-
Ho Ntšoa Hoa MpaHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
ba etselitseng bana ba bona. Empa lapeng leo ho lona monna le mosali ba phelang ka litekanyetso tsa Bibele, monna o tla rata mosali oa hae le bana ka sebele ’me a lule le bona ka botšepehi le ho ba hlokomela. (1 Tim. 5:8; Ba-Ef. 5:28-31)’ (2) ‘Haeba rōna ka borōna re tla fumana lerato le hlompho tsa mofuta oo, le rōna re lokela ho sebelisa litekanyetso tsa Bibele boikutlong ba rōna malebana le litho tsa malapa a rōna. Bibele e re re lokela ho talima bana bao re ba tsoalang joang? (Pes. 127:3; bapisa Esaia 49:15.)’
-
-
Ho Rapela BalimoHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Ho Rapela Balimo
Tlhaloso: Tloaelo ea ho hlompha le ho rapela balimo (ka litšebeletso kapa ka litsela tse ling) ka tumelo ea hore baa utloa sebakeng se sa bonahaleng ’me ba ka thusa kapa ba lematsa ba phelang ’me ka lebaka leo ba lokela ho khotsofatsoa. Hase thuto ea Bibele.
Na balimo ba bona se etsoang ke ba phelang hona na balimo baa ba khona ho thusa batho ba phelang?
Moek. 9:5: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.”
Jobo 14:10, 21: “Motho ha a e-shoa, . . . eba o kae na? Bara ba hae leha ba hlonephuoa, ha a tsebe.”
Pes. 49:10, 17-19: “Ba bohlale ba ea shoa; leoatla le sethoto le bona ba ea shoa, ba tlohelle basele maruo a bona. . . . mohla a shoang, a ke ke a nka letho, ’me khanya ea hae e ke ke ea theohela lebitleng le eena. . . . e ka khona u ee ho moloko oa bo-ntat’ao, ba ke keng ba boela ba bona leseli.”
Na hase ’nete hore lijo tse beiloeng aletareng kapa lebitleng li lula li le joalo? Na hona hase pontšo ea hore bafu ha ba fumane molemo ho tsona?
Bona le sehlooho se seholo “Tšebelisano le Meea e Mebe.”
Na ho na le lebaka la ho tšoha hore baholo-holo ba rōna ba shoeleng ba tla re lematsa?
Moek. 9:5, 6: “Bafu . . . Lerato la bona, le
-