KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG
Lingoloa Tse Hatisitsoeng Mehleng Ena ea Marang-rang
LA 1 APRIL, 2026
U sebelisa eng ha u batla ho bala Bibele kapa se seng sa lingoloa tsa rona? Bongata ba rona ha re sa nka buka kapa makasine, ho e-na le hoo re sebelisa lifono kapa li-tablet, ebile mohlomong u ntse u bala sengoloa sena ka sesebelisoa sa elektronike. Ruri re leboha hore ebe lingoloa tsa rona li fumaneha ho JW Library app le ho jw.org.
Ke hobane’ng ha boholo ba batho bo se bo thabela ho sebelisa lingoloa tse Inthaneteng? Lipaki tse ngata li thabela ho sebelisa lingoloa tse Inthaneteng hobane li fumaneha habonolo ebile u khona ho etsa lintho tseo u sa khoneng ho li etsa lingoloeng tse hatisitsoeng. Hape le hoja re ntse re tsoela pele ho fa batho lingoloa mosebetsing oa boboleli, ntho ea bohlokoa ke ho qoqa le bona.
Ka lebaka leo, re hatisa lingoloa tse ka tlase ho halofo ea palo eo re neng re e hatisa lilemong tse leshome tse fetileng. Ka 2015, pele batho ba bangata ba sebelisa JW Library ho daonlouda lingoloa, boholo ba mechine ea rona e hatisang e ne e sebetsa lihora tse 16 ka letsatsi. Ho ne ho e-na le tlhoko e kholo ea lingoloa tse hatisitsoeng hoo liofisi tse ling tsa makala li neng li rerile ho hatisa lihora tse 24 ka letsatsi. Empa kajeno, boholo ba mechine ea rona e hatisang e sebetsa lihora tse 8 feela ka letsatsi.
Hase mokhatlo oa rona feela o fokolitseng palo ea lingoloa tseo o li hatisang. Liphuputso tse ’maloa tse ikemetseng li bontša hore lilemong tsa morao tjena, palo ea lingoloa tse kang likoranta le limakasine tse hatisoang e fokotsehile. Ha e le moo batho ba bang ba se ba sebelisa lingoloa tse Inthaneteng, na re ntse re hloka ho hatisa lingoloa? Ho joalo! A re boneng hore na ke hobane’ng ha re tsoela pele ho hatisa lingoloa le hore na menehelo ea lona e thusa joang hore seo se khonehe.
Barali ba bo rona ba Malawi ba sebelisa bukana e hatisitsoeng ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! ho khanna thuto ea Bibele
Ke Hobane’ng ha Lingoloa Tse Hatisitsoeng li Ntse li Hlokahala?
Ba bang ba bara le barali ba bo rona ba hloka lingoloa tse hatisitsoeng. Nahana ka mehlala e latelang:
Odete oa Mozambique o re: “Ke sebelisa lingoloa tse hatisitsoeng hobane ke tsona feela lingoloa tseo nka li sebelisang. Ha ke na chelete ea ho reka fono, le haeba nka ba le eona e tla lula e timme hobane motlakase o khaoha hangata moo ke lulang. Kahoo, hase bohlale ho tšepela lingoloeng tse Inthaneteng feela.”
Linley oa Malawi o re: “Ha ke na chelete ea ho reka sesebelisoa sa elektronike, le haeba nka ba le eona, bothata ke hore tse theko e tlase li senyeha kapele ’me li hloka ho lokisoa nako le nako. Sena se bolela hore ke ne ke sa tl’o khona ho bala lingoloa ha ke ntse ke emetse hore sesebelisoa seo se lokisoe.”
Sinine oa Micronesia o re: “Ka lebaka la chelete e fokolang, ’na le barali ba ka ba babeli re sebelisa fono e le ’ngoe. Ha re le libokeng, e mong oa rona o sebelisa fono, ha ba bang ba babeli ba sebelisa lingoloa tse hatisitsoeng.”
Bara le barali ba bo rona ba bang ba khona ho daonlouda lingoloa Inthaneteng empa ba thabela ho bala tse hatisitsoeng. Hlokomela seo ba bang ba se buang:
Márcia oa Brazil o re: “Hangata ke sebelisa lingoloa tse fumanehang Inthaneteng. Empa ha ke lokisetsa liboka ke thabela ho sebelisa lingoloa tse hatisitsoeng. Ke rata ho bala lingoloa tse ngotsoeng pampiring, ho li tšoara ka matsoho a ka, ho tšoaea le ho ngola lintlha holim’a tsona. Nka etsa se tšoanang fonong, empa ha ke bala pampiring, molaetsa oo ke o balang o ama pelo ea ka ka ho teba ’me ke khona ho o hopola habonolo.”
Selina oa Mozambique o re: “Ke nolofalloa ho bala lingoloa tse hatisitsoeng hobane ha li khathatse mahlo a ka joaloka lingoloa tse Inthaneteng. Hape ha ke motho ea motle hakaalo ka theknoloji. Ha ke sebelisa fono, ke thatafalloa ho ngola lintlha, ho daonlouda le ho fumana boitsebiso boo ke bo batlang.”
Guillaume oa Canada o re: “Ke sebelisa fono le k’homphieutha letšehare lohle. Empa ha ke batla ho fa Jehova nako ea ka, ke li behella ka thoko ebe ke sebelisa lingoloa tse hatisitsoeng. Ka tsela ena ke khona ho bala ke iketlile ke sa sitisoe ke melaetsa e kenang fonong le k’homphieutheng.”
Molebeli oa potoloho oa Amerika Boroa o re: “Ha u qala ho qoqa le motho tšimong, hase kamehla ho leng bonolo ho kopa linomoro tsa hae bakeng sa ho mo romela sengoloa ka marang-rang. Empa hangata ho ba bonolo ho mo fa sengoloa se hatisitsoeng. Hape re sebetsa tšimo libakeng tse kotsi, kahoo re qoba ho sebelisa lisebelisoa tsa elektronike hangata.”
Batho ba bangata ba thabela ho sebelisa lingoloa tse hatisitsoeng ha ba lokisetsa liboka
Mokhatlo o etsa’ng ho thusa bara le barali ba bo rona ba hlokang ho bala lingoloa tse hatisitsoeng kapa ba thabelang ho li bala?
Ho Fana ka Seo Bara le Barali ba bo Rona ba se Hlokang
Makaleng a rona a robong a hatisang, mechine ea rona ea khatiso e tsoela pele ho hatisa lingoloa. Selemong sa tšebeletso sa 2025, re hatisitse lingoloa tse ka holimo ho libilione tse 1,5 tse akarelletsang Libibele tse ka holimo ho limilione tse tharo, libuka tse ka holimo ho limilione tse 18 le lipampitšana le limemo tse ka holimo ho limilione tse 941. Re sebelisitse chelete e fetang liranta tse limilione tse 573 ho hatisa lingoloa tsena. Ho ekelletsa moo, lilemong tse tharo tse fetileng, re sebelisitse hoo e ka bang liranta tse limilione tse 164 ho nchafatsa mechine e hatisang le ho kopanya lingoloa.
E le hore re sebelise menehelo ka bohlale, re hatisa feela seo bana ba bo rona ba se hlokang. Joalokaha re se re boletse, le hoja re ntse re tsoela pele ho fa batho lingoloa, ntho ea bohlokoa ke ho qoqa le bona. Hoo e ka bang lilemo tse leshome tse fetileng, mohoeletsi ka mong o ne a hatisetsoa limakasine tsa Tsoha! tse 86 ka selemo empa hona joale, ho se ho hatisoa tse 11 feela ka selemo. Kaha Lipaki tse ngata li se li sebelisa likarete tsa boitsebiso haholo, re se re hatisa palo e imenneng hararo ea tsona ha e bapisoa le palo e neng e hatisoa pele ho 2020.
“Kannete Molimo o Tsotella Motho e Mong le e Mong”
Bara le barali ba bo rona ba thabela hore ebe re ntse re tsoela pele ho hatisa lingoloa. Ricardo oa Brazil, o re: “Ke motlotlo ho ba karolo ea mokhatlo o lerato hakana, o tsotella hore lijo tsa moea li fumanehe ho bohle, esita le ho bao ba sa khoneng ho fumana lingoloa ka Inthanete. Sena se lumella ‘mang kapa mang ea nyoriloeng’ le ‘mang kapa mang ea batlang’ hore a khone ho fumana linnete tse pholosang bophelo.” (Tšenolo 22:17) Bernard oa Tahiti, o re: “Ke leboha haholo ka lingoloa tsa rona tse hatisitsoeng. Bona ke bopaki ba hore mokhatlo oa Jehova o lerato, o bohlale ebile oa nahanela. Ke kahoo, motho e mong le e mong ebang o monyenyane kapa o moholo, a ruile kapa e le mofutsana a ka fumanang litaba tse monate tsa ’Muso. Bona ke bopaki ba hore Molimo o tsotella motho e mong le e mong.”
Andréia oa Brazil o ananela hore menehelo ea hae e thusa ho tšehetsa khatiso ea lingoloa. O re: “Mokhatlo oa rona o sebelisa chelete, nako, talenta le matla a ba ithaopang ho hatisa lingoloa bakeng sa ba sa khoneng ho fumana lingoloa Inthaneteng. Sena se nkholisa hore kannete Molimo o tsotella motho e mong le e mong. Le haeba menehelo ea ka e ne e sebelisetsoa ho hatisa lingoloa feela, ke ne ke ntse ke tla fana ke thabile.”
Re ananela menehelo eohle ea lona haholo, ho akarelletsa le e fanoeng ho donate.jw.org. E etsa hore re tsoele pele ho hatisa lingoloa bakeng sa ba li hlokang kapa ba ratang ho bala lingoloa tse hatisitsoeng.