-
“Ke Tla ea Moo U Eang Teng”Molula-Qhooa—2012 | July 1
-
-
Ha basali bana ba babeli ba se ba fumane bolulo Bethlehema, Ruthe o ile a nahana hore na a ka etsa’ng e le hore a iphelise le hore a hlokomele Naomi. O ile a utloa hore Molao oo Jehova a o fileng batho ba hae o ne o akarelletsa tokisetso e lerato bakeng sa mafutsana. Mafutsana a ne a lumelloa ho ea masimong ka nako ea kotulo ’me a sale bakotuli morao e le hore a khoahlapise lijalo tseo bakotuli ba neng ba li siea ka morao le tse neng li metse ka thōko ho masimo.c—Levitike 19:9, 10; Deuteronoma 24:19-21.
E ne e le nako ea kotulo ea harese, e ka ’na eaba e ne e le ka April ho ea ka almanaka ea mehleng ea rōna, Ruthe o ile a ea masimong ho ea bona hore na a ka khoahlapisa tšimong ea mang. A sa ikemisetsa, o ile a iphumana a le masimong a monna ea bitsoang Boaze, morui ea nang le masimo ea bileng a amanang le monna oa Naomi ea hlokahetseng, e leng Elimeleke. Le hoja ho ea ka Molao a ne a e-na le tokelo ea ho khoahlapisa, ha aa ka a ikenela feela tšimong; o ile a kōpa mohlankana ea neng a okametse bakotuli tumello ea ho khoahlapisa. O ile a mo lumella ’me Ruthe a kena mosebetsing.—Ruthe 1:22–2:3, 7.
-
-
“Ke Tla ea Moo U Eang Teng”Molula-Qhooa—2012 | July 1
-
-
c Ona e ne e le molao o tsotehang, ka sebele ho ne ho se na molao o tšoanang le ona naheng ea habo Ruthe. Mehleng eo, linaheng tsa Bochabela bo Hare, bahlolohali ba ne ba tšoaroa hampe. Buka e ’ngoe e re: “Ka mor’a lefu la monna oa hae, hangata mohlolohali o ne a hlokomeloa ke bara ba hae; haeba a se na bona ho ne ho ka hlokahala hore a ithekise hore e be lekhoba, a rekise ’mele kapa a bolaoe.”
-