Baholo ba Bakreste—‘Basebetsi-’moho Bakeng sa Thabo ea Rōna’
“Re basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lōna.”—2 BAKOR. 1:24.
1. Ke’ng e ileng ea thabisa Pauluse ka Bakreste ba Korinthe?
E NE e le ka selemo sa 55 C.E. Moapostola Pauluse o ne a le motseng oa Troase o haufi le kou ea likepe, empa o ne a lula a nahana ka Korinthe. Pejana selemong sona seo, o ne a ile a utloa bohloko ha a utloa hore barab’abo rōna ba moo ba ile ba qoaketsana. Kahoo, kaha o ne a ba rata joalokaha eka ke ntate oa bona, o ile a ba ngolla lengolo ho ba khalemela. (1 Bakor. 1:11; 4:15) O ne a ile a romela mosebetsi-’moho le eena e leng Tite ho bona ’me a itse a tle Troase a mo tlisetse tlaleho. Pauluse o ne a emetse Tite Troase, ’me o ne a labalabela ho utloa hore na Bakorinthe ba ntse ba e-ea joang. Ka bomalimabe Tite ha aa ka a fihla. Pauluse o ile a etsa’ng? O ile a ea Macedonia ka sekepe, ’me o ile a thaba ha a kopana le Tite moo. Tite o ile a bolela hore barab’abo rōna ba Korinthe ba ile ba amohela keletso ea Pauluse le hore ba ne ba labalabela ho mo bona. Ha Pauluse a utloa tlaleho eo e ntle, o ile a “thaba ka ho eketsehileng.”—2 Bakor. 2:12, 13; 7:5-9.
2. (a) Pauluse o ile a re’ng ha a ngolla Bakorinthe mabapi le tumelo le thabo? (b) Re tla tšohla lipotso life?
2 Nakoana ka mor’a moo, Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe lengolo la bobeli. O ile a re ho bona: “Eseng hore re laola tumelo ea lōna, empa re basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lōna, kaha ke ka tumelo ea lōna le emeng.” (2 Bakor. 1:24) Pauluse o ne a bolela’ng? Mantsoe ao a lokela ho ama baholo ba Bakreste joang kajeno?
TUMELO LE THABO EA RŌNA
3. (a) Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a re: “Ke ka tumelo ea lōna le emeng”? (b) Kajeno baholo ba etsisa mohlala oa Pauluse joang?
3 Pauluse o ile a bua ka lintho tse peli tseo e leng tsa bohlokoa borapeling ba rōna—e leng tumelo le thabo. Hopola hore ha a ne a bua ka tumelo o ile a ngola a re: “Eseng hore re laola tumelo ea lōna, . . . kaha ke ka tumelo ea lōna le emeng.” Ka mantsoe ao, Pauluse o ile a lumela hore barab’abo rōna ba Korinthe ba ile ba ema ba tiile tumelong, eseng ka lebaka la hae kapa ka lebaka la motho le ha e le ofe, empa hobane ba ne ba e-na le tumelo ho Molimo. Ka lebaka leo, Pauluse o ile a bona ho sa hlokahale hore a laole tumelo ea barab’abo ebile o ne a sa batle ho etsa joalo. O ne a kholisehile hore ke Bakreste ba tšepahalang ba neng ba batla ho etsa se nepahetseng. (2 Bakor. 2:3) Kajeno, baholo ba etsisa mohlala oa Pauluse ka hore ba bontše hore ba tšepa hore barab’abo bona ba na le tumelo ba bile ba ikemiselitse ho sebeletsa Molimo. (2 Bathes. 3:4) Ho e-na le ho behela phutheho melao e thata, baholo ba latela melao-motheo ea Mangolo le tataiso e tsoang mokhatlong oa Jehova. Etsoe kajeno baholo ha ba laole tumelo ea barab’abo bona.—1 Pet. 5:2, 3.
4. (a) Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a ngola a re: “Re basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lōna”? (b) Kajeno baholo ba ka etsisa Pauluse joang?
4 Pauluse o ile a boela a re: “Re basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lōna.” “Basebetsi-’moho” baa e ne e le bo-mang? Ke batho ba neng ba sebelitse le Pauluse ka thata ho thusa Bakorinthe. Re tseba joang? Hobane lengolong lona leo, leo Pauluse a ileng a le ngolla Bakorinthe, o bua ka ba babeli ba bona ha a re: ‘Jesu o ile a boleloa har’a lōna ka rōna, ke hore, ka ’na le Silvanase le Timothea.’ (2 Bakor. 1:19) Ho feta moo, kamehla ha Pauluse a sebelisa poleloana “basebetsi-’moho” mangolong a hae, o ee be a bua ka batho bao a sebetsang le bona ba kang Apolose, Akuila, Priska, Timothea, Tite hammoho le ba bang. (Bar. 16:3, 21; 1 Bakor. 3:6-9; 2 Bakor. 8:23) Kahoo, ha Pauluse a ne a re: “Re basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lōna,” o ne a tiisetsa Bakorinthe hore eena hammoho le basebetsi-’moho le eena, ba ne ba batla ho etsa sohle se matleng a bona ho etsa hore batho bohle ba ka phuthehong ba thabe. Kajeno, baholo ba Bakreste ba batla ho etsa se tšoanang. Ba batla ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho thusa barab’abo bona hore ba ‘sebeletse Jehova ka thabo.’—Pes. 100:2; Bafil. 1:25.
5. Re tla tšohla likarabo tsa potso efe, ’me ke’ng eo re lokelang ho nahana ka eona?
5 Haufinyane tjena, bara le barali babo rōna ba chesehang ba tsoang linaheng tse sa tšoaneng ba ile ba botsoa potso ena, “Ke mantsoe afe ao moholo a kileng a a bua kapa ke ntho efe eo a kileng a e etsa e ileng ea etsa hore u thabe haholo?” Ha re ntse re tšohla seo bara le barali bao babo rōna ba se buileng, bapisa likarabo tsa bona le tseo u ka beng u fane ka tsona. Ho feta moo, kaofela ha rōna a re ke re nahaneng hore na re ka kenya letsoho joang hore ho be le thabo phuthehong ea habo rōna.a
“LUMELISANG PERSISE MORATUOA OA RŌNA”
6, 7. (a) Baholo ba ka etsisa Jesu, Pauluse le bahlanka ba bang ba Molimo ka tsela efe? (b) Ke hobane’ng ha ho hopola bara le barali babo rōna ka mabitso ho etsa hore ba thabe haholo?
6 Bara le barali babo rōna ba bangata ba re ba thaba haholo ha baholo ba bontša hore baa ba tsotella. Tsela e ’ngoe e ka sehloohong eo baholo ba ka etsang seo ka eona, ke ka hore ba latele mohlala oa Davida, Elihu le Jesu. (Bala 2 Samuele 9:6; Jobo 33:1; Luka 19:5.) E mong le e mong oa bahlanka bao ba Jehova o ile a bontša hore o tsotella motho e mong ka hore a bitse motho eo ka lebitso. Pauluse le eena o ile a bontša hore o hlokomela bohlokoa ba hore a hopole mabitso a balumeli-’moho le eena a be a ba bitse ka ’ona. O ile a phethela le leng la mangolo a hae ka hore a lumelise bara le barali babo rōna ba fetang 25 a ba bitsa ka mabitso ho akarelletsa le Persise, e leng morali’abo rōna eo ha Pauluse a bua ka eena a ileng a re: “Lumelisang Persise moratuoa oa rōna.”—Bar. 16:3-15.
7 Baholo ba bang ba thatafalloa ke ho hopola mabitso a batho. Ho ntse ho le joalo, ha ba etsa boiteko bo matla ba hore ba a hopole, ho tšoana leha ba re ho balumeli-’moho le bona, ‘Ke u nka u le motho oa bohlokoa.’ (Ex. 33:17) Baholo ba ka etsa hore bara le barali babo bona ba thabe haholo haeba ba hopola mabitso a bona nakong eo ba ba khethang hore ba fane ka litlhaloso Thutong ea Molula-Qhooa kapa sebokeng se seng.—Bapisa le Johanne 10:3.
“O ILE A ETSA MESEBETSI E MENGATA MORENENG”
8. Pauluse o ile a latela mohlala ofe oa bohlokoa o behiloeng ke Jehova le Jesu?
8 Pauluse o ile a boela a bontša hore o tsotella batho ba bang ka hore a ba babatse, e leng tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo re ka etsang hore balumeli-’moho le rōna ba thabe haholo. Kahoo, lengolong lona leo, leo ho lona Pauluse a boletseng hore o sebeletsa hore barab’abo ba thabe, o ile a ngola a re: “Ke na le boithoriso bo boholo mabapi le lōna.” (2 Bakor. 7:4) E tlameha ebe mantsoe ao a khothatsang a ile a thabisa barab’abo rōna ba Korinthe haholo. Pauluse o ile a bua mantsoe a tšoanang le ho liphutheho tse ling. (Bar. 1:8; Bafil. 1:3-5; 1 Bathes. 1:8) Ha e le hantle, ka mor’a hore a bue ka Persise lengolong la hae leo a neng a le ngoletse phutheho ea Roma, Pauluse o ile a phaella ka ho re: “O ile a etsa mesebetsi e mengata Moreneng.” (Bar. 16:12) Ruri e tlameha ebe mantsoe ao a ile a khothatsa morali eo oabo rōna ea tšepahalang haholo! Ha Pauluse a babatsa ba bang, o ne a latela mohlala o behiloeng ke Jehova le Jesu.—Bala Mareka 1:9-11; Johanne 1:47; Tšen. 2:2, 13, 19.
9. Ke hobane’ng ha ho babatsa le ho babatsoa ho etsa hore ho be le thabo ka phuthehong?
9 Kajeno baholo ba boetse baa hlokomela hore ke habohlokoa hore ba babatse bara le barali babo bona. (Liprov. 3:27; 15:23) Ha e le hantle, ha moholo a etsa joalo, ho tšoana leha a re ho mor’abo: ‘Ke hlokometse seo u se entseng. Kea u tsotella.’ Bara le barali babo rōna ba hlile ba hloka hore baholo ba ba khothatse. Batho ba bangata ba ikutloa joaloka morali e mong oabo rōna ea lilemo li ka bang 55, ea ileng a re: “Ke ka seoelo ke babatsoang mosebetsing. Batho baa hlōlisana ebile ha ba tsotelle ba bang. Kahoo, ha moholo a mpabatsa ha ho e-na le ntho eo ke e entseng ka phuthehong, ke tsoha molota ebile ke ikutloa ke le morōlō! Seo se etsa hore ke utloe hore Ntate oa ka ea leholimong oa nthata.” Mora e mong oabo rōna ea hōlisang bana ba babeli a le mong le eena o ile a ikutloa ka tsela e tšoanang. Haufinyane tjena, moholo e mong o ile a mo babatsa ho tsoa botebong ba pelo. Mora eo oabo rōna o ile a ikutloa joang? O re: “Mantsoe a moholo eo a ile a ntsosa molota!” Ka sebele, haeba moholo a babatsa balumeli-’moho le eena ho tsoa botebong ba pelo, oa ba khothatsa ebile o etsa hore ba thabe. Seo se tla etsa hore ba be le matla a hore ba lule ba le tseleng ena e isang bophelong “’me ba ke ke ba khathala.”—Esa. 40:31.
“LE LISE PHUTHEHO EA MOLIMO”
10, 11. (a) Baholo ba ka latela mohlala oa Nehemia joang? (b) Ke’ng e tla thusa moholo hore a fane ka mpho ea moea ha a etsa maeto a bolisa?
10 Ke tsela efe ea bohlokoa eo ka eona baholo ba bontšang hore ba tsotella barab’abo bona e leng se etsang hore ho be le thabo ka phuthehong? Ka hore ba nke bohato ba hore ba khothatse batho ba hlokang ho khothatsoa. (Bala Liketso 20:28.) Ha baholo ba etsa joalo, ba latela mohlala oa balisa ba moea ba mehleng ea boholo-holo. Ka mohlala, hlokomela seo molebeli Nehemia ea tšepahalang a ileng a se etsa ha a hlokomela hore bara ba bang babo ba Bajuda ba ne ba fokola moeeng. Tlaleho ea Bibele e bontša hore o ile a ema kapele-pele ’me a ba khothatsa. (Neh. 4:14) Kajeno baholo ba lokela ho etsa se tšoanang. Baa “ema” ’me ba nka bohato ba ho thusa balumeli-’moho le bona hore ba eme ba tiile tumelong. Ha maemo a ba lumella, ba etela bara le barali babo bona malapeng a bona e le hore ba ba khothatse. Nakong eo ba etsang maeto ao a bolisa, ba batla ho ba “fa mpho e ’ngoe ea moea.” (Bar. 1:11) Ke’ng e tla thusa baholo hore ba etse seo?
11 Pele moholo a etsa leeto la bolisa, o lokela ho ipha nako ea ho nahana ka motho eo a mo etelang. Mathata a motho eo ke afe? Ke lintlha life tse ka mo khothatsang? Ke lengolo lefe la Bibele kapa ke mohlala oa motho ofe ka Bibeleng o ka mo khothatsang ho latela maemo a hae? Ha moholo a nahanisisa ka lintho tseo a tla li bua, seo se ka mo thusa hore a buisane le motho eo ka tsela e tla mo khothatsa ho e-na le hore a bue le eena ka lintho tseo e seng tsa bohlokoa. Nakong eo moholo a etsang maeto a bolisa, o lumella bara le barali babo hore ba tšolle maikutlo a bona ’me o ba mamela ka hloko. (Jak. 1:19) Morali e mong oabo rōna o ile a re: “Ke ntho e khothatsang haholo ha moholo a u mamela ka pelo ea hae eohle.”—Luka 8:18.
12. Ke bo-mang ba hlokang ho khothatsoa ka phuthehong, hona hobane’ng?
12 Ke bo-mang bao maeto a bolisa a tla ba tsoela molemo? Pauluse o ile a eletsa baholo-’moho le eena hore ba ‘ele hloko mohlape oohle.’ Ka sebele, litho tsohle tsa phutheho li lokela ho khothatsoa, ho akarelletsa le bahoeletsi hammoho le bo-pula-maliboho ba ’nileng ba etsa tšebeletso ea bona ka botšepehi ka lilemo tse ngata. Ke hobane’ng ha ba hloka tšehetso ea balisa ba moea? Ke hobane ka linako tse ling batho bao ba matla moeeng le bona ba imeloa ke mathata ao lefatše le khopo le ba tlisetsang ’ona. Ho bontša hore na ke hobane’ng ha ka linako tse ling esita le bahlanka ba Molimo ba matla ba ka ’na ba hloka hore ho be le motho ea ba thusang, a re ke re tšohleng se ileng sa etsahala bophelong ba Morena Davida.
‘ABISHAI O ILE A TLA HORE A MO THUSE’
13. (a) Jishbi-benobe o ile hlasela Davida neng? (b) Abishai o ile a pholosa Davida joang?
13 Nakoana ka mor’a hore Davida eo e neng e sa le mohlankana a tlotsoe hore e be morena, o ile a tjamelana le Goliathe oa moloko oa Barefaime, bao e neng e le linatla. Davida ea sebete o ile a bolaea senatla seo. (1 Sam. 17:4, 48-51; 1 Likron. 20:5, 8) Lilemo hamorao, nakong eo ba neng ba loana le Bafilista, Davida o ile a boela a tjamelana le senatla se seng. Lebitso la sona e ne e le Jishbi-benobe, le eena e ne e le oa moloko oa Barefaime. (2 Sam. 21:16; NW, ftn.) Leha ho le joalo, lekhetlong lena senatla seo se ile sa batla se bolaea Davida. Hobane’ng? Hase hobane Davida a ne a feletsoe ke sebete empa ke hobane o ne a se a se matla. Tlaleho ea Bibele e re: “Eaba Davida oa khathala.” Hang ha Jishbi-benobe a hlokomela hore Davida o khathatse, o ile a “nahana ho bolaea Davida.” Empa pele senatla seo se hlaba Davida, “Hang-hang Abishai mora oa Tseruja a tla hore a thuse [Davida] ’me a hlaba Mofilista eo a mo bolaea.” (2 Sam. 21:15-17) Ruri o ile a phonyoha ka lesoba la nale! Davida o ile a thaba hakaakang hore ebe Abishai o ne a ntse a mo behile leihlo le hore o ile a potlakela ho mo thusa ha bophelo ba hae bo ne bo le kotsing! Re ka ithuta’ng tlalehong ee?
14. (a) Ke’ng e re thusang hore re lule re tšepahala ha re thulana le mathata a kang linatla? (b) Baholo ba ka thusa batho ba bang joang hore ba lule ba tšepahala ba be ba boele ba thabe? Fana ka mohlala.
14 Lefatšeng lohle, bahlanka ba Jehova ba tsoela pele ba etsa tšebeletso ea bona ho sa tsotellehe lintho tseo Satane le mahlahana a hae ba ba sitisang ka tsona. Ba bang ba rōna re ’nile ra thulana le mathata a kang linatla. Empa re ile ra tšepa Jehova ka ho feletseng ’me ra ba le matla a hore re lule re tšepahala feela joalokaha Davida a ile a ba le matla a ho bolaea Goliathe. Empa ka linako tse ling re ikutloa eka ha re na matla a lekaneng hore re ka loantša lefatše la Satane. Ha re le boemong bo joalo, ho bonolo hore re nyahamisoe ke mathata ao re ka beng re ile ra a mamella. Empa moholo a ka ’na a hlokomela hore re nyahame eaba o re thusa ka nako eo re hlileng re hlokang thuso. Pula-maliboho e mong ea lilemo li ka bang 65 o ile a re: “Ho na le nako e ’ngoe eo ka eona ke neng ke sa phela hantle, ’me tšebeletso ea tšimo e ne e etsa hore ke khathale. Moholo e mong o ile a hlokomela hore ke felloa ke matla eaba o bua le ’na. Re ile ra buisana ka litemana tsa Bibele tse khothatsang. Ke ile ka sebelisa keletso ea hae ’me e ile ea ntsoela molemo.” O ile a phaella ka ho re: “Ruri moholo eo o ile a mpontša lerato ka hore a hlokomele hore kea fokola ebe oa nthusa!” Ka sebele, hoa khothatsa ho tseba hore re na le baholo ba lulang ba re behile leihlo ba bile ba le malala-a-laotsoe hore ba re “thuse,” joaloka Abishai oa boholo-holo.
‘TSEBANG LERATO LEO KE NANG LE LONA BAKENG SA LŌNA’
15, 16. (a) Ke hobane’ng ha balumeli-’moho le Pauluse ba ne ba mo rata hakaale? (b) Ke hobane’ng ha re rata baholo ba phutheho ba re tsotellang?
15 Ho ba molisa ho hloka hore motho a sebetse ka thata. Ka linako tse ling baholo ba qeta masiu ba sa robale hobane ba khathatsehile ka bara le barali babo bona, hape ba ka ’na ba tsoha le bosiu e le hore ba ba rapelle kapa ba ba thuse. (2 Bakor. 11:27, 28) Ho ntse ho le joalo, baholo ba jara boikarabelo ba bona ka botlalo ba bile ba thabile, joaloka Pauluse. Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe a re: “Ka nyakallo e khōlō ke tla sebelisa le ho sebelisoa ka ho feletseng bakeng sa meea ea lōna.” (2 Bakor. 12:15) Ka sebele, ka lebaka la lerato leo Pauluse a neng a rata bara babo ka lona, o ile a etsa sohle seo a ka se khonang e le hore a ba khothatse. (Bala 2 Bakorinthe 2:4; Bafil. 2:17; 1 Bathes. 2:8) Ke ka lebaka leo bara babo ba neng ba mo rata hakana!—Lik. 20:31-38.
16 Bahlanka ba Molimo kajeno le bona ba rata baholo ba Bakreste haholo, ebile ha ba rapela Jehova baa mo leboha ka hore ebe o ba file bona. Ba etsa hore re thabe haholo ka hore ba bontše hore baa re tsotella. Maeto a bona a bolisa aa re khothatsa. Ho phaella moo, re motlotlo hore ebe ba lula ba le malala-a-laotsoe ho re thusa ha re ikutloa re nyahame ka lebaka la mathata ao re thulanang le ’ona lefatšeng lena. Ka sebele, baholo ba Bakreste ba lulang ba le malala-a-laotsoe ke ‘basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea rōna.’
a Bara le barali bao babo rōna ba ile ba boela ba botsoa, “Ke tšobotsi efe eo u nkang hore ke habohlokoa haholo hore moholo a be le eona?” Ba bangata ba bona ba ile ba araba ka ho re ba rata baholo ba mosa le bao ho bileng ho leng bonolo ho buisana le bona. Tšobotsi eo e tla tšohloa makasineng o latelang.