-
O Ile a Sebetsa Taba ka MaseneMolula-Qhooa—2009 | July 1
-
-
Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona
O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
ABIGAILE o ile a lemoha hore mohlankana eo a neng a bua le eena o tšohile. O ne a tšohile ka lebaka le utloahalang. Ho ne ho nkha lefu. Ka nako eona eo, bahlabani ba ka bang 400 ba ne ba le tseleng, ba ikemiselitse ho tla ripitla mang kapa mang e motona oa ntlo ea Nabale, monna oa Abigaile. Ka lebaka lefe?
Bothata bona bo ne bo fehluoe ke Nabale. O ne a tšoere motho e mong hampe le ka tsela e bontšang tello, joalokaha e le mokhoa oa hae. Empa lekhetlong lena o ne a khoathile osele ka leihlong—e leng molaoli ea ratehang oa lebotho la bahlabani le tšepahalang le le koetlisitsoeng hantle. Joale mohlankana e mong ea sebeletsang Nabale, eo mohlomong e neng e le molisa, o ile a tla ho Abigaile, a tšepile hore o tla loha leano la ho ba pholosa. Empa na mosali a le mong o ne a tla hle a o bese o tuke khahlanong le lebotho la sesole?
-
-
O Ile a Sebetsa Taba ka MaseneMolula-Qhooa—2009 | July 1
-
-
“Mong’a Rōna a a Khobola”
Joale Nabale o ne a thatafallelitse Abigaile lintho ho feta leha e le neng pele. O ne a rohakile Davida. Enoa e ne e le mohlanka oa Jehova ea tšepahalang eo moprofeta Samuele a neng a mo tlotsitse, e leng se neng se bontša hore Molimo o khethile Davida hore a hlahlame Saule boreneng. (1 Samuele 16:1, 2, 11-13) Ha Davida a ntse a baleha Morena Saule ea mōna ea batlang ho mo bolaea, o ne a lula lefeelleng le bahlabani ba hae ba 600.
-
-
O Ile a Sebetsa Taba ka MaseneMolula-Qhooa—2009 | July 1
-
-
O ile a loloma ke bohale! Ha mohlanka eane ea boletsoeng qalong a hlalosetsa Abigaile se etsahetseng, o ile a re: “Mong’a rōna [o ile] a a khobola.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) Ka ho timana hohle ho teng, Nabale o ile a komakoma ka bohobe ba hae, metsi hammoho le nama eo a e hlabileng. O ile a soma Davida, a mo khella fatše a ba a mo bapisa le mohlanka ea balehileng ho mong’a hae. Mohlomong Nabale o ne a nahana joaloka Saule ea neng a hloile Davida. Banna bao ka bobeli ba ne ba sa talime litaba joaloka Jehova. Molimo o ne a rata Davida ebile o ne a mo nka e le morena oa Iseraele oa ka moso, eseng joaloka lekhoba la lerabele.—1 Samuele 25:10, 11, 14.
-
-
O Ile a Sebetsa Taba ka MaseneMolula-Qhooa—2009 | July 1
-
-
Ka tsela e itseng, Abigaile o se a ntse a nkile bohato ba ho lokisa phoso ena e tšabehang. Ho fapana le monna oa hae, Nabale, eena o ile a mamela batho ba bang. Mohlankana eo o ile a re ka Nabale: “Ke motho ea se nang molemo haholo ho bua le eena.”c (1 Samuele 25:17) Ka bomalimabe, kaha Nabale o ne a inka e le oa bohlokoa ho tlōla tekano, batho ba ne ba mo tseba e le motho ea sa ikemisetsang ho mamela mang kapa mang. Boikakaso ba mofuta oo ke ntho e tloaelehileng haholo mehleng ena. Empa mohlankana enoa o ne a tseba hore Abigaile ha a joalo, e leng seo ntle ho tika-tiko, se ileng sa mo susumelletsa hore a mo bolelle bothata bona.
-