Naletsana
a Sehloohong sena re tl’o ithuta ka tsela e ncha eo re seng re utloisisa mosebetsi o moholo oa ho ruta batho oo ho buuoang ka oona ho Daniele 12:2, 3. Re tl’o bona hore na mosebetsi ona o tl’o etsoa neng le hore na ke bo-mang ba tla o etsa. Re tla boela re bone hore na mosebetsi ona o moholo oa ho ruta o tla thusa batho ba tla be ba phela lefatšeng ka nako eo joang hore ba itokisetse teko ea ho qetela e tla ba qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete.