le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.”—Baroma 15:4.
Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba qotsa ho tsoa likoping tsa Mangolong a Seheberu ’me ha ho le ka mohla ba ileng ba belaella ho nepahala ha likopi tseo.—Luka 4:16-21; Liketso 17:1-3.
a Mantsoe ana ha ho moo a hlahang ka har’a Codex Sinaiticus, Codex Alexandrinus, Vatican Manuscript 1209, Vulgate ea Selatine, Philoxenian-Harclean Syriac Version le Syriac Peshitta.
b Ka mohlala, ho se ho fumanoe meqolo e fetang 5 000 ea Mangolo a Segerike a Bakreste, ao hangata a bitsoang Testamente e Ncha.
c Ha ho moo Bibele e reng bahlanka ba Molimo ha ba etse liphoso. E bua ntho ena e utloahalang: “Ha ho na motho ea sa etseng sebe”—1 Marena 8:46.
d Le hoja litaba tse ka Bibeleng li sa ngoloa lentsoe ka lentsoe ho tsoa molomong oa Molimo, o ile a susumetsa likelello tsa batho ba neng a e ngola.—2 Timothea 3:16, 17; 2 Petrose 1:21.