-
Baprofeta ba BohataHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Litaba tseo pono ea tsona e ileng ea tlameha ho lokisoa li fokola haholo ha li bapisoa le linnete tsa bohlokoa tsa Bibele tseo Lipaki li li lemohileng le ho li phatlalatsa. Har’a tsona ke tse latelang: Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete. Jesu Kreste hase karolo ea boleng ba Boraro-bo-bong empa ke Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo. Topollo sebeng e fumaneha feela ka ho lumela sehlabelong sa topollo sa Kreste. Moea o halalelang hase motho empa ke matla a sebetsang a Jehova, ’me tholoana ea oona e tlameha ho totobala bophelong ba barapeli ba ’nete. Moea oa motho o-oa shoa, ho fapana le kamoo bahetene ba boholo-holo ba neng ba bolela; ’me tšepo ea bophelo ba kamoso e tsohong. Ho lumella hoa Molimo bokhopo ho tsoetsoe ke tseko ea borena ba bokahohleng. ’Muso oa Molimo ke oona feela tšepo bakeng sa batho. Re phetse mehleng ea qetello ea tsamaiso ea lefatše ea lintho e khopo ho tloha ka 1914. Ke Bakreste ba 144 000 feela ba khabane bao e tlang ho ba marena le baprista le Kreste leholimong, ha batho ba bang bohle ba utloang ba tla amohela bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise.
Ntlha e ’ngoe e ka nahanoang mabapi le lithuto tsa Lipaki tsa Jehova ke ena: Na kannete li phahamisitse boitšoaro ba batho? Na ba tšoarellang lithutong tsee ba hlahelletse metseng ea habo bona ka lebaka la botšepehi ba bona? Na bophelo ba malapa a bona bo susumetsoa hamolemo ke ho sebelisa lithuto tsee? Jesu o itse barutuoa ba hae ba ne ba tla tsebahala habonolo ka lebaka la ho ratana hoa bona. (Joh. 13:35) Na tšobotsi ee e hlahelletse har’a Lipaki tsa Jehova? Re tla re linnete li ipuelle.
Haeba e Mong a Re—
‘Moruti oa ka o itse Lipaki tsa Jehova ke tsona baprofeta ba bohata’
U ka ’na ua arabela: ‘Na nka botsa, Na o u bontšitse ho hong ka Bibeleng ho hlalosang seo re se lumelang kapa seo re se etsang le se bolelang hore batho ba mofuta o joalo e ne etlaba baprofeta ba bohata? . . . Nke ke u bontše hore na Bibele e hlalosa baprofeta ba bohata joang? (Ebe u sebelisa ntlha e le ’ngoe kapa ho feta ho tse thathamisitsoeng maqepheng 44-47.)’
Kapa u ka re: ‘Kea tiisa u tla lumela hore qoso e tebileng joalo e lokela ho tšehetsoa ka bopaki bo hlakileng. Na moruti oa hao o ile a bolela mehlala leha e le efe e tobileng? (Haeba mong a ntlo a supa lipolelo leha e le life tseo ho thoeng re li boletse tse sa kang tsa phethahala, sebelisa taba e leqepheng 45, 46 le qalong ea leqephe 47 ho ea qalong ea leqephe 49.)’
Monyetla o mong: ‘Kea tiisa hore haeba motho e mong a ka u qosa ka ntho e ’ngoe e joalo, u ne u tla thabela monyetla oa hore bonyane u hlalose boemo ba hao kapa maikutlo a hao, na ha ho joalo? . . . Ka hona, na nka u bontša ka Bibeleng . . . ?’
-
-
BasaliHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Basali
Tlhaloso: Batho ba baholo ba batšehali. Ka Seheberu, lentsoe bakeng sa mosali ke ’ish·shahʹ, le bolelang “motho e motšehali.”
Na Bibele e nyenyefatsa basali kapa e ba tšoara joalokaha eka ke batho ba tlaase?
Gen. 2:18: “Eaba Jehova Molimo o re: Ha ho molemo hoba motho a lule a ’notši; ke tla mo etsetsa molekane [“motlatsi,” NW] ea tšoanang le eena.” (Mona Molimo ha o hlalose monna e le motho ea molemo ho feta mosali. Ho e-na le hoo, Molimo o bontšitse hore mosali o ne a tla ba le litšobotsi tse neng li tla tlatsana le tsa monna tokisetsong ea Molimo. Motlatsi ke karolo e ’ngoe e tlatsang linthong tse peli tse lumellanang. Ka hona basali e le sehlopha, ba hlahelletse litšoanelehong le litšobotsing tse itseng; banna, ho tse ling. Bapisa 1 Ba-Korinthe 11:11, 12.)
Gen. 3:16: “[Molimo] a re ho mosali: . . . litakatso tsa hao li tla ba ho monna oa hao, ’me u tla busoa ke eena.” (Polelo ena kamor’a hore Adama le Eva ba sitoe, hase polelo ea seo banna ba lokelang ho se etsa empa ke ea seo Jehova a hlileng a tseba hore ba ne ba tla se etsa ha joale boithati bo se bo fetohile karolo ea bophelo ba batho. Litlaleho tse ngata tsa Bibele kamor’a moo li bolela ka boemo bona bona bo bosula bo ileng ba tsoela pele ka lebaka la puso e joalo ea boithati
-