-
“Lentsoe la Jehova la Tsoela Pele ho Hōla”“Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo
-
-
19, 20. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a otla Heroda? (b) Tlaleho ea ho shoa ha Heroda Agripa ka tšohanyetso e re khothatsa joang?
19 Thoriso e joalo e ne e lokela ho isoa ho Molimo, ’me Molimo o ne a shebeletse! Heroda o ne a e-na le monyetla oa ho qoba tlokotsi. A ka be a ile a khalemela letšoele leo kapa bonyane a hanana le lona. Ho e-na le hoo, o ile a phethahatsa maele a reng: “Boikakaso bo etella ho oa pele.” (Liprov. 16:18) “Hang-hang lengeloi la Jehova la mo otla,” la etsa hore moikakasi eo a shoe lefu le tšabehang. Heroda o ile a “jeoa ke libōkō ’me a shoa.” (Lik. 12:23) Josephus le eena o re Agripa o ile a otloa ka tšohanyetso ’me o phaella ka ho re morena eo o ile a hlokomela hore o shoa hobane a lumetse ho rorisoa ke letšoele. Josephus o re Agripa o ile a hoehla ka matsatsi a mahlano pele a e-shoa.b
-
-
“Lentsoe la Jehova la Tsoela Pele ho Hōla”“Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo
-
-
b Ngaka e ’ngoe eo e bileng e leng sengoli, e re mohlomong matšoao a hlalosoang ke Josephus le Luka a ne a bakoa ke manyonyo a kibang mala hoo motho a ka shoang. Ka linako tse ling motho oa a hlatsa kapa a tsoa ’meleng ha motho a shoa. Buka e ’ngoe e re: “Ho toba litaba ha Luka joaloka ngaka ho bontša hore na lefu la [Heroda] e ne e le le tšabehang hakae.”
-