-
“Kreste ke Matla a Molimo”Atamela ho Jehova
-
-
O ne a le “Matla . . . Lentsoeng”
8. Ka mor’a hore a tlotsoe, Jesu o ile a fuoa matla a ho etsa eng, hona o ile a sebelisa matla a hae joang?
8 Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu ha aa ka a etsa mehlolo ha e sa le moshemane a ntse a hōla Nazaretha. Empa seo se ile sa fetoha ka mor’a hore a kolobetsoe ka 29 C.E., ha a le lilemo tse ka bang 30. (Luka 3:21-23) Bibele ea re bolella: “Molimo . . . a mo tlotsa ka moea o halalelang le matla, ’me a pholletsa le naha a etsa se molemo ’me a folisa bohle ba hateletsoeng ke Diabolose.” (Liketso 10:38) O ne a “etsa se molemo”—na hoo ha ho bontše hore Jesu o ne a sebelisa matla a hae ka tsela e nepahetseng? Ka mor’a hore a tlotsoe, e ile ea e-ba “moprofeta ea matla mosebetsing le lentsoeng.”—Luka 24:19.
9-11. (a) Jesu o ile a qeta boholo ba nako a rutela hokae, hona o ile a tobana le phephetso efe? (b) Ke hobane’ng ha bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea Jesu ea ho ruta?
9 Jesu o ne a le matla lentsoeng joang? O ne a atisa ho rutela libakeng tse bulehileng—mabōpong a matša le mesikong ea maralla esita le literateng le libakeng tsa ’maraka. (Mareka 6:53-56; Luka 5:1-3; 13:26) Bamameli ba hae ba ne ba ka itsamaela ka bolokolohi haeba mantsoe a hae a ne a sa hape thahasello ea bona. Mehleng ea pele ho khatiso ea libuka, bamameli ba ananelang ba ne ba lokela ho ipolokela mantsoe a hae likelellong le lipelong. Kahoo ho ruta ha Jesu ho ne ho lokela ho ipiletsa ka ho feletseng, ho utloisiseha le ho hopoleha habonolo. Empa phephetso ena ha ea ka ea hlahisetsa Jesu bothata ba letho. Ka mohlala, nahana ka Thuto ea hae ea Thabeng.
10 Hoseng ho hong mathoasong a 31 C.E., bongata bo ile ba bokana mosikong oa leralla haufi le Leoatle la Galilea. Ba bang ba ne ba e-tsoa Judea le Jerusalema, tse leng bohōle ba lik’hilomithara tse 100 ho isa ho tse 110. Ba bang ba ne ba e-tsoa tikolohong e lebōpong la Tyre le Sidone, tse ka leboea. Ba bangata ba kulang ba ile ba atamela Jesu hore ba mo ame, ’me a ba folisa kaofela. Ha ho se ho se le ea mong har’a bona ea kulang haholo, o ile a qala ho ba ruta. (Luka 6:17-19) Hamorao ha a se a qetile ho bua, ba ne ba hloletsoe ke seo ba se utloileng. Hobane’ng?
11 Lilemo hamorao, e mong ea neng a mametse thuto eo o ile a ngola: “Bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta; kaha o ne a ba ruta joaloka motho ea nang le matla.” (Matheu 7:28, 29) Jesu o ne a bua ka matla ao ba neng ba ka a utloa. O ne a emela Molimo ’me a tšehetsa seo a se rutang ka matla a Lentsoe la Molimo. (Johanne 7:16) Lipolelo tsa Jesu li ne li hlakile, likhothatso tsa hae li susumetsa, ’me a fana ka mabaka a ke keng a hanyetsoa. Mantsoe a hae a ne a fihla khubung ea taba esita le lipelong tsa bamameli ba hae. O ne a ba ruta kamoo ba ka fumanang thabo, ba rapela, ba batla ’Muso oa Molimo le ho haha bokamoso bo sireletsehileng kateng. (Matheu 5:3–7:27) Mantsoe a hae a ne a hlasimolla lipelo tsa ba lapetseng ’nete le ho loka. Batho bao ba ne ba ikemiselitse ho ‘itatola’ le ho tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le hore ba mo sale morao. (Matheu 16:24; Luka 5:10, 11) Ke bopaki bo matla hakaakang ba matla a mantsoe a Jesu!
O ne a le “Matla Mosebetsing”
12, 13. Jesu o ne a le “matla mosebetsing” ka kutloisiso efe, hona mehlolo eo a neng a e etsa e ne e fapa-fapane joang?
12 Jesu o ne a boetse a le “matla mosebetsing.” (Luka 24:19) Likosepele li tlaleha mehlolo e tobileng e fetang 30 eo a e entseng—kaofela e le ka “matla a tsoang ho Jehova.”b (Luka 5:17) Mehlolo eo Jesu a e entseng e ile ea ama bophelo ba batho ba likete. Mehlolo e ’meli feela—oa ho fepa banna ba 5 000 ’me hamorao ba 4 000 “ntle ho basali le bana ba banyenyane”—e ne e akarelletsa batho ba ka bang 20 000 kaofela!—Matheu 14:13-21; 15:32-38.
“Ba bona Jesu a tsamaea holim’a leoatle”
13 Jesu o ne a etsa mehlolo e fapa-fapaneng. O ne a e-na le matla a ho laela bademona, a ba leleka habonolo. (Luka 9:37-43) O ne a e-na le matla a ho laela lintho tsa tlhaho, o ile a fetola metsi veine. (Johanne 2:1-11) O ile a tsamaea holim’a Leoatle la Galilea le neng le puputloa ke moea, e leng ho ileng ha makatsa barutuoa ba hae. (Johanne 6:18, 19) O ne a khona ho fenya maloetse, a phekola likholofalo tsa ’mele, maloetse a sa foleng le a sokelang bophelo. (Mareka 3:1-5; Johanne 4:46-54) O ile a phekola maloetse ao ka litsela tse fapaneng. Ba bang Jesu o ile a ba phekola ba le hōle, ha ba bang ba ile ba utloa ha a ba ama. (Matheu 8:2, 3, 5-13) Ba bang ba ile ba folisoa hang-hang, ba bang ba folisoa butle-butle.—Mareka 8:22-25; Luka 8:43, 44.
14. Jesu o ile a bontša hore o na le matla a ho etsolla lefu maemong afe?
14 Ka ho ikhethang, Jesu o ne a e-na le matla a ho etsolla lefu. Liketsahalong tse tharo tse tlalehiloeng, o ile a tsosa bafu, a khutlisetsa ngoanana ea lilemo li 12 ho batsoali ba hae, ngoana ea ’notši ho ’m’ae oa mohlolohali le khaitseli e ratoang ho likhaitselie. (Luka 7:11-15; 8:49-56; Johanne 11:38-44) Ha ho boemo leha e le bofe bo ileng ba ipaka bo le thata haholo. O ile a tsosa ngoanana ea lilemo li 12 betheng eo a shoetseng ho eona nakoana feela ka mor’a hore a shoe. O ile a tsosa mora oa mohlolohali a le mojarong oa bafu, ntle ho pelaelo hona letsatsing leo a shoeleng ka lona. ’Me o ile a tsosa Lazaro lebitleng ka mor’a matsatsi a mane a shoele.
-