-
’MisaHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Na ho etsoa hoa ’Misa ho lopolla meea e pelekatori?
The Teaching of Christ—A Catholic Catechism for Adults e re: “Lentsoe ‘pelekatori’ ha le ka Bibeleng, leha e le hore thuto ea pelekatori e-ea rutoa ka Bibeleng. . . . Libuka tsa bo-Ntate li na le litšupiso tse ngata tse sa bueng ka boteng ba pelekatori feela empa le ka ’nete ea hore ba khabane ba shoeleng ba ka thusoa ke lithapelo tsa ba phelang, haholo-holo ka Sehlabelo sa ’Misa.”—Maq. 347, 348.
Mabapi le boemo ba bafu, Mangolo a Halalelang a re: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moek. 9:5) “Moea [“moea,” Kx; “motho,” JB] o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezek. 18:4) (Bona le maqephe 219-221, tlas’a sehlooho “Lefu.”)
-
-
Moea (Soul)Ho Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Moea (Soul)
Tlhaloso: Ka Bibeleng, “moea [soul]” o fetoletsoe ho tloha ho neʹphesh ea Seheberu le psy·kheʹ ea Segerike. Tšebeliso ea Bibele e bontša hore moea (soul) ke motho kapa phoofolo kapa bophelo boo motho kapa phoofolo a bo thabelang. Leha ho le joalo, ho batho ba bangata, “moea [soul]” ke karolo e sa bonahaleng ea motho kapa moea (spirit) e phonyohang lefu la ’mele oa nama. Ba bang ba utloisisa hore ke mohloli oa bophelo. Empa maikutlo ana a morao ha a rutoe ke Bibele.
Bibele e re’ng e re thusang ho utloisisa hore na moea (soul) ke eng?
Gen. 2:7: “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše, ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea ho phela, ’me motho ea e-ba moea [soul] o phelang.” (Hlokomela hore ha e re motho o ile a neoa moea [soul] empa hore e ile ea e-ba moea [soul], motho ea phelang.) (Karolo ea lentsoe la Seheberu le ngotsoeng e le “moea [soul]” mona ke neʹphesh. NW, KJ, AS, le Dy li lumellana le phetolelo eo. RS, JB, NAB, li re “boleng.” NE e re “sebopuoa.” Kx e re “motho.”)
1 Ba-Kor. 15:45: “Joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Motho oa pele, Adama, o entsoe moea [soul] o phelang, ’me Adama oa morao o entsoe moea [spirit] o phelisang.” (Ka hona Mangolo a Bakreste a Segerike a lumellana le Mangolo a Seheberu ka hore na moea [soul] ke eng.) (Ho latela molao oa ho ngoloa hoa puo oa Segerike o sebelisitsoeng mona lentsoe le fetoletsoeng mona e le “moea [soul]” ke psy·kheʹ, NW, KJ, AS, Dy, JB, NAB le Kx le tsona li re “moea [soul].” RS, NE, le TEV li re “boleng.”)
1 Pet. 3:20: ‘Mehleng ea Noe, . . . batho [“meea (souls),” NW] ba seng bakae, e leng ba robileng meno e le ’meli ba pholositsoe . . . metsing.’ (Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le “batho” ke psy·khaiʹ, souls ka Senyesemane, psy·kheʹ ka bongateng. NW, KJ, AS, Dy, le Kx le tsona li re “meea.” JB, TEV, RS, NE le NAB li sebelisa “batho.”)
Gen. 9:5: “Ke tla batla mali a lōna, e leng bophelo [kapa, “meea (souls),” NW; neʹphesh ka Seheberu].” (Mona ho boleloa hore moea [soul] o na le mali [NW].)
Josh. 11:11: “Ba bolaea le batho [“moea (soul) o mong le o mong,” NW, neʹphesh ka Seheberu] bohle ba teng ka bohale ba lerumo.” (Mona ho bontšoa hore moea [soul] ke ntho e ’ngoe e ka angoang ke lerumo, ka hona meea ena e ne e ke ke ea e-ba meea e sa tšoareheng [spirits].)
Ke hokae moo Bibele e reng liphoofolo ke meea (“souls”)?
Gen. 1:20, 21, 24, 25: “Molimo oa re: Metsi ha a hlahise ka bongata libopuoa [“meea (souls),”* NW] tse nyekenyehang . . . Molimo oa etsa lihlapi tsa litonana, le libopuoa [“meea (souls),” NW] tsohle tse phelang, tse nyekenyehang, tse hlahisitsoeng ke metsi ka bongata ka mefuta ea tsona, le tse rurang tsohle ka mefuta ea tsona. . . . Joale Molimo oa re: Lefatše ha le hlahise libopuoa [“meea (souls),” NW] tse phelang ka mefuta ea tsona, . . . Molimo oa etsa liphoofolo tsa lefatše ka mefuta ea tsona, le makhomo ka mefuta ea ’ona, le lihahabi tsohle tsa lefatše ka mefuta ea tsona.” (*Ka Seheberu lentsoe mona ke neʹphesh. Ro e re “moea [soul].” Liphetolelo tse ling li sebelisa “li[se]bopuoa.”)
Lev. 24:17, 18: “Mang le mang ea bolaeang motho [neʹphesh ka Seheberu, soul ka Senyesemane], o tla bolaoa. Mang le mang ea bolaeang khomo [“moea (soul) oa pelesa,” NW, neʹphesh ka Seheberu], o tla bea e ’ngoe bakeng sa eona: bophelo [soul] bo lefuoe ka bophelo [soul].” (Hlokomela hore lentsoe le tšoanang la Seheberu bakeng sa moea le sebelisetsoa batho le liphoofolo. Ho Pesaleme ea 74:19 lentsoe lena la Seheberu, neʹphesh le ngotsoe e le ‘moea [soul].’)
Tšen. 16:3: “Leoatle la fetoha mali a kang mali a motho ea shoeleng, ’me tse phelang [“moea (soul)* o mong le o mong,” NW] leoatleng kaofela tsa e-shoa.” (Ka hona Mangolo a Bakreste a Segerike le oona a bontša hore liphoofolo ke meea [souls].) (*Ka Segerike lentsoe mona ke psy·kheʹ. NW, KJ, AS, le Dy li re “moea [soul].” Liphetolelo tse ling li sebelisa “sebopuoa” kapa “ntho.”)
Na liithuti tse ling tseo e seng Lipaki tsa Jehova li lumela hore ke sona se boleloang ke Bibele ka moea (“soul”)?
“Ka T[estamenteng ea] K[hale] ha ho moo ho arohanngoang ’mele le moea [soul]. Moiseraele o ne a bona lintho e le ntho e le ’ngoe, ntho e feletseng, ’me kahoo o ne a nka batho e le batho e seng e le likarolo. Lentsoe nepeš [neʹphesh], le hoja le fetoletsoe ka lentsoe la rōna moea [soul], ha ho mohla le bolelang moea [soul] joalokaha o khethollehile ho ’mele kapa motho. . . . Lentsoe [psy·kheʹ] ke lentsoe la T[estamente e] N[cha] le lumellanang le nepeš. Le ka bolela mohloli oa bophelo, bophelo ka bobona, kapa motho ea phelang.”—New Catholic Encyclopedia (1967), Moq. XIII, maq. 449, 450.
“Lentsoe la Seheberu bakeng sa ‘moea [soul]’ (nefesh, se phefumolohang) le ile la sebelisoa ke Moshe . . . , a hlalosa ‘motho ea phelang’ ’me le sebetsa ka ho lekanang ho batho ba sa pheleng. . . . Tšebeliso ea Testamente e Ncha ea psychē (‘moea [soul],’) e ne e tšoana le ea nefesh.”—The New Encyclopædia Britannica (1976), Macropædia, Moq. 15, leq. 152.
“Tumelo ea hore moea [soul] o tsoela pele ho phela kamor’a ho shoa hoa ’mele ke khopolo-taba kapa boinahanelo ba thuto ea bolumeli ho e-na le ho ba tumelo e bonolo, ’me ka hona ha ho moo e rutoang ka Lengolong le Halalelang.”—The Jewish Encyclopedia (1910), Moq. VI, leq. 564.
Na moea (soul) oa motho o ka shoa?
Ezek. 18:4: “Bonang, meea [souls] eohle ke ea ka; moea [soul] oa ngoana le moea [soul] oa ntat’ae ke ea ka hammoho; moea [soul]* o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (*Seheberu se re “neʹphesh.” NW, KJ, AS, RS, NE, le Dy li e ngola e le “moea [soul].” Liphetolelo tse ling li re “motho.”)
Matt. 10:28: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele, ba mpa ba se na matla a ho bolaea moea [soul] [kapa, “bophelo”]; le mpe le tšabe ea nang le matla a ho bolaela moea [soul]* le ’mele liheleng.” (*Segerike se na le sebopeho sa moetsuoa sa psy·kheʹ. NW, KJ, AS, RS, NE, TEV, Dy, JB, le NAB kaofela li e ngola e le “moea [soul].”)
Lik. 3:23: “’Me e mong le e mong [psy·kheʹ ka Segerike, ‘moea (soul,)’ NW] ea hanang ho utloa moprofeta eo, o tla tlosoa har’a sechaba.”
Na ho bonolo hore meea (“souls”) (batho) e phele ka ho sa feleng?
Bona maqephe 83-87, tlas’a sehlooho “Bophelo.”
Na moea (soul) le moea (spirit) ke ntho e le ’ngoe?
Moek. 12:7: “Lerōle le e-so ho khutlele lerōleng, moo le tsoileng teng, moea [spirit] [kapa, matla a bophelo; ruʹach ka Seheberu] o e-so ho khutlele ho Molimo o nong o o nee.” (Hlokomela hore lentsoe la Seheberu bakeng sa moea [spirit] ke ruʹach; empa lentsoe le fetoletsoeng e le moea [soul] ke neʹphesh. Temana ha e bolele hore lefung moea [spirit] o nka leeto le khutlelang moo Molimo o leng teng; ho e-na le hoo, tebello leha e le efe bakeng sa hore motho a phele hape e itšetlehile ka Molimo. Ha le sebelisoa ka ho tšoanang, re ka ’na ra re, haeba motho ea rekang setša a sa se lefelle kamoo ho hlokahalang, setša se “khutlela” ho mong a sona.) (NW, KJ, AS, RS, NE, le Dy, kaofela mona li ngola ruʹach e le moea [spirit].” NAB e re “phefumoloho ea bophelo.”)
Moek. 3:19: “Kotsi e hlahelang bana ba batho, e joalo e hlahela le liphoofolo: bobeli ba bona bo hlaheloa ke kotsi e le ’ngoe. Mokhoa oo motho a shoang ka oona, le eona phoofolo e shoa joalo; moea [spirit, ruʹach ka Seheberu] oa bohle o mong.” (Ka hona ho bontšoa hore batho le liphoofolo ba na le ruʹach, kapa moea [spirit], o le mong. Bakeng sa litlhaloso litemaneng tsa 20, 21, bona leqephe 320.)
Ba-Heb. 4:12: “Lentsoe la Molimo ke Lentsoe le phelang, le matla, ’me le fetisa ka bohale lisabole tsohle tse leolitsoeng ka nģa tse peli; ’me lea hlaba, le ee ho kena le likhaohanong tsa pelo [moea (soul), NW; psy·khesʹ ka Segerike; “bophelo,” NE] le moea [spirit ka Senyesemane, pneuʹma·tos ka Segerike], le manonyellong le mokong; ’me le ahlola maikutlo le mehopolo ea pelo.” (Hlokomela hore lentsoe la Segerike bakeng sa “moea [spirit]” ha le tšoane le lentsoe la “moea [soul]”.)
Na motho o tsoela pele ho phela a ikutloa kamor’a hore moea (“spirit”) o tsoe ’meleng?
Pes. 146:4: “Phefumoloho [ruʹach ka Seheberu, spirit ka Senyesemane] ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.” (NW, NAB, Ro, Yg, le Dy [145:4] mona li ngola ruʹach e le “moea [spirit].” Liphetolelo tse ling li re “phefumoloho.”) (Le Pesaleme ea 104:29)
Tšimoloho ea tumelo ea Bokreste-’mōtoana ea moea (soul) o se nang sebopeho, o sa shoeng, ke efe?
“Maikutlo a Bokreste a motho oa moea ea bōpiloeng ke Molimo eaba o kenngoa ka ’meleng ha a emoloa hore motho e be boleng bo feletseng bo phelang ke tholoana ea khopolo ea Bokreste e hōlisitsoeng ka nako e telele. Ebile feela ka Origen [ea shoeleng hoo e ka bang ka 254 C.E.] ka Bochabela le ka Mohalaleli Augustine [ea shoeleng ka 430 C.E.] ka Bophirima ho ileng hoa tiisoa hore moea [soul] ke ntho ea sebele ea moea [spirit] ’me hoa qaptjoa le maikutlo a hore na boleng ba oona ke bofe. . . . Thuto ea hae [Augustine] . . . e ne e theiloe haholo (ho akarelletsa le mefokolo eitseng) ho tšehetseng Plato.”—New Catholic Encyclopedia (1967), Moq. XIII, maq. 452, 454.
“Maikutlo a hore moea [soul] ha o shoe ke tholoana ea monahano oa Bagerike, ha tšepo ea tsoho e le mohopolo oa Bajode. . . . Hoba Alexandere a hape [linaha], Bojode ba ’na ba nyanya maikutlo a Bagerike.”—Dictionnaire Encyclopédique de la Bible (Valence, France; 1935), e hlophisitsoeng ke Alexandre Westphal, Moq. 2, leq. 557.
“Ke maikutlo a Segerike a qapiloeng litumelong tsa mehlolo tsa boholo-holo hore moea ha o shoe ’me a nontšoa ke mohlalefi Plato.”—Presbyterian Life, May 1, 1970, leq. 35.
“Na re lumela hore ho na le ntho e kang lefu? . . . Na hase karohano ea moea [soul] le ’mele? ’Me sena se phethoa ka ho shoa; ha moea [soul] o setse o le mong, ’me o lokolloa ’meleng le ’mele o lokolloa ho moea [soul], ekaba eng ha e se lefu? . . . Hona na moea [soul] o lumela ho shoa? Che. Ka hona moea [soul] ha o shoe? E.”—“Phaedo” ea Plato, Likar. 64, 105, joalokaha e hatisitsoe ho Great Books of the Western World (1952), e hlophisitsoeng ke R. M. Hutchins, Moq. 7, maq. 223, 245, 246.
“Bothata ba ho se shoe, kamoo re boneng, bo ne bo hapile tlhokomelo e khōlō ea baruti ba bolumeli ba Babylona. . . . Batho kapa bona baeta-pele ba bolumeli ba ne ba thatafalloa ke ho tobana le hore ntho e kileng ea phelisoa e ka bolaoa. Lefu e ne e le phohla e fetelang bophelong ba mofuta o mong.”—The Religion of Babylonia and Assyria (Boston, 1898), M. Jastrow, e monyenyane, leq. 556.
Bona le maqephe 219-221, tlas’a sehlooho “Lefu.”
-
-
Moea (Spirit)Ho Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Moea (Spirit)
Tlhaloso: Lentsoe la Seheberu ruʹach le la Segerike pneuʹma le la Senyesemane spirit, a atisang ho fetoleloa e le “moea,” a bolela lintho tse ’maloa. Kaofela a bolela ntho e sa bonahaleng mahlong a batho le e fanang ka bopaki ba matla a tsamaeang. Mantsoe a Seheberu, Segerike le Senyesemane a sebelisoa mabapi le (1) moea o fokang, (2) matla a sebetsang a bophelo libopuoeng tsa lefatše, (3) matla a susumetsang a tsoang pelong ea motho ea tšoantšetso le a mo etsang hore a bue a be a etse lintho ka tsela eitseng, (4) lipolelo tse bululetsoeng tse tsoang matleng a sa bonahaleng, (5) batho ba moea le (6) matla a sebetsang a Molimo, kapa moea o halalelang. Mona ho buisanoa ka litšebeliso tse ngata tsa tsena kamanong le lipuisano tse ka ’nang tsa phahama tšebeletsong ea tšimo.
Moea o halalelang ke eng?
Papiso ea litemana tsa Bibele tse buang ka moea o halalelang e bontša hore ho buuoa ka oona o “tlala” ka ho batho; ba ka “kolobetsoa” ka oona; ’me ba ka ‘tlotsoa’ ka oona. (Luka 1:41; Matt. 3:11; Lik. 10:38) Ha ho le e ’ngoe lipolelong tsena e neng e ka lokela haeba moea o halalelang e ne e le motho.
Jesu o boetse a bua ka moea o halalelang e le “mothusi” (TLP, NW; pa·raʹkle·tos ka Segerike), ’me o itse mothusi enoa o ne a tla “ruta,” a ‘pake,’ a ‘bue’ le ho ‘utloa.’ (Joh. 14:16, 17, 26; 15:26; 16:13) Hase mohlolo hore ntho e ’ngoe e mothofatsoe ka Mangolong. Ka mohlala, bohlale ho thoe bo na le “bana.” (Luka 7:35) Ho boleloa ka sebe le lefu e le babusi. (Ba-Roma 5:14, 21) Ha litemana tse ling li re moea o ile oa “bua,” litemana tse ling li bontša ka ho hlaka hore hona ho entsoe ka mangeloi kapa ka batho. (Lik. 4:24, 25; 28:25; Matt. 10:19, 20; bapisa Liketso 20:23 le 21:10, 11.) Ho 1 Johanne 5:6-8, hase moea (spirit) feela oo ho thoeng o-oa “paka,” ho boleloa joalo le ka “metsi le mali.” Kahoo, ha ho polelo le e ’ngoe e fumanoang litemaneng tsena e pakang hore moea o halalelang ke motho.
Moea o halalelang o tlameha ho tsebahala ka mokhoa o nepahetseng o lumellanang le mangolo ’ohle a buang ka moea oo. Ka pono ena, hoa utloahala ho fihlela qeto ea hore moea o halalelang ke matla a sebetsang a Molimo. Hase motho empa ke matla a matla ao Molimo o etsang hore a tsoe ho oona ho finyella thato e halalelang ea oona.—Pes. 104:30; 2 Pet. 1:21; Lik. 4:31.
Bona le maqephe 92, 93, tlas’a sehlooho “Boraro-bo-bong.”
Ke eng e fanang ka bopaki ba hore motho o hlile o na le moea o halalelang?
Luka 4:18, 31-35: “[Jesu a bala bukeng ea moprofeta Esaia:] Moea oa Morena o ho ’na, kahobane o ntlotsitse; o nthomile ho bolella mafutsana Evangeli . . . Eaba o theohela Kapernauma, motse oa Galilea; ’me o na a ruta batho ka matsatsi a sabbatha. Ba ne ba tsota thuto ea hae; hobane a na a bua ka borena. Monna o na a le teng synagogeng, ea nang le moea oa modemona o litšila; a hoa ka lentsoe le leholo, . . . Jesu a khalemela modemona, a re: Khutsa, u tsoe ho eena. Eaba modemona, hobane a mo lihele hare, a tsoa ho eena, a sa mo ntše kotsi.” (Ke eng e faneng ka bopaki ba hore Jesu o ne a e-na le moea oa Molimo? Tlaleho ha e re o ile a thothomela kapa a tleroha kapa a ’na a leba koana le koana ka sefutho. Ho e-na le hoo, e re o ile a bua ka borena. Leha ho le joalo, hoa hlokomeleha hore ka lekhetlo leo moea [spirit] oa modemona o ile oa susumelletsa motho hore a bue ka lentsoe le leholo oa ba oa mo lahlela fatše.)
Liketso 1:8 e re ha balateli ba Jesu ba amohela moea o halalelang ba ne ba tla paka ka eena. Ho latela Liketso 2:1-11, eitse ha ba amohela moea oo, bashebelli ba ile ba hlolloa ke ’nete ea hore, le hoja ba neng ba bua e ne e le Bagalilea kaofela, ba ne ba bolela limakatso tsa Molimo ka lipuo tse neng li tloaelehile ho balichaba ba bangata ba neng ba le teng. Empa tlaleho ha e bolele hore ba neng ba amohetse moea ba ne ba phasoloha ka ho nkeha maikutlo.
Hoa hlokomeleha hore ha Elizabetha a amohela moea o halalelang ’me a “phahamisa lentsoe” o ne a se sebokeng sa borapeli empa o ne a lumelisa mong ka eena ea etileng. (Luka 1:41, 42) Ha, joalokaha ho tlalehiloe ho Liketso 4:31, moea o halalelang o theohela ho barutuoa ba bokaneng, sebaka se ile sa sisinyeha, empa phello ea moea oo ho barutuoa ha e-ea ba hore ba thothomele kapa ba pota-pote, empa hore ba ‘bolele lentsoe la Molimo ka sebete.’ Ka ho tšoanang le kajeno, ho bolela lentsoe la Molimo ka sebete le ho tšoareha ka cheseho mosebetsing oa bopaki—ke tsona tse fanang ka bopaki ba hore motho o na le moea o halalelang.
Ba-Gal. 5:22, 23: “Tholoana ea moea ke lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro.” (Motho ea batlang batho ba nang le moea oa Molimo kannete o lokela ho sheba tholoana ena ho e-na le ho sheba ho phasoloha ka ho nkeha maikutlo hoa bolumeli.)
Na matla a ho bua ka boikutlo bo phahameng haholo ka puo eo ho seng mohla motho a kileng a ithuta eona a paka hore o na le moea oa Molimo?
Bona sehlooho se seholo “Ho Bua Lipuo Lisele.”
Na pholiso ea mohlolo e etsoang mehleng ea rōna e etsoa ka moea oa Molimo?
Bona sehlooho se seholo “Pholiso.”
Ke mang ea kolobetsoang ka moea o halalelang?
Bona leqephe 207, tlas’a “Kolobetso,” le sehlooho se seholo “Ho Tsoaloa la Bobeli.”
Na ho na le karolo ea moea (spirit) ea motho e phonyohang lefu la ’mele?
Ezek. 18:4: “Moea [soul] o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (NW, RS, NE, KJ, le Dy kaofela li ngola lentsoe la Seheberu neʹphesh temaneng ena e le “moea [soul],” ka hona li bolela hore ke moea [soul] o shoang. Liphetolelo tse ling tse ngolang neʹphesh e le “moea [soul]” litemaneng tse ling li sebelisa lentsoe “motho” kapa “ea” temaneng ena. Kahoo, neʹphesh, moea [soul], ke motho, e seng karolo ea hae e sa bonahaleng e phonyohang ha ’mele oa hae o e-shoa.) (Bona sehlooho se seholo “Moea (Soul)” bakeng sa lintlha tse ling.)
Pes. 146:4: “Phefumoloho [spirit] ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.” (Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “moea [spirit]” mona le tsoa ho ruʹach. Bafetoleli ba bang ba le ngola e le “phefumoloho.” Ha ruʹach eo kapa matla a sebetsang a bophelo e tsoa ’meleng, mehopolo ea motho e-ea fela; ha e tsoelepele sebakeng se seng.)
Moek. 3:19-21: “Kotsi e hlahelang bana ba batho, e joalo e hlahela le liphoofolo: bobeli ba bona bo hlaheloa ke kotsi e le ’ngoe. Mokhoa oo motho a shoang ka oona, le eona phoofolo e shoa joalo; moea [spirit] oa bohle o mong; ha ho kamoo motho a fetanang le phoofolo, etsoe tsohle e le lefeela. Tsohle li ikela nģalong e le ’ngoe; tsohle li tsoa lerōleng, ’me tsohle li khutlela lerōleng. Ke mang ea tsebang ha eba moea [spirit] oa bana ba batho o nyolohela holimo, kapa ha moea [spirit] oa phoofolo o theohela tlase lefatšeng?” (Ka lebaka la ho futsa sebe le lefu ho Adama, batho bohle baa shoa ’me ba khutlele lerōleng, joalokaha ho etsa liphoofolo. Empa na motho e mong le e mong o na le moea [spirit] o tsoelang pele o phela e le boleng bo bohlale kamor’a hore o khaotse ho sebetsa ka ’meleng? Che; temana ea 19 e arabela hore batho le liphoofolo ‘kaofela ba na le moea o le mong.’ Ponong ea botho feela, ha ho lea mong ea nang le matla a ho arabela potso e botsitsoeng temaneng ea 21 mabapi le moea [spirit]. Empa Lentsoe la Molimo le arabela hore ha ho letho leo batho ba nang le lona ka lebaka la tsoalo le ba etsang ba phahametseng liphoofolo ha ba e-shoa. Leha ho le joalo, ka lebaka la tokisetso e mohau ea Molimo ka Kreste, tebello ea ho phela ka ho sa feleng e bulehetse batho ba sebelisang tumelo, empa ha ho joalo ka liphoofolo. Bakeng sa batho ba bangata, hoo ho tla nolofatsoa ka tsoho, ha matla a sebetsang a bophelo a tsoang ho Molimo a tla ba tsosa hape.)
Luka 23:46: “Jesu hobane a meketse ka lentsoe le leholo, a re: Ntate, ke neela moea [spirit] [pneuʹmaʹ ka Segerike] oa ka matsohong a hao! Eitse hobane a rialo, a neela moea.” (Hlokomela hore Jesu o ile a neela moea. Ha moea [spirit] oa hae o e-tsoa o ne a se tseleng e eang leholimong. Ha e-ea ba ho fihlela ka letsatsi la boraro kamorao ho sena Jesu a ileng a tsosoa bafung. Ka hona, joalokaha Liketso 1:3, 9 e bontša, ebile matsatsi a mang a 40 pele a nyolohela leholimong. Ka hona, seo Jesu a se buileng lefung la hae, se bolela eng? O ne a bolela hore o ne a tseba hore, ha a e-shoa, litebello tsa hae bakeng sa bophelo ba kamoso li ne li itšetlehile ho hang ka Molimo. Bakeng sa litlhaloso tse ling mabapi le ‘moea [spirit] o khutlelang ho Molimo,’ bona leqephe 315, tlas’a sehlooho “Moea (Soul).”)
-