Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Hatisa Molula-qhooa
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
    • Ho Hatisa Molula-qhooa

      Ha o qala ho hatisoa, ka July 1879, o ne o bitsoa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence. Makasine ona, o neng o buella sehlabelo sa Jesu Kreste sa thekollo, o ile oa hatisoa ho fana ka lijo tsa moea ho ba ntlo ea tumelo. Ka January 1, 1909, sehlooho se ile sa fetoleloa ho The Watch Tower and Herald of Christ’s Presence, e le ho tsepamisa tlhokomelo ka ho hlakileng haholoanyane morerong oa makasine ona. Ho tloha ka January 1, 1939, e le ho hatisa taba ea hore Kreste o ne a se a ntse a busa leholimong e le Morena, sehlooho se ile sa fetoleloa ho The Watchtower and Herald of Christ’s Kingdom. Joale ka March 1, 1939, ka ho fetolela sehlooho ho Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova, tlhokomelo e ile ea lebisoa ka ho hlahelletseng haholoanyane ho Jehova e le ’Musi oa Bokahohle, ea faneng ka matla a puso ho Mora oa hae.

      Ha Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o qala ho hatisoa, e ne e le khatiso e maqephe a robeli, e hatisoang hanngoe ka khoeli. Boholo ba oona bo ile ba eketsoa hore e be maqephe a 16 ka 1891, ’me o ile oa fetoha makasine o tsoang habeli ka khoeli ka 1892. O bile le maqephe a 32 ka 1950 bakeng sa lipuo tse ngata.

      Ho fetoleloa ha Molula-Qhooa lipuong tse ling ho qalile butle. Tokollo e le ’ngoe ea sampole e ile ea hatisoa ka Seswedish ka 1883 hore e sebelisoe e le pampitšana. Ho tloha ka 1886 ho ea ho 1889, khatiso e nyenyane ea makasine ona e ile ea hatisoa ka Sejeremane. Empa ke feela ka 1897 ha Molula-Qhooa o boela o hlaha ka Sejeremane ’me o tsoela pele ho hatisoa o sa khaotse. Ka 1916 o ne o hatisoa ka lipuo tse supileng—Dano-Norwegian, Sefinnishe, Sefora, Sejeremane, Senyesemane, Sepolishe, le Seswedishe. Ha boboleli ba litaba tse molemo bo eketseha ka 1922, palo ea lipuo tseo makasine ona o neng o hatisoa ka tsona e ile ea eketseha ho ea ho 16. Leha ho le joalo, ho fihlela ka 1993, o ile oa hatisoa ka mehla ka lipuo tse 112—e leng tse sebelisoang ke baahi ba bangata ba lefatše. Lipuo tsena li ne li sa kopanyelletse feela Senyesemane, Sepanishe, le Sejapane, e leng lipuo tseo khatiso ka ’ngoe e hatisoang ka limillione, empa hape le ka Sepalau, Setuvalu, le tse ling tseo ho abuoang tse makholo a ’maloa feela.

      Ka lilemo tse ngata Molula-Qhooa o ’nile oa talingoa e le makasine oo ka ho khetheha o etselitsoeng “mohlatsoana” oa Bakreste ba inehetseng. Kabo ea oona e ne e batla e lekanyelitsoe; ka 1916, ho ne ho hatisoa likopi tse 45 000 feela. Empa ho qala ka 1935, ho ile ha hatisoa taba ea hore ho khothalletsoe “Bajonadabe,” kapa “bongata bo boholo,” hore ba iphumanele ’me ba bale Molula-Qhooa ka mehla. Ka 1939, ha sekoahelo sa makasine ona se qala ho phahamisa ’Muso, batho bohle ba ile ba qala ho khothalletsoa hore ba iketsetse lipeeletso tsa Molula-Qhooa nakong ea phutuho ea machaba ea likhoeli tse ’nè ea peeletso. Ka baka leo, lenane la lipeeletso le ile la nyolohela ho 120 000. Selemong se latelang Molula-Qhooa o ne o fuoa batho ka mehla literateng. Kabo ea oona e ile ea phahama ka potlako. Mathoasong a 1993 ho ne ho hatisoa likopi tse 16 400 000 lipuong tsohle.

  • Tsoha!—Makasine o Ipiletsang Haholo ho Batho
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
    • Tsoha!—Makasine o Ipiletsang Haholo ho Batho

      Makasine ona qalong o ne o e-na le sehlooho The Golden Age. Tokollo ea pele e bile ea October 1, 1919. Ona ke makasine o neng o tšohla lintho tse ngata tse amang batho. O ne o lemosa batho ka se etsahalang lefatšeng ’me oa ba bontša hore tharollo ea sebele mathateng a batho ke Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, eo ruri e tla tlisetsa batho “mehla ea gauda.” Sebōpeho sa sekoahelo sa makasine ona se ile sa fetoloa, empa molaetsa o ile oa lula o tšoana. The Golden Age e ne e etselitsoe hore e abeloe batho, ’me ka lilemo tse ngata kabo ea eona e ne e feta ea Molula-Qhooa.

      Ho qala ka tokollo ea October 6, 1937, sehlooho se ile sa fetoleloa ho Consolation. Se ne se loketse haholo ka lebaka la khatello eo ba bangata ba neng ba le tlas’a eona le pherekano eo lefatše le bileng le eona Ntoeng ea II ea Lefatše. Leha ho le joalo, matšeliso a neng a fanoa ke makasine ona, e ne e le a ipiletsang feela ho ba nang le lerato la sebele bakeng sa ’nete.

      Ho tloha ka tokollo ea August 22, 1946, ho ile ha sebelisoa sehlooho Tsoha! Ho ne ho hatisoa taba ea ho tsosa batho hore ba hlokomele bohlokoa ba liketsahalo tsa lefatše. Makasine ona o ne o sebelisa mehloli e tšepahalang ea litaba, empa o ne o e-na le bangolli ba oona lefatšeng lohle. Lihlooho tse leka-lekaneng, tse sebetsang le tse fatisisang tse leng ho Tsoha! tse tšohlang lihlooho tse ngata li khothalletsa babali ho nahanisisa ka molaetsa oa bohlokoa ka ho fetisisa oa makasine ona, e leng, hore liketsahalo tsa lefatše li phethahatsa boprofeta ba Bibele, bo bontšang hore re phela mehleng ea qetello le hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla tlisa melemo e sa feleng ho ba ithutang le ba etsang thato ea Molimo. Makasine ona e bile sesebelisoa se atlehang boboleling ba lefatše ka bophara ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le senotlolo sa ho utloisisa boitsebiso bo tebileng bo ithutoang bo ngotsoeng ho Molula-Qhooa le libukeng.

      Mathoasong a 1993, Tsoha! e ne e hatisoa ka lipuo tse 67, likopi tse 13 240 000 tokollo ka ’ngoe.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela