Thomas Marentant/Mary Evans Picture Library/Pantheon/SuperStock
NA E ENTSOE?
Ho se Hoame ha Mali a Glass Frog
Senqanqane se senyenyane se bitsoang glass frog (Hyalinobatrachium), se tsebahalang ka letlalo la sona le bonaletsang, se fumaneha merung ho tloha karolong e ka boroa ea Mexico ho ea karolong e ka leboea ea Amerika Boroa. Ho tla joang hore ebe letlalo la senqanqane see lea bonaletsa? Ke hobane se isa lisele tsa sona tse khubelu sebeteng. Leha ho le joalo, ha lisele tsena li fihla sebeteng, ha li etse hore mali a sona a hoame ka tsela e kotsi.
Pete Oxford/Minden Pictures/SuperStock
Nahana ka sena: Sehlopha sa bafuputsi se ntseng se ithuta ka mofuta o mong oa glass froga, se fumane hore mofuta ona oa senqanqane o isa liphesente tse ka bang 90 tsa lisele tsa sona tse khubelu sebeteng. Ha senqanqane sena se robetse, sebete sa sona se eketseha ka liphesente tse ka ba bang 40. Sebete sena se ka har’a mokotla o monyenyane o tšetseng lintho tse nyenyane tse kang majoe a benyang. Ha senqanqane sena se le khanyeng, lintho tsena tse kang majoe li pata sebete sena se tšetseng lisele tse khubelu e le hore se se ke sa bonahala.
Ho bokana ha lisele tse khubelu ka tsela ena ho ne ho ka beha bophelo ba senqanqane sena kotsing. Leha ho le joalo, ho bonahala ketsahalo ena e sa bakele mofuta ona oa glass frog mathata. Ho makatsang ke hore ho fapana le maemong a mang, ha senqanqane sena se lemala, mali a sona a hoama ka tsela e tloaelehileng, e le hore se ka fola.
Bafuputsi ba tsa bongaka ba qetile lilemo tse ngata ba batlana le mekhoa ea ho thusa batho hore mali a bona a se ke a hoama ka tsela e kotsi. Ba lumela hore ho tseba hore na ke hobane’ng ha mali a glass frog a sa hoame, ho ka ba thusa ho fumana mekhoa e mecha ea phekolo bakeng sa batho.
U nahana joang? Na bokhoni boo ba ho se hoame ha mali a glass frog bo itlhahetse feela? Kapa na bo entsoe?
a Hyalinobatrachium fleischmanni.