-
Na U Etsisa Jehova ka ho Tsotella ba Bang?Molula-Qhooa—2007 | June 15
-
-
Kameho ea Jehova e lerato e bonahala phuthehong ea Bokreste. Jesu Kreste e le Hlooho ea phutheho o tataisa baholo hore ba hlokomele mohlape oa hae. (Johanne 21:15-17) Lentsoe la Segerike bakeng sa molebeli le amana le leetsi le bolelang “lebela ka hloko.” Ha Petrose a hatisa kamoo sena se lokelang ho etsoa kateng, o laela baholo o re: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna, eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka tabatabelo; eseng ka ho rena ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo, empa le e-ba mehlala ho mohlape.”—1 Petrose 5:2, 3.
-
-
Na U Etsisa Jehova ka ho Tsotella ba Bang?Molula-Qhooa—2007 | June 15
-
-
Leha ho le joalo, mantsoe a Petrose a ka holimo a re hlokomelisa ka kotsi e itseng—ea baholo ba ‘renang ka thata holim’a’ phutheho. Sena se ka etsahala ha baholo ba etsa melao e sa hlokahaleng. Ha moholo a ikutloa a tlamehile ho sireletsa mohlape, a ka ’na a fetelletsa litaba. Phuthehong e ’ngoe ea Bochabela, baholo ba ile ba etsa melao mabapi le tsela ea ho lumelisana Holong ea ’Muso—e kang ea hore na ke mang ea lokelang ho bua pele—ba lumela hore ho latela melao ena ho ne ho tla tlatsetsa khotsong ea phutheho. Le hoja ho se potang hore baholo bao ba ne ba e-na le sepheo se setle, na ba ne ba etsisa tsela eo Jehova a hlokomelang batho ba hae ka eona? Boikutlo ba Pauluse bo ile ba totobala mantsoeng a hae a reng: “Eseng hore re laola tumelo ea lōna, empa re basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea lōna, kaha ke ka tumelo ea lōna le emeng.” (2 Bakorinthe 1:24) Jehova o tšepa batho ba hae.
-