Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ho Tlala Thabo le Moea o Halalelang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
    • KHAOLO EA 11

      “Ho Tlala Thabo le Moea o Halalelang”

      Seo Pauluse a ileng a se etsa ha a kopana le batho ba tletseng bora, ba sa amoheleng molaetsa oa hae

      E Thehiloe ho Liketso 13:1-52

      1, 2. Ke eng e ikhethang ka leeto leo Barnabase le Saule ba itokisetsang lona, ’me mosebetsi oa bona o tla thusa joang hore Liketso 1:8 e phethahale?

      KE THABO feela letsatsing lena phuthehong ea Antioke. Moea o halalelang o khethile Barnabase le Saule har’a baprofeta ba bangata le matichere hore ba ise litaba tse monate libakeng tse hole.a (Lik. 13:1, 2) Ke ’nete hore ho ’nile ha sebelisoa banna ba tšoanelehang. Leha ho le joalo, nakong e fetileng baromuoa ba ne ba e-ea libakeng tseo Bokreste bo seng bo ntse bo amohetsoe. (Lik. 8:14; 11:22) Lekhetlong lena, Barnabase le Saule—hammoho le Johanne Mareka, eo e neng e tla ba mohlanka—ba tla romeloa linaheng tseo ho tsona batho ba bangata ba e-s’o utloe litaba tse monate.

      2 Lilemo tse ka bang 14 pele ho mona, Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, libakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e hole-hole ea lefatše.” (Lik. 1:8) Ho khethoa ha Barnabase le Saule hore e be baromuoa ho tla thusa hore boprofeta bona ba Jesu bo phethahale!b

      ‘Nkhetheleng . . . ba ka Etsang Mosebetsi’ (Liketso 13:1-12)

      3. Ke hobane’ng ha maeto a malelele a ne a le boima lekholong la pele la lilemo?

      3 Kajeno, likoloi le lifofane li thusa batho ho ea libakeng tse hole ka hora e le ’ngoe kapa tse peli feela. Ho ne ho se joalo lekholong la pele la lilemo C.E. Nakong eo, haholo-holo batho ba ne ba tsamaea ka maoto, hangata ba tsamaea litseleng tse mpe. Leeto la letsatsi lohle, mohlomong la lik’hilomithara tse 30 feela, le ne le le boima!c Kahoo, ha ho pelaelo hore le hoja Barnabase le Saule ba ne ba labalabela ho qala mosebetsi oa bona, ka sebele ba ne ba hlokomela hore ho tla hlokahala ba ikitlaetse ba be ba itele haholo.—Mat. 16:24.

      HO TSAMAEA KA MAOTO

      Mehleng ea boholo-holo, ho tsamaea ka maoto ho ne ho nka nako e telele, ho khathatsa ’me mohlomong ho bile ho tura ho feta ho tsamaea ka sekepe. Leha ho le joalo, ho na le libaka tse ngata tseo motho a neng a ke ke a fihla ho tsona ntle leha a tsamaea ka maoto.

      Motho o ne a ka tsamaea lik’hilomithara tse 30 ka letsatsi, a otloa ke letsatsi, pula, mocheso le serame—’me a be kotsing ea ho khaoletsoa ke masholu. Moapostola Pauluse o ile a re o ne a le ‘maetong hangata, a tobana le likotsi linokeng, likotsi tsa masholu.’—2 Bakor. 11:26.

      ’Musong oa Roma ho ne ho e-na le litsela tse ngata tse katiloeng. Litseleng tse kholo, batsamai ba ne ba fumana matlo a baeti ao ho ka nkang letsatsi ho tloha ho e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Pele motho a fihla matlong ana a baeti o ne a feta matlong ao a ka fapohelang ho ’ona ho reka lintho tseo a li hlokang. Bangoli ba bang ba mehleng eo ba re matlo a baeti le ao ho fapoheloang ho ’ona a ne a le litšila, a phethesela, a chesa a bile a tletse matsetse. E ne e le libaka tse hlabisang lihlong, tse ratoang ke likoeta. Beng ba matlo a baeti hangata ba ne ba utsoetsa batsamai ’me ba bile ba hoeba ka matekatse.

      Ha ho pelaelo hore Bakreste ba ne ba qoba libaka tse joalo ka hohle kamoo ba ka khonang. Leha ho le joalo, haeba ba etela linaheng tseo ba se nang beng ka bona kapa metsoalle, mohlomong ba ne ba tlameha ho ea libakeng tse joalo.

      4. (a) Ke eng se ileng sa susumetsa hore Barnabase le Saule ba khethoe, hona balumeli-’moho ba ile ba itšoara joang ha ba khethoa? (b) Re ka tšehetsa ba fuoang mesebetsi e itseng joang ka har’a phutheho?

      4 Empa ke hobane’ng ha ka ho khetheha moea o halalelang o ile oa laela hore Barnabase le Saule ba khethoe ho “etsa mosebetsi”? (Lik. 13:2) Bibele ha e bolele lebaka la seo. Seo re se tsebang ke hore moea o halalelang o ile oa laela hore banna bana ba khethoe. Ha ho se bontšang hore baprofeta ba Antioke le mesuoe ea teng ba ile ba hanyetsa qeto ena. Ho e-na le hoo, ba ile ba tšehetsa khetho ena ka ho felletseng. Ak’u inahanele kamoo e tlamehang ebe Barnabase le Saule ba ile ba ikutloa kateng ha barab’abo bona ba Bakreste, ba sa ba honohele, ho e-na le hoo, ba “itima lijo le ho rapela, ba beha Saule le Barnabase matsoho eaba baa ba tlohela hore ba tsamaee.” (Lik. 13:3) Le rona re lokela ho tšehetsa ba fuoang mesebetsi e itseng ka phuthehong ea Bakreste, ho akarelletsa banna ba khethetsoeng hore e be balebeli ba phutheho. Ho e-na le ho ba shoela mona, re lokela ho ‘ba nahanela le ho ba rata haholo ka lebaka la mosebetsi oa bona.’—1 Bathes. 5:13.

      5. Hlalosa hore na ho paka sehlekehlekeng sa Saeprase ho ne ho akarelletsa eng.

      5 Ka mor’a hore Barnabase le Saule ba ee Seleusia ka maoto, e leng boema-kepe bo haufi le Antioke, ba ile ba palama sekepe se lebang sehlekehlekeng sa Saeprase bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 200.d Kaha Barnabase o ne a tsoaletsoe Saeprase, mohlomong o ne a thahasella ho tlisetsa batho ba habo litaba tse monate. Ha banna bana ba fihla Salamise, e leng motse o lebopong le ka bochabela ho sehlekehleke sena, e ile eaba ha ba sa senya nako. Hang-hang “ba phatlalatsa lentsoe la Molimo ka matlung a Bajuda a thapelo.”e (Lik. 13:5) Barnabase le Saule ba ile ba hahlaula Saeprase eohle, mohlomong ba paka metseng ea bohlokoa eo ba neng ba feta ho eona. Ho itšetlehile ka tsela eo ba neng ba tsamaea ka eona, ho ka etsahala hore baromuoa bana ba ile ba tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 160!

      MATLONG A BAJUDA A THAPELO

      Sebaka seo Bajuda ba neng ba kopana ho sona se ne se bitsoa synagoge.

      Ho lumeloa hore lisynagoge li qalile ha Bajuda ba le botlamuoeng Babilona ka lilemo tse 70 kapa kapele ka mor’a moo. Lisynagoge e ne e le libaka tseo ho tsona batho ba rutoang, ba rapelang, ba balang Mangolo ’me ba khothatsoang moeeng. Lekholong la pele la lilemo C.E., motse o mong le o mong Palestina o ne o e-na le synagoge. Metse e meholo e ne e e-na le tse fetang e le ’ngoe, ’me Jerusalema e ne e e-na le tse ngata.

      Leha ho le joalo, ka mor’a hore Bajuda ba khutle botlamuoeng Babilona, hase bohle ba ileng ba khutlela Palestina. Ba bangata ba ile ba ea linaheng tse ling ka mabaka a khoebo. Hoo e ka bang lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., Bajuda ba ne ba lula liprofinseng tse 127 tsa ’Muso oa Persia. (Esth. 1:1; 3:8) Hamorao, Bajuda ba ile ba lula metseng ea Mediterranean. Bajuda bana ba hasaneng ba ile ba haha lisynagoge hohle moo ba lulang teng.

      Lisynagogeng tsena ho ne ho baloa Molao o bile o hlalosoa ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe. Ba balang ba ne ba balla sethaleng se phahameng se pota-potiloeng ke litulo ka mahlakoreng a mararo. Monna e mong le e mong oa Mojuda ea inehetseng o ne a ka bala, a ruta a ba a khothatsa.

      6, 7. (a) Sergiase Pauluse e ne e le mang, ’me ke hobane’ng ha Bare-Jesu a ile a leka ho mo thibela ho mamela litaba tse monate? (b) Saule o ile a etsa’ng ho thibela khanyetso ea Bare-Jesu?

      6 Saeprase ea lekholong la pele la lilemo e ne e tletse borapeli ba bohata. Sena se ile sa totobala le ho feta ha Barnabase le Saule ba fihla motseng oa Pafose o lebopong le ka bophirimela sehlekehlekeng sena. Ha ba fihla moo, ba ile ba kopana le “monna oa Mojuda ea bitsoang Bare-Jesu. Monna eo e ne e le moloi ebile e le moprofeta oa bohata. O ne a sebeletsa ’musi oa setereke ea bohlale ea bitsoang Sergiase Pauluse.”f Lekholong la pele la lilemo, Baroma ba bangata ba hlalefileng—esita le monna “ea bohlale” joaloka Sergiase Pauluse—hangata ba ne ba ea ho moloi kapa senohe sa linaleli ho ea batla thuso pele ba etsa liqeto tsa bohlokoa. Leha ho le joalo, Sergiase Pauluse o ile a khahloa ke molaetsa oa ’Muso ’me “a labalabela ho utloa lentsoe la Molimo.” Bare-Jesu, ea neng a boetse a rehiloe Elimase, e bolelang “Moloi” ka lebaka la mosebetsi oo a neng a o etsa, ha aa ka a thabela sena.—Lik. 13:6-8.

      7 Bare-Jesu o ne a hanyetsa molaetsa oa ’Muso. Ha e le hantle, tsela feela eo a neng a ka boloka boemo ba hae bo phahameng ba ho ba moeletsi oa Sergiase Pauluse e ne e le ‘ho mo khelosa tumelong.’ (Lik. 13:8) Empa Saule ha aa ka a shebella feela a sa etse letho ha leselamose la lekhotla le batla ho thibela Sergiase Pauluse ho mamela. Ebe Saule o ile a etsa joang? Bibele e re: “Saule, eo hape a bitsoang Pauluse, a tlala moea o halalelang eaba o tonela Bare-Jesu mahlo o re: ‘Uena ngoan’a Diabolose, u motho ea khopo ebile u molotsana ea feteletseng. U sera sa lintho tsohle tse lokileng. Hantle-ntle u tla khaotsa neng ho sotha litsela tsa Jehova tse lokileng? Joale bona he! Jehova o tl’o u otla u foufale ’me u ke ke oa bona khanya ea letsatsi ka nakoana.’ Hang-hang a bona ka mahlong ho e-ba moholi o teteaneng ho ba ho fifala eaba o pota-pota a ntse a batla motho ea ka mo tšoarang ka letsoho ho mo tataisa.”g Phello ea mohlolo oo e bile e fe? “’Musi oa setereke a bona lintho tsena tse etsahetseng eaba e e-ba molateli oa Jesu kaha o ne a hloletsoe ke lintho tseo a ithutileng tsona ka Jehova.”—Lik. 13:9-12.

      Mor’abo rona o phetlile Bibele o emela ’nete ka pela moahloli oa lekhotla.

      Joaloka Pauluse, re emela ’nete ka sebete leha re hanyetsoa

      8. Ke joang re ka bang sebete joaloka Pauluse kajeno?

      8 Pauluse o ne a sa tšabe Bare-Jesu. Le rona ha rea lokela ho tšoha ha bahanyetsi ba leka ho senya tumelo ea batho ba thahasellang molaetsa oa ’Muso. Ho hlakile hore lipolelo tsa rona li lokela hore ‘e be tse mosa kamehla, tse nokiloeng ka letsoai.’ (Bakol. 4:6) Leha ho le joalo, ha rea lokela ho tšaba khanyetso hoo re ka qobang ho bolella batho ba thahasellang litaba tse monate. Hape ha rea lokela ho ba leqe ho pepesa liphoso tsa bolumeli ba bohata, boo joaloka Bare-Jesu bo tsoelang pele “ho sotha litsela tsa Jehova tse lokileng.” (Lik. 13:10) Joaloka Pauluse, e se eka ka sebete re ka phatlalatsa ’nete ’me re ipiletse ho ba lipelo li ntle. ’Me le hoja ho ke ke ha totobala hore Molimo o re tšehelitse joalokaha ho ile ha totobala ho Pauluse, re ka kholiseha hore Jehova o tla sebelisa moea oa hae o halalelang ho hulela ba tšoanelehang ’neteng.—Joh. 6:44.

      ‘Mantsoe a Khothatsang’ (Liketso 13:13-43)

      9. Pauluse le Barnabase ba behetse ba etellang phutheho pele kajeno mohlala ofe?

      9 Ho hlakile hore ho ile ha e-ba le phetoho ha banna bao ba tloha Pafose ’me ba kena sekepeng ba leba Perga, e lebopong la Asia Minor, e leng leeto la lik’hilomithara tse ka bang 250 ka sekepe. Ha Liketso 13:13 e bua ka bona e re ke “Pauluse le batho ba nang le eena.” Mantsoe ana a fana ka maikutlo a hore Pauluse e ne e se e le eena ea eteletseng sehlopha sena pele. Leha ho le joalo, ha ho na bopaki ba hore Barnabase o ile a honohela Pauluse. Ho e-na le hoo, banna bana ba babeli ba ile ba tsoela pele ba sebetsa hammoho ho phetha thato ea Molimo. Pauluse le Barnabase ba behetse ba etellang phutheho pele kajeno mohlala o motle. Ho e-na le ho loanela maemo, Bakreste ba hopola mantsoe a Jesu a reng: “Kaofela le bana ba motho.” O ile a eketsa ka ho re: “Mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa empa mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”—Mat. 23:8, 12.

      10. Hlalosa leeto la ho tloha Perga ho ea Antioke e Pisidia.

      10 Ha ba fihla Perga, Johanne Mareka o ile a siea Pauluse le Barnabase eaba o khutlela Jerusalema. Ha ho hlalosoe lebaka le entseng hore a tsamaee ka tšohanyetso. Pauluse le Barnabase ba ile ba tsoela pele, eaba ho tloha Perga ba leba Antioke e Pisidia, e leng motse o profinseng ea Galatia. Leeto lena le ne le le boima hobane Antioke e Pisidia e ka holimo ho bophahamo ba leoatle ka limithara tse ka bang 1 100. Litsela tsa teng tse mpe tse lithabeng li ne li boetse li tsebahala ka hore li tletse linokoane. Ho ileng ha mpefatsa litaba le ho feta ke hore mohlomong Pauluse o ile a qala ho kula ha ba le mona.h

      11, 12. Ha Pauluse a bua ka tlung ea thapelo ea Antioke e Pisidia, o ile a etsa joang hore bamameli ba hae ba thahaselle seo a tla ba bolella sona?

      11 Ha Pauluse le Barnabase ba le Antioke e Pisidia, ba ile ba kena ka tlung ea thapelo ka Sabatha. Bibele e re: “Ka mor’a hore batho ba balloe Molao le libuka tsa Baprofeta, balaoli ba okamelang ntlo ea thapelo ba re ho Pauluse le Barnabase: ‘Bana beso, haeba ho e-na le mantsoe ao le ka khothatsang batho bana ka ’ona, a bueng.’” (Lik. 13:15) Pauluse o ile a ema ’me a bua.

      12 Pauluse o ile a qala ka ho re ho bamameli ba hae: “Baiseraele le lona bohle ba hlomphang Molimo, mamelang.” (Lik. 13:16) Pauluse o ne a mametsoe ke Bajuda le batho ba sokolohetseng Bojudeng. O ile a etsa joang hore batho baa ba thahaselle ho mo mamela, kaha ba ne ba sa tsebe karolo eo Jesu a e phethang morerong oa Molimo? Tabeng ea pele, Pauluse o ile a bua hakhutšoanyane ka pale ea sechaba sa Bajuda. O ile a hlalosa kamoo Jehova a ileng a “ba etsa sechaba se matla ha e ntse e le bajaki naheng ea Egepeta” le kamoo ka mor’a hore ba lokolloe, Molimo a ileng “a ba mamella ka lilemo tse ka bang 40 ha ba le lefeelleng.” Pauluse o ile a boela a pheta kamoo Baiseraele ba ileng ba rua Naha e Tšepisitsoeng le kamoo Jehova a ileng ‘a fa baholo-holo ba bona naha eo e le lefa.’ (Lik. 13:17-19) Ho ’nile ha boleloa hore mohlomong Pauluse o ile a bua ka mokhoa o sa tobang ka litemana tse ling Mangolong tse ileng tsa balloa holimo nakoana pele ho moo tšebeletsong ea Sabatha. Haeba ho joalo, ona ke mohlala o mong o bontšang hore Pauluse o ne a khona ho ba “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.”—1 Bakor. 9:22.

      13. Re ka etsa joang hore batho ba thahaselle ho ithuta ka Jehova?

      13 Le rona re lokela ho leka ho etsa hore batho bao re ba pakelang ba thahaselle molaetsa oa rona. Ka mohlala, ho tseba bolumeli ba motho ho ka re thusa hore re khethe ho bua ka litaba tseo a tla li thahasella. Hape, re ka qotsa litemana tsa Bibele tseo motho eo a li tsebang. Ho ka ba molemo haeba motho eo a ipalla Bibeleng ea hae. Batla litsela tsa ho etsa hore batho ba thahaselle ho ithuta ka Jehova.

      14. (a) Pauluse o ile a re’ng ha a bolela litaba tse monate mabapi le Jesu, ’me o ile a fana ka temoso efe? (b) Letšoele le mo mametseng le ile la etsa’ng?

      14 Ka mor’a moo Pauluse o ile a bua kamoo lelokong la marena a Iseraele ho ileng ha hlaha “Jesu e le mopholosi,” ea neng a eteletsoe pele ke Johanne Mokolobetsi. Eaba Pauluse o hlalosa kamoo Jesu a ileng a bolaoa a ba a tsosoa bafung. (Lik. 13:20-37) Pauluse o ile a re: “Bana beso, rea le tsebisa hore ka eena le ka tšoareloa libe . . . Hape ka eena, Molimo a ka fumana bohle ba nang le tumelo ba se molato.” Ka mor’a moo a lemosa bamameli ba hae, a re: “Itlhokomeleng hore ntho ena e boletsoeng libukeng tsa Baprofeta e se ke ea le etsahalla, ‘lona ba ratang ho nyefola, le tla bona mesebetsi eo ke e etsang mehleng ea lona le be le makale empa le tla timela. Le ke ke la kholoa hore ke ntse ke etsa mesebetsi ena leha motho e mong a ka le phetela eona ka ho hlaka.’” Seo batho bao ba ileng ba se etsa ha ba qeta ho utloa mantsoe a Pauluse sea hlolla. Bibele e re: “Batho ba ba kopa hore ba tle ba bue ka litaba tsena ka Sabatha e latelang.” Ho feta moo, ha seboka sa ntlo ea thapelo se qhalana, “batho ba bangata ba Bajuda ba tsamaea le Pauluse le Barnabase ba e-na le basokolohi ba sebeletsang Molimo.”—Lik. 13:38-43.

      “Re Tla Phatlalatsa Litaba Tsena ho Batho ba Lichaba” (Liketso 13:44-52)

      15. Ho ile ha etsahala joang ka Sabatha e hlahlamang ha Pauluse a qeta ho bua?

      15 Ka Sabatha e hlahlamang, “hoo e batlang e le motse oohle” o ile oa bokana ho tla mamela Pauluse. Sena ha sea ka sa thabisa Bajuda ba bang, ba ileng “ba tlala mona eaba ba hanyetsa lintho tseo Pauluse a ntseng a li bua ’me ba mo nyefola.” Eena le Barnabase ba ile ba bua le bona ka sebete, ba re: “Ke lona ba pele ba ho bolelloa lentsoe la Molimo ’me ho ne ho lokela ho ba joalo. Kaha le le qhelela thoko, le bontša hantle hore ha le tšoaneloe ke bophelo bo sa feleng. Kahoo, re tla phatlalatsa litaba tsena ho batho ba lichaba tse ling, Jehova o re laetse tjena: ‘Ke le khethile hore le be leseli la lichaba e le hore le ka ba poloko ho ea fihla likhutlong tsa lefatše.’”—Lik. 13:44-47; Esa. 49:6.

      Pauluse le Barnabase ba lahleloa ka ntle ho Pisidia ea Antioke ke bahanyetsi ba halefileng.

      “Ba tsosetsa Pauluse le Barnabase mahloriso . . . Barutuoa ba ’na ba tlala moea o halalelang le lipelo tsa bona tsa tlala thabo.”—Liketso 13:50-52

      16. Bajuda ba ile ba etsa’ng ha ba utloa mantsoe a baromuoa a ba hlabang, ’me Pauluse le Barnabase ba ile ba etsa’ng ha ba hanyetsoa?

      16 Balichaba ba neng ba mametse ba ile ba thaba, ’me “bohle bao lipelo tsa bona li neng li ba susumetsa hore ba amohele lentsoe le fanang ka bophelo bo sa feleng ea e-ba balumeli.” (Lik. 13:48) Lentsoe la Jehova le ile la phatlalatsoa naheng eohle ka potlako. Bajuda bona ha baa ka ba thaba. Ha e le hantle, baromuoa bana ba ile ba ba bolella hore le hoja e le bona ba boleletsoeng lentsoe la Molimo pele, ba ile ba khetha ho lahla Mesia kahoo ba ne ba letetsoe ke kotlo. Bajuda ba ile ba hlohlelletsa basali ba nang le botumo bo botle le banna ba ka sehloohong ba motse, ba “tsosetsa Pauluse le Barnabase mahloriso eaba ba ba ntšetsa ka ntle ho meeli ea bona.” Pauluse le Barnabase ba ile ba etsa’ng? Ba ile “ba hlohlora lerole maotong a bona eaba ba ea Ikoniamo.” Na ketso ee e ile ea etsa hore Bokreste bo fele Antioke e Pisidia? Le hanyenyane! Barutuoa ba ileng ba sala moo ba ile “ba ’na ba tlala moea o halalelang le lipelo tsa bona tsa tlala thabo.”—Lik. 13:50-52.

      17-19. Re ka etsisa mohlala o motle oa Pauluse le Barnabase ka litsela life, ’me ke hobane’ng ha ho etsa joalo ho tla re thabisa?

      17 Seo banna bana ba tšepahalang ba ileng ba se etsa ha ba hanyetsoa se re ruta taba ea bohlokoa. Re ke ke ra khaotsa ho bolela litaba tse monate, esita leha batho ba hlaheletseng lefatšeng lena ba ka leka ho re thibela ho phatlalatsa molaetsa oa rona. Hape, hlokomela hore ha batho ba Antioke ba sa batle ho amohela molaetsa oa Pauluse le Barnabase, ba ile “ba hlohlora lerole maotong a bona”—e leng ketso e neng e sa bontše hore ba halefile; e ne e mpa e bontša hore ha ba na molato ka se tla hlahela batho bao. Baromuoa bana ba ile ba hlokomela hore ba ke ke ba qobella batho hore ba amohele molaetsa oa bona. Empa seo ba neng ba ka se etsa ke ho tsoela pele ba bolela litaba tse monate. Ba ile ba fela ba etsa joalo ha ba fetela Ikoniamo!

      18 Ho ile ha etsahala’ng ka barutuoa ba Antioke? Ha ho pelaelo hore ba ne ba le sebakeng se tletseng bora. Empa thabo ea bona e ne e sa itšetleha ka hore batho ba amohele litaba tse monate. Jesu o itse: “Ho thaba ba mamelang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka.” (Luka 11:28) Ke sona seo barutuoa ba Antioke e Pisidia ba neng ba ikemiselitse ho se etsa.

      19 Joaloka Pauluse le Barnabase, e se eka kamehla re ka hopola hore boikarabelo ba rona ke ho bolela litaba tse monate. Batho ke bona ba tla iketsetsa qeto ea ho amohela molaetsa oa rona kapa ho o hana. Haeba ho bonahala batho bao re ba bolellang litaba tse monate ba sa li amohele, re ka ithuta thuto ea bohlokoa ho barutuoa ba lekholong la pele la lilemo. Haeba re ananela ’nete ’me re lumella moea o halalelang hore o re tataise, le rona re ka thaba leha re hanyetsoa.—Bagal. 5:18, 22.

      BARNABASE—“MORA OA MATŠELISO”

      Josefa, Molevi ea tsoaletsoeng Saeprase e ne e le setho se hlaheletseng phuthehong ea pele ea Jerusalema. Baapostola ba ile ba mo reha lebitso le leng le bontšang hore na ke motho oa mofuta ofe—ba re ke Barnabase, e bolelang “Mora oa Matšeliso.” (Lik. 4:36) Ha Barnabase a bona balumeli-’moho ba hloka, o ne a potlakela ho ba thusa.

      Barnabase o fana ka mekotla e ’meli ea chelete e le monehelo.

      Ka Pentekonta ea 33 C.E., ho ile ha kolobetsoa barutuoa ba bacha ba 3 000. Ho ka etsahala hore bongata ba bona ba ne ba tlile moketeng Jerusalema ’me ba sa ikemisetsa ho qeta nako e telele hakaalo. Phutheho e ne e hloka seo e ka thusang letšoele lena ka sona. Kahoo, Barnabase o ile a rekisa karolo ea naha ea hae ’me ka seatla se bulehileng a fa baapostola chelete eo e le monehelo.—Lik. 4:32-37.

      Kaha Barnabase e ne e le molebeli oa Mokreste ea holileng moeeng, o ne a chesehela ho thusa ba bang. Ke eena ea ileng a thusa Saule oa Tarsase ha a sa tsoa sokoloha ha barutuoa ba bang kaofela ba ne ba mo tšaba hobane o ne a tumme ka hore ke mohlorisi. (Lik. 9:26, 27) Barnabase o ile a ikokobetsa ha Pauluse a khalemela eena le Petrose ka matla mabapi le kamoo Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba ba lokelang ho tšoarana kateng. (Bagal. 2:9, 11-14) Mehlala ena e seng mekae e bontša hore ka sebele Barnabase o ile a phelela lebitso la hae la “Mora oa Matšeliso.”

      a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Barnabase—‘Mora oa Matšeliso.’”

      b Ka nako ena, ho se ho ntse ho e-na le liphutheho ho ea fihla Antioke ea Siria—lik’hilomithara tse ka bang 550 ka leboea ho Jerusalema.

      c Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Ho Tsamaea ka Maoto.”

      d Lekholong la pele la lilemo, sekepe se ne se ka tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 150 ka letsatsi haeba moea o lumela. Ha maemo a le mabe, leeto le joalo le ne le ka nka nako e teletsana.

      e Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Matlung a Bajuda a Thapelo.”

      f Saeprase e ne e busoa ke Ntlo ea Senate ea Roma. Sehlekehleke sena se ne se busoa ke molaoli ea ka sehloohong eo e neng e le motsamaisi oa profinse.

      g Ho tloha mona Saule o se a bitsoa Pauluse. Ba bang ba re o ile a ipitsa ka lebitso lena la Seroma ho tlotla Sergiase Pauluse. Leha ho le joalo, taba ea hore ha aa ka a lahla lebitso la Pauluse esita leha a se a tlohile Saeprase e bontša hore ho na le lebaka le fapaneng le leo. Pauluse ‘moapostola ea ronngoeng ho lichaba,’ o ile a etsa qeto ea hore ho tloha ka nako eo a sebelise lebitso la hae la Seroma. Hape mohlomong o ile a sebelisa lebitso la Pauluse hobane ha lebitso la hae la Seheberu la Saule le bitsoa ka Segerike, le ne le tšoana le lentsoe la Segerike le nang le moelelo o mobe.—Bar. 11:13.

      h Lengolo leo Pauluse a le ngoletseng Bagalata le ngotsoe lilemo tse ’maloa ka mor’a mona. Lengolong leo, Pauluse o itse: “Ho kula ho ile ha mpha monyetla oa hore ke qale ho le bolella litaba tse monate.”—Bagal. 4:13.

  • “Ba Bua ka Sebete Hobane Jehova a ba File Matla”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
    • KHAOLO EA 12

      “Ba Bua ka Sebete Hobane Jehova a ba File Matla”

      Pauluse le Barnabase ba bontša hore ba ikokobelitse, baa mamella ebile ba sebete

      E Thehiloe ho Liketso 14:1-28

      1, 2. Ho etsahala’ng ha Pauluse le Barnabase ba le Listra?

      HO TLETSE pherekano Listra. Monna ea tsoetsoeng a holofetse o tlolela holimo ka thabo ka mor’a hore batho ba babeli bao a sa ba tsebeng ba mo phekole. Batho ba hlolletsoe, ’me moprista e mong o tlisetsa banna bana ba babeli meqhaka. Bongata bo lumela hore ke melimo. Lipoho lia kurutla ebile lia khonya ha moprista eo oa Zeuse a lokisetsa ho li hlaba. Pauluse le Barnabase ba hana ho etsetsoa lintho tsena. Ba hahola liaparo tsa bona, ba tlolela har’a bongata, ba kopa hore ba se ke ba rapeloa, ’me ba tlameha ho sebetsa ka thata ho kholisa bongata hore bo se ke ba ba rapela.

      2 Eaba ho fihla Bajuda ba tsoang Antioke ea Pisidia le Ikoniamo, ba hanyetsang Bakreste. Ka mashano ba kenya batho ba Listra moea o mobe. Bongata bo neng bo batla ho rapela Pauluse joale bo se bo mo bokanela ’me bo mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a akheha. Ha bo se bo khotsofetse, bo mo hulela ka ntle ho motse, bo nahana hore o shoele.

      3. Re tla hlahloba lipotso life khaolong ee?

      3 Pherekano ee e bakiloe ke’ng? Kajeno baboleli ba litaba tse monate ba ka ithuta’ng ho se ileng sa etsahalla Barnabase, Pauluse le baahi ba Listra ba khelosoang joaloka metsi a foro? Ke joang baholo ba Bakreste ba ka latelang mohlala oa Barnabase le Pauluse, e leng banna ba tšepahalang ba ileng ba mamella tšebeletsong ea bona, ’me “ba bua ka sebete hobane Jehova a ba file matla”?—Lik. 14:3.

      ‘Batho ba Bangata . . . e Ile ea E-ba Barutuoa’ (Liketso 14:1-7)

      4, 5. Ke hobane’ng ha Pauluse le Barnabase ba ile ba ea Ikoniamo, ’me ho ile ha etsahala’ng moo?

      4 Matsatsi a seng makae pejana, Pauluse le Barnabase ba ile ba lelekoa motseng oa Roma oa Antioke ea Pisidia ka mor’a hore Bajuda ba ba hanyetsang ba tsose moferefere. Leha ho le joalo, ho e-na le hore ba nyahamisoe ke baahi ba se nang thahasello ba motse oo, banna bana ba babeli ba ile “ba hlohlora lerole maotong a bona.” (Lik. 13:50-52; Mat. 10:14) Pauluse le Barnabase ba ile ba itsamaela ka khotso ’me ba tlohela bahanyetsi bao matsohong a Molimo. (Lik. 18:5, 6; 20:26) Baromuoa bana ba babeli ba ile ba tsoela pele ho bolela litaba tse monate ba thabile. Ba ile ba tsamaea leeto la lik’hilomithara tse ka bang 150 ba lebile leboea-bochabela, ’me ba fihla sehlabeng se nonneng se lipakeng tsa lithaba tsa Taurus le Sultan.

      5 Qalong, Pauluse le Barnabase ba ile ba emisa Ikoniamo, moo batho ba neng ba tšoareletse setsong sa Bagerike, e leng o mong oa metse ea bohlokoa ka ho fetisisa profinseng ea Roma ea Galatia.a Bajuda ba hlaheletseng le basokolohi ba bangata bao e seng Bajuda ba ne ba lula motseng ona. Pauluse le Barnabase ba ile ba etsa seo ba neng ba tloaetse ho se etsa, eaba ba kena ka tlung ea thapelo ’me ba qala ho bolela litaba tse monate. (Lik. 13:5, 14) Ba ile ba “ruta hantle hoo batho ba bangata ba Bajuda le Bagerike e ileng ea e-ba barutuoa.”—Lik. 14:1.

      IKONIAMO—MOTSE OA BAFRIGIA

      Ikoniamo e ne e le sehlabeng se nonneng, se ratoang ke pula. Motse ona o ne o le mateanong a litsela tse kholo tsa khoebo tse tsoang Siria le Roma, Greece, le Asia eo e neng e le profinse ea Roma.

      Ikoniamo ho ne ho rapeloa Saebele molimotsana oa Bafrigia oa pelehi, ’me borapeli bona bo ne bo akarelletsa mekhoa ea borapeli ba Bagerike ba ho ella qetellong ea lekholo la bone la lilemo ho ea ho la pele la lilemo B.C.E. Motse ona o ile oa busoa ke Baroma ka 65 B.C.E., ’me lekholong la pele la lilemo C.E., e ne e le setsi se seholo le se atlehileng sa khoebo le temo. Le hoja Bajuda ba hlaheletseng ba ne ba lula Ikoniamo, ho bonahala mekhoa ea Bagerike e ne e ntse e rena motseng ona. Ha e le hantle, Liketso e bua ka baahi ba Bajuda le ba “Bagerike.”—Lik. 14:1.

      Ikoniamo e ne e le moeling o pakeng tsa Likaoniale Frigia, e leng libaka tse Galatia. Bangoli ba itseng ba boholo-holo, ho akarelletsa le Cicero le Strabo, ba ne ba bitsa Ikoniamo motse oa Likaonia, ’me ho latela sebaka seo e leng ho sona, e ne e oela sebakeng seo. Leha ho le joalo, tlaleho ea Liketso e bontša hore Ikoniamo e fapane le Likaonia, moo ho neng ho buuoa “puo ea Selikaonia.” (Lik. 14:1-6, 11) Ka lebaka lena, bahlahlobisisi ba ile ba bolela hore buka ea Liketso ha ea nepahala. Leha ho le joalo, ka 1910 baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana mengolo e bontšang hore ha e le hantle Ikoniamo ho ne ho buuoa Sefrigia lilemong tse makholo a mabeli ka mor’a hore Pauluse le Barnabase ba etele moo. Kahoo, mongoli oa Liketso o ne a nepile ha a bontša hore Ikoniamo e fapane le metse ea Likaonia.

      6. Ke hobane’ng ha Pauluse le Barnabase e ne e le mesuoe e atlehang, ’me re ka ba etsisa joang?

      6 Ke hobane’ng ha mokhoa oo Pauluse le Barnabase ba ileng ba bua ka oona o ile oa atleha? Pauluse o ne a tseba Mangolo haholo. O ne a khona ho qotsa litaba tsa histori, tsa boprofeta le tsa Molao oa Moshe e le hore a tiise hore Jesu ke Mesia ea tšepisitsoeng. (Lik. 13:15-31; 26:22, 23) Barnabase o ne a bua ka tsela e bontšang hore o tsotella batho. (Lik. 4:36, 37; 9:27; 11:23, 24) Ha ho le ea mong ho bona ea neng a tšepile tsebo ea hae empa ba ne ba bua “ka sebete hobane Jehova a ba file matla.” U ka etsisa baromuoa bao joang mosebetsing oa ho bolela litaba tse monate? Ka ho etsa lintho tse latelang: Tseba Lentsoe la Molimo hantle. Khetha Mangolo a ka ipiletsang haholo ho batho ba u mametseng. Tšelisa batho bao u ba bolellang litaba tse monate ka ho ba thusa moo ba hlokang thuso teng. Kamehla u thehe seo u se rutang Lentsoeng la Jehova, eseng bohlaleng ba hao.

      7. (a) Litaba tse monate li ba le liphello life? (b) Haeba litho tsa lelapa li u hanyetsa ka lebaka la ho mamela litaba tse monate, ke’ng seo u lokelang ho se hopola?

      7 Leha ho le joalo, hase batho bohle ba Ikoniamo ba neng ba thabela ho utloa litaba tsa Pauluse le Barnabase. Ha Luka a tsoela pele o re: “Bajuda ba sa lumelang ba hlohlelletsa batho ba lichaba hore ba hloee Pauluse le Barnabase.” Pauluse le Barnabase ba ile ba hlokomela hore ho hlokahala hore ba lule ’me ba sireletse litaba tse monate, ’me ba ile ba “qeta nako e telele ba bua ka sebete.” Ka lebaka leo, “batho ba motse ba ile ba fapana ka maikutlo. Ba bang ba lumellana le Bajuda, ba bang ba lumellana le Pauluse le Barnabase.” (Lik. 14:2-4) Kajeno batho ba etsa se tšoanang ha ba utloa litaba tse monate. Litaba tsena li kopanya ba bang ’me li arola ba bang. (Mat. 10:34-36) Haeba litho tsa lelapa li u hanyetsa ka lebaka la ho mamela litaba tse monate, hopola hore hangata khanyetso e bakoa ke litaba tsa bo-ba-re kapa liketselletso. Boitšoaro ba hao bo botle bo ka shanofatsa taba eo ea bo-ba-re ’me ba qetella bo fetotse lipelo tsa ba u hanyetsang.—1 Pet. 2:12; 3:1, 2.

      8. Ke hobane’ng ha Pauluse le Barnabase ba ile ba tloha Ikoniamo, ’me re ithuta’ng mohlaleng oa bona?

      8 Ka mor’a nako e itseng, batho ba Ikoniamo ba neng ba hanyetsa ba ile ba loha mano a ho tlepetsa Pauluse le Barnabase ka majoe. Ha baromuoa bana ba babeli ba bolelloa sena ba ile ba etsa qeto ea ho bolela litaba tse monate sebakeng se seng. (Lik. 14:5-7) Kajeno baboleli ba ’Muso ba etsa se tšoanang. Ha batho ba re hlaba ka mantsoe, re bua ka sebete. (Bafil. 1:7; 1 Pet. 3:13-15) Empa ha ho bonahala hore ba tla re hlasela ka mabifi, re qoba ho beha bophelo ba rona kapa ba barapeli-’moho le rona kotsing ho sa hlokahale.—Liprov. 22:3.

      “Le Tle ho Molimo ea Phelang” (Liketso 14:8-19)

      9, 10. Listra e ne e le hokae, ’me ke’ng seo re se tsebang ka baahi ba eona?

      9 Pauluse le Barnabase ba ile ba ea Listra, e leng kolone ea Roma e bohole ba lik’hilomithara tse 30 ka boroa-bophirimela ho Ikoniamo. Listra e ile ea boloka maqhama a matla le Antioke ea Pisidia empa, ho fapana le eona, e ne e se na Bajuda ba hlaheletseng. Le hoja ho ka etsahala hore ebe baahi ba moo ba ne ba bua Segerike, puo ea bona e ne e le Selikaonia. Pauluse le Barnabase ba ile ba qala ho bolela litaba tse monate libakeng tsa sechaba hobane mohlomong motse oo o ne o se na ntlo ea thapelo. Ha Petrose a le Jerusalema o ne a ile a folisa monna ea tsoetsoeng a holofetse. Pauluse eena o ile a folisa monna e mong Listra ea neng a tsoetsoe a holofetse. (Lik. 14:8-10) Ka lebaka la mohlolo oo Petrose a neng a o entse, batho ba bangata e ile ea e-ba balumeli. (Lik. 3:1-10) Mohlolo oo Pauluse a ileng a o etsa o ile oa ba le liphello tse fapaneng haholo le tseo.

      10 Joalokaha ho hlalositsoe qalong ea khaolo ena, ha monna ea holofetseng a tlolela holimo ’me a qala ho tsamaea, letšoele la batho ba Listra ba rapelang melimo ea bohetene le ile la etsa qeto e fosahetseng. Le ile la re Barnabase ke Zeuse, e leng molimo o ka sehloohong, ’me la re Pauluse ke Hermese, mora oa Zeuse le ’muelli oa melimo. (Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Listra le Borapeli ba Zeuse le Hermese.”) Leha ho le joalo, Barnabase le Pauluse ba ne ba ikemiselitse ho hlakisetsa letšoele hore ba bua le ho etsa lintho ka matla a Jehova, Molimo a le mong feela oa ’nete, eseng ka matla a melimo ea bohetene.—Lik. 14:11-14.

      LISTRA LE BORAPELI BA ZEUSE LE HERMESE

      Listra e ne e le phuleng e thoko le litsela tse kholo. Sesare Augustase o ile a khetha motse ona hore e be kolone ea Roma, a o bitsa Julia Felix Gemina Lustra. Qhobosheane ea oona e ne e lokela ho sireletsa profinse ea Galatia melokong e lulang libakeng tse lithaba. Kahoo, motse ona o ne o tsamaisoa ho latela tsamaiso e tloaelehileng ea Roma, ’me ba boholong ba e-na le litlotla tsa Selatine. Leha ho le joalo, batho ba Listra ba ne ba ntse ba tšoareletse mekhoeng ea bona e mengata. Ho ne ho rena mekhoa ea Selikaonia ho feta ea Seroma, ’me ha e le hantle, batho ba Listra bao ho buuoeng ka bona bukeng ea Liketso ba ne ba bua Selikaonia.

      Har’a lintho tse fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale Listra ea boholo-holo ke mengolo e buang ka “baprista ba Zeuse” le seemahale sa molimo Hermese. Ho ile ha boela ha fumanoa aletare e nehetsoeng ho Zeuse le Hermese sebakeng seo.

      Pale e ngotsoeng ke seroki sa Moroma se bitsoang Ovid (43 B.C.E. ho ea ho 17 C.E.), e fana ka lintlha tse eketsehileng tsa buka ea Liketso. Ho latela Ovid, melimo e bitsoang Jupiter le Mercury, e leng mabitso a Seroma a melimo eo Bagerike ba e bitsang Zeuse le Hermese, e ile ea etela sebakeng se maralla sa Frigia e iphetotse batho. E ile ea kopa bolulo malapeng a sekete, empa ha ho motho ea ileng a e amohela. Philemon le Baucis, e leng banyalani ba holileng, ke bona feela ba ileng ba e amohela ntlong ea bona e nyenyane ea boemo bo tlaase. Ka lebaka leo, Zeuse le Hermese ba ile ba fetola ntlo eo tempele ea ’mabole le khauta, ’me ba etsa banyalani bana ba holileng baprista, eaba ba heletsa matlo a batho ba sa kang ba ba amohela. The Book of Acts in Its Graeco-Roman Setting e re: “Haeba batho ba Listra ba ile ba hopola pale eo ha ba bona Pauluse le Barnabase ba folisa monna ea holofetseng, ha ho makatse hore ebe ba ne ba ka rata ho ba amohela ka ho ba etsetsa mahlabelo.”

      Pauluse le Barnabase ba hana ho rorisoa ke batho ba Listra. Baa bina, ba lokisa mahlabelo ebile ba inamela Pauluse le Barnabase.

      ‘Le tlohele lintho tsena tse se nang thuso le tle ho Molimo ea phelang, ea entseng leholimo le lefatše.’—Liketso 14:15

      11-13. (a) Pauluse le Barnabase ba ile ba re’ng ho baahi ba Listra? (b) Re ka ithuta’ng lipolelong tsa Pauluse le Barnabase?

      11 Ho sa tsotellehe pherekano eo, Pauluse le Barnabase ba ile ba ’na ba leka ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho finyella lipelo tsa batho ba neng ba ba mametse. Ho tloha ha sena se etsahala, Luka o ile a bolela tsela e atlehang ea ho bolella bahetene litaba tse monate. Hlokomela hore na Pauluse le Barnabase ba ile ba finyella lipelo tsa batho ba neng ba ba mametse joang. Ba ile ba re: “Ke hobane’ng ha le etsa tjee? Le rona re batho feela ba nang le mefokolo e tšoanang le ea lona. Re le bolella litaba tse monate tse tsoang ho Molimo e le hore le tlohele lintho tsena tse se nang thuso le tle ho Molimo ea phelang, ea entseng leholimo, lefatše, leoatle le lintho tsohle tse ho tsona. Nakong e fetileng o ile a lumella lichaba tsohle ho etsa lintho tseo li li batlang. Empa o ile a ipaka hore na ke Molimo ea joang ka ho etsa lintho tse ntle, a le fa lipula le chai ka nako ea tsona, a le fa lijo hore le je ho fihlela le khotsofetse a ba a etsa hore le thabe.”—Lik. 14:15-17.

      12 Re ka ithuta’ng mantsoeng aa a susumetsang motho ho nahana ka ho teba? Taba ea pele, Pauluse le Barnabase ba ne ba sa nke hore ba phahametse batho ba ba mametseng. Ha baa ka ba iketsa seo ba seng sona. Ho e-na le hoo, ka boikokobetso ba ile ba lumela hore ba na le mefokolo e tšoanang le ea bahetene ba neng ba ba mametse. Ke ’nete hore Pauluse le Barnabase ba ne ba fumane moea o halalelang ’me ba lokolotsoe lithutong tsa bohata. Ba ne ba boetse ba hlohonolofalitsoe ka tšepo ea ho busa le Kreste. Empa ba ile ba hlokomela hore baahi ba Listra ba ne ba ka amohela limpho tseo ka hore ba mamele Kreste.

      13 Re ikutloa joang ka batho bao re ba pakelang? Na re ba nka e le batho ba tšoanang le rona? Ha re thusa ba bang ho ithuta linnete tsa Lentsoe la Molimo, na re etsisa Pauluse le Barnabase ka ho qoba ho ipatlela thoriso? Charles Taze Russell, mosuoe ea ikhethang ea ileng a etella pele mosebetsing oa ho bolela litaba tse monate ho elella qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo le qalong ea lekholo la bo20 la lilemo, o ile a beha mohlala tabeng ena. O itse: “Ha re batle tlotla, tlhompho, bakeng sa rona kapa lingoliloeng tsa rona; kapa leha e le hona ho bitsoa Moruti kapa Rabi.” Boikokobetso ba Mor’abo rona Russell bo ne bo tšoana le ba Pauluse le Barnabase. Ka ho tšoanang, morero oa rona oa ho bolela litaba tse monate ha se ho ipatlela thoriso empa ke ho thusa batho ho tla ho “Molimo ea phelang.”

      14-16. Ke ntho efe ea bobeli le ea boraro eo re ka ithutang eona ho seo Pauluse le Barnabase ba ileng ba se bolella baahi ba Listra?

      14 Hlokomela ntho ea bobeli eo re ka ithutang eona tabeng ena. Pauluse le Barnabase ba ne ba ikamahanya le maemo. Ho fapana le Bajuda le basokolohi ba Ikoniamo, baahi ba Listra ba ne ba se na tsebo e kaalo ea Mangolo kapa ea litšebelisano tsa Molimo le sechaba sa Iseraele kapa ba se na eona ho hang. Leha ho le joalo, ba mametseng Pauluse le Barnabase e ne e le balemi. Boemo ba leholimo ba Listra bo ne bo itekanetse ’me masimo a teng a nonne. Batho bao ba ne ba ka bona bopaki bo bongata ba makhabane a ’Mopi a ka bonoang linthong tse kang linako tsa selemo tseo ho tsona ho bang le chai, ’me baromuoa bana ba ile ba sebelisa lintho tsena e le hore ba ba susumelletse ho nahana.—Bar. 1:19, 20.

      15 Na le rona re ka ikamahanya le maemo joaloka bona? Le hoja molemi a ka jala peo ea mofuta o le mong masimong a hae a ’maloa, o lokela ho sebelisa mekhoa e sa tšoaneng ea ho lokisa mobu. E ka ’na eaba mobu o mong o se o ntse o le bonolo ’me o loketse peo. Mobu o mong o ka ’na oa hloka hore o lokisoe ka ho eketsehileng. Ka ho tšoanang, re lema peo e tšoanang ka linako tsohle—e leng molaetsa oa ’Muso o fumanoang Lentsoeng la Molimo. Leha ho le joalo, haeba re tšoana le Pauluse le Barnabase, re tla leka ho lemoha maemo le bolumeli ba batho bao re ba pakelang. Joale re tla etsa hore tsebo ena e susumetse tsela eo re bolelang molaetsa oa ’Muso ka eona.—Luka 8:11, 15.

      16 Ho na le ntho ea boraro eo re ka ithutang eona tlalehong e amanang le Pauluse, Barnabase, le baahi ba Listra. Ho sa tsotellehe hore na re leka ka matla hakae, ka linako tse ling peo eo re e jalang ea tlosoa kapa e oela mobung o majoe. (Mat. 13:18-21) Haeba seo se etsahala, u se ke ua nyahama. Joalokaha Pauluse a ile a hopotsa barutuoa ba Roma hamorao, “e mong le e mong oa rona [ho akarelletsa le motho e mong le e mong eo re buisanang le eena ka Lentsoe la Molimo] o tla ikarabella ho Molimo.”—Bar. 14:12.

      ‘Ba ba Siea Matsohong a Jehova’ (Liketso 14:20-28)

      17. Ka mor’a hore Pauluse le Barnabase ba tlohe Derbe, ba ile ba ea hokae, hona hobane’ng?

      17 Ka mor’a hore Balikaonia ba hulele Pauluse ka ntle ho Listra ’me ba mo siee moo ba nahana hore o shoele, barutuoa ba ile ba mo bokanela eaba oa tsoha ’me o robaletsa motseng. Letsatsing le latelang, Pauluse le Barnabase ba ile ba kena leetong la bona la lik’hilomithara tse 100 ho ea Derbe. Re ka inahanela feela hore na e bile leeto le boima hakaakang ho Pauluse, kaha o ne a ile a tlepetsoa ka majoe lihora tse seng kae pejana. Ho ntse ho le joalo, eena le Barnabase ba ile ba mamella ’me ha ba fihla Derbe ba “thusa batho ba bangata hore e be barutuoa.” Joale, ho e-na le ho khaoletsa ha ba khutlela kabelong ea bona Antioke ea Siria, “ba khutlela Listra, Ikoniamo le Antioke [ea Pisidia].” Ka sepheo sefe? E le ho matlafatsa “barutuoa, ba ba khothaletsa ho lula ba tiile tumelong.” (Lik. 14:20-22) Banna bao ba babeli ba ile ba beha mohlala o motle hakaakang! Ba ile ba itella phutheho. Balebeli ba potoloho le baromuoa ba mehleng ena ba entse se tšoanang.

      18. Baholo ba khethoa joang?

      18 Ho phaella ho matlafatseng barutuoa ka mantsoe a bona le mohlala, Pauluse le Barnabase ba ile ba khetha “baholo liphuthehong tsohle.” Le hoja Pauluse le Barnabase ba ne ba ‘rometsoe ke moea o halalelang’ leetong lena la boromuoa, ba ile ba ’na ba rapela le ho itima lijo ha “ba siea baholo bao matsohong a Jehova.” (Lik. 13:1-4; 14:23) Ho etsoa se tšoanang kajeno. Pele ho buelloa hore mor’abo rona a khethoe, sehlopha sa baholo ba phutheho sea rapela ebe se hlahloba hore na oa tšoaneleha ho latela Mangolo. (1 Tim. 3:1-10, 12, 13; Tite 1:5-9; Jak. 3:17, 18; 1 Pet. 5: 2, 3) Ha a khethoe ho latela nako eo a e qetileng e le Mokreste. Ho e-na le hoo, lipuo tsa mor’abo rona, boitšoaro le botumo li bontša hore na moea o halalelang o sebetsa hakae bophelong ba hae. Ha a etsa lintho tseo Mangolo a reng balebeli ba lokela ho li etsa, seo se tla etsa hore a tšoanelehe ho ba molisa oa mohlape. (Bagal. 5:22, 23) Molebeli ba potoloho ke eena ea nang le boikarabelo ba ho khetha baholo.—Bapisa le 1 Timothea 5:22.

      19. Baholo baa tseba hore ba na le boikarabelo bofe, ’me ba etsisa Pauluse le Barnabase joang?

      19 Baholo baa tseba hore ba ikarabella ho Molimo bakeng sa tsela eo ba tšoarang phutheho ka eona. (Baheb. 13:17) Joaloka Pauluse le Barnabase, baholo ba etella pele mosebetsing oa ho bolela litaba tse monate. Ba matlafatsa barutuoa-’moho le bona ka mantsoe. Ba ikemiselitse ho itella phutheho.—Bafil. 2:3, 4.

      20. Re rua molemo joang ha re bala litlaleho tse mabapi le mosebetsi oo barab’abo rona ba o etsang ka botšepehi?

      20 Ha Pauluse le Barnabase ba qetella ba khutletse kabelong ea bona ea boromuoa Antioke ea Siria, ba ile ba tlaleha “lintho tse ngata tseo Molimo a neng a ba sebelisitse ho li etsa le hore Molimo o buletse batho ba lichaba monyako e le hore le bona ba ka lumela.” (Lik. 14:27) Ha re bala ka mosebetsi oo barab’abo rona ba Bakreste ba o etsang ka botšepehi ’me re bona kamoo Jehova a ba hlohonolofatsang kateng mosebetsing oa bona, re tla khothalla ho tsoela pele ho ‘bua ka sebete hobane Jehova a re file matla.’

      a Sheba lebokose la sehlooho se reng: “Ikoniamo—Motse oa Bafrigia.”

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela