Naletsana
a Palo e nepahetseng ea masole le baahi ba shoeleng ha e tsejoe. Ka mohlala, buka ea 1998 e bitsoang Facts About the American Wars e bolela sena ka Ntoa ea II ea Lefatše feela: “Mehloli e mengata ea boitsebiso e fana ka palo-khōlō ea ba limilione tse 50 e le eona ea ba shoeleng (masole le baahi) ka lebaka la Ntoa ea II ea Lefatše empa ba bangata ba fupulitseng taba ena ka botebo ba lumela hore palo e nepahetseng haholoanyane e phahame ho feta moo—e ka ’na ea mena palo eo habeli.”