-
Ithute Boitšoaro bo Botle ba Bokreste U be U bo Rute ba BangMolula-Qhooa—2002 | June 15
-
-
6, 7. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta pele? (b) Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba hlōleha ho ba matichere joang?
6 Ke hobane’ng ha ho thoe re lokela ho ithuta pele? Re ke ke ra ruta ba bang hantle haeba rōna re sa ithuta pele. Pauluse o ile a hatisa ntlha ena temaneng e susumetsang motho hore a nahane ka ho teba e neng e ngoletsoe Bajuda morao koo, empa e ntse e e-na le molaetsa oa bohlokoa bakeng sa Bakreste kajeno. Pauluse o ile a botsa: “Leha ho le joalo, na uena ea rutang e mong, ha u ithute? Uena ea bolelang hore ‘U se ke ua utsoa,’ na ua utsoa? Uena ea reng ‘U se ke ua feba,’ na ua feba? Uena ea bolelang hore u nyonya litšoantšo tse rapeloang, na u tlatlapa tsa litempele? Uena ea motlotlo ka molao, ka ho tlōla ha hao Molao na u hlompholla Molimo?”—Baroma 2:21-23.
7 Ka ho sebelisa lipotso tse atlehileng, Pauluse o ile a bua ka liphoso tse peli tse neng li boleloa ka ho toba Melaong e Leshome: U se ke ua utsoa, le, u se ke ua feba. (Exoda 20:14, 15) Mehleng ea Pauluse, Bajuda ba bang ba ne ba ithorisa ka hore ba na le Molao oa Molimo. Ba ne ba ‘rutiloe ka molomo ho tsoa Molaong ’me ba kholisitsoe hore ke batataisi ba ba foufetseng le leseli la ba lefifing, mesuoe ea bana.’ (Baroma 2:17-20) Leha ho le joalo, ba bang e ne e le baikaketsi hobane ka sephiring ba ne ba utsoa kapa ba feba. Seo se ne se hlompholla Molao le Moqapi oa oona ea leholimong. U ka bona hore ka sebele ba ne ba sa tšoanelehe ho ruta ba bang; ha e le hantle, ba ne ba bile ba sa ithute.
8. Ho ka etsahala hore ebe mehleng ea Pauluse Bajuda ba bang ba ne ba “tlatlapa tsa litempele” joang?
8 Pauluse o buile ka ho tlatlapa tsa litempele. Na ho na le Bajuda ba neng ba etsa seo ka ho toba? Pauluse o ne a nahanne ka eng? Bonneteng, ka lebaka la boitsebiso bo fokolang temaneng ena, re ke ke ra tiisa hore na Bajuda ba bang ba ne ba “tlatlapa tsa litempele” joang. Pejana motlalehi oa motse oa Efese o ne a ile a bolela hore metsoalle ea Pauluse e ne e se “batlatlapi ba litempele,” e leng se bontšang hore bonyane batho ba bang ba ne ba nahana hore Bajuda ba ka ba molato oa seo. (Liketso 19:29-37) Na ba ne ba itšebelisetsa kapa ba rekisa matlotlo a litempele tsa bahetene, a neng a hapiloe ke bahlōli kapa batho ba chesehelang bolumeli? Ho latela Molao oa Molimo, khauta le silevera e litšoantšong tse rapeloang e ne e lokela ho senngoa, e ne e sa lokela ho sebelisoa. (Deuteronoma 7:25)a Kahoo ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a bua ka mokhoa o sa tobang ka Bajuda ba neng ba hlompholla taelo ea Molimo ’me ba sebelisa kapa ba rua molemo ka thepa e tsoang litempeleng tsa bahetene.
9. Ke liketso life tse fosahetseng tse amanang le tempele e Jerusalema tse ka ’nang tsa tšoana le ho tlatlapa tsa tempele?
9 Ka lehlakoreng le leng, Josephus o ile a bua ka mahlabisa-lihlong a ileng a etsoa ke Bajuda ba bane Roma, bao moeta-pele oa bona e neng e le mosuoe oa Molao. Batho bana ba bane ba ile ba kholisa mosali oa Moroma, ea neng a sokolohetse Sejudeng, hore a ba fe khauta le matlotlo a mang e le monehelo bakeng sa tempele e Jerusalema. Hang ha a ba file lintho tsena, ba ile ba ithuisa ka tsona—kahoo, ba ne ba tlatlapa tsa tempele.b Ba bang ba ne ba tlatlapa tsa tempele ea Molimo ka mokhoa o sa tobang ka hore ba fane ka mahlabelo a nang le sekoli ’me ba ntšetse pele khoebo e meharo mabaleng a eona, ba fetola tempele “lehaha la masholu.”—Matheu 21:12, 13; Malakia 1:12-14; 3:8, 9.
-
-
Ithute Boitšoaro bo Botle ba Bokreste U be U bo Rute ba BangMolula-Qhooa—2002 | June 15
-
-
a Le hoja a ne a re Bajuda ba ne ba sa nyefole lintho tse halalelang, Josephus o ile a pheta molao oa Molimo ka tsela ena: “Ho se ke ha e-ba le ea nyefolang melimo e rapeloang ke metse e meng, le ho tlatlapa tsa litempele tsa basele, le ho nka matlotlo a nehetsoeng ho molimo leha e le ofe.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Jewish Antiquities, Buka 4, khaolo 8, serapa 10.
-