Naletsana
a Lentsoe (la Senyesemane) “etiquette” le tsoa motsong oa Sefora o bolelang tekete kapa mongolo o hlalosang. Buka Word Origins and Their Romantic Stories, ea Wilfred Funk, ea hlalosa: “Melao ea pele ea etiquette e ne e manehiloe libakeng tse neng li le pooaneng kampong ea masole. Lethathamo le ne le fana ka melao ea letsatsi . . . Mohlomong re ka bolela hore etiquette ke ‘tekete’ e lebisang mokhatlong oa batho o itlhomphang.”