Naletsana
a Mabapi le hore “Batho ba Basoeu bao e seng Bajode ba phahametse merabe e meng kaofela,” The New York Times ea la 17 February, 1940, e ile ea qotsa setho se seng sa boto e laolang Univesithi ea Georgetown ha se bolela hore “se ne se utloe ha Adolf Hitler a bolela hore ’Muso o Halalelang oa Roma, e leng ’muso oa Jeremane, o tlameha ho thehoa bocha.” Empa rahistori William L. Shirer o hlalosa hore na phello e ile ea e-ba efe: “Hitler o ne a ithorisa ka hore ’Muso oa Boraro o ileng oa thehoa ka la 30 January, 1933, o ne o tla ba teng ka lilemo tse sekete, ’me ho ea kamoo Manazi a neng a bua ka teng o ne o atisa ho bitsoa ‘’Muso oa Lilemo tse Sekete.’ O ile oa tšoarella ka lilemo tse leshome le metso e ’meli le likhoeli tse ’nè.”