PUISANO | FRÉDÉRIC DUMOULIN
“Ke Kholisehile Hore ho na le ’Mōpi”
Frédéric Dumoulin, o qetile lilemo tse fetang leshome a sebetsa setsing se etsang liphuputso tse amanang le meriana Univesithing ea Ghent e Belgium. Pele o ne a sa lumele hore Molimo o teng. Empa hamorao Frédéric o ile a kholiseha hore Molimo o bōpile lintho tsohle. Tsoha! e ile ea botsa Frédéric—eo hona joale e seng e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova—ka mosebetsi oa hae le ka seo a se lumelang.
Na u ne u le setho sa bolumeli bo itseng ha u sa le ngoana?
E. ’Mè o ne a kena kereke ea Roma e K’hatholike. Empa ka mor’a ho bala ka Lintoa Tsa Bolumeli le ka Lekhotla le Otlang Bakhelohi, ke ile ka hloea bolumeli eaba ha ke sa bo batla ho hang. Ke ile ka boela ka bala ka malumeli ao e seng a Bokreste ’me ka bona a ntse a tšoana. Ha ke le lilemo li 14, ke ile ka etsa qeto ea hore bobolu bo teng bolumeling bo bontša hore Molimo ha a eo. Kahoo, ha ke rutoa thuto ea ho iphetola ha lintho sekolong, ke ile ka etsa qeto ea hore bophelo bo bile teng ka tsela eo.
Ke eng e ileng ea etsa hore u rate saense?
Ha ke le lilemo li supileng, ke ile ka fuoa microscope ’me ke ne ke e rata haholo. Ke ne ke tloaetse ho sheba lintho tse ling tse akarelletsang likokoanyana tse khahlang tse kang lirurubele.
Ke hobane’ng ha u ile ua batla ho tseba hore na bophelo bo qalile joang?
Ha ke le lilemo li 22, ke ile ka kopana le ra-saense e mong oa Paki ea Jehova. O ne a lumela hore Molimo o bōpile lintho tsohle. Seo se ile sa ’makatsa haholo. Ke ne ke nahana hore ke tla khona ho mo kholisa habonolo feela hore seo a se lumelang ha se na kelello. Empa ke ile ka makatsoa ke hore o ne a khona ho araba lipotso tsa ka ka tsela e utloahalang. Ke ile ka batla ho tseba ho eketsehileng ka batho ba lumelang ho Molimo.
Likhoeli tse seng kae hamorao, ke ile ka kopana le Paki e ’ngoe e neng e tseba haholo ka litaba tsa bongaka. E ile ea kōpa ho ntlhalosetsa seo e se lumelang, ’me ka lumela kaha ke ne ke batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha batho ba lumela ho Molimo. Ke ne ke batla ho e bontša hore e khelohile.
Na u ile ua khona ho e kholisa hore e fositse?
Che. Ke ile ka qala ho etsa lipatlisiso ka hore na bophelo bo qalile joang. Empa ka makala ha ke hlokomela hore le bo-rasaense ba tummeng baa lumela hore esita le sele e nyenyane e rarahane haholo hoo ho ke keng ha etsahala hore ebe e tsoa lefatšeng. Ba bang ba bona ba nahana hore lisele tseo li tsoa sepakapakeng. Ho na le ho se lumellane ho hongata mabapi le hore na bophelo bo qalile joang.
Na ho na le moo bo-rasaense ba lumellanang teng?
Se makatsang ke hore bo-rasaense ba bangata ba lumela hore ka tsela e itseng ho iphetola ha lintho ho entse hore lintho tse sa pheleng li phele ka mohlolo. Ke ile ka ipotsa hore, ‘Haeba ha ba tsebe hore na bophelo bo bile teng joang ntle ho ’Mōpi, ke eng se ba kholisang hore bo bile teng ka ho iphetola ha lintho?’ Ke ile ka qala ho ithuta hore na Bibele e re bophelo bo qalile joang.
U ile ua etsa qeto efe ka Bibele?
Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka kholiseha hore ke ’nete. Ka mohlala, hase khale bo-rasaense ba fumane bopaki ba hore ho na le moo bokahohle bo qalileng teng. Empa temana e qalang ea Bibele e ngotsoeng lilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng, e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.”a Hape ke ile ka hlokomela hore hohle moo Bibele e buang ka litaba tsa saense, e nepahetse.
Ke ile ka hlokomela hore hohle moo Bibele e buang ka litaba tsa saense, e nepahetse
Na tsebo ea hao ea saense e ile ea etsa hore u thatafalloe ho lumela hore Molimo o teng?
Che. Ha ke qala ho lumela hore Molimo o teng, ke ne ke se ke e-na le lilemo tse tharo ke ithutela saense univesithing. Ho fihlela kajeno, ha ke ntse ke ithuta kamoo lintho tse phelang li entsoeng kateng, ke kholiseha le ho feta hore ’Mōpi o teng.
Na u ka re fa mohlala?
E. Ke ithutile kamoo meriana le lintho tse chefo li amang lintho tse phelang kateng. Ntho e nkhahlang ke tsela eo boko ba rōna bo sireletsoang kateng ho baktheria le linthong tse kotsi. Ho na le ntho e thibelang mali a rōna ho ea liseleng tsa boko.
Ke eng e ikhethang ka seo?
Lilemong tse ka holimo ho lekholo tse fetileng, bafuputsi ba ile ba hlokomela hore likaroloana tse kenang maling li ea likarolong tsohle tsa ’mele—ntle le bokong le lesapong la mokokotlo. Taba ena ea hlolla ho ’na hobane methapo e menyenyane ea mali e isa mali seleng e ’ngoe le e ’ngoe ea boko. Mali a hloekisa lisele tsohle tsa boko, aa li fepa le ho li fa oksijene. Joale ho tla joang hore a se ke a fihla liseleng tsa boko ba rōna? Bo-rasaense ba ’nile ba sitoa ho hlalosa seo ka lilemo tse ngata.
Na u ka re hlalosetsa hore see se etsahala joang?
Methapo e menyenyane haholo ea mali ha e tšoane le liphaephe tsa polasetiki tse arolang lintho tse ka har’a tsona ho tse ka ntle. Methapo ea mali e entsoe ka lisele. Lisele tsena li nolofalletsa likaroloana tse hlokoang ke boko le likokoana tse sa bonahaleng hore li tsoe lipakeng tsa tsona. Leha ho le joalo, lisele tseo methapo ea mali e entsoeng ka tsona ha li tšoane. Li teteane. Litselana tse pakeng tsa tsona li teteane ka tsela e hlollang. Ho na le likarolo tse ngata tse rarahaneng tse tiisang hore lintho tse kang—oksijene, carbon dioxide, le glucose—li feta lipakeng tsa methapo ea mali le boko ka tsela e laolehileng. Empa metsoako e meng e kang, liprotheine le lisele ha e khone ho feta. Kahoo, lekhalo le teng pakeng tsa mali le boko le sebelisa limolek’hule e le hore le hlahise lintho tse tla sireletsa boko. Ho ea ka ’na ho ne ho ke ke ha etsahala hore ebe lintho tse kang tsena li itlhahetse feela.