-
“Ha ho Moea ho Lōna o Tla Lahleha”“Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo
-
-
“Bohle ba Fihla ba Sireletsehile Naheng e Omileng” (Liketso 27:27-44)
16, 17. (a) Pauluse o ile a rapela neng, ’me phello ea e-ba efe? (b) Ke joang temoso ea Pauluse e ileng ea phethahala?
16 Ka mor’a libeke tse peli tse tšosang tseo ka tsona sekepe se ileng sa tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 870, basesisi ba ile ba lemoha phetoho e itseng, mohlomong ba utloa ha maqhubu a otla lebōpong. Ba lahlela liankora hore se se ke sa hoholeha ’me ba se tobisa naheng e omileng ka tšepo ea hore ba ka fihla lebōpong. Ka oona motsotso oo, ba ile ba leka ho tsoa ka sekepeng empa masole a ba thibela. Pauluse o ile a re ho molaoli oa lebotho le masole: “Ntle le hore banna bana ba lule ka sekepeng, le ke ke la pholoha.” Kaha joale sekepe se ne se batla se tsitsitse, Pauluse o ile a khothalletsa bohle hore ba je, a ba tiisetsa hore ba tla pholoha. Ka mor’a moo Pauluse “a leboha Molimo ka pel’a bona kaofela.” (Lik. 27:31, 35) Ha Pauluse a etsa thapelo ena ea teboho, o ile a beha mohlala o motle bakeng sa Luka, Aristakase le Bakreste kajeno. Na lithapelo tsa hao tsa phatlalatsa li khothatsa le ho tšelisa ba bang?
-
-
“Ha ho Moea ho Lōna o Tla Lahleha”“Ho Paka ka ho Phethahetseng” ka ’Muso oa Molimo
-
-
Ke ’nete hore Liketso 27:27 e bua ka ‘leoatle la Adria,’ empa mehleng ea Pauluse “Adria” e ne e le sebaka se seholo ho feta seo kajeno se bitsoang Leoatle la Adriatic. Se ne se akarelletsa Leoatle la Ionian le leoatle le karolong e ka bochabela ea Sicily le e ka bophirimela ea Kreta, kahoo, se ne se akarelletsa leoatle le haufi le Malta ea kajeno.
-