-
Moea oa LefatšeHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
tšoasitseng ba hlaheloa ke mahlomola a maholo le tšenyeho ea moea.—Matt. 13:22; 1 Tim. 6:7-10.
Ho ikhantša ka matlotlo a motho le ka seo a nahanang hore o se finyelletse
Mokhoa ona, le oona, o “tsoa lefatšeng” ’me ho hlokahala hore ba fetohang bahlanka ba Molimo ba o lahle. (1 Joh. 2:16) O metse boikhohomosong, ’me ho e-na le hore o hahe ba bang moeeng, o sollisa ka pel’a bona likeko tsa lintho tse bonahalang le lipono tsa se finyelloang lefatšeng.—Ba-Roma 15:2.
Ho ntša maikutlo a motho ka mahlapa le liketso tsa pefo
Tsena ke “mesebetsi ea nama,” eo batho ba bangata ba lokelang ho e loantša ka thata. Ka tumelo ea ’nete le ka thuso ea moea oa Molimo ba ka hlōla lefatše ho e-na le ho lumella hore moea oa lona o ba buse.—Ba-Gal. 5:19, 20, 22, 23; Ba-Ef. 4:31; 1 Ba-Kor. 13:4-8; 1 Joh. 5:4.
Ho bea tšepo ea motho le tšabo ho se ka etsoang ke batho
Motho oa nama o nahana hore seo a ka se tšoarang le ho se bona ke sona sa bohlokoa haholo. Tšepo ea hae le tšabo ea hae li likoloha ho seo batho ba bang ba se tšepisang le ho soka ka sona. Thuso o e shebile ho babusi ba batho ’me o felloa ke matla ha ba hlōleha. (Pes. 146:3, 4; Esa. 8:12, 13) Ho eena, bophelo bona ke bona phetho bo teng. O kopeloa habonolo ke litšokelo tsa lefu. (Ha u bapisa, bona Mattheu 10:28; Ba-Heberu 2:14, 15.) Empa matla a macha a sebelisa kelello ea batho ba tsebang Jehova, ba tlatsang likelello tsa bona le lipelo ka litšepiso tsa hae le ba ithutang ho retelehela ho eena bakeng sa thuso nako le nako ha ho hlokahala.—Ba-Ef. 4:23, 24; Pes. 46:1; 68:19, 20.
Ho nea batho le lintho hlompho ea borapeli ea Molimo
“Molimo oa lefatše lena,” Satane Diabolose, o khothalletsa mekhoa ea mefuta eohle e faposang tšekamelo eo motho a e filoeng ke Molimo ea ho rapela. (2 Ba-Kor. 4:4) Babusi ba bang ba ’nile ba tšoaroa joaloka melimo. (Lik. 12:21-23) Ba limillione ba khumamela litšoantšo. Ba bang hape ba limillione ba rapela lihoba le limathi tse hloahloa. Hangata mekete e fana ka tlhompho e sa lokelang ho batho ka bomong. Moea ona o atile hoo ba ratang Jehova kannete le ba batlang ho inehela ka ho khethehileng ho eena ho hlokahalang hore ba be seli tšusumetsong ea oona tsatsi le leng le le leng.
-
-
Mokhatlo o HlophisitsoengHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Mokhatlo o Hlophisitsoeng
Tlhaloso: Kopano kapa mokhatlo oa batho bao boiteko ba bona bo hokahanngoang bakeng sa mosebetsi kapa morero o khethehileng. Litho tsa mokhatlo o hlophisitsoeng li momahanngoa ke litokisetso tsa puso le ka litekanyetso kapa litlhoko. Batho bao e leng Lipaki tsa Jehova tse inehetseng tsa ba tsa kolobetsoa ba kena ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ka lebaka la boikhethelo ba botho, e seng ka tsoalo kapa ka ho qobelloa leha e le hofe. Ba huletsoe mokhatlong o hlophisitsoeng oa hae o lefatšeng ke lithuto tsa oona le mekhoa ea oona le hobane ba batla ho kopanela mosebetsing oo o o etsang.
Na Jehova o hlile o na le mokhatlo o hlophisitsoeng moo lefatšeng?
Ho araba potso eo, nahana ka se latelang:
Na libopuoa tsa Molimo tsa leholimo, mangeloi, li hlophisitsoe?
Dan. 7:9, 10: “Ka talima ho fihlela literone li ba li beoa, ’me Moholo oa matsatsi a lula; seaparo sa hae se ne se le sesoeu joale ka lehloa, moriri oa hloho ea hae o no o le mosoeu joale ka boea ba nku bo hlatsoehileng; terone ea hae e ne e tsoa malakabe a mollo, le mabili a eona a na a le joale ka mollo o tukang. Nōka ea mollo e ne e tsoa ho eena, e matha pel’a hae; o na a sebeletsoa ke likete tsa likete, limillione tsa limillione li ne li eme pel’a hae; baahloli ba lula, ’me libuka tsa phetloa.”
Pes. 103:20, 21: “Bokang Jehova, lōna mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentsoe la hae, ba mamelang molomo oa hae! Bokang Jehova, lōna makhotla a hae kaofela, lōna bahlanka ba hae kaofela, ba etsang ho ratoang ke eena!” (“Lekhotla” ke sehlopha se hlophisitsoeng.)
-