-
MolimoHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
‘Ke na le maikutlo a ka ka Molimo’
U ka ’na ua arabela: ‘Ke thabela ho utloa hore u motho ea kileng a nahana ka taba ena le hore u lumela ho Molimo. Nke ke botse, Maikutlo a hao ke afe ka Molimo?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Kea tiisa hore u ananela hore ke hoa bohlokoa ho tiisa hore eng le eng eo re e lumelang e tumellanong le se boleloang ke Molimo. Na nka arolelana le uena mohopolo o le mong feela o tsoang ka Bibeleng tabeng ee? (Pes. 83:18)’
-
-
’MusoHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
’Muso
Tlhaloso: ’Muso oa Molimo ke pontšo ea borena ba Jehova ba bokahohle ho libopuoa tsa hae, kapa mokhoa oo a o sebelisang ho bontša borena boo. Lentsoe lena le sebelisitsoe ka ho khetheha ho hlalosa pontšo ea borena ba Molimo ka puso ea borena e etelletsoeng pele ke Mora oa oona, Jesu Kreste. “’Muso” o ka ’na oa bolela bobusi ba ea tlotselitsoeng ho ba Morena kapa sebaka sa lefatšeng se busoang ke puso eo ea leholimo.
Na ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele?
Kapa, ho e-na le hoo, ke boemo bo ka lipelong tsa batho?
Luka 17:21: “Ho ke ke ha thoe: Bonang, o mona; kapa: Bonang, o mane; hobane ’muso oa Molimo o se o le ka hare ho lōna [le TEV, Dy; empa “ho lōna,” KJ ka thoko ho leqephe, NE, JB; “har’a lōna,” RS, NW].” (Hlokomela hore, joalokaha ho bontšitsoe temaneng ea 20, Jesu o ne a bua le Bafarisi, bao a neng a se a ba latotse hore ke baikaketsi, kahoo o ne a ke ke a be a bolela hore ’Muso o ka lipelong tsa bona. Empa ’Muso, joalokaha o ne o emeloa ke Kreste o ne o le har’a bona. Ke kahoo The Emphatic Diaglott e reng: “Boholo ba borena ba Molimo bo ho lōna.”)
Na Bibele e hlile e bua ka ’Muso oa Molimo e le puso?
Esa. 9:6, 7: “Re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena [“puso,” RS, KJ, AT, Dy; “borena ba khanya,” JB, NE; “puso
-