Naletsana
b Ka mor’a hore Joseph Rutherford a rapele ’me a ithute Lentsoe la Molimo ka matla, o ile a bona karabo ka ho hlakileng eo a lokelang ho e fa baena ba Jeremane. E ne e se boikarabelo ba hae ho ba bolella seo ba neng ba lokela ho se etsa kapa seo ba neng ba sa lokela ho se etsa. Ba ne ba na le Lentsoe la Molimo leo ka ho hlakileng le neng le ba bolella hore na ba lokela ho etsa joang tabeng ea ho kopana hammoho le ho fana ka bopaki. Kahoo baena ba Jeremane ba ile ba etsa lintho ka sekhukhu empa ba lula ba utloa litaelo tsa Jehova hore ba kopane hammoho le hore ba pakele lebitso la hae le ’Muso.