Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bohlale ba Molimo bo ke Keng ba Lekanngoa
    Atamela ho Jehova
    • Makau aa fofa.

      KHAOLO EA 17

      Bohlale ba Molimo bo ke Keng ba Lekanngoa

      1, 2. Morero oa Jehova ka letsatsi la bosupa e ne e le ofe, hona bohlale ba Molimo bo ile ba behoa tekong joang qalong ea letsatsi leo?

      O SOHLOKEHILE! Moloko oa batho, moqhaka oa khanya ea letsatsi la botšelela la popo, ka tšohanyetso o ile oa theoha boemong bo phahameng oa theohela boemong bo tlase-tlase. Jehova o ne a phatlalalitse hore “ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng,” ho akarelletsa batho, “e molemo haholo.” (Genese 1:31) Empa qalong ea letsatsi la bosupa, Adama le Eva ba ile ba ikhethela ho sala Satane morao bofetoheling ba hae. Ba ile ba itihela sebeng, ho se phethahaleng le lefung.

      2 Ho ne ho ka ’na ha bonahala eka morero oa Jehova ka letsatsi la bosupa o nyopile. Letsatsi leo, joaloka a mang a tšeletseng a tlileng pele ho lona, le ne le tla nka lilemo tse sekete. Jehova o ne a le phatlalalitse le halalela, ’me qetellong ea lona lefatše lohle e ne e lokela hore e be e le paradeise e tletseng lelapa le phethahetseng la batho. (Genese 1:28; 2:3) Empa ka mor’a bofetoheli boo bo ileng ba tlisa tlokotsi, seo se ne se ka etsahala joang? Molimo o ne a tla etsa joang? Jehova o ne a tla ipaka ka tsela e hlollang hore ke Molimo ea bohlale ka ho fetisisa.

      3, 4. (a) Ke hobane’ng ha tsela eo Jehova a ileng a nka khato ka eona ka bofetoheli Edene e le mohlala o mong o susumetsang tlhompho e tebileng ea bohlale ba hae? (b) Boikokobetso bo lokela ho re susumelletsa ho hopola ’nete efe ha re ntse re ithuta ka bohlale ba Jehova?

      3 Jehova o ile a nka khato hang-hang. O ile a ahlola bafetoheli bao Edene, a boela a hlalosa morero oa hae o babatsehang oa ho lokisa mathata ao ba a bakileng. (Genese 3:15) Morero oa Jehova o bonelang hole o tloha Edene o pholletsa le lilemo tse likete tsa pale ea motho ’me o fetela pele, bokamosong bo sa ntseng bo le hole. Ke morero o bonolo ka tsela e hlollang empa o nang le liphello tse tebileng hoo ’mali oa Bibele a ka qetang nako a ntse a ithuta le ho nahana ka oona. Ho feta moo, morero oa Jehova joang kapa joang o tla atleha. O tla felisa bokhopo bohle, sebe le lefu. O tla etsa hore batho ba tšepahalang ba finyelle phethehong. Sena sohle se tla etsahala pele letsatsi la bosupa le fela, ke hore, ho sa tsotellehe ntho leha e le efe, Jehova o tla be a phethahalitse morero oa hae ka lefatše le moloko oa batho hantle ka nako ea teng!

      4 Na bohlale boo ha bo u susumelletse hore u be le tlhompho e tebileng? Moapostola Pauluse o ile a susumelletseha hore bohlale ba molimo ke bo ke keng ba lekanngoa. (Baroma 11:33) Ha re ntse re ithuta likarolo tse sa tšoaneng tsa bokhabane bona ba Molimo, boikokobetso bo lokela ho re susumelletsa ho hopola ’nete ena ea bohlokoa ea hore leha re ka leka kahohle, re ka utloisisa karolo e nyenyane feela ea bohlale bo tebileng ba Jehova. (Jobo 26:14) A re qaleng ka ho hlalosa bokhabane bona bo re susumelletsang hore re be le tlhompho e tebileng.

      Bohlale ba Molimo ke Eng?

      5, 6. Tsebo e amana joang le bohlale, hona Jehova o na le tsebo e pharaletseng hakae?

      5 Bohlale le tsebo ke lintho tse peli tse fapaneng. Lik’homphieutha li ka boloka boitsebiso bo bongata, empa ho thata ho nahana hore motho leha e le ofe a ka re mechine eo e bohlale. Leha ho le joalo, tsebo le bohlale lia amana. (Liproverbia 10:14) Ka mohlala, haeba u hloka keletso e bohlale ea ho alafa boloetse bo itseng bo tebileng, na u ne u tla batla keletso ho maithutoana kapa ho motho feela tjee ea sa tsebeng letho ka phekolo ea meriana? Le hanyenyane! Kahoo ho ba le bohlale ba sebele ho hloka tsebo e nepahetseng.

      6 Jehova o na le pokello e se nang moeli ea tsebo. Kaha ke “Morena oa bosafeleng,” ke eena feela eo haesale a ntse a le teng. (Tšenolo 15:3) ’Me o ’nile a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang ka lilemo tseo tsohle tse sa tsejoeng. Bibele e re: “Molimo o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe, lintho tsohle lia bonahala ’me li pepesitsoe ka pel’a mahlo a ea tla re ahlola ho ea ka mesebetsi ea rona.” (Baheberu 4:13; Liproverbia 15:3) Kaha ke ’Mopi, Jehova o utloisisa ka ho feletseng seo a se entseng, ’me o ’nile a bona liketso tsohle tsa batho ho tloha qalong. O lekola pelo ea motho e mong le e mong, ha ho letho leo a sa le boneng. (1 Likronike 28:9) Kaha o re bopile re e-na le bolokolohi ba ho ikhethela, oa thaba ha a bona re etsa liqeto tse bohlale bophelong. Kaha ke “Ea Utloang thapelo,” o mamela lithapelo tse ngata ka nako e le ’ngoe! (Pesaleme ea 65:2) Ha ho potang hore Jehova o na le mohopolo o phethahetseng.

      7, 8. Jehova o bonahatsa kutloisiso, temoho le bohlale joang?

      7 Ha se feela hore Jehova o na le tsebo. O boetse o bona kamoo lintho li amanang kateng ’me o utloisisa ka ho feletseng boemo bo nang le makolopetso a mangata. O leka-lekanya boemo le ho ahlola, o khetholla se molemo ho se sebe, seo e leng sa bohlokoa ho seo e seng sa bohlokoa. Ho feta moo, ha a habanye ka holimo feela, o hlahlobisisa pelo. (1 Samuele 16:7) Kahoo, Jehova o na le kutloisiso le temoho, e leng litšobotsi tse phahametseng tsebo. Empa bohlale bona bo li phahametse le ho feta.

      8 Bohlale bo akarelletsa ho sebelisa tsebo, temoho le kutloisiso hore li hlahise liphello tse lakatsehang. Ha e le hantle, mantsoe a mang a qalong a Bibele a fetoletsoeng e le “bohlale” a hlile a bolela “mosebetsi o atlehang” kapa “bohlale bo sebetsang.” Kahoo bohlale ba Jehova hase khopolo-taba feela tjee. Boa sebetsa, ’me boa atleha. A sebelisa tsebo ea hae e pharaletseng le kutloisiso ea hae e tebileng, kamehla Jehova o etsa liqeto tse molemo ka ho fetisisa tse ka khonehang, o li phethahatsa ka tsela e molemo ka ho fetisisa e ka nahanoang. Boo ke bohlale ba sebele! Jehova o bonahatsa bonnete ba mantsoe a Jesu a reng: “Lintho tse lokileng tseo motho a li etsang li bontša hore o bohlale.” (Matheu 11:19) Mesebetsi ea Jehova bokahohleng bohle e fana ka bopaki bo matla ba bohlale ba hae.

      Bopaki ba Bohlale ba Molimo

      9, 10. (a) Jehova o bontša bohlale ba mofuta ofe, hona o bo bonahalitse joang? (b) Sele e paka bohlale ba Jehova joang?

      9 Na u kile ua hlolloa ke boqapi ba setsebi sa mesebetsi ea matsoho se etsang lintho tse ntle tse sebetsang hantle? Oo ke mohlala o tsotehang oa bohlale. (Exoda 31:1-3) Jehova ke eena Mohloli oa bohlale boo ebile ke eena Mong’a bona e moholo ka ho fetisisa. Morena Davida o ile a re ka Jehova: “Kea u rorisa hobane u nkentse ka tsela e hlollang haholo. Mesebetsi ea hao e metle, ke tseba sena hantle.” (Pesaleme ea 139:14) Ha e le hantle, ha re ntse re ithuta ka ho eketsehileng ka ’mele oa motho, re hlolloa ke bohlale ba Jehova le ho feta.

      10 Ka mohlala, u qalile u le sele e le ’ngoe, sele ea lehe le tsoang ho ’mè oa hao e emolisitsoeng ke peo ea botona e tsoang ho ntate oa hao. Ka mor’a nakoana, sele eo e ile ea qala ho arohana. U qeteletse u entsoe ka lisele tse ka bang libilione tse 100. Li nyenyane haholo. Lisele tse boholo bo itekanetseng tse ka bang 10 000 li ka fella ntlheng ea nalete. Empa, e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e bopiloe ka mokhoa o rarahaneng ka tsela e makatsang. Sele e rarahane ho feta mochine kapa fektheri leha e le efe e entsoeng ke motho. Bo-rasaense ba bolela hore sele e tšoana le motse o lika-likelitsoeng ke marako, o nang le menyako e laoloang bakeng sa ho kena le ho tsoa, tsamaiso ea thepa, tsamaiso ea puisano, mehloli ea tlhahiso ea matla, lifektheri, ho lahloa ha litšila le ho nchafatsoa ha thepa e sebelisitsoeng, mekhoa ea ho itšireletsa, esita le mofuta o itseng oa setsi sa taolo se khubung ea eona. Ho feta moo, sele e ka hlahisa e ’ngoe e tšoanang le eona hantle ka lihora tse seng kae feela!

      11, 12. (a) Ke’ng e etsang hore lisele tsa lesea le sa tsoa emoloa li nke libopeho tse sa tšoaneng, hona see se lumellana joang le Pesaleme ea 139:16? (b) Boko ba motho bo bontša joang hore re ‘entsoe ka tsela e hlollang’?

      11 Ke ’nete hore ha se lisele tsohle tse tšoanang. Ha lisele tsa lesea le sa tsoa emoloa li ntse li arohana, li qala ho etsa mesebetsi e fapa-fapaneng. Lisele tse ling e tla ba tsa methapo ea kutlo, tse ling e be tsa masapo, mesifa, mali, kapa lisele tsa leihlo. Libopeho tseo kaofela tse sa tšoaneng li ngotsoe “laebraring” ea moralo oa liphatsa tsa lefutso o ka har’a sele, e leng DNA. Ka ho thahasellisang, Davida o ile a bululeloa hore a re ho Jehova: “U ile oa mpona ke sa le lesea le ka popelong. Likarolo tsohle tsa ka li ne li ngotsoe bukeng ea hao.”—Pesaleme ea 139:16.

      12 Litho tse ling tsa ’mele li rarahane haholo. Ka mohlala, nahana ka boko ba motho. Ba bang ba ’nile ba re ke ntho e rarahaneng ka ho fetisisa e kileng ea fumanoa bokahohleng. Bo na le lisele tsa kutlo tse ka bang limilione tse likete tse 100 e leng palo e batlang e lekana le ea linaleli tse teng sehlopheng sa rona sa linaleli. E ’ngoe le e ’ngoe ea lisele tsena e hlahisa makalana a likete a e hokahanyang le lisele tse ling. Bo-rasaense ba bolela hore boko ba motho bo ka jara boitsebiso bohle bo lilaebraring tsohle tsa lefatše le hore ha e le hantle matla a bona a polokelo a ke ke a lekanngoa. Ho sa tsotellehe lilemo tse mashome tsa ho ithuta setho sena se ‘entsoeng ka tsela e hlollang,’ bo-rasaense baa lumela hore mohlomong ha ho mohla ba tla ke ba utloisise ka ho feletseng hore na se sebetsa joang.

      13, 14. (a) Bohloa le liphoofolo tse ling li bontša joang hore li “bohlale ka tlhaho,” hona seo se re ruta’ng ka ’Mopi oa tsona? (b) Ke hobane’ng ha re ka re lintho tse kang tepo ea sekho li entsoe “ka bohlale”?

      13 Leha ho le joalo, batho e mpa e le mohlala o mong feela oa bohlale ba Jehova ba popo. Pesaleme ea 104:24 e re: “Jehova, lintho tseo u li entseng li ngata haholo. Kaofela ha tsona u li entse ka bohlale. Lefatše le tletse lintho tseo u li entseng.” Bohlale ba Jehova bo totobetse popong eohle e re potolohileng. Ka mohlala, bohloa bo “bohlale ka tlhaho.” (Liproverbia 30:24) Ha e le hantle, bohloa bo hlophisitsoe ka tsela e ntle haholo. Bo bong bo hlokomela likokoanyana tse bitsoang hoaba joalokaha eka ke mohlape oa liphoofolo, boa li sireletsa bo bile bo li sebelisa e le lijo tse matlafatsang. Bohloa bo bong bo sebetsa e le lihoai, bo lema “lijalo” tse kang boroku le ho li hlaolela. Liphoofolo tse ling tse ngata le tsona li kentsoe kelello ea hore li etse lintho tse ling tse hlollang ka tlhaho. Ntsintsi feela tjee e tloaelehileng e fofa ka tsela e hlollang hoo le sefofane se tsoetseng pele ka ho fetisisa se entsoeng ke motho se ke keng sa khona ho e etsisa. Linonyana tse fallang li tataisoa ke linaleli, matla a lefatše a khoheli, kapa mofuta o mong o itseng oa ’mapa o ka hare ho tsona oa tlhaho. Litsebi tsa baeloji li qeta lilemo tse ngata li ithuta tsela e rarahaneng eo liphoofolo tsena li itšoarang ka eona ho ea kamoo li bopiloeng kateng. Kahoo, e tlameha ebe Molimo ea li entseng o bohlale hakaakang!

      14 Bo-rasaense ba ithutile ho hongata bohlaleng ba Jehova ba popo. Ho bile ho na le lefapha la boenjiniere, le bitsoang biomimetics, le lekang ho etsisa boqapi bo fumanoang tlhahong. Ka mohlala, e ka ’na eaba u kile oa hlolloa ke botle ba tepo ea sekho. Empa moenjiniere eena o e bona e le boqapi bo tsotehang. Likhoele tse ling tsa tepo tse bonahalang li tetema li matla ho feta tšepe, li tiile ho feta likhoele tsa seaparo se thibelang likulo. Ha e le hantle li matla hakae? Ak’u nahane ka tepo ea sekho e holisitsoeng ho fihlela e lekana le letlooa le sebelisoang seketsoaneng sa ho tšoasa litlhapi. Tepo eo e ka tšoasa sefofane sa baeti se ntse se fofa! E, Jehova o entse lintho tse joalo kaofela “ka bohlale.”

      Litšoantšo: Bohlale ba Jehova. 1. Tepo. 2. Likokoanyana li entse mola li nkile makhasi. 3. Makau aa fofa.

      Ke mang ea kentseng ‘bohlale ba tlhaho’ liphoofolong tsa lefatše?

      Bohlale bo ka Nģ’ane ho Lefatše

      15, 16. (a) Maholimo a tletseng linaleli a fana ka bopaki bofe ba bohlale ba Jehova? (b) Boemo ba Jehova e le Molaoli ea Phahameng ka ho Fetisisa oa mangeloi a mangata-ngata, bo paka joang hore ke Motsamaisi ea bohlale?

      15 Bohlale ba Jehova bo bonahala mesebetsing ea hae hohle bokahohleng. Maholimo a tletseng linaleli, ao re buisaneng ka ’ona haleletsana Khaolong ea 5, ha aa papanehoa feela sepakapakeng. Ka lebaka la bohlale ba “melao ea [Jehova ea] maholimo,” maholimo a hlophisitsoe ka lihlopha tse ntle tsa linaleli ’me le tsona lihlopha tseo li ngata bo thibang letsatsi. (Jobo 38:33, Bibele ea Sesotho) Ha se feela Jehova a bitsang lihloliloeng tsa leholimo “lebotho”! (Esaia 40:26) Leha ho le joalo, ho na le lebotho le leng le bonahatsang bohlale ba Jehova ka ho hlakileng le ho feta.

      16 Joalokaha re hlokometse Khaolong ea 4, Molimo o bitsoa ka tlotla e reng “Jehova oa mabotho” ka lebaka la boemo ba hae e le Molaoli ea Phahameng ka ho Fetisisa oa lebotho le leholohali la libopuoa tsa moea tse limilione tse makholo. Bona ke bopaki ba matla a Jehova. Leha ho le joalo, bohlale ba hae bo ameha joang? Nahana, ha ho mohla Jehova le Jesu ba khaotsang ho sebetsa. (Johanne 5:17) Ka ho utloahalang, mangeloi a sebeletsang Ea Phahameng ka ho Fetisisa le ’ona a lula a tšoarehile. Hopola hore a phahametse batho, a bohlale haholo a bile a matla ho ba feta. (Baheberu 1:7; 2:7) Leha ho le joalo, Jehova o ’nile a boloka mangeloi ao kaofela a tšoarehile, a sebetsa a thabile mosebetsing o khotsofatsang, a phetha “litaelo ea hae” le ho etsa “thato ea hae” ka lilemo tse limilione tse likete. (Pesaleme ea 103:20, 21) E tlameha ebe bohlale ba Motsamaisi eo ke bo hlollang hakaakang!

      Jehova ke “Eena Feela ea Bohlale”

      17, 18. Ke hobane’ng ha Bibele e re Jehova ke “eena feela ea bohlale,” hona ke hobane’ng ha bohlale ba hae bo lokela ho etsa hore re be le tlhompho e tebileng?

      17 Ha re nahana ka bopaki boo, na ke ho makatsang ha Bibele e bontša hore bohlale ba Jehova bo phahame ka ho fetisisa? Ka mohlala, e re Jehova ke “eena feela ea bohlale.” (Baroma 16:27) Ke Jehova feela ea bohlale ka kutloisiso e feletseng. Ke eena Mohloli oa bohlale bohle ba sebele. (Liproverbia 2:6) Ke kahoo Jesu a neng a sa itšetleha ka bohlale ba hae le hoja e le sebopuoa sa Jehova se bohlale ka ho fetisisa, empa o ne a bua joalokaha Ntate oa hae a mo laetse.—Johanne 12:48-50.

      18 Hlokomela tsela eo ka eona moapostola Pauluse a ileng a hlalosa kamoo bohlale ba Jehova bo ikhethang kateng ha a re: “Litlhohonolofatso tsa Molimo li ngata hakaakang! Bohlale ba hae le lintho tseo a li tsebang li ke ke tsa lekanngoa. Likahlolo tsa hae li ke ke tsa utloisisoa ka ho feletseng hape re ke ke ra tseba litsela tsa hae kaofela.” (Baroma 11:33) Ka ho kenya lekhotsa “hakaakang!” temaneng ena Pauluse o ne a bontša maikutlo a tebileng e leng tlhompho e tebileng ntlheng ena. Lentsoe la Segerike leo a ileng a le khetha bakeng sa “li ke ke tsa lekanngoa” le amana haufi le lentsoe le sebelisoang bakeng sa “sekoti se tebileng.” Kahoo, mantsoe a hae a fana ka setšoantšo se hlakileng kelellong. Ha re nahanisisa ka bohlale ba Jehova, ho tšoana le ha re nyarela ka sekoti se tebileng, seo ho se nang moo o fellang teng, se tebileng hoo le ka mohla re ke keng ra utloisisa boholo ba sona, re se re sa re letho ka ho se hlalosa ka ho qaqileng. (Pesaleme ea 92:5) Na eo ha se khopolo e khothatsang?

      19, 20. (a) Ke hobane’ng ha ntsu e le tšoantšetso e loketseng ea bohlale ba Molimo? (b) Jehova o ile a bonahatsa bokhoni ba hae ba ho bona bokamoso joang?

      19 Jehova ke “eena feela ea bohlale” ka kutloisiso e ’ngoe hape, ke eena feela ea khonang ho bona bokamoso. Hopola hore Jehova o sebelisa ntsu e bonelang hole ho tšoantšetsa bohlale ba hae. Ntsu e kholo e ka ’na ea e-ba boima ba lik’hilokramo tse hlano feela, empa mahlo a eona a maholo ho feta a motho e moholo. Ntsu e bona hole ka tsela e hlollang, e khona ho bona phofu ea eona e nyenyane le hoja eona e le holimo haholo! Jehova o kile a re ka ntsu: “Mahlo a eona a khona ho bona hole.” (Jobo 39:29) Ka kutloisiso e tšoanang, Jehova a ka khona ho bona lintho nako e telele haholo pele li ka etsahala.

      20 Bibele e na le bopaki bo bongata ba hore sena ke ’nete. E na le likarolo tse makholo tsa boprofeta, kapa histori e ngotsoeng esale pele. Phello ea lintoa, ho phahama le ho oa ha mebuso ea lefatše, esita le maqheka a qaqileng a balaoli ba mabotho lintoeng tse itseng kaofela li ile tsa boleloa esale pele ka Bibeleng, maemong a mang, lilemo tse makholo esale pele.—Esaia 44:25–45:4; Daniele 8:2-8, 20-22.

      21, 22. (a) Ke hobane’ng ha ho se na motheo oa ho etsa qeto ea hore Jehova o bone esale pele lintho tsohle tseo u tlang ho li khetha bophelong? Fana ka mohlala. (b) Re tseba joang hore bohlale ba Jehova ha se bo hlokang maikutlo kapa kutloelo-bohloko?

      21 Leha ho le joalo, na see se bolela hore Molimo o se a ntse a bone lintho tseo u tlang ho li khetha bophelong? Ba bang ba rutang thuto ea ho rereloa qetello esale pele ba tsitlella hore ho joalo. Leha ho le joalo, ha e le hantle khopolo eo e nyenyefatsa bohlale ba Jehova, kaha e fana ka maikutlo a hore o sitoa ho laola bokhoni ba hae ba ho talima bokamosong. Ka mohlala: Haeba u ne u e-na le lentsoe le binang hamonate-nate, na u ne u tla lulela ho bina nako ee eohle? Eo ke khopolo e sa utloahaleng! Ka ho tšoanang, Jehova o khona ho tseba bokamoso esale pele, empa ha a sebelise bokhoni boo ka linako tsohle. Ho etsa joalo ho ka ’na ha kena-kenana le bolokolohi ba rona ba ho ikhethela, e leng mpho ea bohlokoa eo Jehova a ke keng a re amoha eona le ka mohla.—Deuteronoma 30:19, 20.

      22 Ho hobe le ho feta ke hore khopolo eo ea ho rereloa qetello esale pele e fana ka maikutlo a hore bohlale ba Jehova ha bo na maikutlo, lerato, kutloelo-bohloko, kapa qenehelo. Empa ka sebele seo hase ’nete ho hang! Bibele e ruta hore Jehova “o [pelo e] bohlale.” (Jobo 9:4) Ha se hore o na le pelo ea sebele, empa Bibele e atisa ho sebelisa lentsoe leo ho bontša motho ea ka hare, ea akarelletsang matla a susumetsang le maikutlo, a kang lerato. Kahoo bohlale ba Jehova, joaloka makhabane a mang a hae, bo laoloa ke lerato.—1 Johanne 4:8.

      23. Bophahamo ba bohlale ba Jehova bo lokela ho re susumelletsa ho etsa eng?

      23 Ha ho pelaelo hore bohlale ba Jehova bo ka tšeptjoa ka ho feletseng. Bo phahametse bohlale ba rona hole hoo ka lerato Lentsoe la Molimo le re phehellang le re: “Tšepa Jehova ka pelo eohle ea hao, u se ke oa itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo kenye mererong eohle ea hao, o tla otlolla litsela tsa hao.” (Liproverbia 3:5, 6) Joale a re fuputseng bohlale ba Jehova ka ho tebileng e le hore re ka atamela haufi le Molimo oa rona ea nang le bohlale bohle.

      Lipotso Tsa ho Thuisa

      • Jobo 28:11-28 Bohlale ba Molimo ke ba bohlokoa hakae, hona ho thuisa ka bona ho ka hlahisa phello efe e molemo?

      • Pesaleme ea 104:1-25 Bohlale ba Jehova bo bonahatsoa joang popong, hona see se etsa u be le maikutlo afe?

      • Liproverbia 3:19-26 Ha re nahanisisa ka bohlale ba Jehova ’me re bo sebelisa, seo se ka ama bophelo ba rona ba letsatsi le letsatsi joang?

      • Daniele 2:19-28 Ke hobane’ng ha Jehova a bitsoa Mosenoli oa liphiri, hona re lokela ho arabela joang bohlaleng ba boprofeta bo fumanoang Lentsoeng la hae?

  • Bohlale bo ka Har’a “Lentsoe la Molimo”
    Atamela ho Jehova
    • Mongoli oa Bibele o ngolla moqolong.

      KHAOLO EA 18

      Bohlale bo ka Har’a “Lentsoe la Molimo”

      1, 2. Jehova o re ngoletse “lengolo” lefe, hona hobane’ng?

      NA U kile oa fumana lengolo le tsoang ho motho eo u mo ratang ea lulang hole? Ke lintho tse seng kae feela tse re tlisetsang thabo joaloka lengolo le nang le molaetsa o tlohang botebong ba pelo le tsoang ho motho eo re mo ratang. Re thabela ho utloa hore na o phela joang, liphihlelo tsa hae le merero ea hae. Puisano e joalo e re atametsa ho batho bao re ba ratang, le haeba ba le hole.

      2 Joale, ke’ng e ka re tlisetsang thabo e fetang ea ho amohela molaetsa o ngotsoeng o tsoang ho Molimo eo re mo ratang? Ka kutloisiso e itseng, Jehova o re ngoletse “lengolo,” e leng Lentsoe la hae Bibele. Ka lona o re bolella seo a leng sona, seo a se entseng, seo a rerang ho se etsa le tse ling tse ngata. Jehova o re file Lentsoe la hae hobane a batla hore re be haufi le eena. Molimo oa rona ea nang le bohlale bohle o ile a khetha ho buisana le rona ka tsela e molemo ka ho fetisisa. Re bona bohlale ba Jehova linthong tseo Bibele e buang ka tsona le tsela eo e ngotsoeng ka eona.

      Ke Hobane’ng ha a Sebelisitse Lentsoe le Ngotsoeng?

      3. Jehova o ile a fa Moshe Molao ka tsela efe?

      3 Ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a sebelisa mokhoa o mong o ipiletsang haholoanyane, o kang oa ho bua a le leholimong bakeng sa ho buisana le batho?’ Ke ’nete hore ka linako tse ling Jehova o ile a bua a le leholimong a sebelisa mangeloi e le baemeli. Ka mohlala, o ile a etsa seo ha a ne a fa Iseraele Molao. (Bagalata 3:19) Lentsoe le tsoang leholimong le ne le susumetsa tlhompho e tebileng le bile le tšosa Baiseraele hoo ba ileng ba kopa Jehova hore a mpe a buisane le bona ka Moshe. (Exoda 20:18-20) Kahoo Moshe o ile a fuoa Molao o nang le litaelo tse 600 ka molomo, lentsoe ka lentsoe.

      4. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore melao ea Molimo e ngoloe fatše e le hore e fetisoe ka tsela e tšepahalang?

      4 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba Molao oo o ne o sa ka oa ngoloa? Na Moshe o ne a tla khona ho hopola mantsoe ’ohle a buuoeng a Molao oo le ho a fetisetsa ho sechaba a le joalo? Ho thoe’ng ka meloko e tlang? Na e ne e tla tlameha ho itšetleha feela ka seo e se bolelloang ke ba bang? Eo e ne e tla ba tsela e sa tšepahaleng ea ho fetisa melao ea Molimo. Nahana ka se neng se ka etsahala haeba u ne u ka bolella mokoloko o molelele oa batho pale e itseng ka ho bolella motho oa pele ebe eena o bolella ea latelang joalo-joalo. E ka ’na eaba seo motho ea qetellong ea mokoloko a neng a tla se utloa se ne se tla be se fapane hole le se boletsoeng qalong. Mantsoe a Molao oa Molimo a ne a se kotsing eo.

      5, 6. Jehova o ile a laela Moshe hore a etse’ng ka mantsoe a hae, hona ke hobane’ng ha e le tlhohonolofatso hore ebe re na le Lentsoe la Jehova le ngotsoeng?

      5 Ka bohlale Jehova o ile a khetha hore mantsoe a hae a ngoloe. O ile a laela Moshe a re: “U ngole mantsoe ana hobane ke etsa selekane le uena le Iseraele tumellanong le ’ona.” (Exoda 34:27) Kahoo Bibele e ile ea qala ho ngoloa ka 1513 B.C.E. Lilemong tse fetang 1 610 tse ileng tsa latela, Jehova o ile a bua “ka makhetlo a mangata . . . le [ka] litsela tse ling tse ngata” le batho ba ka bang 40 ba ileng ba ngola Bibele. (Baheberu 1:1) Ha nako e ntse e ea, bakopitsi ba itetseng ba ile ba e kopitsa ka hloko ho hlahisa likopi tse nepahetseng e le hore ba boloke Mangolo ao a le joalo.—Esdrase 7:6; Pesaleme ea 45:1.

      6 Ruri Jehova o re hlohonolofalitse ka ho buisana le rona ka lengolo. Na u kile oa fumana lengolo leo u le ratang haholo, mohlomong hobane le u fa matšeliso ao u a hlokang hoo u ileng oa le boloka ’me oa le bala khafetsa? Ho joalo le ka “lengolo” leo Jehova a re ngoletseng lona. Kaha Jehova o re ngoletse mantsoe a hae, re khona ho a bala kamehla le ho nahanisisa ka seo a se bolelang. (Pesaleme ea 1:2) ‘Mangolo aa re tšelisa’ neng le neng ha re a hloka.—Baroma 15:4.

      Ke Hobane’ng ha le Ngotsoe ke Batho?

      7. Bohlale ba Jehova bo bonahala joang tabeng ea ho sebelisa ha hae batho hore ba ngole?

      7 Ka bohlale ba hae, Jehova o ile a sebelisa batho ho ngola Lentsoe la hae. Nahana ka sena, haeba Jehova a ne a ile a sebelisa mangeloi ho ngola Bibele, na e ne e tla ’ne e ipiletse ka tsela e tšoanang? Ke ’nete hore mangeloi a ne a ka hlalosa Jehova ho ea ka pono ea ’ona e phahameng, a hlalosa boinehelo ba ’ona ho eena le ho tlaleha ka bahlanka ba Molimo ba tšepahalang. Empa na re ne re tla hle re khone ho utloisisa pono ea libopuoa tseo tse phethahetseng tsa moea, tse re phahametseng hole ka tsebo, phihlelo le matla?—Baheberu 2:6, 7.

      8. Bangoli ba Bibele ba ile ba lumelloa ho sebelisa matla a bona a kelello joang? (Sheba naletsana.)

      8 Ka ho sebelisa batho e le bangoli, Jehova o re file sona seo re se hlokang, e leng tlaleho e ‘tsoang ho Molimo’ empa e ngotsoe ka tsela eo batho ba ka e utloisisang. (2 Timothea 3:16) O finyeletse see joang? Ho totobetse hore maemong a mangata o ile a lumella bangoli hore ba sebelise matla a bona a kelello ho batlisisa “mantsoe a monate” le ho ngola “mantsoe a ’nete a nepahetseng.” (Moeklesia 12:10, 11) Sena se hlalosa litsela tse sa tšoaneng tseo Bibele e ngotsoeng ka tsona. Libuka tsa eona li bonahatsa botho ba bangoli ka bomong.a Leha ho le joalo, banna bana “ba ile ba bua litaba tse tsoang ho Molimo hobane ba susumetsoa ke moea o halalelang.” (2 Petrose 1:21) Kahoo, ka sebele seo ba se hlahisitseng se qeteletse e le “lentsoe la Molimo.”—1 Bathesalonika 2:13.

      “Mangolo ’ohle a halalelang a tsoa ho Molimo”

      9, 10. Ke hobane’ng ha ho sebelisoa ha batho e le bangoli ho etsa hore Bibele e ipiletse le ho feta?

      9 Jehova o sebelisitse batho ho ngola Bibele ’me sena se etsa hore e finyelle pelo ea motho ea e balang. Bangoli ba eona e ne e le batho ba nang le maikutlo a joaloka a rona. Kaha ba ne ba sa phethahala, ba ile ba tobana le liteko le likhatello tse kang tseo re tobanang le tsona. Ka linako tse ling, moea oa Jehova o ile oa ba susumeletsa hore ba ngole ka maikutlo le mathata a bona. (2 Bakorinthe 12:7-10) Kahoo ba ile ba ngola se etsahetseng ho bona, ka mantsoe ao ho seng lengeloi le neng le ka a bua.

      10 Ka mohlala, nahana ka Morena Davida oa Iseraele. Ka mor’a hore a etse libe tse tebileng, Davida o ile a qapa pesaleme eo a ileng a tšolla se ka pelong ea hae ka eona, a kopa Molimo hore a mo tšoarele. O ile a ngola a re: “U ntlhoekise sebe sa ka. Ke tseba melato ea ka hantle ebile ke lula ke nahana ka sebe sa ka. Ke tsoetsoe ke e-na le sebe, ke bile le sebe ho tloha ha ke le ka popelong ea ’mè oa ka. U se ke oa nteleka ka pel’a hao. U se ke oa tlosa moea oa hao o halalelang ho ’na. Mahlabelo a khahlisang Molimo ke ha motho a hlomohile. Molimo, u ke ke oa iphapanyetsa pelo e utloileng bohloko le e sithabetseng.” (Pesaleme ea 51:2, 3, 5, 11, 17) Na u utloa bohloko boo mongoli a bo utloang? E ka ba mang e mong haese feela motho ea sa phethahalang ea ka hlalosang maikutlo ao a tsoang pelong?

      Ke Hobane’ng ha e le Buka e Buang ka Batho?

      11. Ke mehlala ea lintho life tse etsahetseng bophelong ba sebele e ngotsoeng ka Bibeleng “ho re ruta”?

      11 Ntho e ’ngoe e etsang hore Bibele e ipiletse le ho feta ke hore e bua haholo ka batho ba sebele, ba neng ba sebeletsa Molimo le ba sa kang ba mo sebeletsa. Re bala ka maemo le mathata ao ba fetileng ho ’ona, le lintho tse ileng tsa ba thabisa. Re bona liphello tsa liqeto tseo ba li entseng bophelong. Litlaleho tseo li ile tsa ngolloa “ho re ruta.” (Baroma 15:4) Jehova o re ruta ka tsela e re amang lipelo ka mehlala ea lintho tsena tse etsahetseng bophelong ba sebele. Nahana ka mehlala e seng mekae.

      12. Litlaleho tsa Bibele tse buang ka batho ba sa tšepahaleng li re thusa ka tsela efe?

      12 Bibele e bua ka batho ba sa tšepahaleng le ba khopo le ka se ileng sa ba hlahela. Litlaleho tsena li bontša litšobotsi tse sa rateheng tse bonahalang liketsong tsa bona, e leng ho re nolofalletsang ho li utloisisa. Ka mohlala, ke taelo efe e neng e ka khalemela ho hloka botšepehi ho feta mohlala oa Judase ha a ne a ntšetsa pele morero oa hae oa ho eka Jesu? (Matheu 26:14-16, 46-50; 27:3-10) Litlaleho tse kang ena li ama lipelo tsa rona haholoanyane, li re thusa ho bona le ho lahla litšobotsi tse mpe.

      13. Bibele e re thusa ho utloisisa litšobotsi tse ratehang ka tsela efe?

      13 Bibele e boetse e hlalosa bahlanka ba bangata ba Molimo ba tšepahalang. Re bala ka boinehelo le botšepehi ba bona. Re bona mehlala e phelang ea litšobotsi tseo re lokelang ho li hlaolela e le hore re atamele ho Molimo. Ka mohlala, nahana ka tumelo. Bibele e re hlalosetsa tumelo ’me e re bolella kamoo e hlokahalang kateng hore re khahlise Molimo. (Baheberu 11:1, 6) Empa Bibele e boetse e na le mehlala e hlakileng ea ho bontša tumelo. Nahana ka tumelo eo Abrahama a ileng a e bontša ha a ne a leka ho nyehela Isaka. (Genese, khaolo ea 22; Baheberu 11:17-19) Ka litlaleho tse kang eo, lentsoe “tumelo” le ba le moelelo o eketsehileng ’me ho ba bonolo ho le utloisisa. Ke bohlale bo bokaakang hore ebe Jehova ha a re eletse feela hore re hlaolele litšobotsi tse ratehang empa hore ebe o boetse o re fa mehlala ea sebele ea ba li bontšitseng!

      14, 15. Bibele e re bolella’ng ka mohlolohali e mong ea neng a tlile tempeleng, hona re ithuta’ng ka Jehova tlalehong ee?

      14 Hangata litlaleho tsa lintho tse etsahetseng bophelong ba sebele tse fumanoang ka Bibeleng li re ruta ho hong ka botho ba Jehova. Nahana ka seo re se balang ka mosali eo Jesu a ileng a mo bona ka tempeleng. Jesu o ne a lutse haufi le mabokose a chelete, a shebeletse ha batho ba ntse ba akhela menehelo ea bona. Barui ba bangata ba ne ba tla, ba fana ka ‘chelete ea bona e setseng.’ Empa mahlo a Jesu a ile a tsepama ho mohlolohali e mong ea futsanehileng. O ile a akhela “licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane haholo.”b E ne e le chelete ea ho qetela eo a nang le eona. Jesu ea neng a bonahatsa ka ho phethahetseng pono ea Jehova litabeng, o ile a re: “Mohlolohali enoa oa mofutsana o tšetse chelete e fetang ea bohle ka mabokoseng.” Ho latela mantsoe ao, o ne a tšetse chelete e fetang ea ba bang bohle ha e kopane.—Mareka 12:41-44; Luka 21:1-4; Johanne 8:28.

      15 Na ha se habohlokoa hore ebe har’a batho bao bohle ba neng ba tlile tempeleng letsatsing leo, mohlolohali eo o ile a qolloa le ho boleloa ka Bibeleng? Ka mohlala ona, Jehova o re ruta hore ke Molimo ea ananelang. O thabela ho amohela limpho tsa rona tse fanoang ka pelo eohle, ho sa tsotellehe hore na li joang ha li bapisoa le tseo ba bang ba fanang ka tsona. Ka sebele Jehova o fumane tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho re ruta ’nete ena e thabisang!

      Seo Bibele e se Siileng ka Thoko

      16, 17. Bohlale ba Jehova bo bonahala joang esita le ho seo a khethileng ho se siea ka thoko Lentsoeng la hae?

      16 Ha u ngolla motho eo u mo ratang lengolo, u ka akarelletsa lintho tse itseng feela. Kahoo u sebelisa temoho ho khetha seo u se ngolang. Ka ho tšoanang, Jehova o ile a khetha ho bua ka batho ba itseng le liketsahalo tse itseng ka Lentsoeng la hae. Empa Bibele ha e qaqise lintlha tsohle litlalehong tsena. (Johanne 21:25) Ka mohlala, boitsebiso boo Bibele e fanang ka bona ha e bua ka kahlolo ea Molimo bo ka ’na ba se ke ba araba potso e ’ngoe le e ’ngoe eo re ipotsang eona. Bohlale ba Jehova bo bonoa esita le ho seo a khethileng ho se siea ka thoko Lentsoeng la hae. Joang?

      17 Tsela eo Bibele e ngotsoeng ka eona e senola se ka lipelong tsa rona. Baheberu 4:12 e re: “Lentsoe la Molimo lea phela, le fana ka matla ’me le bohale ho feta sabole leha e le efe e sehang ka mahlakore a mabeli. Le kenella ka hare-hare ho motho hoo le senolang seo motho a leng sona ka ntle le ka hare . . . Le khona ho senola menahano le boikemisetso ba pelo ea motho.” Molaetsa oa Bibele o phunyeletsa ho ea tlase, o senola monahano le maikutlo a rona a sebele. Ba e balang ba e-na le boikutlo ba ho nyatsa-nyatsa, ba atisa ho khopeha ha ba sa fumane boitsebiso bo lekaneng ka Bibeleng bo arabang lipotso tseo ba nang le tsona. Batho bao ba ka ’na ba belaella le hore na Jehova o hlile o lerato, o bohlale le hore o na le toka.

      18, 19. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoenyeha haeba tlaleho e itseng ea Bibele e hlahisa lipotso tseo re sitoang ho li fumanela likarabo hang-hang? (b) Ho hlokahala eng hore re utloisise Lentsoe la Molimo, hona see ke bopaki ba bohlale ba Jehova bo boholo joang?

      18 Ka lehlakoreng le leng, ha re ithuta Bibele ka hloko ka lipelo tsohle, re bona kamoo Bibele ka kakaretso e hlalosang Jehova kateng. Kahoo, ha re tšoenyehe haeba tlaleho e itseng e hlahisa lipotso tse itseng tseo re sitoang ho li fumanela likarabo hang-hang. Ha re ithuta Bibele, hanyane ka hanyane re ithuta hore na Jehova ke Molimo oa mofuta ofe, ’me re qala ho ba le setšoantšo se hlakileng. Le haeba qalong re sitoa ho utloisisa tlaleho e itseng kapa ho bona hore na e kopana joang le botho ba Molimo, ho ithuta ha rona Bibele ho se ho ntse ho re rutile ka Jehova ka ho lekaneng ho re nolofalletsa ho bona hore ka sebele ke Molimo ea lerato, ea se nang khethollo le ea nang le toka.

      19 Ka hona, e le hore re utloisise Lentsoe la Molimo, re tlameha ho le bala le ho ithuta lona ka pelo e tšepahalang le ka kelello e se nang leeme. Na boo ha se bopaki ba bohlale ba Jehova bo boholo? Batho ba bohlale ba khona ho ngola libuka tse ka utloisisoang ke batho “ba bohlale le ba nang le kelello” feela. Empa ho ba mongoli oa buka e ka utloisisoang ke ba susumetsoang ke lipelo tse lokileng feela ho hloka bohlale ba Molimo.—Matheu 11:25.

      Buka e Nang le “Bohlale”

      20. Ke hobane’ng ha e le Jehova feela ea ka re bolellang tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela, hona Bibele e na le eng e ka re thusang?

      20 Jehova o re bolella tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela ka Lentsoeng la hae. Kaha ke ’Mopi oa rona, o tseba litlhoko tsa rona ho re feta. ’Me litlhoko tsa batho tsa motheo tse akarelletsang takatso ea ho ratoa, ho thaba le ho ba le likamano tse atlehileng ha lia fetoha. Bibele e na le letlotlo la “bohlale” bo ka re thusang ho phela bophelo bo nang le morero. (Liproverbia 2:7) Karolo ka ’ngoe bukeng ena e na le khaolo e bontšang kamoo re ka sebelisang keletso e bohlale ea Bibele kateng, empa a re hlahlobeng mohlala o le mong feela mona.

      21-23. Ke keletso efe e bohlale e ka re thusang ho qoba ho se tšoarele le ho lula re koatile?

      21 Na u kile oa hlokomela hore batho ba sa tšoareleng le ba lulang ba koatile ba atisa ho qetella ba intšitse kotsi? Motho ea jarang batho ka pelo o ikimetsa ka moroalo o boima oo a ke keng a khona ho o jara. Ha re sa tšoarele, re ikimetsa likelellong, ha re be le khotso le thabo. Liphuputso tsa saense li bontša hore ho lula re koatile ho ka eketsa monyetla oa hore re tšoaroe ke boloetse ba pelo le maloetse a mang a mangata a sa foleng. Nako e telele pele ho liphuputso tseo tsa saense, ka bohlale Bibele e ile ea re: “Khaotsa ho halefa, u tlohele bohale.” (Pesaleme ea 37:8) Empa re ka etsa seo joang?

      22 Lentsoe la Molimo le fana ka keletso ena e bohlale: “Motho ea nang le temoho o lieha ho halefa ’me o tla hlomphuoa ka lebaka la ho iphapanyetsa phoso.” (Liproverbia 19:11) Temohisiso ke bokhoni ba ho bona se patehileng, ho bona se sa totobalang. Temohisiso e tlisa kutloisiso, kaha e ka re thusa ho lemoha hore na ke hobane’ng ha motho e mong a ile a bua kapa a itšoara ka tsela e itseng. Ho leka ho utloisisa mabaka ao a hlileng a etsang lintho ka ’ona, maikutlo le maemo a hae ho ka ’na ha re thusa ho leleka monahano le maikutlo a mabe ka eena.

      23 Bibele e fana ka keletso ena e eketsehileng: “Le tsoele pele ho mamellana le ho tšoarelana.” (Bakolose 3:13) Poleloana “le tsoele pele ho mamellana” e fana ka maikutlo a ho se felle ba bang pelo, ho mamella lintho tseo re ka ’nang ra fumana li khopisa. Ho ba le mamello e joalo ho ka re thusa ho qoba ho lula re koatetse batho ho sa hlokahale. “Ho tšoarelana” ho fetisa khopolo ea ho se jarane ka lipelo. Molimo oa rona ea bohlale oa tseba hore re lokela ho tšoarela ba bang ha ho e-na le motheo o utloahalang oa ho etsa joalo. Sena ha se feela molemong oa bona empa hape le molemong oa khotso ea rona kelellong le pelong. (Luka 17:3, 4) Ke bohlale bo bokaakang bo fumanoang Lentsoeng la Molimo!

      24. Ho etsahala’ng ha re fetola bophelo ba rona tumellanong le bohlale ba Molimo?

      24 A susumelitsoe ke lerato la hae le se nang meeli, Jehova o ile a batla ho buisana le rona. O ile a khetha tsela e molemo ka ho fetisisa e ka khonehang, e leng “lengolo” le ngotsoeng ke batho ba neng ba tataisoa ke moea o halalelang. Ka lebaka leo, bohlale ba Jehova bo fumanoa maqepheng a lona. Bohlale bona bo “tšepahala haholo.” (Pesaleme ea 93:5) Ha re ntse re fetola bophelo ba rona tumellanong le bona ’me re bo arolela ba bang, ha ho pelaelo hore re atamela ho Molimo oa rona ea nang le bohlale bohle. Khaolong e latelang, re tla tšohla mohlala o mong o ikhethang oa bohlale ba Jehova, e leng bokhoni ba hae ba ho bolela bokamoso esale pele le ba ho phethahatsa morero oa hae.

      a Ka mohlala, Davida ea neng a lisa, o sebelisa mehlala e nkiloeng bophelong ba ho lisa. (Pesaleme ea 23) Matheu eo e neng e le ’mokelli oa lekhetho, o bolela lipalo le lichelete khafetsa. (Matheu 17:27; 26:15; 27:3) Luka eo e neng e le ngaka, o sebelisa mantsoe a bontšang tsebo ea hae ea phekolo ea meriana.—Luka 4:38; 14:2; 16:20.

      b Chelete e le ’ngoe licheleteng tsena tsa tšepe e ne e le leptone, e leng chelete ea Bajuda e nyenyane ka ho fetisisa ea tšepe e neng e sebelisoa ka nako eo. Lileptone tse peli li ne li lekana le mokholo oa motho ea sebelitseng metsotso e 15. Lichelete tsena tse peli tsa tšepe li ne li bile li sa lekane le ho reka serobele se le seng, e leng nonyana e theko e tlase ka ho fetisisa e neng e jeoa ke bafutsana.

      Lipotso Tsa ho Thuisa

      • Liproverbia 2:1-6 Ho hlokahala hore motho a etse boiteko bofe e le hore a fumane bohlale bo ka Lentsoeng la Molimo?

      • Liproverbia 2:10-22 Re tla rua molemo ka litsela life ha re phela tumellanong le keletso e bohlale ea Bibele?

      • Baroma 7:15-25 Litemana tsee li bontša joang hore Jehova o bile bohlale ka ho sebelisa batho ho ngola Lentsoe la hae?

      • 1 Bakorinthe 10:6-12 Re ka ithuta’ng mehlaleng ea Bibele e lemosang mabapi le Iseraele?

  • “Bohlale ba Molimo bo Patiloeng Lekunutung le Halalelang”
    Atamela ho Jehova
    • Abrahama o shebile linaleli.

      KHAOLO EA 19

      “Bohlale ba Molimo bo Patiloeng Lekunutung le Halalelang”

      1, 2. Ke ‘lekunutu lefe le halalelang’ leo re lokelang ho le thahasella, hona hobane’ng?

      MAKUNUTU! Hangata batho ba thatafalloa ho a boloka e le pinyane hobane a hapa maikutlo, aa thahasellisa ebile aa makatsa. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Molimo o tlotlisoa ke ha taba e bolokoa e le sephiri.” (Liproverbia 25:2) E, kaha ke ’Musi oa Lintho Tsohle le ’Mopi, ka nepo Jehova o boloka lintho tse ling e le lekunutu ho batho ho fihlela ha e le nako ea hae e loketseng ea hore a ba senolele tsona.

      2 Leha ho le joalo, ho na le lekunutu le leng le thahasellisang, le hapang maikutlo leo Jehova a le senotseng ka Lentsoeng la hae. Le bitsoa “lekunutu le halalelang la thato ea [Molimo].” (Baefese 1:9) Ho ithuta lona ha ho na ho fella feela ka ho khotsofatsa takatso ea hao ea ho le tseba. Ho tseba lekunutu lena ho ka u isa polokong le ho u fa leseli le itseng ka bohlale ba Jehova bo ke keng ba lekanngoa.

      Le Senotsoe Hanyane ka Hanyane

      3, 4. Boprofeta bo tlalehiloeng ho Genese 3:15 bo ile ba fana ka tšepo joang, hona bo ne bo akarelletsa ‘lekunutu lefe le halalelang’?

      3 Ha Adama le Eva ba etsa sebe, e ka ’na eaba ho ile ha bonahala eka morero oa Jehova oa hore lefatše e be paradeise e ahiloeng ke batho ba phethahetseng o nyopile. Empa kapele-pele Molimo o ile a rarolla bothata boo! O ile a re: “Ke tla etsa hore uena [noha] le mosali le hloeane le hore bana ba hao le ngoana oa hae ba hloeane. Ngoana eo o tla u khoba hlooho ’me uena u tla mo loma serethe.”—Genese 3:15.

      4 Mantsoe ana e ne e le qaka ebile e le lekunutu. Mosali eo e ne e le mang? Noha e ne e le mang? “Ngoana” ea neng a tla khoba noha hlooho e ne e le mang? Adama le Eva ba ne ba ka hakanya feela. Leha ho le joalo, mantsoe ao a Molimo a ne a fana ka tšepo bakeng sa ngoana leha e le ofe ea tšepahalang oa banyalani bao ba sa tšepahaleng. Ho loka ho ne ho tla hlola. Morero oa Jehova o ne o tla phethahala. Empa joang? Seo e ne e le lekunutu! Bibele e re ke “bohlale ba Molimo bo patiloeng lekunutung le halalelang.”—1 Bakorinthe 2:7.

      5. Bontša hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a senola lekunutu la hae hanyane ka hanyane.

      5 Kaha ke “Mosenoli oa liphiri,” qetellong Jehova o ne a tla senola lintlha tse ling tse amanang le ho phethahala ha lekunutu leo. (Daniele 2:28) Empa o ne a tla li senola butle-butle, hanyane ka hanyane. Ka mohlala, re ka ’na ra nahana ka tsela eo ntate ea lerato a arabelang ka eona ha moshanyana oa hae a botsa, “Ntate, hantle-ntle ke tsoa kae?” Ntate ea bohlale o fana feela ka boitsebiso bo lekaneng boo moshanyana a ka bo utloisisang. Ha moshanyana a ntse a hola, ntate o mo bolella lintlha tse eketsehileng. Ka tsela e tšoanang, Jehova oa tseba ha batho ba hae ba se ba loketse ho senoleloa thato ea hae le morero oa hae.—Liproverbia 4:18; Daniele 12:4.

      6. (a) Selekane kapa tumellano, se phetha morero ofe? (b) Ke hobane’ng ha ho ikhetha hore ebe Jehova o ne a ka etsa lilekane le batho?

      6 Jehova o ile a senola lekunutu leo joang? O ile a sebelisa lilekane, kapa litumellano ho senola lintho tse ngata. E ka ’na eaba u kile oa etsa tumellano e itseng, mohlomong ea ho reka ntlo kapa ea ho alima kapa ho alimana ka chelete. Tumellano e joalo e ne e fana ka tiiso ea molao ea hore lintlha tseo ho lumellanoeng ka tsona li tla phethahatsoa. Empa ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Jehova a etse lilekane, kapa litumellano le batho? Ka sebele lentsoe la hae ke tiiso e lekaneng ea litšepiso tsa hae. Le hoja seo e le ’nete, maemong a ’maloa, ka mosa Molimo o ile a tšehetsa lentsoe la hae ka litumellano tsa molao. Litumellano tsena tse tiisitsoeng li fa rona batho ba sa phethahalang motheo o tiileng le ho feta oa ho kholoa litšepiso tsa Jehova.—Baheberu 6:16-18.

      Selekane le Abrahama

      7, 8. (a) Jehova o ile a etsa selekane sefe le Abrahama, hona se ne se fana ka leseli lefe ka lekunutu le halalelang? (b) Jehova o ile a hlakisa leloko la ngoana ea tšepisitsoeng hanyane ka hanyane joang?

      7 Lilemo tse fetang tse likete tse peli ka mor’a hore motho a lelekoe Paradeiseng, Jehova o ile a re ho mohlanka oa hae ea tšepahalang Abrahama: “Ke tla u hlohonolofatsa ’me ke etse hore bana ba hao ba be bangata joaloka linaleli tsa maholimo . . . Lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa ka lebaka la ngoana oa hao hobane u mametse lentsoe la ka.” (Genese 22:17, 18) Ena e ne e se tšepiso feela tjee, Jehova o ile a e etsetsa selekane sa molao ’me a e tšehetsa ka kano ea hae e sa fetoheng. (Genese 17:1, 2; Baheberu 6:13-15) Ke ho ikhethang hakaakang hore ebe ha e le hantle ’Musi oa Lintho Tsohle o ile a etsa tumellano ea ho hlohonolofatsa moloko oa batho!

      ‘Ke tla etsa hore bana ba hao ba be bangata joaloka linaleli tsa maholimo’

      8 Selekane sa Abrahama se ile sa senola hore ngoana ea tšepisitsoeng o ne a tla tla e le motho oa nama, kaha e ne e tla ba setloholo sa Abrahama. Empa motho eo e ne e tla ba mang? Ka nako e loketseng, Jehova o ile a senola hore ho bara ba Abrahama, Isaka ke eena eo e neng e tla ba moholo-holo oa ngoana eo. Ho bara ba Isaka ba babeli, ho ile ha khethoa Jakobo. (Genese 21:12; 28:13, 14) Hamorao, Jakobo o ile a bua mantsoe ana a boprofeta ho e mong oa bara ba hae ba 12: “Lere la borena le ke ke la tloha ho Juda le lere la bolaoli le ke ke la tloha pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo [kapa “Eo e Leng ea Hae,” naletsana] a tla ’me lichaba li tla mo mamela.” (Genese 49:10) Ka nako eo ho ile ha tsebahala hore ngoana eo e ne e tla ba morena, ea tsoang lelokong la Juda!

      Selekane le Iseraele

      9, 10. (a) Jehova o ile a etsa selekane sefe le sechaba sa Iseraele, hona selekane seo se ile sa fana ka tšireletso efe? (b) Molao o ile oa totobatsa joang hore batho ba hloka tefo ea topollo?

      9 Ka 1513 B.C.E., Jehova o ile a etsa tokisetso e ileng ea betla khoro bakeng sa tšenolo e tsoelang pele ea lekunutu le halalelang. O ile a etsa selekane le litloholo tsa Abrahama, e leng sechaba sa Iseraele. Le hoja hona joale se se se sa sebetse, selekane seo sa Molao oa Moshe e ne e le karolo ea bohlokoa ea morero oa Jehova oa ho hlahisa ngoana ea tšepisitsoeng. Joang? Hlahloba litsela tsena tse tharo. Ea pele, Molao o ne o tšoana le lebota le sireletsang. (Baefese 2:14) Litaelo tsa oona tse lokileng li ne li tšoana le lebota le arolang Bajuda le Balichaba. Kahoo Molao o ile oa thusa ho boloka leloko la ngoana ea tšepisitsoeng. Ka lebaka la tšireletso eo, sechaba sa Iseraele se ne se ntse se le teng ha nako ea Molimo e loketseng e fihla ea hore Mesia a tsoalloe lelokong la Juda.

      10 Tsela ea bobeli ke hore Molao o ile oa totobatsa hore moloko oa batho o hloka tefo ea topollo. Kaha e ne e le Molao o phethahetseng, o ile oa senola hore batho ba baetsalibe ba hloleha ho o khomarela ka ho feletseng. Kahoo o ile oa sebeletsa “ho senola libe tsa batho ho fihlela leloko leo le neng le filoe tšepiso eo le fihla.” (Bagalata 3:19) Molao o ne o e-na le tokisetso ea ho koahela libe ka nakoana ka mahlabelo a liphoofolo. Empa joalokaha Pauluse a ile a ngola, “ho ke ke ha khoneha hore mali a lipoho le a lipoli a tlose libe.” Mahlabelo ana a ne a mpa a tšoantšetsa sehlabelo sa Kreste sa topollo. (Baheberu 10:1-4) Kahoo, ho Bajuda ba tšepahalang selekane seo se ile sa ba “tataisetsa ho Kreste.”—Bagalata 3:24.

      11. Selekane sa Molao se ile sa fa Iseraele tebello efe e khanyang, empa ke hobane’ng ha sechaba seo ka kakaretso se ile sa lahleheloa ke monyetla oo?

      11 Tsela ea boraro ke hore selekane seo se ile sa fa sechaba sa Iseraele tebello e khanyang. Jehova o ile a se bolella hore haeba se ipaka se tšepahala selekaneng seo, se tla fetoha “’muso oa baprista le sechaba se halalelang.” (Exoda 19:5, 6) Qetellong, Iseraele e ile ea hlahisa litho tsa pele tsa ’muso oa leholimo oa baprista. Leha ho le joalo, Iseraele e le sechaba e ile ea roba selekane sa Molao, ea hana ho amohela ngoana eo e neng e tla ba Mesia, ’me ea lahleheloa ke tebello eo. Joale, ke bo-mang ba neng ba tla tlatselletsa ’muso oo oa baprista? Hona sechaba seo se hlohonolofalitsoeng se ne se tla amana joang le ngoana eo ea tšepisitsoeng? Likarolo tseo tsa lekunutu le halalelang li ne li tla senoloa ka nako ea Molimo e loketseng.

      Selekane sa ’Muso le Davida

      12. Jehova o ile a etsa selekane sefe le Davida, hona se ile sa fana ka leseli lefe mabapi le lekunutu le halalelang la Molimo?

      12 Lekholong la bo11 la lilemo B.C.E., Jehova o ile a fana ka leseli le eketsehileng ka lekunutu le halalelang ha a etsa selekane se seng. O ile a tšepisa Morena Davida ea tšepahalang a re: “Ke tla etsa hore ngoana oa hao, mora oa hao e be morena . . . ’me ke tla tiisa ’muso oa hae. . . . Ke tla tiisa terone ea ’muso oa hae ka ho sa feleng.” (2 Samuele 7:12, 13; Pesaleme ea 89:3) Joale leloko la ngoana eo ea tšepisitsoeng le ile la tsoa ho Davida. Empa na motho feela tjee o ne a ka busa ka ho sa feleng? (Pesaleme ea 89:20, 29, 34-36) Hona na morena eo oa motho o ne a ka pholosa moloko oa batho sebeng le lefung?

      13, 14. (a) Ho ea ka Pesaleme ea 110, Jehova o tšepisa Morena oa hae ea tlotsitsoeng eng? (b) Baprofeta ba Jehova ba ile ba sebelisoa ho senola lintho life tse eketsehileng ka ngoana ea tlang?

      13 Moea o halalelang o ile oa susumetsa Davida hore a re: “Jehova o itse ho Moren’a ka: ‘Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao.’ Jehova o ikanne ’me a ke ke a fetola maikutlo a hae, o itse: ‘U moprista ka ho sa feleng ka tsela e tšoanang le ea Melkizedeke.’” (Pesaleme ea 110:1, 4) Mantsoe ao a Davida a ne a lebisitsoe ka ho toba ho ngoana ea tšepisitsoeng kapa Mesia. (Liketso 2:35, 36) Morena enoa o ne a sa tl’o busa a le Jerusalema, empa o ne a tla busa a le leholimong ka ‘letsohong le letona’ la Jehova. Seo se ne se sa tl’o mo fa matla a ho laola naha ea Iseraele feela empa a ho laola le lefatše lohle. (Pesaleme ea 2:6-8) Ho ile ha senoloa ho hong ho eketsehileng mona. Hlokomela hore Jehova o ile a hlapanya ka kano hore Mesia e ne e tla ba “moprista . . . ka tsela e tšoanang le ea Melkizedeke.” Ho tšoana le Melkizedeke ea neng a sebeletsa e le morena le moprista mehleng ea Abrahama, ngoana ea tlang o ne a tla khethoa ke Molimo ka ho toba hore a sebeletse e le Morena le Moprista!—Genese 14:17-20.

      14 Ha lilemo li ntse li feta, Jehova o ile a sebelisa baprofeta ba hae ho senola lekunutu la hae le halalelang ka ho eketsehileng. Ka mohlala, Esaia o ile a senola hore ngoana eo o ne a tla shoa lefu la sehlabelo. (Esaia 53:3-12) Mikea o ile a bolela esale pele sebaka seo Mesia a neng a tla tsoalloa ho sona. (Mikea 5:2) Daniele o ile a ba a profeta nako e tobileng ea ho hlahella ha ngoana eo le ea ho shoa ha hae.—Daniele 9:24-27.

      Lekunutu le Halalelang Lea Senoloa!

      15, 16. (a) Ho tlile joang hore Mora oa Jehova a ‘tsoaloe ke mosali’? (b) Jesu o ile a fumana eng ho batsoali ba hae ba batho, hona o ile a fihla neng e le ngoana ea tšepisitsoeng?

      15 Hore na boprofeta bona bo ne bo tla phethahala joang e ile ea ba lekunutu ho fihlela ha ngoana a hlaha. Bagalata 4:4 e re: “Ha nako e behiloeng e fihla, Molimo o ile a romela Mora oa hae ea ileng a tsoaloa ke mosali.” Ka selemo sa 2 B.C.E., lengeloi le ile la re ho moroetsana oa Mojuda ea bitsoang Maria: “U tla ima, u tsoale mora ebe u mo reha Jesu. O tla ba matla, a bitsoe Mora oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa. Jehova o tla mo fa terone ea ntate oa hae Davida . . . Moea o halalelang o tla ba holim’a hao, matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a u sireletse. Kahoo, ngoana eo e tla ba ea halalelang, a bitsoe Mora oa Molimo.”—Luka 1:31, 32, 35.

      16 Hamorao, Jehova o ile a tlosa bophelo ba Mora oa hae leholimong a bo fetisetsa ka popelong ea Maria, e le hore a tsoaloe ke mosali. Maria e ne e le mosali ea sa phethahalang. Empa, Jesu ha aa ka a futsa ho se phethahale ha hae, kaha e ne e le “Mora oa Molimo.” Ka nako e tšoanang, kaha batsoali ba Jesu ba batho e ne e le litloholo tsa Davida, ba ile ba mo fa tokelo ea tlhaho le ea molao ea ho ba mojalefa oa Davida. (Liketso 13:22, 23) Ha Jesu a kolobetsoa ka 29 C.E., Jehova o ile a mo tlotsa ka moea o halalelang ’me a re: “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo ratang.” (Matheu 3:16, 17) Qetellong, ngoana eo o ne a fihlile! (Bagalata 3:16) E ne e le nako ea hore ho senoloe ho eketsehileng ka lekunutu le halalelang.—2 Timothea 1:10.

      17. Ho ile ha khantšoa leseli joang ho se boleloang ke Genese 3:15?

      17 Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a tsebahatsa noha e ho Genese 3:15 e le Satane ’me ngoana oa noha e le balateli ba hae. (Matheu 23:33; Johanne 8:44) Hamorao, ho ile ha senoloa kamoo kaofela ha bona ba neng ba tla silakanngoa ka ho feletseng kateng. (Tšenolo 20:1-3, 10, 15) Mosali o ile a tsebahatsoa e le “Jerusalema e leholimong” kapa mosali oa Molimo, e leng karolo e leholimong ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o entsoeng ka libopuoa tsa moea.a—Bagalata 4:26; Tšenolo 12:1-6.

      Selekane se Secha

      18. Morero oa “selekane se secha” ke ofe?

      18 Mohlomong tšenolo e hlollang ka ho fetisisa ke e ileng ea senoloa bosiung ba pele Jesu a e-shoa ha a ne a bolella barutuoa ba hae ba tšepahalang ka “selekane se secha.” (Luka 22:20) Ho tšoana le se bileng teng pele ho sona, e leng selekane sa Molao oa Moshe, selekane sena se secha se ne se lokela ho hlahisa “’muso oa baprista.” (Exoda 19:6; 1 Petrose 2:9) Leha ho le joalo, selekane sena se ne se sa tl’o theha sechaba sa nama, empa se ne se tla theha sechaba sa moea, e leng “Iseraele ea Molimo,” e entsoeng ka ho feletseng ka balateli ba Kreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng. (Bagalata 6:16) Litho tsena tsa selekane se secha li ne li tla kopanela le Jesu ho hlohonolofatseng moloko oa batho!

      19. (a) Ke hobane’ng ha selekane se secha se atleha ho hlahisa “’muso oa baprista”? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba “boptjoa bocha,” hona ke ba bakae ba tla sebeletsa le Kreste leholimong?

      19 Empa ke hobane’ng ha selekane se secha se atleha ho hlahisa “’muso oa baprista” o tla hlohonolofatsa moloko oa batho? Hobane ho e-na le hore se ahlole barutuoa ba Kreste e le baetsalibe, se ba nolofalletsa ho tšoareloa libe ka sehlabelo sa hae. (Jeremia 31:31-34) Hang ha ba se ba le boemong bo botle ka pel’a Jehova, o ba amohela lelapeng la hae la leholimo ’me o ba tlotsa ka moea o halalelang. (Baroma 8:15-17; 2 Bakorinthe 1:21) Kahoo ba ‘tsoaloa bocha . . . e le hore ba be le tšepo e sa feleng. O ba boloketse lefa leo leholimong.’ (1 Petrose 1:3, 4) Kaha boemo bo phahameng joalo ke bo bocha ka ho feletseng ho batho, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsoetsoeng ka moea ba “boptjoa bocha.” (2 Bakorinthe 5:17) Bibele e senola hore qetellong ba 144 000 ba tla kopanela ho buseng moloko oa batho o lopolotsoeng ba le leholimong.—Tšenolo 5:9, 10; 14:1-4.

      20. (a) Ho ile ha senoloa eng ka lekunutu le halalelang ka 36 C.E.? (b) Ke bo-mang ba tla thabela litlhohonolofatso tse tšepisitsoeng Abrahama?

      20 Batlotsuoa bana hammoho le Jesu e ba “bana ba Abrahama.”b (Bagalata 3:29) Ba pele ba ileng ba khethoa e ne e le Bajuda ba nama. Empa ka 36 C.E., ho ile ha senoloa karolo e ’ngoe ea lekunutu le halalelang. Balichaba kapa batho bao e seng Bajuda, le bona ba ne ba tla ba le tšepo ea leholimo. (Baroma 9:6-8; 11:25, 26; Baefese 3:5, 6) Na Bakreste ba tlotsitsoeng e ne e tla ba bona feela ba tla thabela litlhohonolofatso tse tšepisitsoeng Abrahama? Che, kahobane sehlabelo sa Jesu se tsoela lefatše lohle molemo. (1 Johanne 2:2) Ka nako e loketseng, Jehova o ile a senola hore “bongata bo boholo” bo se nang palo bo ne bo tla pholoha lefatšeng lena le khopo le busoang ke Satane. (Tšenolo 7:9, 14) Matšoele a mang a eketsehileng a ne a tla tsosoa bafung a e-na le tebello ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng!—Luka 23:43; Johanne 5:28, 29; Tšenolo 20:11-15; 21:3, 4.

      Bohlale ba Molimo le Lekunutu le Halalelang

      21, 22. Lekunutu le halalelang la Jehova le bonahatsa bohlale ba hae ka litsela life?

      21 Lekunutu le halalelang ke ponahatso e hlollang ea “bohlale ba hae [Molimo] bo bonahetseng ka litsela tse ngata.” (Baefese 3:8-10) Jehova o ile a bonahatsa bohlale bo bokaakang ha a etsa lekunutu lee le ha a le senola butle-butle! Ka bohlale o ile a nahanela mefokolo ea batho, a ba lumella ho bonahatsa boemo ba ’nete ba lipelo tsa bona.—Pesaleme ea 103:14.

      22 Jehova o ile a boela a bonahatsa bohlale bo ke keng ba lekanngoa ha a khetha Jesu hore e be Morena. Mora enoa oa Jehova o tšepahala ho feta sebopuoa leha e le sefe bokahohleng. Jesu o ile a thulana le litsietsi tsa mefuta-futa bophelong ba hae e le motho oa nama le mali. O utloisisa mathata a batho ka ho feletseng. (Baheberu 5:7-9) Ho thoe’ng ka babusi-’moho le Jesu? Ho ile ha tlotsoa banna le basali ba merabe eohle, lipuo tsohle le limelo tsohle ha makholo a lilemo a ntse a feta. Ha ho bothata leha e le bofe boo batho ka bomong har’a bona ba sa kang ba feta ho bona le ho bo hlola. (Baefese 4:22-24) Ho phela tlas’a puso ea marena le baprista bana ba mohau e tla ba ho nyakallisang!

      23. Bakreste ba na le tokelo efe mabapi le lekunutu le halalelang la Jehova?

      23 Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: ‘Lekunutu le halalelang le ne le patiloe ho tloha mehleng ea khale le ho tloha melokong e fetileng. Empa hona joale le senoletsoe bahlanka ba hae.’ (Bakolose 1:26) E, bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng ba se ba utloisisa ho hongata ka lekunutu leo le halalelang, ’me ba abetse ba bang ba limilione tsebo eo. Ke tokelo e kaakang eo kaofela ha rona re nang le eona! Jehova o ile ‘a re tsebisa lekunutu le halalelang la thato ea hae.’ (Baefese 1:9) A re bolelleng ba bang lekunutu lena le babatsehang, re ba thuse hore le bona ba nyarele bohlaleng ba Jehova Molimo bo ke keng ba lekanngoa!

      a “Lekunutu le halalelang le amanang le ho sebeletsa Molimo ka botšepehi” le ile la boela la senoloa ka Jesu. (1 Timothea 3:16) E ne e bile lekunutu hore na motho leha e le ofe o ne a ka lula a tšepahala ka ho phethahetseng ho Jehova kapa che. Jesu o ile a senola karabo. O ile a lula a tšepahala tlas’a teko e ’ngoe le e ’ngoe eo Satane a ileng a mo tlisetsa eona.—Matheu 4:1-11; 27:26-50.

      b Jesu o ile a boela a etsa “selekane sa ’muso” le sehlopha seo. (Luka 22:29, 30) Ha e le hantle, Jesu o ile a etsa tumellano le “mohlatsoana” ea hore o buse le eena leholimong e le karolo ea bobeli ea ngoana oa Abrahama.—Luka 12:32.

      Lipotso Tsa ho Thuisa

      • Johanne 16:7-12 Jesu o ile a etsisa tsela ea Ntate oa hae ea ho senola ’nete butle-butle joang?

      • 1 Bakorinthe 2:6-16 Ke hobane’ng ha ba bangata ba sitoa ho utloisisa makunutu a halalelang a Jehova, hona re ka utloisisa makunutu ao joang?

      • Baefese 3:10 Kajeno Bakreste ba na le tokelo efe mabapi le lekunutu le halalelang la Molimo?

      • Baheberu 11:8-10 Lekunutu le halalelang le ile la matlafatsa banna ba boholo-holo joang, le hoja ba ne ba sa utloisise lintlha tsohle tsa lona?

  • “O Bohlale” Empa o Ikokobelitse
    Atamela ho Jehova
    • Ntate o khumame o shebile mora oa hae a bososetse.

      KHAOLO EA 20

      “O Bohlale” Empa o Ikokobelitse

      1-3. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o ikokobelitse?

      NTATE o batla ho ruta ngoana oa hae e monyenyane thuto ea bohlokoa. O batla ho mo finyella pelo. O lokela ho mo atamela joang? Na o lokela ho ema pel’a ngoana ka tsela e tšosang le ho mo komotela? Kapa na o lokela ho theohela boemong ba ngoana e le hore a bue le eena ka tsela e bonolo le e ipiletsang? Ka sebele, ntate ea bohlale le ea ikokobelitseng o ne a tla khetha ho sebelisa katamelo e bonolo.

      2 Jehova ke Ntate oa mofuta ofe? Ea ikhohomosang kapa ea ikokobelitseng? Ea bohale kapa ea bonolo? Jehova o tseba tsohle, o na le bohlale bohle. Empa na u hlokometse hore tsebo le bohlale ha li etse hore batho ba ikokobetse? Joalokaha Bibele e bolela, “tsebo e etsa hore motho a ikhohomose.” (1 Bakorinthe 3:19; 8:1) Empa Jehova ea “bohlale” o ikokobelitse. (Jobo 9:4) Sena ha se bolele hore o boemong bo tlase kapa hore o haelloa ke boholo ka tsela leha e le efe, empa se bolela hore ha a ikhohomose. Ke hobane’ng ha ho le joalo?

      3 Jehova oa halalela. Kahoo ha a na boikhohomoso, e leng tšobotsi e silafatsang. (Mareka 7:20-22) Ho phaella moo, hlokomela seo moprofeta Jeremia a ileng a se bolella Jehova ha a ne a re: “[Jehova] u tla nkhopola, u tle ho ’na u be u nthuse.”a (Lillo Tsa Jeremia 3:20) Ak’u nahane feela! Jehova ’Musi oa Lintho tsohle, o ne a ikemiselitse ‘ho tla’ kapa ho theohela boemong ba Jeremia, e le hore a ele motho eo ea sa phethahalang hloko. (Pesaleme ea 113:7) Ka sebele, Jehova o ikokobelitse. Empa Jehova o bontša joang hore o ikokobelitse? Boikokobetso ba hae bo amana joang le bohlale? Ke hobane’ng ha e le ba bohlokoa ho rona?

      Kamoo Jehova a Iponahatsang a Ikokobelitse Kateng

      4, 5. (a) Boikokobetso ke eng, bo bonahala joang, hona ke hobane’ng ha bo sa lokela ho ferekanngoa le bofokoli kapa boi? (b) Jehova o ile a bonahatsa boikokobetso litšebelisanong tsa hae le Davida joang, hona boikokobetso ba Jehova ke ba bohlokoa hakae ho rona?

      4 Boikokobetso ke ho se iphahamise le ho se ikhohomose. Ke tšobotsi e ka hare ea pelo, bo bonahatsoa ke litšobotsi tse kang bonolo, mamello le ho ba le kahlolo e molemo. (Bagalata 5:22, 23) Leha ho le joalo, le ka mohla litšobotsi tsena tsa Molimo ha lia lokela ho nkoa e le bofokoli kapa boi. Ha li hanane le khalefo ea Jehova e lokileng kapa ho sebelisa ha hae matla a ho timetsa. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso le ka bonolo ba hae, Jehova o bonahatsa bonatla ba hae bo hlollang, matla a hae a ho ithiba ka ho phethahetseng. (Esaia 42:14) Boikokobetso bo amana joang le bohlale? Buka e ’ngoe ea litšupiso tsa Bibele e re: “Ha re lihela likhala boikokobetso bo hlalosoa . . . e le ho hloka boithati le motheo oa bohlale bohle.” Ka hona, bohlale ba sebele bo ke ke ba e-ba teng kantle ho boikokobetso. Boikokobetso ba Jehova bo re tsoela molemo joang?

      Ntate ea bohlale o tšoara bana ba hae ka boikokobetso le ka bonolo

      5 Morena Davida o ile a binela Jehova a re: “U mpha thebe ea hao ea poloko, letsoho la hao le letona lea ntšehetsa, boikokobetso ba hao boa mphahamisa.” (Pesaleme ea 18:35) Ha e le hantle, Jehova o ile a itheolela tlase e le hore a sebelisane le motho enoa ea sa phethahalang, a mo sireletse le ho mo tšehetsa ka matsatsi ’ohle. Davida o ile a hlokomela hore o ne a ka bolokeha, a ba a qetella a finyeletse boholo bo itseng e le morena feela ka lebaka la ho ikemisetsa ha Jehova ho ikokobetsa ka tsela ena. Ka sebele, ke mang oa rona ea neng a ka ba le tšepo ea ho bolokeha haeba Jehova a ne a sa ikokobetsa, a sa ikemisetsa ho itheolela tlase e le hore a sebelisane le rona e le Ntate ea lerato le ea bonolo?

      6, 7. (a) Ke hobane’ng ha ho se mohla Bibele e buang ka Jehova e le ea inyenyefatsang? (b) Bonolo bo amana joang le bohlale, hona ke mang ea behang mohlala o ikhethang ka ho fetisisa ntlheng ee?

      6 Ke habohlokoa ho hlokomela hore ho na le phapang pakeng tsa boikokobetso le boinyenyefatso. Boinyenyefatso ke tšobotsi e ntle eo batho ba tšepahalang ba lokelang ho e hlaolela. Ho tšoana le boikokobetso, e amahanngoa le bohlale. Ka mohlala, Liproverbia 11:2 e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” Empa ha ho mohla Bibele e buang ka Jehova e le ea inyenyefatsang. Hobane’ng? Tsela eo boinyenyefatso bo sebelisitsoeng ka eona ka Mangolong e fana ka maikutlo a ho hlokomela ka ho loketseng meeli eo motho a nang le eona. Ea Matla ’Ohle ha a na meeli ha e se eo a ipehetseng eona ka lebaka la litekanyetso tsa hae tse lokileng. (Mareka 10:27; Tite 1:2) Ho feta moo, kaha ke Ea Phahameng ka ho Fetisisa, ha a ikarabelle ho motho leha e le ofe. Ka hona taba ea boinyenyefatso ha e sebetse ho hang ho Jehova.

      7 Leha ho le joalo, Jehova o ikokobelitse ebile o bonolo. O ruta bahlanka ba hae hore bonolo ke motheo oa bohlale ba sebele. Lentsoe la hae le re motho o ba bonolo hobane a le bohlale.b (Jakobo 3:13) Nahana ka mohlala oa Jehova ntlheng ena.

      Ka Boikokobetso Jehova o Abela ba Bang Boikarabelo le ho ba Mamela

      8-10. (a) Ke hobane’ng ha e le ho tsotehang hore ebe Jehova o ikemiselitse ho abela ba bang boikarabelo le ho ba mamela? (b) Ea Matla ’Ohle o ’nile a tšoara mangeloi a hae ka boikokobetso joang?

      8 Bopaki bo amang maikutlo ba boikokobetso ba Jehova bo bontšoa ke boikemisetso ba hae ba ho abela ba bang boikarabelo le ho ba mamela. Le hore ebe oa mamela ka bohona ke taba e tsotehang hobane Jehova ha a hloke thuso kapa keletso ea letho. (Esaia 40:13, 14; Baroma 11:34, 35) Leha ho le joalo, Bibele e bontša ka makhetlo-khetlo hore Jehova o itheolela tlase ka litsela tsena.

      9 Ka mohlala, nahana ka ketsahalo e ’ngoe e ikhethang bophelong ba Abrahama. O ile a ba le baeti ba bararo, a ba a bitsa e mong oa bona “Jehova.” Ha e le hantle baeti bao e ne e le mangeloi, empa le leng la ’ona le ne le tlile ka lebitso la Jehova ’me le etsa lintho lebitsong la hae. Ha e le hantle, ha lengeloi leo le ne le bua le ha le ne le etsa lintho, e ne e le Jehova ea buang le ea etsang lintho. A sebelisa lona, Jehova o ile a bolella Abrahama hore o utloile “kamoo batho ba tletlebang kateng ka Sodoma le Gomora.” Jehova o ile a re: “Ke tla ea ke e’o bona hore na lintho tseo batho ba tletlebang ka tsona ke ’nete. Ke tla tseba haeba ha ho joalo.” (Genese 18:3, 20, 21) Ho hlakile hore molaetsa oa Jehova o ne o sa bolele hore Ea Matla ’Ohle o tla ea ka seqo. Ho e-na le hoo, o ile a roma mangeloi hore e be baemeli ba hae. (Genese 19:1) Hobane’ng? Na Jehova ea bonang hohle o ne a ka sitoa ho tseba se hlileng se etsahalang sebakeng seo ntle le hore a romeletse? Ruri o ne a ka tseba. Empa ka boikokobetso Jehova o ile a fa mangeloi ao kabelo ea hore a lekole boemo le hore a etele Lota le lelapa la hae Sodoma.

      10 Ho feta moo, Jehova oa mamela. Ka nako e ’ngoe o ile a kopa mangeloi a hae hore a bolele litsela tse sa tšoaneng tseo ho ka lihuoang Morena Akabe ea khopo ka tsona. Jehova o ne a sa hloke thuso eo. Leha ho le joalo, o ile a amohela tlhahiso ea lengeloi le leng ’me a le laela hore le etse kamoo le boletseng kateng. (1 Marena 22:19-22) Na boo e ne e se boikokobetso?

      11, 12. Abrahama o ile a hlokomela boikokobetso ba Jehova joang?

      11 Jehova o ikemiselitse ho mamela esita le batho ba sa phethahalang ba lakatsang ho hlahisa seo ba amehileng ka sona. Ka mohlala, qalong ha Jehova a bolella Abrahama hore o rerile ho timetsa Sodoma le Gomora, monna eo ea tšepahalang o ile a tsieleha. Abrahama o ile a re: “Ha ho utloahale hore u bolaee batho ba lokileng le ba khopo.” O ile a boela a re: “Kannete ha ho utloahale hore u etse joalo hobane u Moahloli oa lefatše lohle ea ahlolang ka toka.” O ile a botsa Jehova hore na o ne a tla qenehela metse eo haeba ho ka fumanoa batho ba 50 ba lokileng ho eona. Jehova o ile a mo tiisetsa hore o ne a tla e qenehela. Empa Abrahama a boela a botsa, a theolela palo eo ho 45, a ntan’o e isa ho 40, a ’na a e theola joalo-joalo. Le hoja Jehova a ne a ntse a mo tiisetsa, Abrahama o ile a ’na a qophella ho fihlela palo eo e theohetse ho leshome. Mohlomong Abrahama o ne a e-s’o utloisise ka ho feletseng hore na Jehova o mohau hakaakang. Leha ho le joalo, ka mamello le ka boikokobetso, Jehova o ile a lumella Abrahama eo e neng e le motsoalle oa hae ebile e le mohlanka oa hae, ho hlahisa seo a amehileng ka sona ka tsela ena.—Genese 18:23-33.

      12 Ke batho ba bakae ba bohlale le ba rutehileng ba neng ba ka mamela motho eo ba mo fetang hole ka tsebo?c Molimo oa rona o ile a mamela ’me ka tsela eo a bontša boikokobetso bo boholo. Puisanong eo, Abrahama o ile a boela a hlokomela hore Jehova o ‘lieha ho halefa.’ (Exoda 34:6) E ka ’na eaba o ile a elelloa hore ha a na tokelo ea ho belaella tsela eo Ea Phahameng ka ho Fetisisa a etsang lintho eona. Kahoo Abrahama o ile a kopa ka makhetlo a mabeli a re: “Jehova, ke kopa hore u se ke oa nkhalefela.” (Genese 18:30, 32) Ke ’nete hore Jehova ha aa ka a halefa. O fela a le bonolo hobane a le bohlale.

      Jehova ha a Manganga

      13. Ka Bibeleng, poleloana “ho se be manganga” e bolela eng, hona ke hobane’ng ha e loketse ho hlalosa Jehova?

      13 Boikokobetso ba Jehova bo bonahala tšobotsing e ’ngoe e babatsehang ea ho se be manganga. Tšobotsi ena e haella habohloko har’a batho ba sa phethahalang. Ha se feela hore Jehova o ikemiselitse ho mamela libopuoa tsa hae tse bohlale empa o boetse o ikemiselitse ho tenyetseha ha ho se letho le hohlanang le melao-motheo e lokileng. Poleloana “ho se be manganga,” kamoo e sebelisitsoeng kateng ka Bibeleng, ha e le hantle e bolela ho “tenyetseha.” Tšobotsi ena le eona ke pontšo ea bohlale ba Molimo. Jakobo 3:17 e re: “Motho ea nang le bohlale bo tsoang leholimong . . . ha a manganga.” Jehova ea nang le bohlale bohle ha a manganga ka kutloisiso efe? Har’a tse ling, o fetoha le maemo. Hopola hore lebitso la hae ka bolona le re ruta hore o tla ba seo a khethang ho ba sona e le hore a phethahatse merero ea hae. (Exoda 3:14) Na seo ha se bontše boikutlo ba ho fetoha le maemo le ba ho se be manganga?

      14, 15. Pono ea Ezekiele ea koloi ea Jehova ea leholimo e re ruta’ng ka mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o leholimong, hona o fapana joang le mekhatlo ea batho?

      14 Ho na le litemana tsa Bibele tse tsotehang tse re thusang ho utloisisa ho itseng kamoo Jehova a fetohang le maemo kateng. Moprofeta Ezekiele o ile a fuoa pono ea mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng oa leholimo o entsoeng ka libopuoa tsa moea. O ile a bona “koloi” ea Jehova e hlollang ka boholo, eo a e tataisang ka linako tsohle. Ho thahasellisang le ho feta ke tsela eo e neng e tsamaea ka eona. Mabili a eona a maholohali a ne a e-na le mahlakore a mane a bile a tletse mahlo hohle. Kahoo a ne a khona ho bona hohle ’me a ne a ka nka tsela e fapaneng ka ho panya ha leihlo, a sa eme kapa a sa tjeke. E ne e ka tsamaea ka lebelo la lehalima ebile e ne e ka tjeka lik’honeng mabili a eona a sa tjeka. (Ezekiele 1:1, 14-28) E, joaloka ’Musi ea matla ’ohle ea o tataisang, mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o feto-fetoha le maemo le litlhoko tse lulang li fetoha tseo o lokelang ho sebetsana le tsona.

      15 Batho ba ka leka feela ho etsisa bokhoni bo joalo ba ho fetoha le maemo ka tsela e phethahetseng. Leha ho le joalo, hangata batho le mekhatlo ea bona ke bo-ha-ke-fetohe ebile ba manganga ’me ha ba tenyetsehe. Ka mohlala, sekepe se seholo se nkang litanka kapa terene e tsamaisang thepa, e ka ba tse hlollang ha ho nahanoa ka boholo le matla a tsona. Empa na leha e le efe ea tsona e ka ipapisa le maemo a fetohang ka tšohanyetso? Haeba tšitiso e ka ba teng seporong ka pel’a terene e tsamaisang thepa, ho hlakile hore e ke ke ea khona ho tjeka. Ho boetse ho thata hore e eme tsi! hang-hang. Terene e kholo e tsamaisang thepa e ka ’na ea tsamaea lik’hilomithara tse ka bang peli pele e ema ka mor’a hore ho hatoe mariki! Ka ho tšoanang, sekepe se seholo se nkang litanka se ka ’na sa tsamaea lik’hilomithara tse ling tse robeli ka mor’a hore ho tingoe lienjene. Esita le haeba lienjene li chencheloa likereng tse se khutlisetsang morao, sekepe seo se ka ’na sa ea pele lik’hilomithara tse ling tse tharo! Hoa tšoana le ka mekhatlo ea batho e manganga le e sa tenyetseheng. Ka lebaka la boikhohomoso, hangata batho ba hana ho fetoha le litlhoko le maemo. Ho se tenyetsehe hoo ho entse hore mekhatlo ea khoebo e putlame ha ba ha liha le mebuso. (Liproverbia 16:18) Re thaba hakaakang hore ebe Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ha ba joalo!

      Jehova o Bontša Joang Hore ha a Manganga?

      16. Jehova o ile a bontša joang hore ha a manganga ha a sebelisana le Lota pele Sodoma le Gomora li timetsoa?

      16 Nahana hape ka timetso ea Sodoma le Gomora. Lengeloi la Jehova le ile la fa Lota le ba lelapa la hae litaelo tse hlakileng, la re: “Balehelang lithabeng.” Leha ho le joalo, Lota o ne a sa batle ho balehela moo. O ile a re: “Jehova, ke kopa ho ea sebakeng se seng eseng moo.” A kholisehile hore o ne a tla shoa ha a ka balehela lithabeng, Lota o ile a kopa tumello ea hore a balehele motseng o haufi o bitsoang Zooare le lelapa la hae. Hopola hore Jehova o ne a rerile ho timetsa motse oo. Ho feta moo, tšabo ea Lota e ne e hlile e se na motheo. ’Nete ke hore Jehova o ne a ka sireletsa Lota lithabeng! Leha ho le joalo, Jehova o ile a sekehela kopo ea Lota tsebe ’me a qenehela Zooare. Lengeloi le ile la re ho Lota: “Ho lokile, ke tla u hauhela hape.” (Genese 19:17-22) Kannete Jehova ha aa ka a ba manganga.

      17, 18. Jehova o ile a bontša joang hore o fetoha le maemo ha a sebetsana le batho ba Ninive?

      17 Jehova o boetse o amohela pako e tlohang pelong. Kamehla o bontša mohau ’me o etsa se nepahetseng. Nahana ka se ileng sa etsahala ha moprofeta Jonase a romeloa motseng o khopo, o tletseng pefo oa Ninive. Ha Jonase a ntse a tsamaea literateng tsa Ninive, o ne a phatlalatsa molaetsa o bonolo o tsoang ho Molimo o reng motse oo o matla o ne o tla timetsoa ka mor’a matsatsi a 40. Leha ho le joalo, maemo a ile a fetoha haholo. Batho ba Ninive ba ile ba baka!—Jonase khaolo ea 3.

      18 Ho bapisa tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le ho fetoha hona ha maemo ka eona le eo Jonase a ileng a itšoara ka eona ho re ruta ho hongata. Boemong bona Jehova o ile a fetoha le maemo, a iketsa ea tšoarelang libe ho e-na le ho ba “mohale ea matla.”d (Exoda 15:3) Ka lehlakoreng le leng, Jonase eena o ne a sa tenyetsehe a bile a hloka mohau. Ho fapana le hore a etsise Jehova, o ile a itšoara joaloka terene e tsamaisang thepa kapa sekepe se seholo tse boletsoeng pejana. O ne a phatlalalitse timetso, kahoo timetso e ne e tlameha ho tla! Leha ho le joalo, ka mamello Jehova o ile a ruta moprofeta oa hae oa sefela-peloana thuto e sa lebaleheng ea ho fetoha le maemo le ho ba mohau.—Jonase khaolo ea 4.

      Mor’abo rona ea mocha o thusa mor’abo rona ea holileng ha ba le tšimong.

      Jehova o fetoha le maemo ’me o utloisisa mefokolo ea rona

      19. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova oa utloisisa hore maemo a rona ha a tšoane ebile aa fetoha? (b) Liproverbia 19:17 e bontša joang hore Jehova ke Monghali ea ‘lokileng le ea bonolo’ le ea ikokobelitseng ka ho tebileng?

      19 Ntlha ea ho qetela ke hore Jehova oa utloisisa hore maemo a rona ha a tšoane ebile aa fetoha. Morena Davida o ile a re: “O tseba hantle tsela eo re bopiloeng ka eona, oa hopola hore re lerole.” (Pesaleme ea 103:14) Jehova o utloisisa mefokolo ea rona le ho se phethahale ha rona ho feta kamoo re e utloisisang kateng. Ha ho mohla a lebellang hore re etse se fetang seo re ka se khonang. Bibele e bontša phapang pakeng tsa benghali ba batho “ba lokileng le ba bonolo” le bao “ho leng thata ho ba khotsofatsa.” (1 Petrose 2:18) Jehova ke Monghali oa mofuta ofe? Hlokomela seo Liproverbia 19:17 e se buang ha e re: “Ea hauhelang mofutsana o alima Jehova.” Ka ho hlakileng, Jehova ke monghali ea lokileng le ea bonolo ea elang hloko ketso e ’ngoe le e ’ngoe e mosa e etsetsoang bafutsana. Ho feta moo, lengolo lena le bontša hore ha e le hantle ’Mopi oa lintho tsohle o inka a kolota batho ba etsang liketso tse bontšang mohau. Bona ke boikokobetso bo tebileng ka ho fetisisa.

      20. Ho na le tiiso efe ea hore Jehova o utloa lithapelo tsa rona le hore oa li arabela?

      20 Jehova o ntse a le bonolo ebile a fetoha le maemo ha a sebelisana le bahlanka ba hae kajeno. Ha re rapela ka tumelo, oa mamela. Le hoja a sa romele mangeloi hore a tl’o buisana le rona, ha rea lokela ho nahana hore ha a arabele lithapelo tsa rona. Hopola hore ha moapostola Pauluse a ne a kopa balumeli-’moho le eena hore ba ‘lule ba mo rapella’ hore a lokolloe chankaneng, o ile a boela a re: “Le rapelle hore ke khutlele ho lona haufinyane.” (Baheberu 13:18, 19) Kahoo ha e le hantle lithapelo tsa rona li ka ’na tsa susumelletsa Jehova hore a etse ntho eo mohlomong a neng a ke ke a e etsa!—Jakobo 5:16.

      21. Re lokela ho utloisisa eng ka boikokobetso ba Jehova?

      21 Taba ea hore Jehova o bonolo, o ikemiselitse ho mamela, oa mamella ebile o fetoha le maemo, ha e bolele hore o sekisetsa melao-motheo ea hae e lokileng. Baruti ba ka ’na ba nahana hore ba fetoha le maemo ha ba tsikinyetsa batho litsebe ka ho hlapolla melao ea Jehova ea boitšoaro. (2 Timothea 4:3) Empa tšekamelo ea batho ea ho sekisetsa molemong oa ho finyella pakane eo motho a e habileng feela, ha ho moo e kopanang teng le ho fetoha le maemo ha Molimo. Jehova oa halalela ebile le ka mohla a ke ke a silafatsa melao ea hae e lokileng. (Levitike 11:44) Ka hona, re ananela hakaakang hore ebe Jehova o fetoha le maemo hobane seo se bontša hore o ikokobelitse. Na ha u thabe ha u nahana hore Jehova Molimo, e leng eena ea bohlale ka ho fetisisa bokahohleng, o ikokobelitse ka tsela e ikhethang? Ke ho thabisang hakaakang ho atamela ho Molimo eo ea re susumetsang hore re mo hlomphe ka ho tebileng empa a le bonolo, a e-na le mamello a bile a fetoha le maemo.

      a Bangoli ba boholo-holo, kapa Basoferime ba ile ba fetola temana ena ba etsa hore e re ke Jeremia ea tlang, eseng Jehova. Kamoo ho bonahalang kateng, ba ne ba nka hore ho fosahetse ho hlalosa Molimo a theohela boemong bo tlase hakaalo. Ka lebaka leo, liphetolelo tse ngata li lahla ntlha e temaneng ena e babatsehang. Leha ho le joalo, The New English Bible ka nepo e re Jeremia o ile a re ho Molimo: “Hopola, hopola hle, ’me u nkinamele.”

      b Liphetolelo tse ling li re “boikokobetso bo hlahisoa ke bohlale” le hore “mosa ke pontšo ea bohlale.”

      c Ka ho thahasellisang, Bibele e bontša phapang pakeng tsa mamello le boikhohomoso. (Moeklesia 7:8) Mamello ea Jehova e fana ka bopaki bo eketsehileng ba boikokobetso ba hae.—2 Petrose 3:9.

      d Pesaleme ea 86:5 e re Jehova ‘o molemo ebile o ikemiselitse ho tšoarela.’ Ha pesaleme eo e ne e fetoleloa Segerikeng, poleloana “ikemiselitse ho tšoarela” e ile ea fetoleloa e le e·pi·ei·kesʹ kapa “ho fetoha le maemo.”

      Lipotso Tsa ho Thuisa

      • Exoda 32:9-14 Jehova o ile a bontša boikokobetso joang ha a arabela kopo ea Moshe bakeng sa Iseraele?

      • Baahloli 6:36-40 Jehova o ile a bontša ho ba le mamello le ho fetoha le maemo joang ha a arabela lintho tseo Gideone a neng a li kopa?

      • Pesaleme ea 113:1-9 Jehova o bontša joang hore o ikokobelitse ha a sebetsana le batho?

      • Luka 1:46-55 Maria o ne a lumela hore Jehova o talima batho ba ikokobelitseng le bafutsana joang? Tsela eo a talimang lintho ka eona e ka re ama joang?

  • Jesu o Bontšitse Hore “Molimo o Bohlale”
    Atamela ho Jehova
    • Jesu o ntse a ruta batho ba bangata.

      KHAOLO EA 21

      Jesu o Bontšitse Hore “Molimo o Bohlale”

      1-3. Bao e kileng ea e-ba baahelani ba Jesu ba ile ba arabela joang ho seo a neng se rutang, hona ba ile ba hloleha ho hlokomela eng ka eena?

      BAMAMELI ba ne ba hloletsoe. Mohlankana Jesu o ne a eme ka pel’a bona ka tlung ea thapelo a ruta. Ba ne ba mo tseba hobane o ne a holetse motseng oa habo bona, ’me a qetile lilemo har’a bona a sebetsa e le ’metli oa mapolanka. Mohlomong ba bang ba bona ba ne ba lula matlong ao Jesu a kentseng letsoho ho a haheng, kapa mohlomong ba ne ba lema masimo a bona ka mehoma le lijoko tseo a li entseng ka matsoho a hae.a Empa ba ne ba tla arabela joang thutong ea motho enoa eo e kileng ea e-ba ’metli oa mapolanka?

      2 Ba bangata ba neng ba mametse ba ile ba hlolloa, ba botsa ba re: ‘Monna eo o fumane bohlale boo hokae?’ Ba boela ba re: “Na motho eo ha se ’metli oa mapolanka? Na ’mè oa hae ha se Maria?” (Matheu 13:54-58; Mareka 6:1-3) Ka masoabi, bao e kileng ea e-ba baahelani ba Jesu ba ile ba re, ‘’Metli enoa oa mapolanka ke motho feela tjee joaloka rona.’ Ho sa tsotellehe bohlale ba seo a se buang, ba ile ba hana ho mo amohela. Seo ba neng ba sa se tsebe ke hore bohlale boo a ba bolellang bona e ne e se ba hae.

      3 Jesu o ne a fumane bohlale boo hokae? O ile a re: “Seo ke se rutang ha se sa ka empa ke sa ea nthomileng.” (Johanne 7:16) Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore Jesu “o bontšitse hore Molimo o bohlale.” (1 Bakorinthe 1:30) Bohlale ba Jehova bo senoloa ke Mora oa hae, Jesu. Ha e le hantle, sena e ne e le ’nete hoo Jesu a neng a ka re: “’Na le Ntate re momahane.” (Johanne 10:30) A re hlahlobeng likarolo tse tharo tseo Jesu a ileng a bonahatsa “hore Molimo o bohlale” ho tsona.

      Seo a Neng a se Ruta

      4. (a) Sehlooho sa molaetsa oa Jesu e ne e le sefe, hona ke hobane’ng ha e ne e le sa bohlokoa haholo? (b) Ke hobane’ng ha kamehla keletso ea Jesu e sebetsa ebile e le molemong oa bamameli ba hae?

      4 Taba ea pele, nahana ka seo Jesu a neng a se ruta. Sehlooho sa molaetsa oa hae e ne e le ‘molaetsa o monate oa ’Muso.’ (Luka 4:43) E ne e le sa bohlokoa haholo ka lebaka la karolo eo ’Muso oo o neng o tla e phetha ho halaletsa lebitso la Jehova, ntho eo e akareletsa ho hlompha botumo ba hae e le ’Musi ea lokileng le ho tlisetsa batho litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng. Thutong ea hae, Jesu o ile a boela a fana ka keletso e bohlale bakeng sa bophelo ba letsatsi le letsatsi. O ile a ipaka ho ba “Moeletsi ea Hlollang” ea boletsoeng esale pele. (Esaia 9:6) Ka sebele, ke joang keletso ea hae e neng e ke ke ea e-ba e hlollang? O ne a e-na le tsebo e tebileng ea Lentsoe la Molimo le thato ea hae, a utloisisa ka ho feletseng sebopeho sa batho, a bile a rata batho ka ho tebileng. Kahoo, kamehla keletso ea hae e ne e sebetsa ebile e le molemong oa bamameli ba hae. Jesu o ne a bua ‘mantsoe a fanang ka bophelo bo sa feleng.’ Ka sebele, ha keletso ea hae e lateloa, e isa polokong.—Johanne 6:68.

      5. Lintlha tse ling tseo Jesu a ileng a li akarelletsa Thutong ea Thabeng ke life?

      5 Thuto ea Thabeng ke mohlala o mong o ikhethang oa bohlale boo ho seng bo ka bapisoang le bona bo fumanoang lithutong tsa Jesu. Ho ne ho ka ’na ha nka metsotso e ka bang 20 feela ho fana ka thuto ena, joalokaha e tlalehiloe ho Matheu 5:3–7:27. Leha ho le joalo, keletso eo e e fupereng ha se ea nakoana e itseng feela empa e sa sebetsa le kajeno joalokaha e ne e sebetsa ha e ne e qala ho fanoa. Jesu o ile a akaretsa lintlha tse ngata, tse akarelletsang tsela ea ho ntlafatsa likamano le ba bang (5:23-26, 38-42; 7:1-5, 12), tsela ea hore motho a lule a hloekile boitšoarong (5:27-32) le ho phela bophelo bo nang le morero (6:19-24; 7:24-27). Empa Jesu ha aa ka a bolella bamameli ba hae feela hore na tsela e bohlale ke efe. O ile a ba bontša eona ka ho ba hlalosetsa eona, ho ba behela mabaka le ho ba fa bopaki.

      6-8. (a) Jesu o fana ka mabaka afe a kholisang a hore re qobe ho tšoenyeha? (b) Ke’ng e bontšang hore keletso ea Jesu e bonahatsa bohlale ba Molimo?

      6 Ka mohlala, nahana ka keletso e bohlale eo Jesu a faneng ka eona e tlalehiloeng ho Matheu khaolo ea 6, e mabapi le kamoo ho ka sebetsanoang ka katleho kateng le ho tšoenyeha ka lintho tse bonahalang. Jesu oa re eletsa: “Tlohelang ho tšoenyeha ka bophelo ba lona hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng kapa la tšoenyeha ka ’mele ea lona hore na le tla apara’ng.” (Temana ea 25) Lijo le liaparo ke litlhoko tsa motheo, ’me ke ho utloahalang ho tšoenyeha ka ho fumana lintho tsena. Empa Jesu o re re ‘tlohele ho tšoenyeha’ ka lintho tsena.b Hobane’ng?

      7 Mamela ha Jesu a fana ka mabaka a kholisang. Kaha Jehova o re file bophelo le ’mele, na a ka sitoa ho re fa lijo ho baballa bophelo boo le liaparo ho apesa ’mele eo? (Temana ea 25) Haeba Molimo a fepa linonyana ’me a apesa lipalesa botle, ruri o tla hlokomela batho ba hae ba mo rapelang! (Temana ea 26, 28-30) Ha e le hantle, ho tšoenyeha ho sa hlokahaleng ha ho thuse ka letho. Ho ke ke ha lelefatsa bophelo ba rona leha e se e le ka motsotsoana feela.c (Temana ea 27) Re ka qoba ho tšoenyeha joang? Jesu oa re eletsa hore re ’ne re etelletse pele borapeli ba Molimo bophelong ba rona. Ba etsang seo ba ka kholiseha hore litlhoko tsohle tsa bona tsa letsatsi le letsatsi ba ‘tla li ekeletsoa’ ke Ntate oa bona ea leholimong. (Temana ea 33) Ha a lihela likhala, Jesu o etsa tlhahiso e sebetsang ka ho fetisisa ea hore re shebane le letsatsi le le leng ka nako. Ke hobane’ng ha u ka eketsa mathata a kajeno ka a hosane? (Temana ea 34) Ho feta moo, ke hobane’ng ha u ka khathatseha ka ho sa hlokahaleng ka lintho tse ka ’nang tsa se ke tsa etsahala ho hang? Ho sebelisa keletso ena e bohlale ho ka re qobisa masisa-pelo a mangata lefatšeng lena le sithabetsang.

      8 Ho hlakile hore keletso eo Jesu a faneng ka eona e sa ntse e sebetsa le kajeno feela joalokaha e ne e sebetsa ha a ne a fana ka eona lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng. Na boo ha se bopaki ba bohlale ba Molimo? Esita le keletso e molemo ka ho fetisisa eo baeletsi ba batho ba fanang ka eona, e atisa ho felloa ke nako ’me e se neng e ntlafatsoe kapa e nkeloe sebaka ke e ’ngoe. Leha ho le joalo, lithuto tsa Jesu li pakiloe e le ’nete li bile li sebetsa esita le ka mor’a nako e telele. Empa seo ha sea lokela ho re makatsa, kaha Moeletsi enoa ea Hlollang o ne a bua “litaba tsa Molimo.”—Johanne 3:34.

      Mokhoa oa Hae oa ho Ruta

      9. Masole a mang a ile a re’ng ka ho ruta ha Jesu, hona ke hobane’ng ha hoo e ne e se ho feteletsa taba?

      9 Karolo ea bobeli eo Jesu a bonahalitseng bohlale ba Molimo ho eona ke mokhoa oa hae oa ho ruta. Ka lekhetlo le leng, masole a neng a rometsoe ho ea mo tšoara a ile a khutla a sa mo tšoara, a re: “Ha re e-s’o utloe motho ea buang tjena.” (Johanne 7:45, 46) A ne a sa feteletse taba. Ho batho bohle ba kileng ba phela, Jesu ea neng a “tsoa holimo,” o ne a e-na le mohloli o moholo ka ho fetisisa oa tsebo le phihlelo. (Johanne 8:23) Ka sebele o ne a ruta ka tsela eo ho seng motho ea neng a ka ruta ka eona. Ak’u nahane ka mekhoa e ’meli feela eo Mosuoe enoa ea bohlale a neng a e sebelisa.

      “Batho ba ne ba tsota tsela eo a rutang ka eona”

      10, 11. (a) Ke hobane’ng ha re sa ome mathe ha re tsota ho sebelisa ha Jesu lipapiso? (b) Lipapiso ke’ng, hona ke mohlala ofe o bontšang hore lipapiso tsa Jesu li ne li ruta ka katleho?

      10 Ho sebelisa lipapiso ka katleho. Bibele e re: “Jesu o ile a bolella letšoele lintho tsena tsohle ka ho etsa lipapiso. O ne a sa bue le bona a sa etse papiso.” (Matheu 13:34) Ha re ome mathe ha re tsota bokhoni ba hae boo ho seng bo ka bapisoang le bona ba ho ruta linnete tse tebileng a sebelisa lintho tse tloaelehileng. Bamameli ba hae ba ne ba tloaetse ho bona lihoai tse jalang peo, basali ba lokisetsang ho apeha bohobe, bana ba bapalang ’marakeng, batšoasi ba litlhapi ba akhelang matlooa le balisa ba batlang linku tse lahlehileng. Ha linnete tsa bohlokoa li amahanngoa le lintho tse tloaelehileng, li thopothela ka potlako le ka ho teba kelellong le pelong.—Matheu 11:16-19; 13:3-8, 33, 47-50; 18:12-14.

      11 Jesu o ne a atisa ho sebelisa lipapiso le lipale tse khutšoanyane ho ruta lithuto tsa bohlokoa. Kaha ho batla ho le bonolo ho utloisisa le ho hopola lipale ho feta ho nahana ka lintho tseo motho a ke keng a khona ho li bona, lipapiso li ne li thusa ho etsa hore seo Jesu a se rutang se hopolehe. Jesu o ile a hlalosa Ntate oa hae ka litšoantšo tse hlakileng tse ke keng tsa lebaleha habonolo, a sebelisa lipapiso tse ngata. Ka mohlala, ke mang ea ke keng a utloisisa ntlha e rutoang ke papiso ea mora ea lahlehileng e re rutang hore ha ea khelohileng a bontša pako ea sebele, Jehova o tla mo hauhela ’me a boele a mo amohele ka lerato?—Luka 15:11-32.

      12. (a) Jesu o ne a sebelisa lipotso ka tsela efe ha a ruta? (b) Jesu o ile a khutsisa ba neng ba belaella matla a hae a ho etsa lintho joang?

      12 Ho sebelisa lipotso ka bohlale. Jesu o ne a sebelisa lipotso ho etsa hore bamameli ba hae ba ikahlolele, ba hlahlobe mabaka ao ba etsang lintho ka ’ona, kapa ba etse liqeto. (Matheu 12:24-30; 17:24-27; 22:41-46) Ha baeta-pele ba bolumeli ba ne ba mo botsa hore na Molimo o mo file matla a ho etsa lintho kapa che, Jesu o ile a re: “Na ke Molimo ea fileng Johanne matla a ho kolobetsa kapa o a filoe ke batho?” Ba emisitsoe lihlooho ke potso eo, ba buisana ba re: “Haeba re re: ‘Ke Molimo,’ o tla re ho rona: ‘Joale, ke hobane’ng ha le sa ka la lumela ho eena?’” Ba boela ba re: “Empa haeba re re: ‘O a filoe ke batho,’ letšoele lee le tla re etsa’ng hobane kaofela le nka Johanne e le moprofeta?” Qetellong ba araba ba re: “Ha re tsebe.” (Mareka 11:27-33; Matheu 21:23-27) Ka potso eo e bonolo feela, Jesu o ile a ba koala molomo a ba a senola bolotsana bo ka lipelong tsa bona.

      13-15. Papiso ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani e bonahatsa bohlale ba Jesu joang?

      13 Ka linako tse ling Jesu o ne a kopanya mekhoa ena ka ho kenyelletsa lipotso tse etsang hore motho a nahane lipapisong tsa hae. Ha ramolao e mong oa Mojuda a ne a botsa Jesu hore na ho hlokahala eng hore a fumane bophelo bo sa feleng, Jesu o ile a mo isa Molaong oa Moshe, o laelang hore motho a rate Molimo le moahisani. Kaha monna eo o ne a batla ho iponahatsa a lokile, o ile a re: “Hantle-ntle moahisani oa ka ke mang?” Jesu a mo araba ka ho mo phetela pale. Monna e mong oa Mojuda o ne a tsamaea a le mong ha a tla hlaseloa ke masholu, a ileng a mo siea a le makhatheng a lefu. Ha feta Bajuda ba babeli, oa pele e le moprista ’me e mong e le Molevi. Ka bobeli ba mo hlokomoloha. Eaba ho fihla Mosamaria. A susumelitsoe ke khauho, ka mosa o ile a tlamisa maqeba a monna eo ea hlasetsoeng ’me ka lerato a mo isa tlung ea baeti e sireletsehileng moo a ka hlaphoheloang a le teng. Ha a qetella pale eo, Jesu a botsa mong’a potso: “Ho ba bararo baa ke mang eo e bileng moahisani oa monna ea hlasetsoeng ke masholu?” Monna eo o ile a tlameha ho araba ka ho re: “Ke ea ileng a mo hauhela.”—Luka 10:25-37.

      14 Papiso ee e bonahatsa bohlale ba Jesu joang? Mehleng ea Jesu, Bajuda ba ne ba nka hore “moahisani” ke Mojuda ea bolokang lineano tsa bona feela eseng Mosamaria. (Johanne 4:9) Haeba Jesu a ne a ile a pheta pale eo ho eona Mosamaria e neng e le eena ea hlasetsoeng ’me a thusitsoe ke Mojuda, na o ne a tla felisa leeme leo? Jesu o ile a qapa pale eo ka bohlale e le hore Mosamaria e be eena ea hlokomelang Mojuda ka lerato. Hape, hlokomela potso eo Jesu a ileng a e botsa qetellong ea pale ena. O ile a tlosa khatiso ho lentsoe “moahisani.” Ha e le hantle, ramolao enoa o ne a ile a re: ‘Ke mang eo ke lokelang ho mo bontša lerato la boahisani?’ Empa Jesu o ile a re: “Ho ba bararo baa ke mang eo e bileng moahisani?” Jesu ha aa ka a hatisa hore na ke mang ea ileng a hauheloa empa o ile a hatisa hore na ke mang ea hauhetseng, e leng Mosamaria. Moahisani oa sebele o nka khato ea pele ea ho bontša ba bang lerato ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe. Ha ho tsela e molemo ho feta ena eo Jesu a neng a ka hlakisa ntlha eo a e bolelang ka eona.

      15 Na ke ho makatsang hore ebe batho ba ile ba tsota “tsela eo a [Jesu] rutang ka eona” le hore ebe ba ile ba huleloa ho eena? (Matheu 7:28, 29) Ka lekhetlo le leng “batho” ba ile ba lula le eena matsatsi a mararo, ba se na le lijo!—Mareka 8:1, 2.

      Tsela ea Hae ea Bophelo

      16. Jesu o ile a fana ka “bopaki bo sebetsang” ba hore o tataisoa ke bohlale ba Molimo joang?

      16 Karolo ea boraro eo Jesu a bonahalitseng bohlale ba Jehova ho eona ke tsela ea hae ea bophelo. Bohlale boa sebetsa kaha bo hlahisa litholoana tse molemo. Morutuoa Jakobo o ile a re: “Ke mang har’a lona ea bohlale?” Eaba o araba potso eo ea hae, ka ho re: “Boitšoaro ba hae bo botle a bo ke bo fane ka bopaki bo sebetsang ba seo.” (Jakobo 3:13, The New English Bible) Tsela eo Jesu a ileng a itšoara ka eona e fana ka “bopaki bo sebetsang” ba hore o ne a tataisoa ke bohlale ba Molimo. A re hlahlobeng kamoo a ileng a qoba ho tsitlella maikutlong a hae kateng tseleng ea hae ea bophelo le litšebelisanong tsa hae le ba bang.

      17. Ke lintho life tse bontšang hore Jesu o ne a leka-lekane ka ho phethahetseng bophelong?

      17 Na u hlokometse hore batho ba tsitlellang maikutlo a bona ba atisa ho fetelletsa lintho? E, ho hlokahala bohlale ho ba ea leka-lekaneng. Kaha o ne a bonahatsa bohlale ba Molimo, Jesu o ne a leka-lekane ka ho phethahetseng. Ka holim’a tsohle, o ne a etelletsa lintho tsa moea pele bophelong ba hae. O ne a tšoarehile haholo mosebetsing oa ho phatlalatsa litaba tse monate. O ile a re: “Ke eona ntho eo ke e tletseng.” (Mareka 1:38) Ha ho pelaelo hore lintho tse bonahalang e ne e se tsa bohlokoa hakaalo ho eena hobane ho bonahala eka o ne a e-na le lintho tse seng kae tse bonahalang. (Matheu 8:20) Leha ho le joalo, o ne a sa itšoara ka thata-thata. Joaloka Ntate oa hae, “Molimo ea thabileng,” Jesu e ne e le motho ea thabileng ’me a tlatsetsa thabong ea ba bang. (1 Timothea 1:11; 6:15) Ha a ne a ile moketeng oa lenyalo, ketsahalong eo ho eona ka tloaelo ho bang le ’mino, ho binoang ho bileng ho nyakalloang, o ne a sa ea moo ho ea sulafaletsa ba bang bophelo. Ha veine e fela, o ile a fetola metsi veine e monate, seno se “thabisang pelo ea motho.” (Pesaleme ea 104:15; Johanne 2:1-11) Jesu o ile a amohela limemo tse ngata tsa hore a be teng lijong, ’me o ne a atisa ho sebelisa liketsahalo tseo ho ruta.—Luka 10:38-42; 14:1-6.

      18. Jesu o ne a sa tsitlelle maikutlong a hae joang ha a sebelisana le barutuoa ba hae?

      18 Jesu o ne a sa tsitlelle maikutlong a hae ha a sebelisana le ba bang. Ho utloisisa ha hae sebopeho sa batho ho ne ho etsa hore a tsebe barutuoa ba hae hantle. O ne a tseba hantle hore ha baa phethahala. Leha ho le joalo, o ne a lemoha litšobotsi tsa bona tse ntle. O ne a hlokomela bokhoni boo banna bana bao Jehova a ba hutseng ba neng ba e-na le bona. (Johanne 6:44) Le hoja ba ne ba e-na le mefokolo, Jesu o ile a bontša hore o ne a ikemiselitse ho ba tšepa. Ho bontša hore oa ba tšepa, o ile a fa barutuoa ba hae boikarabelo bo boima. O ile a ba roma hore ba e’o bolela litaba tse monate, ’me o ne a kholisehile hore ba tla khona ho phetha mosebetsi oo. (Matheu 28:19, 20) Buka ea Liketso e tiisa hore ka botšepehi ba ile ba etsa mosebetsi oo a neng a ba laetse hore ba o etse. (Liketso 2:41, 42; 4:33; 5:27-32) Ka hona, ho hlakile hore Jesu o ne a bile bohlale ka ho ba tšepa.

      19. Jesu o ile a bontša joang hore o ‘bonolo ebile o ikokobelitse’?

      19 Joalokaha re hlokometse Khaolong ea 20, Bibele e amahanya boikokobetso le bonolo le bohlale. Ke ’nete hore Jehova o beha mohlala o motle ka ho fetisisa ntlheng ena. Empa ho thoe’ng ka Jesu? Ke ho amang maikutlo ho hlokomela boikokobetso boo Jesu a ileng a bo bontša ha a sebelisana le barutuoa ba hae. Kaha e ne e le motho ea phethahetseng, o ne a ba phahametse. Leha ho le joalo, o ne a sa khelle barutuoa ba hae fatše. Le ka mohla o ne a sa batle ho etsa hore ba ikutloe ba fokola kapa ba sa tšoanelehe. Ho e-na le hoo, o ne a nahanela mefokolo ea bona a bile a mamella liphoso tsa bona. (Mareka 14:34-38; Johanne 16:12) Na ha se ho thahasellisang hore ebe esita le bana ba ne ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le Jesu? Ka sebele ba ne ba sa tšabe ho mo atamela hobane ba ne ba hlokomela hore o ‘bonolo ebile o ikokobelitse.’—Matheu 11:29; Mareka 10:13-16.

      20. Jesu o ile a bontša joang hore ha a manganga ha a sebelisana le mosali oa Molichaba eo morali oa hae a neng a hlasetsoe ke bademona?

      20 Jesu o ile a bontša boikokobetso ba Molimo ka tsela e ’ngoe hape ea bohlokoa. O ne a se manganga, a tenyetseha a bile a le mohau ha ho ne ho hlokahala. Ka mohlala, hopola hore ka nako e ’ngoe mosali oa Molichaba o ile a mo kopa hore a phekole morali oa hae ea neng a hlasetsoe hampe ke bademona. Qalong Jesu o ile a bontša ka litsela tse tharo tse sa tšoaneng hore ha a na ho mo thusa. Ea pele, ka ho se mo arabe. Ea bobeli, ka ho mo bolella ka ho toba hore ha aa romeloa ho Balichaba, empa o rometsoe ho Bajuda. Ea boraro, ka ho mo etsetsa papiso e hlakisang ntlha eo ka mosa. Leha ho le joalo, mosali eo o ile a mo qophella, a bonahatsa tumelo e ikhethang. Jesu o ile a arabela joang boemong boo bo ikhethang? O ile a etsa sona seo a neng a itse ha a na ho se etsa. O ile a phekola morali oa mosali eo. (Matheu 15:21-28) Na boo e ne e se boikokobetso bo tsotehang? Hopola hore boikokobetso ke motheo oa bohlale ba sebele.

      21. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho etsisa botho, lipuo le litsela tsa Jesu?

      21 Re ka leboha hakaakang hore ebe Likosepele li re senolela lipuo le liketso tsa motho ea bohlale ka ho fetisisa ea kileng a phela! A re hopoleng hore Jesu e ne e le seipone se phethahetseng sa Ntat’ae. Ka ho etsisa botho ba Jesu, lipuo tsa hae le liketso tsa hae, re tla be re hlaolela bohlale bo tsoang ho Molimo. Khaolong e latelang, re tla bona kamoo re ka sebelisang bohlale ba Molimo kateng bophelong ba rona.

      a Mehleng ea Bibele, babetli ba mapolanka ba ne ba haha matlo, ba etsa thepa ea ka tlung le lisebelisoa tsa masimong. Justin Martyr oa lekholong la bobeli la lilemo C.E., o ile a ngola tjena ka Jesu: “O ne a tloaetse ho betla mapolanka ha a le har’a banna, a etsa mehoma le lijoko.”

      b Leetsi la Segerike le fetoletsoeng e le “ho tšoenyeha” le bolela “ho faposa kelello.” Joalokaha le sebelisitsoe ho Matheu 6:25, le bolela tšabo e faposang kelello kapa e ngamolang hlooho, e hlokisang motho thabo bophelong.

      c Ha e le hantle, phuputso ea saense e bontšitse hore ho khathatseha ho feteletseng le ho sithabela, ho ka re beha kotsing ea boloetse ba pelo le methapo ea mali le maloetse a mang a mangata a ka khutsufatsang bophelo.

      Lipotso Tsa ho Thuisa

      • Liproverbia 8:22-31 Tlhaloso ea bohlale bo mothofalitsoeng e tšoana joang le seo Bibele e se buang ka Mora oa Jehova oa letsibolo?

      • Matheu 13:10-15 Lipapiso tsa Jesu li ile tsa atleha ho senola boikutlo bo ka lipelong tsa bamameli ba hae joang?

      • Johanne 1:9-18 Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khona ho senola bohlale ba Molimo?

      • Johanne 13:2-5, 12-17 Jesu o ile a ruta ka mohlala o sebetsang joang, hona ka ho etsa joalo o ile a ruta baapostola ba hae eng?

  • Na “Bohlale bo Tsoang Leholimong” bo Tataisa Bophelo ba Hao?
    Atamela ho Jehova
    • Morali oa bo rona o bala Bibele le lingoloa tse thehiloeng Bibeleng.

      KHAOLO EA 22

      Na “Bohlale bo Tsoang Leholimong” bo Tataisa Bophelo ba Hao?

      1-3. (a) Solomone o ile a bonahatsa bohlale bo tsotehang joang tseleng eo a ileng a rarolla qaka ea hore na ’mè oa lesea ke mang? (b) Jehova o tšepisa ho re fa eng, hona ho hlaha lipotso life?

      E NE e le qaka, basali ba babeli ba ne ba tseka lesea. Basali bao ba ne ba lula ka tlung e le ’ngoe, ’me ka bobeli ba bile le bana ba bashemane, ba sieanang ka matsatsi feela. Lesea le leng le ile la shoa, ’me joale e mong le e mong oa basali bana o ne a re ke eena ’mè oa lesea le phelang.a Ho ne ho se na batho ba bang ba ka pakang se etsahetseng. E ka ’na eaba lekhotla le tlasana le ne le ile la mamela nyeoe eo empa le hlotsoe ho e rarolla. Qetellong, nyeoe eo e ile ea isoa ho Solomone, morena oa Iseraele. Na o ne a tla khona ho utolla ’nete?

      2 Ka mor’a ho qeta nakoana a mametse ho ngangisana ha basali bao, Solomone o ile a re ho tlisoe sabole. A bonahala a lomahantse meno, a laela hore ngoana eo a aroloe likoto tse peli, mosali ka mong a fuoe sekoto se seng. Hang-hang, eo e hlileng e leng ’mè oa ngoana a kopa morena hore a fe mosali e mong lesea leo, e leng ngoan’a hae eo a mo ratang. Empa mosali e mong eena a tsitlallela hore ngoana a aroloe likoto tse peli. Joale Solomone o ne a tseba seo e leng ’nete. O ne a tseba kamoo ’mè a nang le qenehelo e mofuthu kateng ngoaneng ea tsoang popelong ea hae, ’me o ile a sebelisa tsebo eo ho rarolla qaka ena. Ak’u nahane kamoo ’mè eo a ileng a nyakalla kateng ha Solomone a mo neha lesea ’me a re: “Ke eena ’mè oa hae.”—1 Marena 3:16-27.

      3 Na boo e ne e se bohlale bo tsotehang? Ha batho ba utloa kamoo Solomone a ahlotseng nyeoe eo kateng, ba ile ba tsota, “hobane ba ne ba bona hore Molimo o mo file bohlale.” E, bohlale ba Solomone e ne e le mpho e tsoang ho Molimo. Jehova o ne a mo file “bohlale le kutloisiso.” (1 Marena 3:12, 28) Empa ho thoe’ng ka rona? Na le rona re ka fumana bohlale bo tsoang ho Molimo? E, hobane Solomone o ile a ngola tjena a le tlas’a pululelo: “Jehova o fana ka bohlale.” (Liproverbia 2:6) Jehova o tšepisa ho fana ka bohlale ho ba bo kopang ka tieo e leng bokhoni ba ho sebelisa tsebo, kutloisiso le temoho ka tsela e molemo. Re ka fumana bohlale bo tsoang ho Molimo joang? Hona re ka bo sebelisa joang bophelong ba rona?

      Re ka “Fumana Bohlale” Joang?

      4-7. Ho hlokahala lintlha life tse ’nè e le hore re fumane bohlale?

      4 Na re tlameha ho ba bohlale ka tlhaho kapa ho ruteha e le hore re fumane bohlale bo tsoang ho Molimo? Che. Jehova o ikemiselitse ho re fa bohlale ba hae ho sa tsotellehe maemo a rona le thuto eo re nang le eona. (1 Bakorinthe 1:26-29) Empa re lokela ho nka khato ea pele, kaha Bibele e re phehella hore re ‘fumane bohlale.’ (Liproverbia 4:7) Re ka bo fumana joang?

      5 Ntlha ea pele, re lokela ho tšaba Molimo. Liproverbia 9:10 e re: “Mohato oa pele oa ho fumana bohlale ke ho hlompha [kapa ho tšaba] Jehova, [“ke khato ea pele e lebisang bohlaleng,” The New English Bible].” Ho tšaba Molimo ke motheo oa bohlale ba ’nete. Hobane’ng? Hopola hore bohlale bo akarelletsa bokhoni ba ho sebelisa tsebo ka katleho. Ho tšaba Molimo ha se ho tlakasela ka pel’a hae, empa ke ho ikokobelletsa eena ka tšabo e nang le tlhompho le ho mo tšepa. Tšabo eo e molemo ebile ke tšusumetso e matla. E re susumelletsa ho fetola bophelo ba rona hore bo lumellane le seo re se tsebang ka thato ea Molimo le litsela tsa hae. Ke eona tsela feela e bohlale eo re ka e khethang, kaha kamehla litekanyetso tsa Jehova li ruisa ba li latelang molemo o moholo ka ho fetisisa.

      6 Ntlha ea bobeli, re lokela ho ikokobetsa le ho inyenyefatsa. Re ke ke ra fumana bohlale bo tsoang ho Molimo haeba re sa ikokobetsa ebile re sa inyenyefatsa. (Liproverbia 11:2) Hobane’ng? Haeba re ikokobetsa re bile re inyenyefatsa, re lumela habonolo hore ha re tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe, hore ka linako tse ling likhopolo tsa rona e ba tse fosahetseng le hore re lokela ho tseba hore na Jehova o nahana joang ka lintho. Jehova o “hanyetsa ba ikhohomosang,” empa o thabela ho fa ba ikokobelitseng pelong bohlale.—Jakobo 4:6.

      7 Ntlha ea boraro e hlokahalang ke ho ithuta Lentsoe la Molimo le ngotsoeng. Bohlale ba Jehova bo senotsoe ka Lentsoeng la hae. E le hore re fumane bohlale boo, re lokela ho etsa boiteko ba ho bo batla. (Liproverbia 2:1-5) Ntlha ea bone e hlokahalang ke thapelo. Haeba re kopa Molimo bohlale ka tieo, o tla re fa bona ka seatla se bulehileng. (Jakobo 1:5) Ha re kopa thuso ea moea oa hae ka thapelo o tla re araba. Moea oa hae o ka re nolofalletsa ho fumana matlotlo a ka Lentsoeng la hae a ka re thusang ho rarolla mathata, ho qoba kotsi le ho etsa liqeto tse bohlale.—Luka 11:13.

      E le hore re fumane bohlale bo tsoang ho Molimo, re lokela ho etsa boiteko bo matla ba ho bo batla

      8. Haeba re hlile re fumane bohlale ba leholimong, hoo ho tla bonahala joang?

      8 Joalokaha re hlokometse Khaolong ea 17, bohlale ba Jehova boa sebetsa. Kahoo, haeba re hlile re fumane bohlale bo tsoang ho Molimo, bo tla totobala tseleng eo re itšoarang ka eona. Morutuoa Jakobo o ile a hlalosa litholoana tsa bohlale bo tsoang ho Molimo ha a ne a ngola a re: “Motho ea nang le bohlale bo tsoang leholimong pele ho tsohle o phela bophelo bo hloekileng, hape o na le khotso, ha a manganga, o itokiselitse ho mamela, o mohau haholo, o etsa lintho tse ntle, ha a khetholle ebile ha se moikaketsi.” (Jakobo 3:17) Ha re ntse re tšohla litšobotsi tsena tsa bohlale bo tsoang ho Molimo ka bomong, re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ke tataisoa ke bohlale bo tsoang leholimong bophelong ba ka?’

      “Motho ea Bohlale o Phela Bophelo bo Hloekileng, Hape o na le Khotso”

      9. Ho hloeka ho bolela eng, hona ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe bohloeki ke eona tšobotsi ea pele ea bohlale e thathamisitsoeng?

      9 “Motho ea bohlale o phela bophelo bo hloekileng.” Ho hloeka ho bolela ho se be le sekoli le ho se silafale eseng feela ponahalong ea ka ntle empa le ka hare. Bibele e amahanya bohlale le pelo, empa bohlale bo tsoang leholimong bo ke ke ba kena pelong e silafalitsoeng ke mehopolo, litakatso le litšusumetso tse khopo. (Liproverbia 2:10; Matheu 15:19, 20) Leha ho le joalo, haeba lipelo tsa rona li hloekile, ho isa boholeng boo ho bona batho ba sa phethahalang ba ka khonang, re tla “tlohela lintho tse mpe, [re] etse tse ntle.” (Pesaleme ea 37:27; Liproverbia 3:7) Na ha se ho loketseng hore ebe bohloeki ke eona tšobotsi ea pele ea bohlale e thathamisitsoeng? Etsoe haeba re sa hloeka boitšoarong le moeeng, re ka bonahatsa litšobotsi tse ling tsa bohlale bo tsoang leholimong ka tieo joang?

      10, 11. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be batho ba nang le khotso? (b) Haeba u lemoha hore u khopisitse morapeli-’moho le uena, u ka iponahatsa u le motho ea nang le khotso joang? (Sheba naletsana.)

      10 “Hape o na le khotso.” Bohlale bo tsoang leholimong bo re susumelletsa ho phehella khotso, e leng tholoana e behoang ke moea oa Molimo. (Bagalata 5:22) Re leka ka matla ho qoba ho senya khotso e kopanyang batho ba Jehova. (Baefese 4:3) Re boetse re etsa sohle se matleng a rona ho tsosolosa khotso ha e lukehile. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Bibele e re: “Le tsoele pele . . . ho phela ka khotso ’me Molimo ea lerato le ea fanang ka khotso o tla ba le lona.” (2 Bakorinthe 13:11) Kahoo hafeela re ntse re phela ka khotso, Molimo oa khotso o tla ba le rona. Tsela eo re tšoarang barapeli-’moho le rona ka eona e ama kamano ea rona le Jehova ka ho toba. Re ka iponahatsa re le batho ba nang le khotso joang? Nahana ka mohlala ona.

      11 U lokela ho etsa’ng haeba u lemoha hore u khopisitse morapeli-’moho le uena? Jesu o ile a re: “Haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ebe oa hopola hore ho na le ntho eo u khopisitseng ngoan’eno ka eona, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare u tsamaee. U bope khotso le ngoan’eno pele ebe ha u khutlile u nyehela mpho ea hao.” (Matheu 5:23, 24) U ka sebelisa keletso eo ka ho nka khato ea pele ea ho ea ho mor’eno. Ka sepheo sefe? Sa ho ea ‘bopa khotso’ le eena.b Hore u finyelle seo, u ka ’na oa lokela ho lumela hore o hlabehile maikutlo, ho e-na le hore u hane. Haeba u ea ho eena ka sepheo sa ho tsosolosa khotso u bile u ikemiselitse ho etsa joalo, mohlomong le ka rarolla ho se utloisisane leha e le hofe, motho ka mong a kopa tšoarelo ’me le tšoarelana. Ha u nka bohato ba pele ba ho etsa khotso, u bontša hore u tataisoa ke bohlale bo tsoang ho Molimo.

      “Ha a Manganga, o Itokiselitse ho Mamela”

      12, 13. (a) Lentsoe le fetoletsoeng e le ‘ho se be manganga’ ho Jakobo 3:17 le bolela eng? (b) Re ka bontša joang hore ha re tsitlelle maikutlong a rona?

      12 “Ha a manganga.” Ho se be manganga ho bolela’ng? Ho latela litsebi, ho thata ho fetolela lentsoe la qalong la Segerike le fetoletsoeng e le ‘ho se be manganga’ ho Jakobo 3:17. Lentsoe lena le fetisa mohopolo oa ho tenyetseha. Bafetoleli ba bang ba ’nile ba sebelisa mantsoe a kang “bonolo,” “mamello” le “ho nahanela.” Re ka bontša joang hore re tataisoa ke tšobotsi ee ea bohlale bo tsoang ho Molimo?

      13 Bafilipi 4:5 e re: “Batho bohle ba ke ba bone hore ha le batho ba tsitlellang maikutlong a lona.” Phetolelo e ’ngoe e baleha tjena: “E-bang le botumo ba ho ba ba nang le kahlolo e molemo.” (The New Testament in Modern English, ea J. B. Phillips) Hlokomela hore ha se hakaalo taba ea hore na rona re italima joang; ke taba ea hore na ba bang ba re talima joang, hore na re tsebahala ka eng. Motho ea sa tsitlelleng maikutlong a hae ha a tsitlallele ho latela se ngotsoeng molaong kapa hore lintho li etsoe ka tsela ea hae ka linako tsohle. Ho e-na le hoo, o ikemiselitse ho mamela ba bang ’me o tsamaisana le maikutlo a bona ha ho loketse. Hape o bonolo, ha a khahlapetse ba bang kapa hona ho ba hatella ha a sebelisana le bona. Le hoja ho sebetsa le batho ka tsela ena e le habohlokoa ho Bakreste bohle, ke habohlokoa le ho feta ho ba sebeletsang e le baholo. Bonolo boa hohela, bo etsa hore baholo ba atamelehe. (1 Bathesalonika 2:7, 8) Bohle re lokela ho ipotsa: ‘Na ke tsebahala ke le motho ea nahanelang, ea tenyetsehang le ea bonolo?’

      14. Re ka bontša joang hore re “itokiselitse ho mamela”?

      14 “O itokiselitse ho mamela.” Ha ho kae kapa kae hape ka Mangolong a Segerike a Bakreste moo lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “o itokiselitse ho mamela” le fumanoang teng. Ho latela setsebi se seng, lentsoe lena “le atisa ho sebelisoa thupelong ea sesole.” Le fana ka maikutlo a ho “susumetseha habonolo” le a “ho ba ea ikokobelitseng.” Motho ea tataisoang ke bohlale bo tsoang ho Molimo o itokiselitse ho ikokobelletsa seo Mangolo a se bolelang. Ha se motho ea tsebahalang ka hore ha a ile a etsa qeto a ke ke a fetoha leha ho ka hlaha linnete tse sa lumellaneng le eena. Ho e-na le hoo, o potlakela ho fetoha ha a bontšoa bopaki bo hlakileng ba Mangolo ba hore o hatile ka leoto lesele kapa hore o entse liqeto tse fosahetseng. Na ke kamoo ba bang ba u tsebang kateng?

      “O Mohau Haholo, o Etsa Lintho Tse Ntle”

      15. Mohau ke’ng, hona ke hobane’ng ha ho loketse hore “mohau” o matahanngoe le “lintho tse ntle” ho Jakobo 3:17?

      15 “O mohau haholo, o etsa lintho tse ntle.”c Mohau ke tšobotsi ea bohlokoa ea bohlale bo tsoang ho Molimo, kaha ho boleloa hore motho ea nang le bohlale bo joalo “o mohau haholo.” Hlokomela hore “mohau” o matahanngoa le “lintho tse ntle.” Hona ho loketse, hobane hangata ka Bibeleng mohau o bolela ho ameha ka ba bang ka ho nka khato e itseng, ho ba le qenehelo e lebisang liketsong tse ngata tse mosa. Buka e ’ngoe ea litšupiso e hlalosa mohau e le “ho sareloa ka lebaka la bothata ba motho e mong le ho leka ho etsa ho hong ka bona.” Motho ea nang le bohlale bo tsoang ho Molimo o amehile ka ho etsa lintho tse nepahetseng, ho tseba ’nete le ho ithuta empa o amehile ka batho haholo, oa ba rata, oa ba nahanela ebile o batla menyetla ea ho ba bontša mohau. Re ka bontša joang hore re tletse mohau?

      16, 17. (a) Ho phaella ho rateng Molimo, ke’ng e re susumelletsang ho kopanela mosebetsing oa boboleli, hona hobane’ng? (b) Re ka bontša hore re tletse mohau ka litsela life?

      16 Ka sebele tsela ea bohlokoa ke ho arolelana le ba bang litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo. Ke’ng e re susumelletsang ho etsa mosebetsi oo? Lebaka le ka sehloohong ke ho rata Molimo. Empa re boetse re susumetsoa ke mohau, kapa ho ba le qenehelo ho batho ba bang. (Matheu 22:37-39) Ba bangata kajeno ba “sotlehile ebile ba qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Matheu 9:36) Ba siiloe kherehloa le ho foufatsoa moeeng ke balisa ba bolumeli ba bohata. Ka lebaka leo, ha ba tsebe tataiso e bohlale e fumanoang Lentsoeng la Molimo kapa litlhohonolofatso tseo ’Muso oa Molimo o tla li tlisa lefatšeng lena haufinyane. Ka hona ha re nahana ka litlhoko tsa moea tsa batho ba re potolohileng, rea ba qenehela ebe re susumelletsa ho etsa sohle se matleng a rona ho ba bolella ka morero o lerato oa Jehova.

      Banyalani ba na le bana ba bona ba babeli ba tliselitse morali oa bo rona ea holileng lijo. Ba nkile lithulusi ho thusa moo e ka bang ho senyehile.

      Ha re bontša mohau kapa qenehelo ho ba bang, re bonahatsa “bohlale bo tsoang ho Molimo”

      17 Re ka bontša ka litsela life hape hore re tletse mohau? Hopola papiso ea Jesu ea Mosamaria ea ileng a fumana motho e mong ea neng a le leetong a rapaletse ka thoko ho tsela, a utsoelitsoe a bile a khakhathiloe. Mosamaria eo a susumelitsoe ke qenehelo, o ile “a mo hauhela,” a tlamisa maqeba a motho eo ea hlasetsoeng le ho mo hlokomela. (Luka 10:29-37) Mohlala ona o bontša hore mohau o akarelletsa ho thusa batho ba bang ha ba hloka thuso. Bibele e re “re thuseng batho bohle . . . empa haholo-holo a re thuseng balumeli-’moho le rona.” (Bagalata 6:10) Nahana ka menyetla e meng. Molumeli-’moho le rona ea seng a holile a ka ’na a hloka sepalangoang ha a ea libokeng tsa Bokreste le ha a khutla. Mohlolohali ka phuthehong a ka ’na a hloka ho thusoa ho lokisa lintho tse itseng lapeng ha hae. (Jakobo 1:27) E ka ’na eaba motho ea nyahameng o hloka “lentsoe le nepahetseng” le ka mo hlasimollang. (Liproverbia 12:25) Ha re bontša mohau ka litsela tse joalo, re bontša hore re tataisoa ke bohlale bo tsoang ho Molimo.

      “Ha a Khetholle Ebile ha se Moikaketsi”

      18. Haeba re tataisoa ke bohlale bo tsoang ho Molimo, ke eng eo re lokelang ho leka ka matla ho e ntša ka metso lipelong tsa rona, hona hobane’ng?

      18 “Ha a khetholle.” Motho ea nang le bohlale bo tsoang ho Molimo ha a ikutloe a phahametse batho ba bang ho sa tsotellehe hore na ba tsoa lichabeng life kapa ke ba morabe ofe. Kaha re tataisoa ke bohlale bo joalo, re leka ka matla ho ntša ka metso tšekamelo leha e le efe e bontšang leeme lipelong tsa rona. (Jakobo 2:9) Ha re tšoare ba bang ka tsela e khethehileng ka lebaka la boemo ba bona ba thuto, ba lichelete kapa hobane ba e-na le boikarabelo bo itseng ka phuthehong. Hape ha re khelle barapeli-’moho le rona leha e le bafe fatše, ho sa tsotellehe hore na ba ka ’na ba bonahala e le ba tlase hakae. Haeba Jehova o entse hore batho bao ba amohele lerato la hae, ka sebele re lokela ho ba nka e le ba tšoaneloang ke lerato la rona.

      19, 20. (a) Lentsoe la Segerike bakeng sa “moikaketsi” le tsoa hokae? (b) Re bontša hore re “ratana e le kannete” joang, hona ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?

      19 “Ha se moikaketsi.” Lentsoe la Segerike bakeng sa “moikaketsi” le ka bolela “motšoantšisi ea bapalang karolo e itseng.” Mehleng ea boholo-holo, batšoantšisi ba Bagerike le ba Baroma ba ne ba roala lifahleho tse kholo tsa maiketsetso ha ba tšoantšisa. Kahoo, lentsoe la Segerike bakeng sa “moikaketsi” le ile la bolela motho ea ikhakanyang kapa ea iketsang seo a seng sona. Tšobotsi ena ea bohlale bo tsoang ho Molimo ha ea lokela ho susumetsa tsela eo re tšoarang barapeli-’moho le rona ka eona feela empa esita le tsela eo re ikutloang ka eona ka bona.

      20 Moapostola Petrose o ile a re kaha “le mametse lentsoe la Molimo” le lokela ho “ratana e le kannete.” (1 Petrose 1:22) E, lerato la rona ho bara ba bo rona ha ea lokela ho ba la mponeng feela. Ha re roale lifahleho tsa maiketsetso kapa ho iketsa seo re seng sona ho thetsa ba bang. Lerato la rona e lokela ho ba la sebele, le tlohang pelong. Ha re etsa seo, balumeli-’moho le rona ba tla re tšepa, kaha ba tla tseba hore re fela re le seo re bonahalang re le sona. Ho tiea ho joalo ho betla tsela ea hore ho be le kamano e tiileng le e tšepahalang pakeng tsa Bakreste ’me ho thusa ho etsa hore ho tšepana ho be teng ka phuthehong.

      “Sireletsa Bohlale”

      21, 22. (a) Solomone o ile a hloleha ho sireletsa bohlale joang? (b) Re ka sireletsa bohlale joang, hona re tla rua molemo joang ha re etsa joalo?

      21 Bohlale boo Jehova a re fang bona ke mpho eo re lokelang ho e sireletsa. Solomone o ile a re: “Mora oa ka, . . . sireletsa bohlale le kelello ea hao.” (Liproverbia 3:21) Ka masoabi, Solomone ka boeena o ile a hloleha ho etsa seo. O ile a lula a le bohlale nakong ea ha a ntse a e-na le pelo e mamelang. Empa qetellong, basali ba hae ba bangata ba balichaba ba ile ba khelosa pelo ea hae borapeling bo hloekileng ba Jehova. (1 Marena 11:1-8) Qetello ea Solomone e bontša hore tsebo ha se ea bohlokoa hakaalo haeba re sa e sebelise hamolemo.

      22 Re ka sireletsa bohlale joang? Ha se feela hore re lokela ho bala Bibele kamehla le likhatiso tse thehiloeng Bibeleng tse lokiselitsoeng ke “mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale” empa hape re lokela ho ikitlaelletsa ho sebelisa seo re ithutang sona. (Matheu 24:45) Re na le mabaka ’ohle a ho sebelisa bohlale bo tsoang ho Molimo. Bo re thusa ho phela ka tsela e molemo hona joale. Bo re nolofalletsa ho “fumana bophelo ba sebele” e leng bophelo lefatšeng le lecha la Molimo. (1 Timothea 6:19) Habohlokoa le ho feta, ho hlaolela bohlale bo tsoang ho Molimo ho re atametsa Mohloling oa bohlale bohle e leng Jehova Molimo.

      a Ho ea ka 1 Marena 3:16, basali bao ba babeli e ne e le matekatse. Insight on the Scriptures e re: “E ka ’na eaba basali bana e ne e se matekatse a etsang khoebo, empa e le basali ba entseng bohlola, ebang e ne e le basali ba Bajuda kapa mohlomong e le ba lichaba lisele.”—E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova.

      b Poleloana ea Segerike e fetoletsoeng e le ‘bopa khotso’ e hlalosoa e le “ho fetola ho tsoa ho bora ho ea botsoalleng, ho boelana le ho khutlisetsa boemo setloaeling kapa ho ba le kutloano.” Kahoo sepheo sa hao ke ho fetola, ho tlosa bora pelong ea motho ea khopisitsoeng, ha ho khoneha.—Baroma 12:18.

      c Phetolelo e ’ngoe e fetolela poleloana ena e le “bo tletse qenehelo le liketso tse molemo.”—A Translation in the Language of the People, ea Charles B. Williams.

      Lipotso Tsa ho Thuisa

      • Deuteronoma 4:4-6 Re iponahatsa re le bohlale joang?

      • Pesaleme ea 119:97-105 Re tla rua molemo joang haeba re ikitlaelletsa ho ithuta le ho sebelisa Lentsoe la Molimo?

      • Liproverbia 4:10-13, 20-27 Ke hobane’ng ha re hloka bohlale ba Jehova?

      • Jakobo 3:1-16 Ba filoeng boikarabelo ba ho ba balebeli ka phuthehong ba ka bontša joang hore ba bohlale le hore ba na le kutloisiso?

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela