Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA

Naletsana

a Bakreste ba lekholo la pele la lilemo bao Pauluse a ileng a ba ngolla ba ne ba e-na le tšepo ea ho tsosetsoa leholimong moo ba neng ba tla sebeletsa e le babusi-’moho le Kreste. (1 Ba-Thessalonika 4:14-17; bapisa le Luka 22:29, 30.) Kahoo Pauluse o ile a ba khothaletsa ho tšelisana ka tšepo ea hore nakong ea boteng ba Kreste ba tšepahalang har’a bona ba ileng ba shoa ba ne ba tla tsosoa ’me ba kopanngoe le Kreste hape le e mong le e mong. Leha ho le joalo, bakeng sa bongata ba ba shoang, Bibele e ba fuparetse tšepo ea ho tsosetsoa paradeiseng ea lefatšeng e tsosolositsoeng.—Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:1-4.

Ha ba talimane le lefu, ba se nang tšepo ea tsoho ba lula ba nyahame. Esita leha ba ka bolela hore ba lumela mofuteng o itseng oa bophelo ka ’nģane ho lebitla, ke ba fokolang ba ka fumanang matšeliso a sebele ho sena. Ba bang ba bangata mesarelo ea bona ha e bakoe feela ke ’nete ea hore lefu le ba arohantse le baratuoa ba bona empa ka baka la ’nete ea hore karohano ke e sa feleng. Ka baka la ho hloka kutloisiso e hlakileng ka tsoho, tšepo ea bona e fella lepatong la baratuoa ba bona; ho latela seo ba se lumelang, le ka mohla ba ke ke ba hlola ba ba bona hape.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 15:12-19, 32.

Leha ho le joalo, ho fapane ho Bakreste. Pauluse o hlalositse hore lefu, le tšoana le boroko—eseng feela hobane e le boemo ba ho se ikutloe bo tšoanang le boroko bo tebileng empa hape hobane ho ka etsahala ho tsosoa ho bona ka tsoho ea bafu. (Pesaleme ea 13:3; Moeklesia 9:5, 10) Tšepo eo e theiloeng Bibeleng e etsa phapang.

Ha a shoeloa ke ea ratoang, Mokreste o utloa tahlehelo e matla haholo ka ho tšoanang le ba sa lumelang ha ba lahlehetsoe ke botsoalle, tahlehelo ea sefahleho se tloaetsoeng, le bosieo ba lentsoe le ratoang. Tšepo ea tsoho ha e etse hore lipelo e be tse sa utloeng bohloko. Leha ho le joalo, ea kokobetsa le ho etsa hore ho siama e be ho leka-lekaneng. Che, tšepo eo ha e tlose ho utloa bohloko ba ho shoeloa, empa e etsa hore ho be bobebe haholo ho mamella bohloko.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela