Naletsana
b Lintho tseo Pauluse a li ngotseng li bontša hore o ile a ba le mathata a mahlo, e leng ntho eo e ka ’nang eaba e ile ea mo thatafalletsa ho ngola a mang a mangolo a hae le ho etsa mosebetsi oa boboleli. (Bagal. 4:15; 6:11) Kapa mohlomong o ne a bua ka lintho tseo mesuoe ea bohata e neng e li etsa, tse neng li mo tšoenya. (2 Bakor. 10:10; 11:5, 13) Ho sa tsotellehe hore na bothata ba hae bo ne bo bakoa ke eng, bo ne bo mo nyahamisa.