ITHUTE HO JESU
Jesu o Ile a Re’ng ka “Litšisinyeho Tse Kholo Tsa Lefatše”?
Lilemo tse ka bang 2 000 tse fetileng, Jesu o ile a bolela esale pele a re: “Ho tla ba le litšisinyeho tse kholo tsa lefatše.” (Luka 21:11) Ke hobane’ng ha mantsoe a Jesu a le bohlokoa haholo kajeno? Nahana ka litšisinyeho tse ling tsa lefatše tsa morao tjena tse bakileng mahlomola a maholo:
La 15 August 2026—Indonesia: Tšisinyeho ea lefatše e nang le matla a 7.7. Litlaleho li re ho hlokahetse batho ba 68a
La 10 August 2026—Colombia: Tšisinyeho ea lefatše e nang le matla a 7.4. Litlaleho li re ho hlokahetse batho ba 294
La 24 June 2026—Venezuela: Litšisinyeho tsa lefatše tse nang le matla a 7.2 le a 7.5. Litlaleho li re ho hlokahetse batho ba 6 301
La 8 June 2026—Philippines: Tšisinyeho ea lefatše e nang le matla a 7.8. Litlaleho li re ho hlokahetse batho ba 106
Mantsoe a Jesu a bolela’ng ho rona?
Jesu o ile a re ha ‘lefatše lena le fela’ kapa “mehleng ea bofelo,” e leng nako e ikhethang historing ea batho, ho ne ho tla ba le “litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng,” hammoho le liketsahalo tse ling.—Matheu 24:3, 7; 2 Timothea 3:1.
Ho fumana bopaki bo eketsehileng ba hore re phela nakong eo Jesu a buileng ka eona, bala sehlooho se re’ng “Ke’ng e Bontšang Hore re Phela ‘Mehleng ea Bofelo’?”
Ho phethahala ha mantsoe a Jesu a mabapi le ‘mehla ea bofelo’ ho re fa tšepo ka bokamoso hobane o ile a boela a re: “Ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’Muso oa Molimo o haufi.” (Luka 21:31) Haufinyane ’Muso oa Molimo o tla felisa lintho tsohle tse utloisang batho bohloko tse akarelletsang litšisinyeho tsa lefatše tse bakang tšenyo. O tla boela o tlise khotso e sa feleng lefatšeng.—Esaia 32:18; Tšenolo 21:3, 4.
Ho ithuta ho eketsehileng ka tšepo ena, shebella video ea ’Muso oa Molimo ke Eng?
a Palo ea batho ba hlokahetseng e ka fetoha hangata ha mosebetsi oa ho pholosa batho o ntse o tsoela pele.